Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yb16 maq. 86-87
  • Khoebo ea Linōko

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Khoebo ea Linōko
  • Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2016
Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2016
yb16 maq. 86-87
Linōko tsa Indonesia

INDONESIA

Khoebo ea Linōko

LILEMONG tsa bo-1500, khoebo ea linōko e ne e le eona e laolang moruo oa lefatše, feela joalokaha oli e tala e etsa kajeno. Linōko tse kang nutmeg le li-clove tse tsoang lihlekehlekeng tse tummeng haholo tse etsang linōko (tseo hona joale e seng e le liprofinse tsa Maluku le North Maluku tse Indonesia), li ne li rekoa haholo Europe.

Bafuputsi ba kang Christopher Columbus, Vasco da Gama, Ferdinand Magellan, Samuel de Champlain le Henry Hudson, ba ile ba batla tsela ea ho fihla lihlekehlekeng tseo tsa linōko. Kaha batho ba bangata ba ne ba tla Indonesia ho tla batla linōko, seo se ile sa ba thusa hore ba tsebe tsela eo lefatše le bōpehileng ka eona.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela