“Mohale ea Monyebe”
Lepera ke lefu le tšabehang le amang mohlomong batho ba ka bang limillione tse 15, Afrika, India, Burma, Thailand, le likarolong tsa Amerika Boroa. Phoofotsana e bitsoang armadillo e nang le makhakhapa a ikentseng mabanta a robong lethekeng la eona e bitsoa “mohale ea monyebe” ntoeng ea motho khahlanong le lefu lena.
Empa ke joang phoofotsoana ena e bolelele ba lisentimethara tse 60, e boima ba lik’hilogramo tse 6,8 le letlalo le entsoeng ka makhakhapa a thata, e kenellang ntoeng ena?
Ho fumanoe hore liphoofolo tse angoang ke lepera la batho ke litoeba le li-armadillo. Kahoo, lingaka li sebelisa armadillo ho etsa moento o thibelang lepera, litoeba li hlahisa motsoako o fokolang oa moento ona. Armadillo e le ’ngoe e hlahisa marotholi a 750 a motsoako oa moento ona. Hajoale, mapolasi a khethehileng a lokisitsoe United States le Brithani ho hōlisa phoofotsoana ena ka bongata.