Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g87 3/8 maq. 18-20
  • Hobane’ng ha ho Tatiloe Tjena?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Hobane’ng ha ho Tatiloe Tjena?
  • Tsoha!—1987
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mabaka a Sehlooho
  • Mabaka a Mang
  • E U Isa Kae?
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2001
  • Ho Sebetsana ka Katleho le ho Tata ha Kajeno
    Tsoha!—1987
  • Ho Tatiloe—Empa ha Hoa Tateloa Tao?
    Tsoha!—1987
  • Ho Mamella ka Thabo Lefatšeng Lena le Phathahaneng
    Tsoha!—2001
Bala Tse Ling
Tsoha!—1987
g87 3/8 maq. 18-20

Hobane’ng ha ho Tatiloe Tjena?

KE HOBANE’NG ha mehla ea rōna e tatile tjena? E fapane hōle le toro ea khutso le nako e ngata ea boiketlo eo ho neng ho nahannoe hore mesebetsi e tla e tlisa. “Mosebetsi o fokolang le nako e ngata ea papali bakeng sa e mong le e mong” tse neng li nohiloe ke litsebi tsa moruo, tsa khahisano, linohi tsa bokamoso ha lia atleha.

Bonneteng, mongoli A. Kent Macdougall oa hlokomela: “Mosebetsi o nka nako e ngata ea motho ea sebetsang joaloka molokong o fetileng, ’me ho ea le ho khutla mosebetsing ho nka nako e ngata haholo.”

Ho e-na le ho bebofatsa bophelo, tsoelopele ea kajeno ea boqapi ba mahlale e tlatselitse ho tatiseng batho. Moprofesara litabeng tsa khoebo Harold, H. Kassarjian o re: “Mekhoa e mengata ea puisano le lipalanngoang e re siea re tepeletse haholo. Re tlas’a khatello e khōlō hobane re iketselitse mabaka a ho lula re tatile. Re ichekela mabitla a khatello.”

Mabaka a Sehlooho

Kajeno bontate ba bangata ba imelitsoe ke mosebetsi oa nako e eketsehileng kapa mesebetsi e ’meli hore feela ba fepe malapa a bona. Hape ho na le basali ba bangata ba tlamehileng ho sebetsa. Paul Johnson o ngotse ho Daily Telegraph: “Hoa makatsa hore nakong ena historing ha mesebetsi ea basali ea lelapa e fokotsehile haholo ka baka la tsoelopele ea boqapi ba mahlale,... basali ba sebetsa ka thata le ho feta leha e le neng.”

Kamor’a hore basali ba bangata ba hlole letsatsi lohle mosebetsing oa boipheliso, ba tla hae ho tla etsa mosebetsi oa bobeli—ho hlokomela lelapa le bana. Liphuputso li bontša hore banna ba etsa ho honyenyane ho fokotsa mosebetsi o mongata oa basali ba bona. Ka lebaka leo, ho basali ba sebetsang, hangata nako e-ea haella ’me ke letlotlo leo ho leng thata ho le fumana. Bangoli ba buka Working Couples ba qotsa mantsoe a mosali ea sebetsang a re: “Ke utloa likhatello tse ngata ka baka la ho hloka nako ep19lekaneng ea ho etsa lintho tseo ke batlang ho li etsa kapa tseo ke tlamehang ho li etsa.”

Ho ba bangata, mekhoa e fetohang ea likamano tsa botona le botšehali le lenane le phahameng la hlalo li tlatselitse bophelong ba bona bo tatileng. Joang? Ho hlalosa buka Family Relations: “Mokhatlo oa rōna [U.S.] o bone keketseho ea karolo ea 79 lekholong palong ea malapa a motsoali a le mong lilemong tse robong tse fetileng . . . Kajeno boemo bo feta hōle ba nako e fetileng.” Hore motsoali ea mong a koetlise bana, a ee mabenkeleng, a phehe, a hloekise ntlo, bophelo bo ka bonahala e le ho tata ho sa khaotseng.

Mabaka a Mang

Mabaka a mang a sa bonahaleng a tlatsetsang bophelong ba kajeno bo tatileng, ke a latelang:

Bophelo bo Bokhutšoane—“Motho ea tsoetsoeng ke mosali o na le matsatsi a se makae, ’me o khotše litsietsi,” ho bolela Bibele. “Oa mela, o khaoloa joaloka palesa, o feta joaloka seriti, ’me ha a hlole a e-ba teng.” (Jobo 14:1, 2) Ka ho hlokomela ’nete ea temana ena ea Bibele, batho ba bangata ba phela ba tatile bophelong, ba leka ho etsa lintho tse ngata kamoo ho ka khonehang. Ba na le khopolo ea hore, “A re jeng, re noeng, hobane hosasa re se re ea shoa.”—1 Ba-Korinthe 15:32.

Bophelo ha boa Tsitsa—“Hoba hase ba mathang ka sekhahla ba sieang ba bang peisong kamehla,” ho boletse Morena Salomone ea bohlale. Hobane’ng? “Hobane nako le ketsahalo e sa lebelloang li ba oela bohle,” a hlalosa. (Moeklesia 9:11, NW) Kahoo ho bonahala batho ba potlakela ho finyella lipakane tsa bona ka ho tšaba hore ketsahalo e ’ngoe e sa lebelloang e tla ba thibela ho li finyella.

Tšabo ea ho Fosoa ke ho Hong—Joaloka bana ba banyenyane, batho ba bangata ba baholo ba letoope, ha ba tsebe ho tsepamisa mohopolo nthong e le ’ngoe ka nako e telele, ’me kamehla ba potlakela ho hong ho hocha. Ha ba phomole ho thabela nako ea hona joale ka lebaka la ho tatela bokamoso.

Ho Ferekana Maikutlo le ho Hloka Mamello—Ho tsena kopanyelletsa ho ferekana maikutlo, le ho hloka mamello, mohlomong u tla utloisisa hamolemo mokhanni eo u mo bonang ka seipone a khanna moseleng oa koloi ea hao. Mohlomong ka ho nahana hore koloi e ’ngoe le e ’ngoe e ka pel’a hae ke tšitiso e tenang, o leka ka hohle ho feta likoloi tsohle empa ho se lebaka le molemo. Ka linako tse ling u teana le eena hape robotong e latelang!

Bolutu—Kahobane batho ba bangata ba tenoa ke mesebetsi ea bona ea boipheliso, ba tatela ho qeta mosebetsi oo e le hore ba fumane nako e ngata ea boithabiso.

“Nako ke Chelete”—Batho ba bang ba phela ka motheo ona—ka tšupanako—ba itima nako ea ho lokoloha kapa esita le nako ea phomolo hobane tseo li hloka chelete. Kahobane ba sa khotsofale, kamehlaba potlakela ho bokella lintho tse bonahalang tseo ba se nang nako ea ho li thabela.

Ho sa tsotellehe hore na lebaka ke lefe, mohlomong bophelo ba hao ke peiso e ferekanyang. Haeba ho joalo, potso ke hore . . .

E U Isa Kae?

Mehla ea kajeno ea lebelo le sekhahla e hlahisitse mafu a mangata a amanang le ho tepella. Empa bonnete ba polelo ea maele e reng “lepotlapotla le ja poli” bo bonahetse le likarolong tse ling tsa boiteko ba motho. Ka mohlala, koranta ea Sejeremane Ärztliche Praxis e-ea tlaleha: “Sesosa se ka sehloohong sa likotsi tsa mebileng e sa ntse e le lebelo le leholo.”

Mocha ea potlakelang ho tseba lithuto tsa motheo sekolong o tla thatafalloa ke ho fumana mosebetsi le ho tšoarella ho ’ona. Motho ea jang ka lepotlapotla a ka ferekana ka mpeng, a ba le tšilo e fokolang, le letoto la mafu a mo tšoenyang ’meleng. “Lehehle” le ka ba lihlong, maikutlo a bohloko, kapa esita le ho senya setsoalle. (Liproverbia 29:20) ’Me ea tatelang ho batla molekane oa lenyalo a ka iphumana a tatela ho hlala.

Ho thoe’ng ka ba tatelang ho bokella maruo, ho itlhoma pele lithutong, ba qalisa malapa, kapa ho fumana ho hongata bophelong? Ke ’nete, ho hahamalla lintho tse joalo ho ka ’na ha se be phoso ka bohona. Empa haeba ho li hahamalla e fetoha peiso ea bohlanya, ho tla ruisa batho molemo ofe ha ’mila o ntse o puta?

Morena Salomone oa boholo-holo o ile a itihela ka setotsoana morerong oa ho hahamalla lintho tse joalo, empa a fihlella qeto ena: “Empa eitse ha ke talima mesebetsi eohle eo matsoho a ka a e entseng, ’me ke bala mokhathala oo ke ikhathalitseng ka ’ona ha ke sebetsa, ka bona hoba tsohle ke lefeela le mesebetsi e nyopileng; ha ho letho le ka fihleloang ka tsohle tse etsoang ka tlas’a letsatsi.”—Moeklesia 2:11.

Ka baka leo, na ho teng tsela ea ho sebetsana ka katleho le ho tata hona ha kajeno le ho phela bophelo bo khutsitseng?

[Lebokose leqepheng la 19]

‘Ho Tata Kajeno’

“Setšoantšo sa motho ea atlehileng haholo empa a e-na le mathata se [hlahella kamehla] mokhatlong oa kajeno o tepeletseng haholo,” ho hlokometse The New York Times. “Ho tšoana le motho ea mathelang terene, ’me e mong a mo latela kamor’a metsotso e ’maloa, le mookameli ea tšoarehileng ka lipakane tseo a lokelang ho li finyella ’me a fetisoa ke ba bang, le motho ea loanelang ho itlhoma ka pele, ea etsang ka hohle esita le ho ipea kotsing e le hore feela a laole.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela