Lefatše ho Tloha ka 1914
Karolo ea 5—1943-1945 Ntoa ea II ea Lefatše—Ho Fela ha Eona ho Mabifi le ho Chesang
RAY o sa hopola kamoo ha e sa le e le moshanyana oa sekolo ka bo-1940 eena le moholoane oa hae ba neng ba tloaetse ho lula ka pel’a sea-le-moea tlung ea habo California mantsiboea a mang le a mang ho mamela litaba tsa hora ea leshome. Phapang ea nako ea moo le ea Europa, ea ba nolofaletsa ho utloa litlaleho tsa bosiu boo tsa kamoo libomo li lihetsoeng kateng holim’a Jeremane. Ho bacha bana ba babeli, e bile tloaelo ea mantsiboea a mang le a mang ho leka ho fumana moo Essen, Berlin, Stuttgart, Hamburg, le metse e meng ea Jeremane e leng teng ’mapeng o moholo oa Europa o phutholotsoeng fatše ka pel’a bona.
Ho sa le joalo, bacha ba Majeremane ba ne ba ntse ba utloa ntoa ka tsela e haufi le bona haholo. Tloaelo ea bona ea bosiu bo bong le bo bong e ne e le ho leka ho robala matlung a tšosang a tšireletso tlhaselong ea libomo. Ka lekhetlo la bobeli nakong ea lilemo tse ka tlaase ho 30, Jeremane ea kokobetsoa ka tsela e hlophisitsoeng. Hamorao koranta ea Jeremane ea ngola: “Se ’nileng sa tšajoa ho fihlela joale, se bonahala hantle—mariheng a selemo sa 42/43: Jeremane e ke ke ea hlōla ntoa eo e hlōtsoeng ho eona khale.”
Mollo o Tsoang Leholimong
Libomo tsa lichaba tsa Selekane tse oang joaloka mollo o theohang leholimong tsa kholisa Majeremane hore a hlōtsoe. Ho lekanyetsoa hore nakong ea ntoa hoo e ka bang ntlo e le ’ngoe ho tse hlano naheng eo, e ne e helelitsoe kapa e ne e sentsoe hampe hoo ho neng ho ke ke ha hlola ho luloa ho eona. Baahi ba fetang millione ba ile ba bolaoa kapa ba ntšoa likotsi tse tšabehang, ’me ba mahareng a limillione tse supileng le tse robeli ba sala ba hloka matlo.
Ha feela litaba tse tsoang ntoeng li ne li thabisa, ’me batho ba sa qobelloe ho robala matlung a tšireletso, ba bangata ba ne ba lumellana le Hitler le melao ea hae. Empa, joalokaha Süddeutsche Zeitung e hlalosa, “ha litaba tse mpe li qala ho eketseha, ha fihla moo lintho li fetohang.” Tlaleho ea tšebeletso ea sekhukhu ea Jeremane ea la 9 Phato, 1943, e lumetse hore ntoa ea moeeng e bile le liphello tse matla. E boletse hore batho ba ne ba “tobane ka ho hlakileng le bothata bo hlokang tharollo,” ’me ba ’na ba ipotsa potso e hlokang karabo, “ke hobane’ng ho le tjena?” Mekha ea sekhukhu e ne e rerile ho tsoa ’muso oa Hitler ka fatše kapa o mo qobella ho kōpa khotso. Ho ile ha etsoa boiteko bo bongata bo hlōlehileng ba ho mo fenetha, ho kopanyeletsa le bo tsebahalang ba la 20 Phupu, 1944.
Menyenyetsi ea ho se khotsofale e ile ea utloahala khafetsa, e ne e senoloa haholo ka litsela tse tšehisang. Ka mohlala, monna e mong ea tsoang Berlin le e mong ea tsoang Essen ba ne ba buisana ka tšenyo e bakiloeng ke bomo metseng ea bona e fapaneng. Ea tsoang Berlin a bolela hore ho liheloa ha bomo Berlin e bile ho matla hoo lifenstere li ileng tsa oa matlung ka lihora tse hlano hoba tlhaselo eo e emise. Ea tsoang Essen a araba ka hore: “Hoo hase letho. Kamor’a tlhaselo ea moeeng holim’a Essen, litšoantšo tsa Führer li ile tsa tsoa li phasa-phasa ka lifenstere ka libeke tse peli!”
Ha tlhaselo ea lichaba tsa Selekane e neng e lebeletsoe Europa e atamela, tlhaselo ea libomo ea lichaba tsa Selekane, e bitsoang “Pointblank,” ea eketseha. Ha e le hantle, e bile khang e matla ea tsekisano ho fihla ka Tlhakola 1945. Koranta ea Jeremane Stuttgarter Zeitung e tlalehile: “Pele Berlin e ne e le eona e koroloang ka libomo. Joale ho ile ha etsoa qeto ea ho hlasela motse oo hobane o ne o e-s’o qholotsoe . . . , motse oa Dresden. . . . Boholo ba tšenyo, pele ho ba Hiroshima, ba etsa hore tlhaselo ena e be e ikhethang ho tse ling.” Illustrierte Wochenzeitung e e’a phaella: “Dresden, o mong oa metse e metlehali Europa, ea e-ba motse o shoeleng. Ha ho motse o mong Jeremane o sentsoeng ka libomo joaloka oona.”
Ak’u bapise litlhaloso tsa lipaki tse peli tse boneng ka mahlo tlhaselo ena ea moeeng ka libomo lebokosong le latelang.
’Me u ipotse: Na ho na le tlhaloso e ’ngoe e hlakileng e bontšang sehlōhō le ho hloka kelello ha ntoa ho feta ena?
Kahoo, khale pele ho matsatsi a “lintoa ho tsoa linaleling,” ho ne ho se ho totobetse hore maholimo a fupere likotsi tse fetang feela tseo tsa boemo ba lehoiimo bo befileng. Li re hopotsa hantle hakaakang seo Kreste Jesu a se profetileng bakeng sa mehla ena ea bofelo: “’Me matšabeho le mehlolo e meholo e tla ba teng e tsoang lehoiimong. . . . Lipontšo li tla ba teng letsatsing, le khoeling le linaleling.”—Luka 21:11, 25; bapisa Tšenolo 13:13.
Sebetsa sa Sekhukhung se Hlōleha ho Tlisa Khotso
Kamor’a ho ntša masole a Bompoli Afrika Leboea, masole a lichaba tsa Selekane a futuhela Sicily ka Phupu 1943. Ka Loetse a hata mobung oa Itali. ’Muso oa Itali, oo ka nako eo o neng o theotse Mussolini setulong, oa inehela. Ka Mphalane oa loantša Jeremane, motsoalle oa eona oa pele.
Ho ea bofelong ba selemo seo, Hitler a hlokomela tlhaselo e tsoang ka bophirima, a tlosa mabotho a mang a hae a ka bochabela. O ne a qobeleha ho boloka taolo Fora e ka leboea le mabopong a Belgium. Ho tloha mona a ikemisetsa ho sebelisa seo a neng a hopotse hore se tla mo nea tlhōlo—sebetsa sa sekhukhung!
Ke eng? Ho ne ho lekanngoa hore se ka tseba ho timetsa motse o boholo ba London ka ho panya ha leihlo. Ka Tšitoe 1943 monyenyetsi o ne o re batho ba lulang likarolong tse ka bophirimela tsa Jeremane ba laetsoe ho etsa litokisetso tsa ho lula lihora tse 60 matlung a bona a tšireletso. ’Me kamor’a hore sebetsa sa sekhukhung se phethe morero oa sona, ba ne ba ka tsoa matlung ao a tšireletso ho kena naheng ea khotso ea Nazi ea bompoli.
Empa hoseng ho hong ha la 6 Phuptjane, 1944, pele sebetsa sa Hitler sa sekhukhung se sebelisoa, mabotho a lichaba tsa Selekane a hlasela mabopo a Fora a Normandy. Mabotho a Hitler a hlaseloa ka bochabela, bophirimela, le ka boroa. Hoo e ka bang beke hamorao, ka la 13 Phuptjane, Hitler a hlasela ka sebetsa sa hae sa sekhukhung se tšepisitsoeng. Se ne se entsoe ka libetsa tse peli, se seng e le motsu oa ntoa o fofang o bitsoang V-1, se seng e le rokete ea V-2, eo e bileng pula-maliboho oa metsu ea ntoa ea mehleng ena. Tlhaku “V” e emela lentsoe la Sejeremane Vergeltungswaffen, le bolelang “libetsa tsa boiphetetso.” Ho tloha nakong eo ho fihla ka Tlhakubele selemong se latelang, li ile tsa romeloa Brithani le Belgium moo li bakileng mahlatsipa a fetang 23 000, ho kopanyeletsa le mafu a likete. Empa ha bonahala kapele hore sebetsa sa Hitler sa sekhukhung se fane ka thuso e fokolang nako e se e ile.
Ho ne ho boetse ho totobetse hore Hitler o tla jarisa ba bang molato bakeng sa ho hlōloa ha hae. Har’a mantsoe a ho qetela ao aa a ngolileng e bile ana: “Tšepo ea ka e sebelisitsoe hampe ke batho ba bangata. Ho hloka botšepehi le keko li fokolisitse matla a ho itšireletsa nakong ea ntoa.” A tiisa polelo ea hae ka ho tebela basebetsi ’moho le eena Hermann Göring le Heinrich Himmler, mokheng oa hae, bao joale a neng a se a ba nka e le mahlaba-phio. Bonneteng, ke Hitler ka boeena ea ikentseng “lehlaba-phio la ka boomo,” ho ea ka tlhaloso ea moqolotsi oa litaba koranteng ea Sejeremane le mohapi oa moputso oa boqapi Sebastian Haffner. Hitler o entse liketso tse sehlōhō ka ho fetisisa lichabeng tse ling le lihlopheng tse ling, empa “ha liketso tseo li talimisisoa, ke Jeremane eo Hitler a e sentseng ka ho fetisisa,” ho rialo Haffner.
Joale Hitler a ipolaea tlung ea hae ea tšireletso Berlin, ka la 30 ’Mesa, 1945, ntoeng e mahlo a mafubelu ea ho laola Berlin. Tumellanong le litaelo tsa hae, setopo sa hae sa chesoa le ho patoa serapeng sa marena. Hitler a cha le litšepiso tsa hae tse thetsang.
Ho hong ho Tšabehang ho Feta Dresden
Nakong eo, ha Japane e ntse e loana, masole a lichaba tsa Selekane a ne a atleha haholo. Morero oa oona oa ho hlōla lihlekehleke ho flhlela a hata Japane o ne o le bonolo. Empa ho o phethahatsa ho ne ho le boima, ’me ho ne ho bitsa litšenyehelo tse ngata haholo. Ho feta moo, ho ile ha lekanyetsoa hore ho hlasela lihlekehleke tsa lehae ka botsona ho tla bolela ho shoa ha masole a Selekane a flhlang halofong ea millione mohlomong le Majapane a mangata. Hoja ebe ho teng tsela e itseng ea ho emisa ntoa kapele! Na sebetsa sa ka sekhukhung se neng se etsoa United States se ne se tla atleha ho etsa joalo?
Pelenyana ho ho qhoma ha Ntoa ea II ea Lefatše, Albert Einstein o ne a tsebisitse mopresidente oa U.S. hore boramahlale ba Jeremane ba ne ba etsa liteko tsa ho sebelisa matla a athomo bakeng sa libetsa. A hlokomelisa hore haeba boramahlale ba Jeremane ba ka atleha, ba tla tsokotsa matla a mangata a ka sebelisoang sesoleng ho finyella lipheo tsa bona. Ho sitisa kotsi ena, ka 1942, Lekhotla la U.S. la Ntoa la simolla lenaneo le tsebiloeng e le Lenaneo la Manhattan, ka sepheo sa ho tsoela pele ka ho etsa bomo ea athomo.
Ka lekhetlo la pele, ka la 16 Phupu, 1945, bomo ea mofuta o joalo ea lekoa ka katleho New Mexico. Nako e ne e se e ile hore sebetsa sa sekhukhung se sebelisoe Europa, empa nako e ne e sa feta bakeng sa Asia.a Kahoo, ka la 6 Phato bomo ea athomo ea akheloa holim’a Hiroshima, Japane, ’me matsatsi a mararo hamorao e ’ngoe Nagasaki. Haeba ho bile le khang e khōlō ka tlhaselo ea Dresden, ho ne ho tla ba le e khōlō hakaakang ka litlhaselo tseo tse peli! Ba bang ba phea khang hore li ne Ii lokile, mohlomong ha nako e ntse e tsamaea li ne li tla pholosa bophelo ba ba likete-kete. Leha ho le joalo, ba boletse hore teko ea bomo sebakeng se se nang baahi e ka be e bile matla ka ho lekaneng ho qobella Japane ho ineela. Ha Japane e bona hore boemo bo bobe, ea inehela. Ntoa e ne e felile!
Ho Arabela Potso “Ke Hobane’ng ha ho le Tjena?”
Bao lichaba tsa Selekane li neng li ba talima hore ba ikarabella ka ntoa le ho tsoela pele ha eona, ba bitsetsoa khotla ka molato oa tlōlo ea molao. Ba fumanoeng ba le molato ba ahloloa.b Bonazi bo tlisitse liketso tse sehlōhō ka ho fetisisa historing eohle. Empa ke mabaka afe a bakileng sena sohle? Ha Moprofesara oa histori Walther Hofer, a hlalosa ho hōla ha mokha oa Bonazi o re “likarabo tsohle tse totobetseng tsa lipotso tsa histori lia khopamisoa; ’me ho joalo le tabeng ena.” O tsoela pele: “Haeba e ne e se ka baka la liphello tsa ntoa e akaretsang le ka baka la boemo ba sesole ho tloha ka 1914 ho isa ho 1918, khopolo ea Bonazi e ne e ke ke ea nahanoa ho hang.”
Sena se tšehetsa khang ea hore maemo a lefatše a kotsi a bileng teng lekholong lena la mashome a mabeli la lilemo a ka nkoa ka mohlala ho fihla liketsahalong tsa mahareng a 1914 le 1918. Ho ea ka ho bala ha linako ha Bibele, ena e bile nako eo ‘ea bitsoang Diabolose le Satane ea thetsang lefatše kaofela’ a tlositsoeng boemong ba hae ba leholimo ba bobusi bo neng bo sa hanyetsoe. “O theohetse lefatšeng,” ho boletse mongoli oa Bibele, ea bileng a lemosang: “Ho malimabe lōna ba ahileng lefatšeng, . . . hobane Diabolose o theohetse ho lōna a halefile hampe ka ho tseba hobane nako ea hae ha e sa le e kae.”—Tšenolo 12:9, 12; bapisa 11:18.
Ntoa ea I ea Lefatše joaloka Ntoa ea II ea Lefatše e bile pontšo ea khalefo ea Diabolose. Kahoo, ke eena mohloli oa sebele oa lintoa tsena tse peli esita le masisa-pelo ao li a hlahisitseng. Ke ho utloahalang hore batho ba bang ba halefisoe ke Majeremane ka lebaka la liketso tsa oona Auschwitz, kapa Majapane ka lebaka la Kou ea Pearl. Ka lehlakoreng le leng, ba bang ba ikutloa ba halefetse Brithani ka lebaka la tlhaselo ea eona Dresden, kapa Maamerika ka lebaka la Hiroshima. Lehloeo la sechaba esita le la botho le shoa ka thata. Empa boikutlo boo ba lehloeo ha boa lokela ho laola monahano oa Bakreste, bao ka ho loketseng, ba tlang ho tobisa boikutlo ba bona ba khalefo ho Satane Diabolose.
Haufinyana ’Muso oa Molimo o tla felisa Diabolose ’me o rarolle mathata ’ohle a batho. Tsena ke litaba tse molemo tseo Lipaki tsa Jehova, tseo lenane la tsona le eketsehileng ho tloha ho 71 509 ka 1935 ho ea ho 141 606 ka 1945, li neng li rata ho li ruta ka matla ha Ntoa ea II ea Lefatše e lala. “Katleho e Thetsang Har’a Khotso e Sieo” e ne e ke ke ea li thibela ho etsa joalo. Bala ka sena tokollong ea rōna e tlang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Hoja Hitler a ne a mamelletse likhoeli tse ling tse tharo, mohlomong Jeremane e ka be e bile naha ea pele ho liheloa bomo ea athomo.
b Har’a Manazi a 22 a ka sehloohong a ileng a fumanoa a le molato Nuremberg, a 12 a ahloleloa lefu; a 3 a hlakoleloa liqoso tsa oona; a mang a ahloleloa lilemo tse leshome kapa bophelo bohle chankaneng.
[Lebokose le leqepheng la 20]
Sebopi se le seng se Seholo sa Malakabe
“Motse ’ohle oa Dresden o ne o thothomela. Libomo tse akhetsoeng ka boomo li ne li ntša oli le sebabole joaloka pula. Malakabe a qhoma meahong ho ea literateng, a chesa litselana tse ka thoko seterateng, ’me a chesa mabili a koloi. E ne e le sebopi se le seng se seholo sa malakabe a mollo se bophara ba lik’hilomethara tse ’nè le bolelele ba lik’hilomethara tse supileng. Batho ba likete tse mashome a supileng ba cha ba ikutloa, ba aroloa litsekana ke libomo, ba oeloa ke mabota, ’me ba bang ba bipetsoa ke mosi. Sefefo se matla sa mollo se ile sa fefolela tsohle sebakeng—thepa ea ntlo, e, esita le batho ba ne ba cha mollong oo o nyolohelang holimo. Lebaleng la khale la ’maraka ho ne ho na le tanka ea metsi e limithara tse lekanang ka hohle tse tharo. Batho ba batlang ba ferekane lihlooho ba ne ba itihela har’a metsi bakeng sa ho itšireletsa, moo ba ileng ba khangoa ke oona kapa ba bolaoa ke ho bipetsoa ke mosi, ba ’maloa ba ile ba tsoa ba ntse ba phela. Ho ne ho fumanoa litopo tse cheleng feela, Ho ne ho le boima ho pata bafu, litopo, li ne li etsoa qubu, ’me li tšeloe ka oli, ’me li hotetsoe; liqubu tsena tsa cha ka nako e telele. Ntlo ea rōna e ne e senyehile hampe. Ra boela ra lahleheloa ke moratuoa oa rōna Josie le mora oa hae ea lilemo li hlano.”—Baahi ba Dresden H. le S. M.
“Ha u sheba motse o le sebakeng o ne o le motle haholo, o khanya, . . . khubung ea ’ona ho ne ho khanya mello ea mebala e fapaneng. . . . Bobe bo neng bo entsoe motseng oo ha boa ka ba ntšosa haholo ka lebaka la botle ba oona bo tšosang.”—Mokhanni ea sa tsejoeng oa sefofane se akhelang libomo sa Lebotho la Moeeng la ’Muso
[Lebokose le leqepheng la 23]
Lihlooho tse Ling tse Etsang Litaba
1944—Mopapa o kōpa lichaba tse loanang hore li se lihele Roma libomo
1945—Mokhatlo oa Machaba a Kopaneng o theiloe ho boloka khotso le tšireletseho tsa machaba
CARE (Mokhatlo oa Amerika oa Tšebelisano le Lithuso Hohle) oa theoa ho romela lijo, liaparo, le meriana Europa ha ’maraka oo eseng oa molao o hōla
Likhoeling tsa ho qetela tsa Ntoa ea II ea Lefatše, linaha tse 13 tse eketsehileng, tseo tse 7 e le tsa Amerika Boroa, tsa phatlalatsa ntoa khahlanong le Jeremane
Tokelo ea ho vouta ha basali e fetoha molao Fora
Phetohelo ea ’muso ntle ho tšollo ea mali e liha puso ea lilemo tse 15 ea Getulio Vargas, mopresidente oa Brazil
[Litšoantšo tse leqepheng la 21]
Motsu oa Jeremane oa ntoa V-1 (ka ho le letona) le rokete V-2 (ka tlaase) tse sebelisitsoeng Ntoeng ea II ea Lefatše
[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Polokelo ea Lihlomo, London
[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng leqepheng la 22]
Foto ea Lebotho la Moeeng la U.S.