Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g87 4/8 maq. 4-8
  • Ho Ntša Mpa—Lefatše le Arohane

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Ntša Mpa—Lefatše le Arohane
  • Tsoha!—1987
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lltseko tsa Sehlooho
  • Bophelo bo Qaleha Neng?
  • Khohlano ea Monahano
  • Qeto e Boima Roma e K’hatholike
  • Likotsi tsa ho Ntšoa ha Mpa ho sa Lumelloang ka Molao
  • Ho Ntša Mpa—Hase Tharollo e se Nang Mathata
    Tsoha!—2009
  • Phello E Bohloko Ea Ho Ntša Limpa
    Tsoha!—1993
  • Qaka Ea Ho Ntša Mpa—Na Lipolao tse Limillione tse 60 ke Tharollo?
    Tsoha!—1993
  • Ho Ntša Mpa—Ho Baka Tšenyehelo e Kae?
    Tsoha!—1987
Bala Tse Ling
Tsoha!—1987
g87 4/8 maq. 4-8

Ho Ntša Mpa—Lefatše le Arohane

KE LIMPA tse kae tse ntšoang—tse lumeletsoeng le tse sa lumelloang ka molao—lefatšeng lohle selemo se seng le se seng? Buka Abortion e bolela hore palo eo e ka “lekana le palo ea mafu a batho ba baholo—limillione tse ka bang 45. Empa Lekhotla la Machaba la Thero ea Malapa le lekanyetsa palo ho limillione tse 55!

U.S.S.R. e bile naha ea pele ho lumella ketso ena ka molao, ka selemo sa 1920. Tlaleho ea morao tjena e sa tiisoang e beha ho ntšuoa ha limpa ha ba limillione tse ka bang hlano ka selemo. Ho ea ka bahlokomeli ba lefapha la bophelo Chaena, ho ntšoa ha limpa moo ho atamela limillione tse robong—karolo ea boraro ea palo ea baimana. Japane e na le ba fetang limillione tse peli, ’me United States e tlaleha ba fetang millione o le mong le halofo. Brithani e na le palo e atamelang kotara ea millione.

Linaheng tsa Roma e K’hatholike tsa Spain le Ireland, ho ntšoa ha limpa ha hoa lumelloa ka molao. Leha ho le joalo, basali ba mashome a likete ba ntša limpa selemo le selemo. Joang? Ho na le likliniki tse sebetsang ntle ho tumello ea molao. Empa leqheka leo basali ba bangata ba le sebelisang ke ho ikela linaheng tseo tšebetso ena e lumeletsoeng ka molao, Brithani ke eona e ratoang haholo.

Ho hlakile hore hase limpa tsohle tse ntšoang hobane masea a ka ’na a tsoaloa a e-na le bohole bo itseng, ’meleng kapa kelellong, kapa leha e le hore mpa ke phello ea ho betoa kapa ho robala le e mong oa leloko. Lipalo-palo tsa Brithani li bontša hore ke feela karolo ea 2 lekholong ea limpa tse ntšuoang ka mabaka ana. Joale, hobane’ng ha ho ntšoa limpa tse ngata? Ho na le mabaka a mabeli a sehlooho.

Lltseko tsa Sehlooho

Ho laola palo ea baahi mehleng ea boholo-holo e ne e se bothata. Merabe le lichaba li ne li amohela keketseho, ’me e ne e se hangata basali ba neng ba nahanela ho lekanyetsa boholo ba malapa a bona. Ho ntšoa ha mpa ho ne ho sa lumelloe ka molao ’me ho ne ho nkoa e le phello ea bofebe kapa bohlola.

Ka ho fapaneng, kajeno mokhoa oa ho ntša mpa o ka tšehetsoa ke ’muso. Ka tsela eo tsoalo ea masea e ka lekanyetsoa linaheng tseo ho nang le kotsi ea sepenya sa baahi.

Leha kotsi e joalo e le sieo lichabeng tse ngata tsa Bophirimela, palo ea ho ntšuoa ha limpa e ntse e hōla linaheng tsena. Hobane’ng? “Haeba re lumela tokolohong ea basali,” ho hatella ’mueli oa basali oa Kopano ea Bolumeli bakeng sa Litokelo tsa ho Ntša Mpa Motseng oa New York, “re lokela ho lumela hore basali ba na le tokelo ea ho iketsetsa likhetho tsa se nepahetseng le se fosahetseng.”

Empa hang feela ha mosali a emara, na o na le tokelo e ke keng ea tsekisoa ea ho khetha ho hana boikarabelo ba ho ba ’mè, ka hore a ntše lesea la hae? Na tsela e joalo e’a amoheleha? Ke ’ona motheo oa tseko ea kajeno ea ho ntša mpa kapa ho se e ntše. Karabo ke efe?

Ho na le litlhaloso tse ngata tse amang taba ena. Bophelo ke eng? Bo qaleha neng? Na ngoana ea esong ho tsoaloe o na le litokelo leha e le life tsa molao?

Bophelo bo Qaleha Neng?

Ha peo ea monna e kopanya liphatsa tsa eona tsa lefutso tse 23 le palo e tšoanang ka har’a lehe la mosali, bophelo bo bocha ba motho boa qaleha. Ho tloha nakong ena ea kemolo, bong ba hae le likarolo tse ling tsa botho li bopeha ka tsela e ke keng ea fetoha. Phetoho e le ’ngoe e tla ba feela khōlo nakong ea kemaro ea likhoeli tse robong. “Ke polelo ea ’nete ea bophelo hore u kile ua ba sele e le ’ngoe feela,” ho ngola Ngaka John C. Willke. Ka hona, na bophelo bo qaleha motsotsong oa kemolo? Ba bangata ba arabela joalo. Ho ba nahanang ka tsela ena, ho ntša mpa ka nako leha e le efe ho tšoana hantle le ho bolaea.

Ba bang ba re ‘bophelo bo qaleha libeke tse ka bang 20 kamor’a kemolo.’ Hobane’ng ha ba talima lintho ka tsela ena? Hobane ke nakong eo ’mè a qalang ho utloa lesea le sisinyeha ka pōpelong. Ka linako tse ling bohato bona bo bitsoa “nako ea ho hōla ha bophelo.” Lesea le ka ntšuoa ka pōpelong bekeng ea bo20 le e-na le lipontšo tsa bophelo ’me hangata limpa li ntšoa ka nako leha e le efe ho fihlela ka beke ea bo24 ea ho ima, lena ke lebaka la nako le amoheloang hohle. Joale, na ena ke nako eo ka eona lesea le nkoang le phela ho ea ka molao?

Brithani molao ha o nke lesea le e-song ho hlahe e le motho. Tlas’a mabaka a joalo ha ho ho ntšoa ha mpa ho ka boleloang ka molao e le ho bolaea. Empa ha feela lesea le tsoile ’meleng oa ’m’a lona, le hoja le sa ntse le kopane le pōpelo ea ’m’a lona ka lelana le mokhubung, ho bolaea ngoana eo ke tlōlo ea molao. Nakong eo ngoana o na le litokelo tsa molao. Joale, ho ea ka pono ena, ka molao bophelo bo qaleha ha lesea le belehuoa.

Boikutlo ba Sejode, joaloka ha bo boleloa ke Moruti e Moholo oa Brithani, bo lumellana le bona. Bophelo ha bo “qale pele ho motsotso oa tsoalo,” oa bolela, ’me oa phaella: “Ho felisoa ha ngoana ea esong ho tsoaloe ha se ho bolaea.” Ho thoe’ng ka lesea le ntseng le hōla ka pōpelong? Ho Marital Relations, Birth Control and Abortion in Jewish Lavo, Moruti David M. Feldman oa New York o boletse: “Lesea le ntseng le hōla ka pōpelong ha le tsejoe, bokamoso ba lona ke karolo ea ‘liphiri tsa Molimo.’”

Khohlano ea Monahano

Ho ea ka sena ho bonolo ho nahana hore ho ntšoa ha mpa ho amoheloa ke bolumeli. Empa hase malumeli ’ohle a nahanang joalo. Hlokomela pono ea molao oa Roma e K’hatholike.

Ka 1869 Mopapa Pius IX o ile a eketsa kotlo ea ho khaola kerekeng ba ntšang lesea le ntseng le hōla ka pōpelong ho sa tsotellehe hore na ke nakong efe. Ka 1951, Pius oa XII a pheta molao-motheo ’ona, a re: “Motho ofe kapa ofe, ekasita le ngoana ea ka pōpelong, o fumana tokelo ea hae ea ho phela ho Molimo ka ho toba, e seng ho batsoali ba hae.” John Paul oa II, ha a bua Kenya ka 1985, o ile a toboketsa hore: “Liketso tse kang ho thibela ho ima le ho ntša mpa li fosahetse.”

Leha ho le joalo, Mak’hatholike a mangata kajeno a lumela hore boikutlo bo joalo ke ba khale ’me bo lokela ho lokisoa. Ka baka leo, Roma e K’hatholike e arohane tsekong ena. Linnete tse ling ke tsena.

Qeto e Boima Roma e K’hatholike

Mok’hadinale Bernardin, molula-setulo oa Komiti ea Babishopo e hananang le ho Ntša Mpa Amerika, o itse ho ntša mpa ho fosahetse ’me molao ona oa kereke o tlama Mak’hatholike ’ohle a Roma. Hape, moprofesara oa thuto ea boitšoaro oa Roma e K’hatholike Univesithing ea Notre Dame United States, James T. Burtchaell, o ngotse ka 1982: “Tseko ea ka e tobile. Ho ntša mpa ke ho bolaea: ke ho felisa bophelo ba ngoana.” Leha ho le joalo, lilemo tse ’nè hamorao, moprista Richard P. McBrien, molula-setulo oa lefapha la thuto ea bolumeli univesithing eona eo, a etsa sohle se matleng a hae ho hlalosa hore ho ntša mpa hase thuto e tiisitsoeng ka molao kerekeng ea hae.a Ho ea ka eena, Mak’hatholike a ntšang mpa a ke ke a khaoloa kerekeng, leha a ka nkoa a sa tšepahale.

Ka baka la ho se hlake hona ha molao oa kereke, Mak’hatholike a mangata a tsebahalang a tšehetsa phatlalatsa ho ntšoa ha mpa. Har’a bona ke baprista ba bang ba United States. Hape le baitlami ba basali, ba bang ba ile ba tiisa phatlalatso ea koranta ka tseko ea ho ntša mpa ’me ba tšosoa ka hore ba tla lelekoa.

Ho phaella moo, hona joale litho tsa K’hatholike li tšehetsa ka mafolofolo mekhatlo ea ’muso e buellang ho ntša mpa. “Ke lumellana ka hohle le litho tsena tsa K’hatholike,” ho boletse Mofumahali Eleanor C. Smeal, mopresidente oa NOW (Mokhatlo oa Sechaba oa Basali), kopanong ea ho ntšoa ha mpa Washington, D.C., U.S.A. Ka nako e tšoanang, ho ea ka The New York Times, a nyatsa taba ea hore ho tšehetsa ha hae tokelo ea ho ntša mpa ho ka mo etsa hore a khaoloe Kerekeng ea Roma e K’hatholike.

Kereke ea Roma e fumana ho le thata ho rarolla lipono tse loantšanang joalo lithong tsa eona.

Likotsi tsa ho Ntšoa ha Mpa ho sa Lumelloang ka Molao

Ho ntša melao ho fapane le ho tiisa hore e-ea bolokoa. Leha ho le joalo, hore ’muso leha e le ofe o kenye molao oa ho ntšoa ha mpa tšebetsong, ekasita leha e le ka mabaka a matle, e botse ke taba e ’ngoe. Batho ba kopanyeletsoa ka seqo. Ho ka ba thata ho bolela hore batho ba tla itšoara joang tlas’a khatello.

Haeba lipuello tse khahlanong le ho ntša mpa li atleha, ebang ke ka ho thibela ’muso ho lumella ho ntšoa ha mpa kapa ho etsa boipiletso melaong, joale ho tla etsahala eng? Na sena se rarolla bothata leha e le bofe? “Mosali o tla fumana tsela [ea ho ntša mpa], ka linako tse ling a beile bophelo ba hae kotsing,” ho hlalositse Marilyn Waring, Setho sa Palamente se tšehetsang ho ntšoa ha mpa New Zealand, ” ’me ha ho letho leo ralipolotiki, kapa melao, ba ka le etsang ho mo thibela.” ’Me motso oa tseko o hona moo. ‘Ke hofe ho ratoang?’ ho botsa ba buellang ho ntšoa ha mpa.

Moo ho ntšoa ha mpa ho lumeletsoeng ka molao, leha ho ntse ho na le mafu a itseng, tšebetso ena e etsoa kalosong e matla ea lingaka. Ka lehlakoreng le leng, ho ntša mpa ho sa lumelloang ka molao ho etsoang ka “sekhukhung,” ho na le palo e tšosang ea mafu, kaha hangata ho etsoa ke batho ba sa tšoaneleheng, le tikolohong e sa hloekang. Ka mohlala, Bangladesh, ho lekanyetsoa hore ho shoa basali ba 12 000 selemo se seng le se seng ka baka la ho ntšoa ho joalo ha limpa.

Empa ho tsena tsohle, re lokela ho nahana ka motho ka boeena. Lingaka le baoki ba ikutloa joang ka ho ntša basali mpa ka ho latellana? Seo se ama ’mele, kelello le boikutlo ba bona joang ha ba ipona ba khaotsa bophelo ba lesea le neng le lebeletsoe ke eo e neng e tla ba ’mè—le ntate? Lipotso tsena ke tseo re tla li hlahloba sehloohong se latelang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe

a “Thuto e tiisitsoeng ka molao” e talingoa e phethahetse e se na sebe, joaloka ha e phatlalalitsoe ke Kereke ea Roma e K’hatholike tlas’a taolo ea mopapa.

[Lebokose leqepheng la 5]

“Re tlameha ho lumela hore basali ba na le tokelo ea ho iketsetsa liqeto ka se nepahetseng le se fosahetseng,” ho bolela ba bangata

[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

H. Armstrong Roberts

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Basali ba bangata ba hana phatlalatsa ho ntšoa ha mpa

[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

H. Armstrong Roberts

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela