Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g87 11/8 maq. 8-11
  • Mokhatlo oa Bolumeli oa Tokoloho, Bibele, le Uena

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mokhatlo oa Bolumeli oa Tokoloho, Bibele, le Uena
  • Tsoha!—1987
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ‘Ha le ba Lefatše’
  • Na Pefo E-ea Lōkafatsoa?
  • Lentsoe la Molimo Sebakeng sa Boraro!
  • Khetho ea Bibele—’Muso oa Molimo
  • Kamoo U Kopanyeletsoang
  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Rapela?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Mokhatlo oa Bolumeli oa Tokoloho—Na o Tla Thusa Bahloki?
    Tsoha!—1987
  • Lebaka Leo Mokhatlo oa Bolumeli oa Tokoloho e Seng Karabo
    Tsoha!—1988
  • Na Kereke ea Hao e Lokela ho Kena Lipolotiking?
    Tsoha!—1989
Bala Tse Ling
Tsoha!—1987
g87 11/8 maq. 8-11

Mokhatlo oa Bolumeli oa Tokoloho, Bibele, le Uena

“Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo ’me le ka sebelisetsoa molemong oa ho ruta, ho paka hore ntho e fosahetse, ho tataisa bophelo ba batho le ho ba ruta ho halalela.”—2 Timothea 3:16.a

NA U lumela sena? Ke’ng se molemo ka ho fetisa ho uena: Ho sebeletsa Molimo ka tsela eo o batlang u mo sebeletse ka eona kapa ho mo sebeletsa ka tsela eo u nahanang hore e molemohali? ‘Ho hlakile hore tsela e le ’ngoe feela ke ea Molimo!’ mohlomong u bolela joalo. Na u hlile u nahana hore tsela ea Molimo ke eona e molemohali? Haeba ho joalo, joale u tla lumellana le tlaleho e ka holimo e entsoeng ke moapostola Pauluse.

E, Molimo o buile, ’me u ka bala Lentsoe la oona. Re u memela ho hlahloba mokhatlo oa bolumeli oa tokoloho ho tsoa ponong ea Bibele. Na mokhatlo oa bolumeli oa tokoloho o theiloe Bibeleng?

‘Ha le ba Lefatše’

Jesu o kile a bolella barutuoa ba hae: ‘Ha le ba lefatše.’ Mantsiboeeng ’ona ao, bosiung ba pele ho lefu la hae, ha a rapela Ntate oa hae, o itse: “Ke fetiselitse lentsoe la hao ho bona, ’me lefatše le ba hloile, hobane ha e sa le ba lefatše joaloka ha le ’na ke se oa lefatše.” Joale kapelenyana a pheta: “Ha e sa le ba lefatše joaloka ha le ’na ke se oa lefatše.”—Johanne 15:19; 17:14, 16.

Malumeli a mangata a Bokreste-’mōtoana ha a leke ho aroha lefatšeng. Mohlomong u balile ka oona litabeng. Hohle moo u shebang teng—Amerika, Asia, Europa, kapa Afrika—hoa tšoana. Hoo e batlang e eba baruti bohle ba mofuta o mong le o mong oa bolumeli ba thahasella lipolotiki. Empa ho kopanela ha bona lipolotiking tsa lefatše ke khohlano e ’ngoe le Lentsoe la Molimo.

Na Pefo E-ea Lōkafatsoa?

Baruti ba mokhatlo oa bolumeli oa tokoloho ba bolela hore pefo e lokile haeba e sebelisetsoa ho thusa bahloki. ’Me esita le Vatican e bolela ka molao hore pefo e lokile haeba e le “tharollo ea ho qetela.” Mopapa John Paul II, lengolong la hae le eang ho babishopo bohle ba Brazil, o boletse hore “Mokhatlo oa Bolumeli oa Tokoloho ha se feela o tšoanelehang empa hape oa sebetsa ’me o bohlokoa bakeng sa Latin America.” Na sena ke seo Bibele e se bolelang?

Jesu ha a le lefatšeng, ha a itšunya mekhatlong ea khahisano ea lefatše. Ho e-na le hoo, ha moapostola Petrose a ntša “sabole” ho loanela Mora oa Molimo, Jesu a mo khalemela ka hore: “Khutlisa sabole ea hao, hobane bohle ba ntšang sabole ba tla bolaoa ka sabole.”—Mattheu 26:52.

Empa ho thoe’ng ka lintoa tseo Iseraele e li loanneng? Ho ea ka Bibele, Baiseraele ha ba ka ba tseba ntoa pele ba lopolloa Egepeta. (Exoda 13:17, 18) Ha nako e fi-hla, ba ile ba tataisoa ke Molimo. Leha ho le joalo, Jehova o ile a laela Baiseraele ka thata hore ba ne ba tla futuhela feela lefatše leo a le tšepisitseng bo-ntat’a bona moholo.—Genese 17:7, 8; Deuteronoma 2:5, 9, 19.

Le hoja Bakreste ba sa kenye letsoho ntoeng ea mali le nama, ba kentse letsoho ntoeng ea moea. Joaloka ha moapostola Pauluse a tlalehile ka ho hlakileng: “Hase le lira tsa batho re lokelang ho loana, empa khahlanong le . . . masole a khopo a moea maholimong.”—Ba-Efese 6:12.

Kahoo ke joang baruti ba Bokreste-’mōtoana ba ka lōkafatsang pefo ea kajeno?

Lentsoe la Molimo Sebakeng sa Boraro!

Moruti oa mokhatlo oa bolumeli oa tokoloho Gustavo Gutiérrez o boleletse Tsoha! hore thuto e kang ea mokhatlo oa bolumeli oa tokoloho, e tsoa ‘temohong le kamohelong ea Bakreste.’ E, khopolo e ratoang le

bohlale ba batho li beoa ka pele ho Lentsoe la Molimo. Na u lumellana le sena?

Carlos D—— e ne e le Mok’hatholike ea tšepahalang ea qetileng lilemo tse 11 sekolong sa bolumeli sa K’hatholike. “Ke ile ka inehela ho sebeletsa Molimo ka . . . sepheo sa ho ba moprista ea molemo,” ho bolela Carlos. Leha ho le joalo, kamor’a lilemo, a qala ho khathatsoa ke ho hong.

O boletse hore ‘har’a lintho tse ling, ke hlokometse hore Bibele e ne e siiloe morao. Neano ea bo-ntate ba kereke e ne e nka sebaka sa pele. ’Me ho latele bolaoli ba mopapa ha a hlalosa ex cathedra, ’me qetellong—sebakeng sa boraro—ke Bibele.’b

Kamor’a hore Carlos a tlohele Kereke ea K’hatholike, o nkile lilemo a batla ’nete malumeling a mang a mangata. A sa khotsofala, a fetoha motho ea latolang boteng ba Molimo ho fihlela a kopana le Lipaki tsa Jehova ’me a amohela thuto ea lehae ea Bibele. Hona joale Carlos ke paki e kolobelitsoeng ea Jehova.

Maria V—— le eena e ne e le Mok’hatholike ea mafolofolo. O re: “Hoo e ka bang letsatsi le leng le le leng ke ne ke e-ea ’Miseng. Hape ke ne ke le setho sa sehlopha se neng se bitsoa La Acción Católica de Señoritas [Mokhatlo oa K’hatholike oa Mafumahatsana].” Maria o rutile katesima ka lilemo tse ngata. Thupelo ena e ne e kopanyeletsa le eng? ‘Moqebelo o mong le o mong moruti o ne a bua le rōna ka litumelo tsa Plato le ba bang. Ba bangata ba rōna ba ne ba sa utloisise letho. Ka tseba hore ho na le ho fosahetseng. Seo ke neng ke ithuta sona se ne se sa khotsofatse litlhoko tsa ka tsa moea.’ Ke’ng se fetotseng bophelo ba hae?

“Kamehla mohlankana oa ka o ne a amohela Tsoha!, ’me o ne a o fetisetsa limakasine tsena ho ’na.” Eaba Maria o fumana buka Ho Tloha Paradeising e Lahlehileng ho ea ho e Fumanehileng Hape, a qala ho e bala. “Ke nakong eo kannete ke ileng ka qala ho utloisisa Bibele—joalokaha eka lesira le tlositsoe.”

Maria le mohlanka oa hae ba fetohile Lipaki tse inehetseng tsa Jehova ’me ba nyalane. Ho e-na le ho ruta katesima, Maria o tsamaisa lithuto tsa lehae tsa Bibele tse 12 le ba bang ba thahasellang ho ithuta ’nete ea Bibele.

Tsebo ea Lentsoe la Molimo e boetse e thusitse batho ba bangata ba tšepahalang ba futsanehileng.

Khetho ea Bibele—’Muso oa Molimo

Thapelong e tsebahalang haholo, Jesu Kreste o tobokelitse tšepo feela ea batho bakeng sa maemo a molemonyana a lefatše, “Ntate oa rōna ea leholimong, eka lebitso la hao le ka tšoaroa le halalela, ’muso oa hao o tle, thato ea hao e etsoe, lefatšeng joaloka leholimong.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.)—Mattheu 6:9, 10.

Na u rata ’muso oa Molimo, kapa u khetha puso ea batho? Ena ke qeto eo bohle re lokelang ho tobana le eona. Ha u talima maemo a kajeno a lefatše, u ka elelloa hore re hloka ho hong ho fapaneng le ho finyelletsoeng ke motho. Empa ke’ng seo ’Muso oa Molimo o ka se etsetsang bahloki kajeno?

Rafael R—— o tsoa lelapeng le futsanehileng la bana ba robong. “Ke tsoile sekolong kamor’a sehlopha sa pele ho thusa lelapa leso,” o’a hopola. “Hoba ho kotuloe motseng oa heso, ke ne ke e-ea masimong ’me ke koahlapisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e setseng e le hore re ka fumana lijo.”

Leha ho le joalo, ha Rafael a le lilemo li 15, a hōlisa tloaelo e kotsi le e soabisang. A qala ho senya chelete ea hae—bonyenyane boo a neng a bo amohela—linong tse tahang. “Ka makhetlo a mabeli,” ho bolela Rafael, “ke ile ka hlasela batho hore ke fumane chelete ea ho reka joala bo eketsehileng.”

Qetellong, Rafael a nyala ’me a ba le bana ba leshome bao a lokelang ho ba hlokomela. Ho ntse ho le joalo mokhoa oa ho noa oa fetella. Mosali oa hae Carmen, o re: “Re ne re hloka. Ke ile ka leka ho fumana chelete ka mosebetsi oa ho hlatsoa liaparo bakeng sa lijo. Hangata lijo tsa rōna tsa hoseng le tsa mantsiboea e ne e le kopi ea tee le sengoatha sa bohobe. Lijo tsa motšehare e ne e le sopho ’me mohlomong le litapole kapa li-squash. Re ne re le lehlohonolo haholo haeba re ka ja nama ka linako tse ling hang ka beke.” Kahoo, tloaelo ea Rafael ea ho noa e ne e ama le litho tse ling. Empa na ho ne ho e-na le tšepo bakeng sa lelapa lena?

“E ne e le teng,” ho bolela Carmen, “le hoja e bile kamor’a hore re ithute Bibele le Lipaki tsa Jehova monna oa ka a ileng a qala ho fetoha. Re ithutile ka tšepiso ea ’Muso—hore haufinyana Jehova o tla felisa lefatše la bahloki le khatello. Qetellong lithapelo tsa ka ho Molimo li ile tsa arabeloa!” Rafael a khaotsa ho noa ’me a qala ho bea ’Muso oa Molimo sebakeng sa pele. Tsebo ea Bibele e mo thusitse ho apara “botho bo bocha.” (Ba-Efese 4:22-24) Ka lebaka leo, eena le lelapa la hae ha ba sa loantša bohloki bo feteletseng. Rafael o re: “Re ke ke ra ba barui, kapa ho ba le ntlo ea rōna, empa re na le litlhoko tsa bophelo, ’me re thabile.”

Thuto ea Bokreste e boetse e thusa ho hōlisa litsebo tse patehileng. Ka lebaka la ho tsoa sekolong a sa le monyenyane, Rafael o ne a sa khone ho bala le ho ngola hantle. Leha ho le joalo, ka ho ba teng le ho kopanela libokeng tsa Bokreste, ha a ka a ba phollatsi feela litsebong tsena empa a boela a fana ka lipuo phuthehong ea habo le ho tsamaisa thuto ea lehae ea Bibele le lelapa la hae kamehla. Hoo hase phetho.

Rafael le lelapa la hae ba fumane molemo o mong ka ho bea lithahasello tsa ’Muso pele. “Ha monna oa ka a ne a kula ka lebaka la bothata ba hae ba ho noa,” ho hopola Carmen, “re fumane tšehetso e lerato ea phutheho.” Tšehetso ena e ne e le ea mofuta ofe? Carmen a hlalosa: “Baena le likhaitseli ba re thusitse moeeng le ka chelete.” E, ho na le tšehetso e lerato ea phutheho har’a mokhatlo oa lefatše lohle oa batho ba Jehova.

Kahoo, Bibele e fana ka tšepo e sebetsang bakeng sa bahloki. Jesu o kile a re: “Beang lipelo tsa lona ’musong [oa Molimo] pele, le ho lokeng ha oona, ’me lintho tse ling tsohle [litlhoko tsa bophelo] le tsona le tla li neoa.” (Mattheu 6:33) Joalokaha ho bonoe mohlaleng oa Rafael, ho na le melemo e eketsehileng ho feta feela ea lintho tse bonahalang.

Na le uena tsebo e nepahetseng ea Bibele e ka u thusa?

Kamoo U Kopanyeletsoang

Moapostola Pauluse o kile a eletsa Bakreste ba ’nete ba mehleng ea hae: “Itlhahlobeng ho tiisa hore le tumelong; itekoleng.” (2 Ba-Korinthe 13:5) ’Me Jesu, ha a bua le Ntate oa hae, o boletse hore “bophelo bo sa feleng ke bona: ho u tseba, Molimo o le mong oa ’nete, le Jesu Kreste eo u mo romileng.”—Johanne 17:3.

Na tumelo ea hao e theiloe ho tsebeng “Molimo o le mong oa ’nete”? Na u tšoana le batho ba Berea, bao Bibele e bolelang hore ba ne ba “na le mohopolo o bulehileng o se nang leeme”? ’Me ba “amohetse lentsoe habonolo; letsatsi le leng le le leng ba ne ba ithuta mangolo hc hlahloba haeba e ne e le ’nete.”—Liketso 17:11.

Na u na le ‘mohopolo o bulehileng o se nang leeme’ ka Lentsoe la Molimo? Na u ithuta Bibele kamehla? Ena ke eona feela tsela ea ho “tseba thato ea Molimo le ho tseba se nepahetseng, seo Molimo o se batlang, se phethahetseng se lokelang ho etsoa.” (Ba-Roma 12:2) Ka Bibeleng, u tla fumana tšepiso ea Molimo ea ho felisa e seng feela bohloki, khatello, le ntoa ea machaba lefatšeng empa le ‘meokho, lefu masoabi, le bohloko.’ (Tšenolo 21:4) Hona ka sebele e tla ba tokoloho ea ’nete!

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mangolo ’ohle a qotsitsoeng sehloohong sena a nkuoe ho Jerusalem Bible ea K’hatholike.

b Ex cathedra: Ke ha mopapa a hlalosa molao litabeng tsa “thuto ea tumelo ea Bokreste kapa melao ea boitšoaro e lokelang ho bolokoa ke Kereke.”

[Litšoantšo tse leqepheng la 9]

“Ke inehetse ho sebeletsa Molimo ka . . . sepheo sa ho ba moprista ea molemo”—Carlos

“Ke nako eo ke qalileng ho utloisisa Bibele—joalokaha eka lesira le tlositsoe”—Maria

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

‘Re ke ke ra ba barui, empa re na le litlhoko tsa bophelo, ’me re thabile’—Rafael

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela