Ho Fana ka Limpho ka Keresemese—Nako ea Thabo kapa Khatello ea Maikutlo?
LENGOLO le latelang le ea ho Santa Claus le tšoana le a mangata a ngotsoeng ke bana ’me a filoe batsoali le matichere ka tšepiso ea hore mangolo ao a tla romeloa Ntlheng e ka Leboea ea Lefatše:
“Santa Claus ea Ratehang:
“U phela joang? ’Na ke phela hantle. Kea tšepa u tla ba le Keresemese e monate. Kea tšepa u na le libapalisoa tse ngata tse ntle hobane ho na le tse ngata tseo ke li batlang. Pele, ke rata ho ba le moena oa lesea. Ntate o re ha u na masea moo Ntlheng e ka Leboea ea Lefatše, kahoo ntlisetse ntjanyana. Ke batla sethunya, mochinekane, baesekele ea ten-speed le mochine o nkang mantsoe. Oho, pele ke lebala, Santa, lena e tla ba lengolo la ho qetela leo ke u ngollang lona hobane ha ke sa tla lumela ho Santa Claus isao. Empa ke lumela ho Santa Claus monongoaha.”
Na u hlokomela lengolo lena? Na le utloahala le tloaelehile? Na mohlomong le utloahala joaloka leo u kileng oa le ngola ha u sa le ngoana? Selemo se seng le se seng ho amoheloa mangolo a joalo a limillione liposong a tsoang linaheng tse ngata ho bana ba tletseng tšepo ’me a ngoletsoe mofani enoa oa limpho oa tšomong eo ka lerato ba mo tsebang e le “Santa Claus.”
Ba ’maloa ba ngola mantsoe “ka kōpo” ’me ba seng bakae ba ngola “kea leboha.” Ba bang ho qala ntoa e susumetsoang ke pelo, ho ba bang ke qalo ea meharo. Ngoana ha a le monyenyane, o kōpa hanyenyane. Ngoana ha a hōla-hōlile, o batla limpho ka bongatanyana ho mo khotsofatsa, ka hona ho phahamisa litebello tsa hae tsa limpho tse khōloanyane le tse ngatanyana isao.
Ho na le libapalisoa tse etselitsoeng nako e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo ba ngoana. Ho na le libapalisoa tse rutang, tse lekang bohlale ba ngoana, tse lebisang monahano pefong. Ho na le libapalisoa tse thata ho robeha le tse robehang habonolo kamor’a tšebeliso ea matsatsi a seng makae. Ho na le libapalisoa tse seng kotsi le tse kotsi hoo ’muso o loanelang ho li felisa mabenkeleng. Ho na le libapalisoa tse bonahalang e le tsa moetso oa bodemona—libolo tse tšoantšitsoeng lifahleho tse mpe tse tšosang hoo li bakang litoro tse tšosang, leha ho le joalo ngoahola li rekisitsoe haholo, ho sa tsotellehe boipelaetso ba batsoali. Likhoeli tse peli pele ho Keresemese, bana ba se ba kentsoe moea oa eona. Moea oa thabo ea ho fana ka limpho le ho li amohela o tlala hohle nakong eo.
Ho Oela Khatellong ea Maikutlo
Empa ho soabisang, matsatsi a se makae tlhasimoloho eo ea fela. Ngoana o momonne thabo eohle e neng e le limphong tsa hae, tse ngata kapa tse ’maloa. Litebello ha lia khotsofatsa boikutlo ba sebele. Boikutlo bo qalile. Maphatsi-phatsi a Keresemese le limpho tsohle tse amohetsoeng e ne e se makhona-tsohle kamoo ba neng ba lebelletse. A hlalosa sena, Ngaka Nancy Hayes, setsebi sa kelello ea bana, o bolela hore nakong ea Keresemese “bana ba bangata ba tepella maikutlong le ho ipolaea.” O hlokometse hore bacha ba bangata ba tepella maikutlong ha Keresemese e sa tlise “tharollo ea mohlolo mathateng.” Hape, nahana ho nyahama ha bana ha ba utloa hore Santa Claus ke tšōmo feela, eo batsoali ba bona ba e entseng ho ntšetsa leshano pele. Kahoo ke ho tloha boseeng moo bana ba rutiloeng ho kōpa, ho ngola, le ho lebella limpho tsa nako ea Keresemese—’me ha ho felle baneng feela. Setsoalle bathong ba baholo ka linako tse ling se lekanngoa ka boleng ba limpho. Hangata tlamo ea botsoalle e ba khatellong e matla haholo hobane motho e mong a fane ka mpho ea boleng bo phahameng ho feta eo a e amohetseng. Ho ka etsahala hore ha ho nako e ’ngoe selemong eo polelo “mpho ha e phetloe meno” e bolelang ho honyenyane haholo.
Likarete tsa ho reka ka mokitlane li sebelisoa haholo hoo chelete e batlang e sebelisoa kaofela. Licheke tse tlatsuoang li batla li siea melato ea libanka ka chelete e ka tlaase ho e bolokiloeng. Ho phethesela ha bareki mabenkeleng hoa tšosa. Ho bonahala ba loanelang lintho tse felang lebenkeleng ho ka balehisa le sona senatla. Maoto a bohloko, le ho tsieleha ka se rekoang, ho etsa tloaelo ena ea mariha (karolong e ka leboea) ea lefatše e tepelletsang haholo. Hona ho etsahala haholo ka Keresemese.
Morekisi e mong o boletse: “U bona batho ba mathang hohle, ho fumanela bo-’nyeo limpho, bomme ruri ba korotla. Batho ha ba fane limpho ka thabo.” Joale, na hoa makatsa, ha moruti a bitsitse Keresemese “nako ea selemo ea ho tepella maikutlong le methapong ea kutlo”?
Se tlatselletsang masoabing ke ’nete ea hore limpho tse ngata li rekoa le ho fanoa e le tlameho, hangata ka litšusumetso tsa boithati. Setsebi se seng sa kahisano se itse: “Mofani ha a khathatsoe feela ke ho leka ho nahana ka seo moamoheli oa mpho a tla se rata, empa hape ho bonahatsa seriti se setle ka eena.”
Ke letsatsi lefe leo batho ba phathahaneng haholo nakong ea selemo? Hangata ke letsatsi la pele le latelang la Keresemese. Nakong eo mabenkele a tlala haholo ka ba khutlisang limpho tseo ba neng ba li romeletsoe, ba bangata ba li rekisa hore ba fumane chelete. Leha ho le joalo, haeba ba ne ba ka romela chelete eo e le mpho, e ne e tla nkoa e le mpho e nyatsehang. Ka hona, tsielehong e khōlō, pherekanong e sisimosang, masapo a khathetseng, matšoele a korotlang, ho khetha har’a lintho tse makholo tse rekisoang, ho phutha, ho phuthela, ho tlama mafito mabanteng, hangata mosebetsi ’ona kaofela e ba lefeela. Limpho tse ngata li amoheloa ka kananelo e fokolang!
Ho ba bangata, Keresemese ha se ‘nako ea thabo.’
Ho Fana ha hoa Beheloa Nako
Empa ke thabo e kaakang ha malapa a ba le ’moka ’me a thabela botsoalle le lerato la e mong le e mong! Hape, ho fana ka limpho ekaba pontšo ea lerato le tsoang pelong. Jesu ka boeena o khothalitse Bakreste ho ba ba “fanang.” ’Me ke Mokreste ofe kapa eo e seng Mokreste eo hangata a sa qotseng mantsoe a Jesu, “Ho neha ke leseho le fetisang la ho fuoa?” (Luka 6:38; Liketso 20:35) Ruri, ho fana ha hoa beheloa nako, Empa ho na le lebaka le leng le etsang hore ho fana ka limpho ka Keresemese ho fosahale.
Bothata ba sebele ka Keresemese ke hore e thehoe bohateng. Nako eo ho lumeloang hore e emela letsatsi la tsoalo ea Jesu. Leha ho le joalo, sena se ka ba joalo joang, ha Bibele e sa fane ka letsatsi la tsoalo ea hae? Bonneteng, nako ea Keresemese e tsamaisana le nako ea “tsoalo” ea letsatsi (karolong e ka leboea ea lefatše)—tloaelo ea borapeli ba letsatsi.
Bukeng ea hae The Story of Christmas, Michael Harrison oa ngola: “Pele ho tsohle, ho lokeloa ho hlokomela hore, ho sa tsotellehe maiteko a liithuti tse se nang palo, ha ho e-so ho be le bopaki ba hore ke letsatsi lefe leo . . . Kreste a tsoetsoeng ka lona.” Bibele e bolela feela ka letsatsi la lefu la hae, ’me ke letsatsi lena feela leo Jesu a laetseng balateli ba hae, Bakreste ba ’nete, ho le keteka. Joale, na hoa makatsa ha The New Schaff-Herzog Encyclopedia of Religious Knowledge e ngotse polelo ena: “Ha ho na bopaki ba histori ba hore letsatsi la tsoalo ea Moren’a rōna le ketekiloe nakong ea baapostola kapa hamoraonyana ho eona?”
Joale nahana ka lipotso tsena: Na Jesu a ka amohela le ho iphapanya mokete o mo hlomphang, empa o qoetse litšebeletsong le litloaelong tsa bohetene? Na u ne u tla iphapanyetsa mokete ona ha batho ba bolaoa haholo ho feta nakong leha e le efe ea selemo ha bao e seng Bakreste botahoa le ho phela ka boithabiso bo bobe e leng mokhoa o amohelehang oa bophelo? Na a ka amohela nako e tsebisahalang ka ho tepella maikutlo, ho ferekana methapo ea kutlo, le ho ipolaea? Ho Bakreste ba ’nete karabo e pepeneneng.
Ho fapana le ho khetha nako e itseng ea selemo bakeng sa ho fana ka thabo, moea o fanang o tla fumana hore ho fana ho tlisetsa mofani le moamoheli thabo le nyakallo nakong kamehla. Limpho tsa nako ea rōna, matla, kutloelo-bohloko tsa rōna; limpho tsa mosa le mantsoe a nahanetsoeng hantle; e, le limpho tse bonahalang tse hlokoang—ho fana ho joalo kaofela ho tlisetsa mofani le moamoheli nyakallo le thabo.