Bacha Baa Botsa . . .
Na ho Bua Leshano ho Hobe Haholo?
Michelle o tsebile hore batsoali ba hae ba tla halefa haholo ha ba utloa hore o thubile setšoantšo se bitsang chelete e ngata. Leha ho le joalo, o ne a sa rate ho amohela kotlo kapa khalemelo e matla. Kahoo a fumana mokhoa o bonolo oa ho thiba khalefo ea batsoali ba hae: a beha moena oa hae e monyenyane molato ka hore ke eena ea se thubileng.
HO BUA LESAHANO—bacha ba bangata ba ikutloa hore ho lokile tlas’a maemo a itseng. Ba bang ba boletse hore ba bua leshano ho pata tlōlo e itseng ea molao, ho sireletsa motho ea se nang molato, kapa ho pholosa bophelo. Leha ho le joalo, maemo ao ke a sa tloaelehang bophelong ba sebele. Hangata, bacha ba bua leshano ka lebaka le tšoanang le la Michelle; ho thibela kotlo kapa ho intša boemong bo itseng bo sa thabiseng.
Donald o ile a bolella ’mè oa hae hore o hloekisitse kamore ea hae, ha bonneteng, a ne a sutuselitse lintho tsohle ka tlas’a bethe. Ka ho tšoanang, Richard o ile a bolella batsoali ba hae hore o fumane matšoao a tlaase lithutong, e seng kahobane a sa ithute, empa ‘kahobane a sa sebelisane hantle le tichere ea hae.’ Ho ne ho sa kholise.
Erekaha leshano lena le sa ntše motho kotsi le ka bonahala le se lebe haholo. ‘Kotsi ke efe leshanong le lenyenyane?’ u ka rialo. Kaha buka e hlalosang mantsoe e re leshano le lenyenyane le “monate kapa ha le kotsi,” ka hona ho bua leshano le lenyenyane ho ka bonahala ho se ho be haholo.
Bukeng The Importance of Lying, H. L. Mencken o qotsoa a boetse a nehelana ka lebaka le leng la hore na ke hobane’ng ha bacha ba itloaetsa ho bua leshano. “Se tšoenyang haholo ke hore ’nete ha e thabise, ’me hangata e ea hlaba. Kelello ea motho e batla ho hong ho khahlisang le ho mosa.” Ha ho makatse ha batho ba bangata ba sa batle ho utloa ’nete, empa ba khetha ‘ho hlohlontšoa litsebe.’ (2 Timothea 4:3) Tichere e moholo ea kileng a phela, Jesu Kreste, o fumane ho le joalo. O boleletse batho ba mehleng ea hae hore, “Ha ke bua ’nete ha le ntumele ke’ng?” (Johanne 8:46) Ke phephetso e kaakang ka linako tse ling ho bua leshano le monate, ho e-na le ho bua linnete tse sa rateheng!
Empa na lebaka la hore leshano ke le hohelang kapa taba e sa reng letho kapa esita le ho buuoa ka maikutlo a matle ho bolela hore le nepahetse?
Pono ea Molimo ka ho Bua Leshano
Tloaelo ea batho ea ho bua leshano e hlokometsoe morao koana linakong tsa Bibele. Mopesaleme o boletse: “Ba etsetsana mashano ba bang ho ba bang; qeko e melomong ea bona, ba bua ba e-na le pelo tse peli.” Boithati bo ne bo ipatile leshanong la bona. Ba re: “Re tla qhala ka maleme a rōna; ea ka re busang ke mang?” Leha ho le joalo, hlokomela kamoo Molimo o ikutloang kateng ka litsela tsa bona tsa leshano. “Jehova a ke a felise melomo e qekang, le leleme le ikakasang ka tse khōlō.”—Pesaleme ea 12:2-4.
E, “leleme le mano” ke e ’ngoe ea lintho tse “hloiloeng ke Jehova.” (Liproverbia 6:16, 17) Ka ho utloahalang, Satane Diabolose ka boeena ke “raleshano.” (Johanne 8:44, TLP) Ho thahasellisang, Bibele ha e khetholle mahareng a leshano le ‘leshanonyana.’ E bolela ka ho hlaka hore, ‘ha ho leshano le tsoang ’neteng.’ (1 Johanne 2:21) Ka lebaka leo “motho ea mano o manyala ho Jehova, empa lekunutu la Hae le ho ea lokileng.” (Liproverbia 3:32, NW) E, ka ho hlakileng Jehova a ke ke a ba le botsoalle le motho ea sa tšepahaleng.
Kahoo bacha ba tšabang Jehova ba ke ke ba talima leshano la mofuta leha e le ofe e le le amohelehang. Joalokaha mocha ea bitsoang Tyrone a hlalosa: “Ho tšoana le tlhahlobo ea ’nete kapa bohata. Ntho e nepahetse kapa e fosahetse.”
Ho Bua Leshano—Lebaka Leo ho leng Kotsi
Ke hobane’ng ha ho bua leshano ho fosahetse hakaalo? Na leshano ha le sireletse motho hore a se fumane kotlo? Mohlomong le ka thusa. Empa ho etsahala eng ha leshano le senoleha? Le mpa le suthisitse feela nako ea kotlo. Hape, joalokaha Andrè e mocha a hlokometse: “Ha e mong a u bolella taba e itseng ’me hamorao u fumana hore e ne e le leshano hoo ho halefisa haholo.” E, ho bua leshano ho fehla bohale le lehloeo. Haeba ba boleletsoeng leshano e le batsoali ba hao—khalemelo e matla e tla latela.
Ha ho makatse ha Bbiele e re: “Ho ipokellela maruo ka leleme le mano, ke bosaoana.” (Liproverbia 21:6) Ka mantsoe a mang, melemo leha e le efe e ka tlisoang ke leshano ke ea nakoana joaloka mouoane.
Ho Bua Leshano le Letsoalo la Hao
Ho bua leshano ho ntša ea le buang kotsi. Michelle (ea boletsoeng qalong), o ile a kholisa batsoali ba hae hore moena oa hae ke eena ea thubileng setšoantšo. Leha ho le joalo, hamorao a ikutloa a tlamehile ho bolela phoso ea hae. Michelle oa hlalosa: “Ka linako tsohle ke ne ke utloa bohloko. Batsoali ba ka ba ne ba ntšepile, ’me joale ke ne ke ba soabisitse.”
Letsoalo le lebe la Michelle le bontšitse hantle molao-motheo o boletsoeng ke moapostola Pauluse. Ho Ba-Roma 2:14, 15 o bontša hore Molimo o kentse ho motho matla a letsoalo. Pauluse o hlalositse kamoo sena se sebetsang kateng, o re: “Ba ntse ba pakeloa ke letsoalo le letle le ke mehopolo ea bona e ba khalemelang, kapa e ba emelang.”
Tabeng ea Michelle letsoalo la hae le ile la ‘mo pakela’ le o ‘mo khalemela’ hore ho bua leshano ho fosahetse—la mo hlokofatsa ka boikutlo ba molato.
Motho ka mong a ka hlokomoloha letsoalo la hae kapa a le thatafatsa. Ka mohlala, sehlooho sa makasine oa Adolescence se boletse hore bacha ba banyenyane ba tseba hore ho bua leshano ho fosahetse. Empa ha ba ntse ba hōla, pono ea bona ka ho bua leshano e ea thatafala. Sehlooho se boletse hore, “bacha ba lilemo tse 15 ba hlokometse hore ho bua leshano ka linako tse ling ha ho phoso ’me pono eo e fapane le ha ba le lilemo tse 12.” Ka ho hlakileng, ha motho a itloaetsa ho bua leshano, o kotsing e kholoanyane ea ho ‘chesa letsoalo la hae ka tšepe.’—1 Timothea 4:2.
Ho Hlaolela “Letsoalo le Letle”
Ka tsela e fapaneng, moapostola Pauluse o ne a ka bolela sena ka eena le metsoalle ea hae: “Re fela re kholoa hoba re na le letsoalo le letle.” (Ba-Heberu 13:18) Letsoalo la Pauluse le ne le sa mo lumelle ho itloaetsa leshano kapa lintho tseo e seng ’nete. Na ka ho tšoanang letsoalo la hao le seli ka lintho tseo e seng ’nete? Haeba ha ho joalo, le koetlise ka ho ithuta Bibele le libuka tse theiloeng Bibeleng, tse tšoanang le makasine ’ona le motsoalle oa ’ona, Molula-Qhooa.
Mocha e mong ea bitsoang Bobby o entse joalo ka liphihlelo tse babatsehang. Hangata limakasine tsena li sebetsane le bothata boo a neng a ntse a e-na le bona. Ho e-na le ho koahela bothata ka leshano le monate, o ile a susumetsoa ke letsoalo la hae ho atamela batsoali ba hae ka botšepehi ho ba tsebisa phoso ea hae. Ka linako tse ling sena se qetelletse ka hore a fumane khalemelo. Leha ho le joalo, o lumela hore ‘o ikutloa hamolemo kahare’ ka hore ebile ea tšepahalang.
Ka ho utloahalang, joalokaha mocha e mong a hlalosa: “Ha u bua ’nete, e tla utloisa batsoali ba hao bohloko.” Leha ho le joalo, ba tla u hlompha kahobane u ba boleletse ’nete. Ho tla ba bontša hore u oa hōla ’me u hlokomela hore u jara boikarabelo ka liketso tsa hao.
Thuso e ’ngoe ea ho hlaolela letsoalo le letle ke ho ba seli ho khetheng metsoalle. Liproverbia 13:20 li re, “Ea tsamaeang le ba bohlale o tla hlalefa, empa ea tloaelaneng le maoatla o tla senyeha.” Bobby o hlokometse sena: “Motsoalle eo u lumellanang le eena ka leshano o tla u kenya khathatsong. Ha se motsoalle eo u ka mo tšepang.” Kahoo, ka bohlale mopesaleme o re: “Ha ke lule le batho ba ratang leshano.” (Pesaleme ea 26:4) Leka ho iphumanela metsoalle e hlomphang litekanyetso tsa Molimo.
Qetellong, haeba u lekoa hore u bue leshano, hopola litekanyetso tseo Molimo o li beetseng metsoalle ea ’ona. “Jehova, moeti oa hao e tla ba mang tenteng ea hao?” ho botsitse mopesaleme. “Ke ea . . . bolelang ’nete kamoo e leng kateng pelong ea hae.” (Pesaleme ea 15:1, 2) Ha u nahana ka monyetla o moholo oa ho ba le botsoalle le Molimo, u tla susumeletseha ho ba motho ea tšepahalang!
Ho bua ’nete ha ho bonolo kamehla. U ka ’na ua ba boemong boo “sehlopha sohle se buang leshano, ’me u tlameha ho bua ’nete,” joalokaha mocha ea bitsoang Mark a hlalosa. Empa motho ea ikemiselitseng ho bua ’nete o tla boloka letsoalo le letle, botsoalle ba sebele le metsoalle ea hae, ’me ka holim’a tsohle, botsoalle bo botle le ’Mōpi oa hae. Mocha ea bitsoang Steven o phethela taba ka bokhabane ha a re: “Kahobane feela ba bang ba bua leshano seo ha se bolele hore le uena u tlameha ho bua leshano!”
[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 13]
Hangata leshano ha le kholise ’me le ka liehisa kotlo ho fihlela le senoleha
[Setšoantšo se leqepheng la 14]
Ho ipolela phoso ha ho bonolo, empa batsoali ba hao ba tla u hlompha kahobane u tšepahala