Pono ea Bibele
Na Molimo O na le Nako ea Ka?
“HAEBA Molimo o teng, ha a re thahaseIle!” Na u kile ua utloa batho ba bua joalo? Batho ba bangata ba lumela hore Molimo o teng, empa ba bangata ba ikutloa hore mohlomong ha o na nako ea ho ameha ka bona.
Re ka kholiseha joang hore Molimo oa tsotella? O re neile limpho tse ratehang, ho kopanyeletsa le bophelo ka bobona. O re etselitse menyaka—tatso ea lijo, ’mino, limakatso tsa tlhaho, monko oa moea o hloekileng oa lithaba, ho angoa ke letsoho le bonolo la moratuoa, setšeho sa bana, le mofuthu oa pososelo ea lesea. Tsena tsohle ke limpho tse tsoang ho Molimo. Re li thabela feela hobane o re file matla a ho etsa joalo ka likutlo tsa rōna tse hlano.—Jakobo 1:17.
Ho phaella moo, haeba Molimo o ne a sa tsotelle batho, ke hobane’ng ha o fane ka Bibele e fupereng tataiso e ngata le matšeliso ho batho le e tletseng boitsebiso ka litsela tsa oona le mesebetsi?—2 Timothea 3:16, 17.
Bibele e bontša hore Molimo o thahasella batho—o thahasella uena. Lentsoe oona le ngotsoeng le bontša kamoo u ka bang le bophelo bo thabileng, le lelapa le molemo, le bana ba molemo. E, Bibele e u bontša tsela ea ho khotsofala. E bolela ka bohlale ba Molimo ’me e matlafatsa tumelo ea hao litšepisong tsa oona. E fana ka tšepo e tiileng ea bokamoso. Na seo se utloahala e le thuso e tsoang ho motho ea sa tsotelleng?
Ho feta moo, motho ea u tsotellang e lokela ho ba ea atamelehang. Na Molimo o joalo? Hlokomela seo mongoli oa Bibele Davida a se boletseng, o re: “Latsoang, le bone hoba Jehova o molemo!” Ho feta moo, morutuoa Jakobo o laetsa hore: “Atamelang Molimo, ’me o tla le atamela.” Pauluse o itse Molimo o entse batho hore “ba batle Morena, mohlomong ba ke ba mo phopholetse, ba mo fumane, leha a se hole ho e mong le e mong oa rōna.”—Pesaleme ea 34:8; Jakobo 4:8; Liketso 17:24-27.
Na U Neha Molimo Nako?
Na see ha se thabise? Lipolelo tsena tsa Bibele li re Molimo o haufi empa re lokela ho o neha nako ho phehella kamano le oona. O-oa tsotella, empa re lokela ho ikhathatsa!
Jesu o itse: “Kopang, . . . batlang, . . . kokotang, ’me le tla buleloa.” O itse haeba mor’a hao a kopa bohobe, u ke ke oa mo nea noha. Jesu a tsoela pele, “’Me lōna, ba lonya, ha le tseba ho nea bana ba lōna ntho tse molemo, Ntat’a lōna ea maholimong o tla fetisa hakakang ka ho nea ba kōpang, ho eena tse molemo!”—Mattheu 7:7-11.
Nahana ka se neng se boleloa ke Jesu—haeba u batla mohau oa Molimo, o tla bontša thahasello e kholoanyane ho uena ho feta eo batsoali ba e bontšang baneng ba bona!
‘Na Molimo o tla ’Mamela?’
Leha ho le joalo, e ka ’na ea ba batho ba bang ba entse lintho tse mpe haholo—mahlong a Molimo le a batho. Ba ka ’na ba re: ‘Ruri, Molimo o ke ke oa ’mamela!’
Empa batho bao ba ka etsa ho hong ka bophelo ba bona. Ba ka fetoha. Bibele e re: “Molotsana a furalle tsela ea hae, ea khopo a tlohele mehopolo ea hae, a sokolohele ho Jehova, ’me o tla mo hauhela; a sokolohele ho Molimo oa rōna, hobane o tšoarela haholo.”—Esaia 55:7.
Bibele e fana ka letoto la lintho tseo e ka ’nang eaba batho ba li entse. E re: “Ha e le ba litšila, ha e le ba rapelang litšoantšo, ha e le baboki Ie bafebi, leha e le basodoma, le masholu, le ba lakatsang leruo, le matahoa, le ba sebang ba bang, le ba utsoang, ba joalo ba ke ke ba rua lefa la ’muso oa Molimo. ’Me ke seo ba bang ho lōna le neng le le sona.” Ba ne ba fetohile. Ba ile ba qhelela thoko mekhoa ea bona ea khale. Ba ile ba fetoha, ba hlatsuoa, ba halaletsoa ’me “ba beoa ba lokileng ka lebitso la Morena Jesu, le ka moea oa Molimo oa rōna.” Kahoo ho na le tšepo bakeng sa bohle bao ruri ba batlang hore Molimo o ba tsotelle!—1 Ba-Korinthe 6:9-11.
Motho e Mong o u Shoetse
Leha ho le joalo, ho na le bopaki bo boholohali ba hore Molimo o tsotella batho—hore o na Ie nako ea hao. Molimo o rometse motho eo o mo ratang haholo bokahohleng bohle ho fana ka bophelo ba hae e le topollo ho bohle ba tla e amohela. Lengolo le re: “Empa moo Molimo o totisitseng lerato la oona ho rōna teng, ke ka hore, re sa le baetsalibe, Kreste o bile a shoa bakeng sa rōna.”—Ba-Roma 5:8.
Na ruri re ananela ketso ee e khōlōhali ea lerato? Na re ipha nako ho leboha Molimo o tsotellang hakana? Na re ipha nako ea ho buisana le ba bang ka oona?—1 Johanne 4:16, 19.
Seo O se Lebeletseng
Kahoo, Mangolo a seng a qotsitsoe a bontša hore Molimo o haufi empa o lebeletse hore rōna re ikhathatse. Mangolo ao a re phehella ho nka mohato o tiileng: “Ho latsoa,” “ho batla,” “ho phopholetsa,” ‘ho kōpa,’ ‘ho kokota.’ Liketso tseo li tla bontša takatso, boikemisetso, kananelo, le tumelo.
Re eletsoa hore re batlisise Mangolo, ho ithuta ka Molimo, ho phela tumellanong le litsela tsa oona, re amohele Mora oa oona e le Molopolli, ’me re ipee tokisetsong ea Molimo ea poloko. Haeba u etsa boiteko bo joalo, u tla bona hore ruri Molimo o na le nako ea hao.
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Molimo o na le nako ea hao. Na u nea Molimo nako?