Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g87 3/8 maq. 5-8
  • Ke Hobane’ng ha Afrika e Hlōleha ho Iphepa?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha Afrika e Hlōleha ho Iphepa?
  • Tsoha!—1987
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Komello
  • Ho Ata ha Baahi
  • Keletso e Fosahetseng?
  • Mekhatlo ea Thuso ea Ntšetsopele?
  • Thuso ea Lijo?
  • Ho Hlokomoloha Boramapolasi ba Fumanehileng
  • Ntoa
  • Ho Hlokahala ha Lenaneo la Thuso le Phahametseng la Motho
  • Komello e Tšabehang Afrika e ka Boroa
    Tsoha!—1994
  • Ke Mang ea ka Tholisang ‘Sello sa Tlala’
    Tsoha!—1987
  • Lefatše le Phallela ka Thuso
    Tsoha!—1987
  • Na ho na le Sebaka se Lekaneng Bakeng sa Batho le Liphoofolo?
    Tsoha!—1993
Bala Tse Ling
Tsoha!—1987
g87 3/8 maq. 5-8

Ke Hobane’ng ha Afrika e Hlōleha ho Iphepa?

“KE ILE ka jala . . . empa ho ne ho se pula,” ho hlalositse Idris, rapolasi oa Ethiopia. Peō ea hae kaofela ea bolla mobung, a tšoanela ke hore a falle polasing ea hae ho ea qalisa bophelo bo bocha kampong ea phallelo. O ekelitse: “Pele, ke ne ke e-na le lipholo tse ’ne, ke lema ka tsona, ka baka la tlala, ka rekisa tse peli ’me ka hlaba tse peli bakeng sa nama.... Ke jele bokamoso ba ka.”—Ho tsoa bukeng Ethiopia: The Challenge of Hunger.

Joaloka Idris, borapolasi ba bangata ba Afrika ba fu-mana ho le thata ho hlahisa lijo tse lekaneng. Kontinente e neng e tseba ho iphepa, ha joale e itšetlehile ka lijo tse ngata tse tsoang linaheng tse ka ntle. Hobane’ng ho le joalo? Ke hobane’ng ha Maafrika a mangata a robala ka lephako?

Komello

Afrika e tsebahala ka likomello tse sehlōhō. Linaha tse hlaseloang haholo ke tse moeling o ka boroa oa Lehoatata la Sahara. Ho tloha ka 1960, pula sebakeng sena e ile ea fokotseha ho ea kamoo makasine oa Ceres o se bitsang “komello e telele ea Sahel.” Leha ho le joalo, borapolasi ba bangata ba tseba ho phela har’a boemo bona.

Nakong ea 1983-84, le hoja linaha tse hlano tsa Sahel li ne li hlasetsoe ke komello, li ile tsa hlahisa tšoele e ngata ka ho fetisisa. Mohlomong liaparo tseo u li apareng hona joale li entsoe ka tšoele eo. Kaha boea bo fumantša chelete e ngata ho tsoa linaheng tse ka ntle, ho ntse ho e-na le ho hong ho lokelang ho lefshoa. Ka 1984 linaha tsa Sahel li ile tsa tlameha ho romelloa koro e litone tse limillione tse 1,6. “Taba ea hore ho jaloe tšoele ho e-na le koro e ama ’muso le mekhatlo ea phallelo,” ho rialo Lloyd Timberlake bukeng ea hae Africa in Crisis.

Kantle ho tšoele, Afrika e romella ntle tee, kofi, tsoekere, cocoa, matokomane, lipalesa tse ncha, nama, oli ea palema, lehong, le litlhahisoa tse ling tse ngata tsa temo.” “Afrika,” kamoo ho bolelang makasine The Nation oa U.S., “ke mohloli o enneng haholo le o tsitsitseng oa lijo tse sebelisoang letsatsi le leng le le leng lichabeng tse tsoetseng pele.” Tlaleng ea morao tjena ea sekoboto Ethiopia, baahi ba Brithani ba ile ba tšoha ha ba utloa hore ba ntse ba e-ja litholoana le meroho ea Ethiopia. Hoa hlaka he, hore, ha se komello feela e etsang hore Afrika e se khone ho iphepa.

Ho Ata ha Baahi

Maafrika a mang a hana ho lekanyetsa malapa a ’ona. Ho bona, bana ba bangata ke letšoao la hlompho. Ha ho makatse ha Afrika e le eona e nang le palo e khōlō haholo ea baahi lefatšeng. Ntle ho pelaelo, sena se eketsa bothata ba tlala. Ba bang ba lekanyetsa hore palo ea hona joale ea baahi ke limillione tse 553. Ho ea ka lipalo-palo, ho lekanyetsoa hore ka selemo sa 2000 ho tla ba le melomo e meng e limillione tse 324 e lokelang ho fepjoa!

Na sena se bolela hore Afrika e nyenyane haholo ho ka lema lijo tse lekaneng? Che. Naha e khōlō e ntle ha e’a lengoa. India, e nang le baahi ba bangata le naha e nyenyane, e hlahisa koro e ngata haholo. Koranta ea Afrika Boroa, The Star e’a eketsa: “Chaena e na le batho ba limillione tse 1 000 ’me leha ho le joalo, selemo ka seng, e hlahisa lijo tse ngata. . . .Re nahana hore Afrika e lapa ka lebaka la keletso e fosahetseng.”

Keletso e Fosahetseng?

Keletso ke e ’ngoe ea lintho tseo Afrika e sa li hlokeng. “Haeba ba lapileng ba ne ba ka ja mantsoe,” ho tlalehile thelevishene ea BBC, “Afrika e ne e ke ke ea lapa.” Batho ba bang ba 80 000 ba linaha lisele ba etsa mosebetsi ona. Timberlake o re, “ho eletsa Afrika, ho fetohile mosebetsi o moholo oa khoebo, hoo lifeme tse fanang ka likeletso tsa Europa le Amerika Leboea li lefuoang lidolara tse 180 000 [R400 000] ka selemo ka baka la nako e sebelisoang ke litsebi.”

Litsebi tsena li buella mekhoa e theko e phahameng ea khoebo e batlang lipeō tse beang haholo, lik’hemik’hale, le mechine e meholo. Sena se tliselitse bahoebi ba mose ho maoatle khoebo e ntle empa se tlisetsa batho ba futsanehileng ba Afrika molemo o fokolang. Tlhokomelo e lebisoa pele mapolasing a hlahisang lihlahisoa tse seng li rekisetsoa limmaraka tsa linaha lisele mapolasing a hlahisang lijo tse rekisoang metseng e ruileng ea Afrika. Merero ena e mengata ha e-ea ka ea sebetsa, ’me e meng e hlōlehile. Boemo ba leholimo ba Afrika, ho hlalosa makasine oa Newsweek, “hangata ha boa lokela lipeo tse hlahisang haholo tse sebelisoang hantle Asia.” Hape, mobu oa Afrika o’a fokola, ’me ka linako tse ling lijalo li senngoa ke mekhoa e mecha ea temo.

Mekhatlo ea Thuso ea Ntšetsopele?

Mebuso ea mose ho maoatle le mekhatlo ea phallelo e buella mekhoa e meng e theko e boima. Mekhoa ena le eona e “tlisetsa lifeme tsa bona le baemeli, le moruo molemo,” kamoo ho bolelang People, koranta ea letsatsi le letsatsi ea mokhatlo oa ntšetsopele. Mekhoa ena e’a hohela hobane e etsa hore linaha tsa Afrika li shebahale li le ntle, ’me e tšehelitsoe ka likalimo tse ngata tsa lichelete. Sena se thusa mebuso e meng ea Afrika ho khotsofatsa baahi ba metse e ruileng hobane e hloka tšehetso ea bona hore e tsoele pele e busa. Kahoo, litoropong tsa Afrika u tla bona lihotele tse majaba-jaba, liunivesi-thi, boema-lifofane, litsela tse khōlō, makoloi le lintho tse ling tse theko e boima empa metse ea mahae eona e qheletsoe ka thoko. Boramapolasi ba fumanehileng ba Afrika ba na le lebitso bakeng sa baahisani ba bona ba ruileng ba litoropong. Ka Seswahili ba ba bitsa Wabenzi, ho bolelang “morabe oa Mercedes-Benz.”

Batho ba bangata ba belaela mekhatlo ea thuso ea ntšetsopele. “E hōle le ho ba mosa,” ho rialo bangoli ba buka Famine: A Man-Made Disaster? “linaha tse fanang li fumana theolelo. . . . Menyetla ea tšusumetso ea moruo e fumanoang ke linaha tsa Bophirima le tsa Bochabela e theko e tlase.” Mokhatlo oa thuso ea ntšetsopele o kentse letsoho sekolotong se tšosang sa Afrika sa liranta tse 390 000 000 000.

“Lilemo tse mashome a mabeli tsa ‘ntšetsopele’ li beile Afrika kotsing e khōlō ka 1984,” kamoo ho boletseng Peter Gill bukeng ea hae A Year in the Death of Africa. Ho ea ka Gill, mokhatlo oa thuso ea ntšetsopele e bile “thetso.” Boramapolasi ba fumanehileng ba Afrika ke bona ba e hlokang ’me ba fumane molemo o fokolang. “Leha ho le joalo,” kamoo ho hlalosang koranta ea letsatsi The Ecologist, “boramapolasi ba fumanehileng ba etsa karolo ea 75-80 lekholong ea baahi ba linaha tse ngata tsa Afrika,” ke bona “litšiea tsa tlhahiso ea lijo tsa Afrika.”

Thuso ea Lijo?

Lijo tse ngata li fetohile moroalo o boima lichabeng tse ruileng. Libaka tsa polokelo ea lijo li ja chelete e ngata. Sehloohong “Lefatše le Tletseng Koro,” makasine oa U.S. Foreign Affairs o boletse: “Sena ke selemo se makatsang le se bohloko sa ho bua ka koro. Lithelevishene tsa rōna li re bontša litšoantšo tsa bana ba lapang ba Afrika, empa lefatše le hlahisa koro ea [litone tse fetang limillione tse 172]—koro e ngata haholo.”

Koro e theko e tlaase e salang hase kamehla e thusang Maafrika a lapileng. Ka linako tse ling e fella matsohong a bahoebi ba meharo, kapa mebuso e e amohelang e e rekisa ka phaello ho thusa mananeo a eona a litheko hore a leka-lekane. Ho tlisa koro e setseng Afrika hape ho fokolisitse boemo ba boramapolasi ba fumanehileng. “Ke joang mohlahisi ea tloaelehileng a ka hlōlisanang le lijo tse lokolohileng tsa linaha tse ling?” ho botsa bangoli ba buka Famine: A Man-Made Disaster?

Lijo tsa moetlo tsa Maafrika, tse kang nyalothe le mabele, ha li ratuoe haholo. Leha ho le joalo, li mamella komello ho feta mefuta e meng ea koro. Baahi ba metseng ea litoropo ba hōlisitse tatso ea koro le reisi—koro e hlahang ka thata karolong e khōlō ea Afrika e nang le boemo ba leholimo bo bobe. Baeletsi ba bang ba hōlisitse lerato la lijo tsa mose ho maoatle ’me kahoo ba etsa hore Afrika e itšetlehe haholo ka lijo tse tsoang ka ntle ho naha.

Ho Hlokomoloha Boramapolasi ba Fumanehileng

Boramapolasi ba kang Idris, Moethiopia ea qotsitsoeng pelenyana, ba hloka lipeō le lisebelisoa tse theko e tlase tsa temo. Thuso ea lijo feela e na le molemo o monyenyane. Joaloka ha maele a Sechaena a re: “Ha u nea motho hlapi, u mo fepa bakeng sa letsatsi. Empa ha u mo ruta ho tšoasa hlapi, u tla be u mo fepetse ruri.” Hangata boramapolasi ba fumanehileng ba Afrika, ha ba thusoe hore e be boramapolasi ba atlehang, leha ho e-na le ba atlehileng linaheng tse ling.

Ho tloha ka nako ea likoloni, naha e ntle ea Afrika e ’nile ea sebelisetsoa ho hlahisa lihlahisoa tse rekisoang limmarakeng tsa ka ntle ho naha. Ho tlatsetsa moo, ho entsoe mechine e meholo ea temo ho hlahisa lijo bakeng sa metse e ruileng. Ka baka leo boramapolasi ba fumanehileng ba ile ba amohuoa naha e ntle ’me ba qobelloa ho iphelisa naheng e sa beeng haholo. Hobane ba tloheletsoe ho iphepa, boramapolasi ba fumanehileng ba Afrika ba sentse naha e fokolang ka ho e lema haholo, le ho fulisa mehlape haholo ho eona, le ka ho rema lifate tse ngata. Likarolo tse khōlō tsa Afrika li fetoloa mahoatata.

Hape boemo ba bona bo ’nile ba nyenyefatsoa ka ho beoa ha chelete ea theko. Ho khahlisa batho ba lulang metseng ea litoropo, mebuso e mengata ea Afrika e rekisa lihlahisoa tsa mapolasi ka theko e tlaase. Nature, koranta ea letsatsi ea mahlale e re mokhoa ’ona o “tlatselitse haholo ho theoheng ha temo, tlala ea baahi ba tšoanang ba leng litoropong le ho itšetleha ha Afrika ka lihlahisoa tsa lijo tse tsoang linaheng lisele.”

Ntoa

Koranta ea Afrika haufinyana e boletse hore, “Maangola a etsang halofo ea millione a balehile mapolasing a ’ona, a ntšuoa ke ntoa ea ka hare ho naha.” Angola, ho fapana le likarolo tse ling tsa Afrika, e na le pula e ntle. Leha ho le joalo, batho ba likete ba itšetleha ka lijo tsa kamehla tse tlisoang ke mekhatlo ea phallelo.

Ha ho makatse hore linaha tsa Afrika tse bolaoang ke tlala haholo li kopanela ntoeng ea kahare ho naha. Leha pula e tlisitse thuso e itseng Ethiopia, Sudan, le Mozambique, ntoa linaheng tsena e sitisa tlhahiso ea lijo ’me batho ba limillione baa lapa.

Morao tjena, Mokhatlo o Ipusang Litabeng tsa Thuso ea Botho, oo litho tsa ’ona tse 25 li kopanyeletsang baemeli ba linaha tse hlano tsa Afrika, o entse tlhahiso ena e matla: “Likhohlano tsa libetsa le pefo, likarolong tse ling tsa Afrika, li eketsa tšollo ea mali e sa hlokahaleng le pherekano boemong bona bo bohloko. . . . Tlhokomelo ea pele e lebisoa libetseng tse bolaeang ha batho ba hloka mehoma le peō ho lema lijo, metsi a hloekileng, le mananeo a fokolang a bophelo bo botle.”

Hase Afrika feela e lokelang ho jarisoa molato ka sena. Peter Gill bukeng ea hae A Year in the Death of Africa, o supa karolo ea mebuso ea ka ntle ho “hlomelleng Afrika ka libetsa” ’me o’a botsa: “Ke baetsi bafe ba libetsa ba fumanang molemo litlholisanong tsa libetsa Afrika?” Lichaba tsa Bochabela le Bophirimela li tšehetsa lintoa tsa Afrika ’me li fumana chelete ka tsona.

Ho Hlokahala ha Lenaneo la Thuso le Phahametseng la Motho

Potso e reng “Ke hobane’ng ha Afrika e sa khone ho iphepa?” e’a itoantša, ’me karabo e rarahane. Balaoli ba bolela hore komello, sepenya sa baahi, mekhatlo ea thuso, meharo, ho hlokomoloha boramapolasi, tšenyo ea mobu, le ntoa kaofela ha tsona ke lisosa tsa tlala. Har’a lintho tsena ke komello feela e ka boleloang e le ntho ea tlhaho; tse ling kaofela li bakoa ke motho.

Ha e le hantle, komello ea Afrika e sebelelitse ho bonahatsa mefokolo le boithati ba motho. Ho hlōleha ha motho ho laola lefatše ka ntle ho ’Mōpi oa hae, Jehova Molimo, ho bonahala ho bohle. Joaloka ha moprofeta oa boholo-holo a itse: “Oho! Jehova, kea tseba hobane tsela ea motho ha e matleng a hae, ’me motho ea tsamaeang a ke ke a lokisa lika tsa hae.”—Jeremia 10:23.

’Nete ena e ke keng ea latoloa e tlalehiloe ka Bibeleng. Hape Bibele e profetile ka “litlala” tsa kajeno hammoho le ntoa le ho hlōleha ha motho ho laola lefatše. Ho thabisang, lintlha tsena kaofela li supa bohaufi ba tsamaiso ea thuso e phahametseng motho e tla atleha ho felisa tlala e seng Afrika feela empa lefatšeng lohle.—Luka 21:10,11, 28-31; Tšenolo 6:3-8; 11:18; 21:1-5.

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Ka kakaretso, boramapolasi ba fumanehileng ba Afrika ha ba thusoe ho atleha

[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Foto ea FAO

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela