Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ijwyp sehlooho 7
  • Nka Thusoa ke Eng Haeba ke sa Rate Sekolo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nka Thusoa ke Eng Haeba ke sa Rate Sekolo?
  • Bacha Baa Botsa
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na ke Lokela ho Tlohela Sekolo?
    Tsoha!—2010
  • Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho Ithuta ka Thata Sekolong?
    Tsoha!—1992
  • Na ke Lokela ho Tlohela Sekolo?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
  • Kamoo U ka Atlehang Kateng Sekolong
    Tsoha!—2012
Bala Tse Ling
Bacha Baa Botsa
ijwyp sehlooho 7
Mohlankana ea utloileng bohloko o eme pel’a moo ho behoang lintho phaseijeng ea sekolo.

BACHA BAA BOTSA

Nka Thusoa ke Eng Haeba ke sa Rate Sekolo?

Na ha u rate sekolo hobane matichere a u tšoere ka thata, u hatelloa ke lithaka, litlhahlobo li u tšoarisa hlooho le mosebetsi oa sekolo oo u lokelang ho u etsetsa hae o le mongata? Haeba ho joalo hoa utloahala.a Ngoanana e mong ea bitsoang Rachelb o re:

“Haeba ho ne ho ka thoe ke khethe ke ne ke tla khetha hohle ntle le sekolong, ke ne ke tla khetha ho ea leoatleng, ho ba le metsoalle ea ka, ho thusa batsoali ba ka ho pheha le ho hloekisa ka tlung, ho e-na le ho khetha hore ke ee sekolong.”

Haeba u ikutloa joaloka Rachel, e ka ’na eaba ho ea sekolong ho etsa hore u ikutloe eka u motšoaruoa ea lokelang ho mamella ho fihlela a lokolloa teronkong. Na ho na le ntho e ka u thusang hore u rate ho ea sekolong?

Na u ne u tseba? E le hore u nke sekolo e le sa bohlokoa ebile e se ntho eo u tlamehang ho e mamella feela, u lokela ho fetola tsela eo u se nkang ka eona. Ha u etsa joalo, sekolo se tla u thusa hore u khone ho etsa lintho tse tla u tsoela molemo le ha u se u le motho ea moholo.

Lintho tse latelang li ka u thusa hore u nke sekolo e le sa bohlokoa:

Setšoantšo sa buka le pentšele.

Ho ithuta. Ho kena sekolo ho tla u thusa ho rarolla mathata ao u ka ’nang oa tobana le ’ona leha u se u sebetsa kapa ao u ka tobanang le ’ona bophelong, ho e-na le hore u a rarolleloe ke batho ba bang. Ipotse, ‘Leha ke sa rate sekolo, ke lintho life tsa bohlokoa tseo ke ithutang tsona ha ke le sekolong?’

Molao-motheo oa Bibele: “Sireletsa bohlale le kelello ea hao.”—Liproverbia 3:21.

Ho ithuta lintlha tse eketsehileng, bala sehlooho se reng “Nka Thusoa ke Eng Haeba ke sa Sebetse Hantle Sekolong?”

Setšoantšo sa lethathamo la lintho tseo u lokelang ho li etsa.

Ho ba le mekhoa e metle. Ho kena sekolo ho tla u thusa hore u sebelise nako ea hao hantle, u be le boitšoaro hape u sebetse ka thata e leng lintho tse tla u thusa ha u se u le motho ea moholo. Ipotse: ‘Ho kena sekolo ho nthusa joang hore ke be le boitšoaro le hore ke be motho ea sebetsang ka thata? Nka ntlafatsa joang lintlheng tsee?’

Molao-motheo oa Bibele: “Motho o rua molemo ha a sebetsa ka thata.”—Liproverbia 14:23.

Ho ithuta lintlha tse eketsehileng, bala sehlooho se reng “Nka Sebelisa Nako ea ka ka Bohlale Joang?”

Setšoantšo sa batho ba babeli ba buisanang.

Ho ba botsoalle. Ha u itloaetsa ho etsa lintho le bana bao u kenang sekolo le bona, seo se etsa hore u be le kutloelo-bohloko hape u hlomphe batho ba bang. Mohlankana e mong ea bitsoang Joshua o re: “Feela joalokaha ho ithuta histori le saense ho le bohlokoa, ho ithuta ho bua le batho ba bang hantle le hona ke ha bohlokoa hobane ke ntho eo u tl’o e etsa bophelo bohle.” Ipotse, ‘Ho kena sekolo ho nthusa joang hore ke utloane le batho ba bang le haeba ba lumela kapa ba etsa lintho ka tsela e fapanang le eo ke li etsang ka eona?’

Molao-motheo oa Bibele: “Loanelang hore le be le khotso le batho ba bang.”—Baheberu 12:14.

Ho ithuta lintlha tse eketsehileng, bala sehlooho se reng “Nka Ntlafatsa Tsela eo ke Qoqang ka Eona Joang?”

Setšoantšo sa motho ea tsamaeang ka tseleng.

Ho ba le bokamoso. Sekolo se ka u thusa hore u tsebe lintho tseo u ipabolang ho tsona le hore u ipehele lintho tseo u batlang ho li finyella u ipapisitse le hore na u ipabola hokae. Moroetsana e mong ea bitsoang Brooke o re: “U ka fumana koetliso e itseng ka ho khetheha, e tla u thusa hore ha u qeta sekolo u khone ho sebetsa.” Ipotse: ‘Ke tl’o itlhokomela joang ha ke se ke qetile sekolo? Ke lithuto life tseo ke lokelang ho li etsa e le hore ke khone ho etsa mosebetsi oo?’

Molao-motheo oa Bibele: “Tseba moo u lebileng teng.”—Liproverbia 4:26, Contemporary English Version.

a Melao-motheo eo ho builoeng ka eona sehloohong sena e tla thusa le bana ba kenang sekolo ba le hae.

b Mabitso a mang a fetotsoe.

Seo bacha ba bang ba se buang

  • Madison.

    “Ha re ne re etsa mosebetsi ka lihlopha, ke ne ke sebetsa le batho ba sa tšoaneng. Ke ile ka ithuta ho mamela batho ba bang, le hoja ba hotse ka tsela e fapaneng le ea ka ebile ba etsa lintho ka tsela e sa tšoaneng le eo ke li etsang ka eona. Bana bao ke neng ke kena sekolo le bona e ne e le batho ba hantle ba bile ba ntlhompha hobane le ’na ke ne ke le mosa ebile ke sa kena-kenane le bona.”—Madison.

  • Ryan.

    “Ke ile ka ithuta ho bona lintho tse ntle tseo bana bao ke kenang sekolo le bona ba li etsang. Boholo ba bona ba ne ba leka hore e be batho ba hantle. Ke ile ka sheba menyetla eo nka e sebelisang ho ba qoqela lintho tse khothatsang tse hlahang ka Bibeleng.”—Ryan.

  • Brooke.

    “Sekolo se u thusa hore u be botsoalle ho batho ba bang. U qeta letsatsi lohle u e-na le bana bao u kenang sekolo le bona, e leng se u thusang hore u tsebe lintho tseo u ka li buang le tseo u ke keng oa li bua. Se boetse se u thusa hore u be le mamello hape u be motho ea fanang. Nakong ea boikoetliso ba ’mele, u bapala le bana ba bang e leng ntho e u rutang hore u sebelisane le batho ’me hase ntho eo u ka khonang ho ithuta eona ha u le mong.”—Brooke.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela