Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g87 1/8 maq. 24-26
  • Lefu la Seoa la Litšoantšo Tsa Bootsoa—Tšokelo ke ea Sebele!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lefu la Seoa la Litšoantšo Tsa Bootsoa—Tšokelo ke ea Sebele!
  • Tsoha!—1987
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na li Kotsi kapa li Molemo?
  • ‘Ho Thoe’ng ka Litokelo tsa Rōna?’
  • Likotsi Tse Bakoang ke Litšoantšo Tse Manyala Tse Hlephisang Boitšoaro
    Tsoha!—2003
  • Litšoantšo Tsa Bootsoa—Na li Kotsi Kapa Che?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Lefu la Litšoantšo Tsa Bootsoa—Le Hanele!
    Tsoha!—1987
  • Nka Qoba Litšoantšo Tse Manyala Tse Hlephisang Boitšoaro Joang?
    Tsoha!—2007
Bala Tse Ling
Tsoha!—1987
g87 1/8 maq. 24-26

Lefu la Seoa la Litšoantšo Tsa Bootsoa—Tšokelo ke ea Sebele!

SEO u se balang tlase mona ke mohlala oa litšoantšo tsa bootsoa kajeno. Na li ea u tšosa? Na li ea u nyontša? Leha ho le joalo, taba e qotsitsoeng e tsoa libukeng tse fanang ka tlhaloso e bonolo ea lingoliloeng tse ling tsa litšoantšo tsa bootsoa tse baloang hohle kajeno. Le hoja mehloli e qotsitsoeng e sebelisitse puo eo ba ikutloang hore e loketse ho baloa ke batho, ho u sireletsa, Tsoha! e ile ea tlameha ho hlakola tse ling tsa lipuo tseo.

Ho bolela hore ‘bootsoa bo ’nile ba e-ba teng, ’me kahoo ha ho letho leo u lokelang ho itšoenya ka lona’ ho senola ho se hlokomele phetoho e khōlō ho bona lilemong tsa morao tjena. Ha e sa le feela lipontšo tsa batho ba hlobotseng kapa ba kopanelang liphate. Matsatsing ana ho bontšoa boitšoaro bo nyonyehang, bo hlephileng, mekhoa eo e seng ea tlhaho ea ho kopanela liphate, le pefo. Litšoantšo tsa ho kopanela liphate ha batho ba fapaneng le ho beta ha basodoma; bosodoma ba basali, ho kenya setho sa botona molomong, ka setono le ho robala ka lihlopha; ho kopanela liphate le motho eo le tsoalanang le eena; ho robala le phoofolo, tlhokofatso, le polao tse sehlōhō—tseo hangata li akarelletsang bana. Ho bohlokoa ho hopola sena ha re hlahloba maikutlo a ba reng litšoantšo tsa bootsoa ha li kotsi ’me ha se tšoso ho uena.

Na li Kotsi kapa li Molemo?

Ho na le likhopolo tse peli ka phello ea bootsoa. E ’ngoe e re bootsoa bona ke “ho itokolla.” Babuelli ba khopolo eo ba lumela hore boitsebiso bo joalo ha bo tšoaetse hampe batho ba phetseng hantle, empa bo lokolla motho takatsong e bohale ea kamano ea liphate ka hona ha bo kotsi empa bo ka ba molemo. Ba buellang tsela ena ba lumela hore seo motho a se balang kapa a se bonang se hlile se na le phello. Ho sa le joalo, ba re ha ho bopaki bo totobetseng bo bontšang kamano pakeng tsa litšoantšo tsa bootsoa le ho beta kapa mefuta e meng ea pefo.

Empa batho ba bang ba phea khang e matla ka hore ho teng kamano. Ke batho ba nang le phihlelo—ba sebetsanang ka ho toba le liphello tse tepeletsang tsa bootsoa. Ba latola khang ea ba bangata ba batlang ‘lipalo-palo tse tobileng tsa mahlale’ ho paka hore ho teng kamano, ’me ba tsitlella khopolong e ’ngoe: hore ho teng batho ba etsisang seo ba se bonang litšoantšong tsa bootsoa. . Lengolong. le eang ho The New York Times, motlatsi oa mohlophisi oa Police Times o thathamisitse mehlala e kholisang ba bangata sepoleseng hore “litšoantšo tsa bootsoa li thusa ho bopa boemo bo pepesetsang boitšoarong bo litšila ie bo sehlōhō ba kamano ea liphate.” E meng ea mehlala e fanoeng ke ena:

“William Marshall, ea ithutang ka batšoaruoa ba betang ba literonko tsa Canada, o tlaleha hore} ‘mehopolo e fanoang ke litšoantso tsa bootsoa e ka ’na ea lebisa tlōlong ea molao.’ Babeti ba 10 ho ba 18 ba boletse hore litšoantšo tsa bootsoa li ba susumelelitse ho qobella basali ho robala le bona.”

“Ho ea ka...mothei oa Tšireletso ea Baahi ba Phoenix ka Molao, ‘Sepolesa se tlaleha hore karolo ea 77 lekholong ea batho ba tšoenyang bana ba bashemane le karolo ea 87 lekholong ea ba tšoenyang bana ba banana e lumetse hore e lekile mokhoa oa ho kopanela liphate o bontšitsoeng litšoantsong tsa bootsoa.’”

“Lefapha la Sepolesa la Los Angeles le bontša hore linyeoeng tse fetang 40 tseo le hlahlobileng bana ba hlaseloang hampe botoneng kapa botšehaling . . . litšoantšo tsa bootsoa li fumanoe nyeoeng e ’ngoe le e ’ngoe.”

“Litšoantšo tsa bootsoa tsa batho ba baholo le bana li sebelisoa...ho hohela bana. Nyeoeng e ’ngoe, ngoanana ea lilemo li 6 o ’netefalitse hore ntat’ae o sebelisitse litšoantšo tsa bootsoa ho mo hohela.”

Ho phaella moo, ho ea ka The New York Times ea la 14 Motšeanong, 1986, lekhotla la liphuputso le entsoeng ke Lefapha la Toka la United States ka litšoantšo tsa bootsoa, le fihletse qeto kamor’a phuputso ea selemo hore “ho shebella litšoantšo tsa mofuta ’ona le ho li bala ho ikarabella haholo ka pefo litabeng tsa botona le botšehali.”

Ba bang ha ba lumellane le qeto ena, empa leha ho le joalo ba lumela hore pefo e lokela ho laoloa, ’me ho hlokomeloe hore bana ba se kenngoe bootsoeng, hape ba lumela hore bootsoa bo hlile bo ama baetsi ba bona. Ho hlakile hore ho na le kamano pakeng tsa seo u se bonang le ho se bala le seo u se nahanang le ho se etsa. Ho sa tsotellehe ho phea khang ka tsela e bohlale, ho na le ntho e le ’ngoe e hlakileng: Baetsi ba litšoantšo tsa bootsoa ba tseba hantle hore na ke hobane’ng ha ba li etsa le hore bareki ba tsona ba tseba lebaka leo ba li rekang ka lona. Morero oa tsona o lumetsoe ke baetsi ba litšoantšo tsa bootsoa—ho tsosa takatso ea botona kapa botšehali. Liphello tsa hoo ke, ho ipholla litho tsa botona kapa botšehali ho li khotsofatsa kapa ho etsa ho hobe ho feta, ’me ha se boikarabelo ba motho ea li sebelisang a ’notši. Sehlahisoa se hlokofatsa moreki. Sona le bahlahisi ba sona ba molato feela joaloka phello e thethefatsang ea sethethefatsi le basebelisi ba sona.

‘Ho Thoe’ng ka Litokelo tsa Rōna?’

Ho sa le joalo, ho teng ba lemosang ka ho amoha batho litokelo tsa bona tsa ho ba le lintho, ho bala, le ho shebella ntho leha e le efe eo ba ratang ho e sheba boinotšing ba bona, esita le litokelo tsa ho hatisa le ho aba boitsebiso boo. Ho tšajoa tšebetso e mpe ea lekhotla le hlahlobang lingoloa.

Ka kakaretso ana ke mabaka a utloahalang. Le hoja ho na le tokoloho puong, u ke ke ua bua kapa ua hatisa lintho tse tlontlollang ba bang kapa ho hlaba mokhosi o tla beha polokeho le bophelo ba ba bang kotsing. Ha ho ’muso oa batho o lumellang tokoloho e se nang meeli. Litokelo le tokoloho tsa ba bang li lokela ho nahaneloa.

Ba botsang, “Ke’ng se phoso ha motho a shebella litšoantšo tsa bootsoa boinotšing haeba a sa li etsise ho utloisa ba bang bohloko?” ba hlokomoloha karolo ea bohlokoa ea litokelo tsa batho. Kaha litšoantšo tsa bootsoa li sebelisoa ho hohela ngoana ho robala le motho ea tsoalaneng le eena le mefuta e meng ea tšebeliso e mpe ea botona kapa botšehali, ’me erekaha batho ba baholo le bana ba banyenyane litšoantšong le lifiliming hangata ba qobelletsoe liketsong tsa ho hlahisa litšoantšo tsa bootsoa, ke mang ea ka latolang hore ba ntšoa kotsi?

Ho feta moo, ho thoe’ng ka pefo e utluoang ke ba tlangoang, ba hlokofatsoang, likamanong tsa botona kapa botšehali, tseo e seng tsa tlhaho ka baka la bootsoa? Ho thoe’ng ka bana ba sebelisoang likamanong tse joalo tse litšila ka sepheo sa phaello ea khoebo ea lefatše lohle? U ka ’na ua re “Ke ntho e nyonyehang!” Empa ho thoe’ng ka litokelo tsa bona? Na ba lokela ho utloisoa bohloko joalo e le hore batho ba bang ba ka ba le tokelo ea ho “thabela” litšoantšo tsa bootsoa? Na seo ke ho ‘etsa seo u ratang hore batho ba u etse sona’?—Mattheu 7:12.

Ho sa le joalo, ba bangata ba re lekhotla le hlahlobang lingoloa ha se karabo ho sena. Ka lebaka lena, ho qosa baetsi ba litšoantšo tsa bootsoa, u lokela ho li khetholla ho tseo e seng tsona. Esita le makhotla a molao ha a atleha ho etsa joalo.

Taba e hlakileng ke hore uena le lelapa la hao le sokeloa ke lefu lena la seoa la litšoantšo tsa bootsoa. Sepolesa, lihlopha tse thibelang bootsoa, basebetsi ba laolang lintho tse kenang naheng, le lekhotla le hlahlobang lingoloa ho bonahala li hlōleha ho felisa lefu lena la seoa. Na ho na le tsela leha e le efe eo batho ba khathatsoang ke lona ba ka sireletsehang bao ba ba ratang?

[Lebokose leqepheng la 24]

“Banna ba bararo ba atleha ho koetela mosali, ngoanana ea lilemo tse 12, le mosali-moholo, ba ba otla ka sehlōhō, ba ba raha lifahleho, hloohong le ’meleng. Kamor’a hore ba akhehe, ba ba beta le ho ba otla hape.”

‘Basali ba hlobolisitsoeng le ho ntšoa kotsi ba leketlisitsoe terateng e metsu e bohale, ’me mosali o paqamisoa ha bohlasoa ’me o qobelloa [mokhoa oa bophoofolo].’

‘Banana ba banyenyane [ba kenngoa setho sa botona molomong le ho robala le liphoofolo], ’me bashanyana ba lilemo tse 8 kapa tse 9 ba . . . etsoa basodoma.’

[Lebokose leqepheng la 25]

Phuputso e entsoeng United States ka Tlhakubele 1985 ke Mokhatlo oa Gallup bakeng sa makasine oa Newsweek e bontša lipono tse latelang tse thahasellisang tsa Maamerika mabapi le litaba tsa litšoantso tsa bootsoa:

● Karolo ea 73 lekholong ea Maamerika e lumetse hore litšoantšo tse tebileng tsa kamano ea botona le botšehali “li khannela batho ba bang ho beta kapa pefo ea ho kopanela liphate.”

● Ke karolo ea 34 lekholong feela e boletseng hore litšoantšo tsa bootsoa II fane ka “tokoloho e sireletsehileng ho batho ba nang Ie mathata a botona le botšehali.”

● Boholo ba batho, karolo ea 76 lekholong, bo lumela hore litšoantšo tse tebileng tsa bootsoa “li khannela batho ba bang ho se hlomphe basaii.”

● Ba fetang peli borarong, 67 lekholong, ba re iitšoantšo tsa bootsoa ii ka “khannela batho boitšoarong bo litšila.”

● Karolo ea 63 lekholong ho ea ho 73 lekholong e nahana hore livideo, lifilimi kapa limakasine tse bontšang pefo litabeng tsa botona le botšehaii li lokela ho thibeloa ka ho feletseng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela