Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g87 2/8 leq. 13
  • Ha Bibele e Bua ka Thuto ea Mahlale, e Amana le Eona

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ha Bibele e Bua ka Thuto ea Mahlale, e Amana le Eona
  • Tsoha!—1987
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bibele e Bua Litaba le Pele Batho ba li Tseba
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2018
  • Pōpo e re, ‘Ba Hloka Boikemelo’
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Ithute ho Phetla Bibele
    Lihlooho Tse Ling
  • 4. E Nepahetse Litabeng Tsa Saense
    Tsoha!—2007
Bala Tse Ling
Tsoha!—1987
g87 2/8 leq. 13

Ha Bibele e Bua ka Thuto ea Mahlale, e Amana le Eona

“Tšimolohong, Molimo o no o hlole maholimo le lefatše.” (Genese 1:1) Boramahlale ba ruta tšimoloho, e le Ho Phatloha ho Hoholo ha Bokahohleng.

‘O . . . fanyehile lefatše holim’a boliba’ (Jobo 26:7) Baegepeta ba ne ba bolela hore le tšehelitsoe ka litšiea; Bagerike ba re ke senatlahali; ba bang ba re le jeroe ke tlou.

Lekholong la borobeli la lilemo B.C.E., Esaia o ngotse hore Jehova o “na le terone ea hae holim’a phikoloho ea lefatše.” Lentsoe hhug, la Seheberu, le fetoletsoeng e le “phikoloho,” hape le ka ’na la bolela “pitikoe,” joaloka ha Old Testament Word Studies ea Wilson e bontša. Ke ka lebaka leo, phetolelo ea Moffatt ho Esaia 40:22 e balehang: “O beile terone ea hae holim’a pitikoe ea lefatše.”

Bibele e’a tlaleha: “Khanya ea naleli e ’ngoe e fapana ho e ’ngoe.” Boramahlale joale ba tseba hore ho na le linaleli tse putsoa, tse tšehla, tse nyenyang tse tšoeu, linaleli-khoboka, le tse ling.—1 Ba-Korinthe 15:41, NW.

Makholo a lilemo pele liithuti tsa tlhaho li hlokomela ho falla ha liphoofolo le linonyana, Jeremia o ne a se a ngolile (lekholong la bosupa la lilemo B.C.E.) “mokotatsie marung o tseba nako ea ho falla, leeba le lefokotsane le mohololi li tseba nako ea ho khutla.”—Jeremia 8:7, The New English Bible.

Lilemo tse sekete pele ho Kreste, Salomone a ngola ho phalla ha mali ka puo ea tšoantšiso. (Moeklesia 12:6) Tsebo ea meriana ha ea ka ea e utloisisa ho fihlela lekholong la bo15 la lilemo C.E.

Molao oa Moshe (lekholong la bo16 la lilemo B.C.E.) oa hlokomelisa ka likokoanyana tsa mafu lilemo tse likete pele ho Pasteur.—Levitike, likhaolo 13, 14.

Tlaleho ea pōpo e ho Genese ke thuto e nepahetseng ea bophelo—e pakoang ke tlaleho ea mesaletsa ea lintho tsa khale le melao ea kajeno ea lefutso—hore mofuta ka mong o tla ikatisa ‘ka mofuta oa ’ona’—Genese 1:12, 21, 25.

Liphatsa tsa lefutso seleng e emolisitsoeng ea lehe la motho li na le lenaneo likarolong tsohle tsa ’mele pele ho ponahalo efe kapa efe ea ho ba teng ha tsona. Bapisa le Pesaleme ea 139:16: “Mahlo a hao [Jehova] a bone moloho oa tsona; matsatsi a ka a ngoliloe kaofela hammoho bukeng ea hao; a na a se a baliloe, a e-so ho be teng.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela