Bacha Baa Botsa . . .
Nka Talimana le Bohloko ba ho Shoeloa Joang?
JONATHAN ea lilemo li 18 o shoele kotsing ea koloi ha a lebile hae ho tsoa Long Island, New York. Baena le likhaitseli ba hae ba robong ba utloile bohloko ka litsela tse fapaneng ka lefu leo.
Banab’abo Jonathan ba bararo, Howard, Agustin, le Lorna, ba hlaloselitse Tsoha! maikutlo a bona. Agustin o a hopola: “Ke ne ke le likobong ka nako eo. Lepolesa le bathusi ba lingaka ba kena monyako ba tlisitse pehi. Ka tsoa ka likobong ’me ke ne ke utloa seo ba se buang. ‘Eng, Johnny o shoele! Ha ke lumele,’ ebile karabelo ea ka ea pele. Eitse ha ’nete e thophothela, ka utloa bohloko haholo.”
Moholoane oa bona, Howard, a arabela ka bohale. “Ke batla ho tseba lebaka. Ho etsahatse joang? Ke ne ke halefetse mokhanni oa koloi e ’ngoe. Empa ho ne ho se letho leo nka le etsang. Mokhanni eo le eena o ne a shoele.” Lorna ha a ka a lla empa a hlaseloa ke lefu la methapo ea kelello. Ebile ketsahalo e bohloko haholo bakeng sa lelapa lohle.
Haeba u hlokahaletsoe ke moena kapa khaitseli, hoo ho u amme joang? Haeba hona joale u hlokahaletsoe, ha ho pelaelo hore u tla batla ho tseba karabo ea potso ea rōna, nka talimana le bohloko ba ho shoeloa joang?a
Ho Latola—“Mohlomong Hase Eena ea Shoeleng”
Batho ba saretsoeng ba sekamela ho latola lefu le hlahileng. Ba ka ba ba nahana hore ka tšohanyetso ba bona mofu seterateng, ka beseng e fetang, tseleng. Ho tšoana leha e le hofe ho ka susumetsa tšepo ea hore mohlomong e bile phoso.
Mabakeng a mang, ka linako tse ling batsoali ba itholela feela, ba etsa eka lefu ha lea hlaha hohang. Ho ea ka bangoli ba The Sibling Bond, batsoali ba “itlama ho ha-tella bohloko, khalefo, kapa likhopolo tse thabisang.” Phello ke hore batsoali kapa bana ha ba talimane le lefu ka ho feletseng, ’me sena se liehisa bohloko ba ho shoeloa.
Ka linako tse ling, lelapa le hōlisa bo-hloko ba ho shoeloa ka ho khomarela mekhoeng e ba hopotsang ea ratoang oa bona. Ka mohlala, ka nako ea lijo sebaka se tšoanang se siuoa se bulehile tafoleng, mohlomong ho beiloe lipoleiti tafoleng joaloka ha eka ngoana ea shoeleng o tla tloha a e-tla lijong. Ena ke tsela e ’ngoe ea ho latola. Ke joang lelapa le leng le ileng la sebetsana le boemo bona? ’Mè o a arabela: “Ha rea ka ra hlōla re lula tafoleng ea lijo ka mokhoa o tšoanang. Monna oa ka o ile a lula setulong sa David, ’me sena se ile sa thusa ho koahela sekheo seo.” Leha ho le joalo, ho amohela ’nete ea lefu ho ka nka nako.
“Haeba feela ...”
Ho ikutloa molato e boetse ke karabelo e tloaelehileng ha setho sa lelapa se e-shoa. Lipotso le lipelaelo li fihla monahanong. ‘Na ho na le ho hong ho eketsehileng hoo re ka beng re ho entse? Na re ka be re bone ngaka e ’ngoe?’ Joale ho latela “Bo-haeba . . .” Haeba feela ke ne ke sa mo lumella ho alima koloi ea ka tsatsing leo. Haeba feela ke ne ke le mosa haholoanyane ho moena/khaitseli ea ka. Kahoo, liqoso le boikutlo bo molato li tsoela pele. Leha ho le joalo, tsena e mpa e le likarabelo tsa tlhaho ha moena kapa khaitseli a shoa ka tšohanyetso.
Lilemong tse ling tse fetileng Brazil, ngoanana ea lilemo li 18 o ile a shoa ka baka la bothata ba pelo. Khaitseli ea hae e lle ea itšoara joang? “Ha a ne a kula, ke ne ke mo honohela hobane a fumana tlhokomelo e eketsehileng ho feta rōna bohle. Joale ke ikutloa ke soabile ha nkile ka ikutloa ka tsela eo.” Leha boikutlo bona bo molato bo tloaelehile, ha ho na morero leha e le ofe o molemo o tlisoang ke ho ikimetsa kamehla ka mojaro o sa feleng.
“Hobane’ng Teko Ena?”
Ha khaitseli ea Cleide e lilemo li 12 e bolaoa ke kankere, Brazil, o ile a utloa ho lahleheloa ho hoholo. O boleletse Tsoha!: “Ha re e-so ka re arohana le pele. Ke ile ka ipotsa, ‘Hobane’ng teko ena? Re le banana ba bane moena a le mong, hobane’ng ho shoa eena? Beng ka rōna ba bang ba na le bashemane. Hobane’ng ha e le oa rōna ea lokelang ho shoa?’”
Bohloko ba ho shoeloa bo ka boetse ba tlisa mathata bophelong bo botle ba ’mele. Doris, khaitseli ea Cleide, o ile a kula ’meleng—lefu la matšoafo leo a e-song ho ka a e-ba le lona. Ntate o ile a ba le mahlaba pelong a bakiloeng ke ho tepella maikutlong ho baketsoeng ke lefu la moshemane.
Lebaka le leng le ka ’nang la ama boitšoaro ba hao ke lena, Bana ba ne ba le bakae lapeng? Haeba, e mong ho ba babeli a e-shoa, ea salang a phela e ba eena feela ngoana ’me a ka utloa tahlehelo eo ka ho teba.
U Hloka Lehetla Leo u Tla Llela ho Lona
Ka hona, ke joang u ka talimanang le lefu la moena oa hao kapa khaitseli? Lingaka li khothalletsa hore u ntše bohloko ba hao, e seng ho bo hatella. Ngaka Earl Grollman o etsa tlhahiso: “Ha hoa lekana ho tseba hore o na le maikutlo a loantšanang; u tlameha ho sebetsana le ’ona ka ho bulehileng. Ke ka lebaka leo ho nang le nako ea masoabi. Ena ke nako ea ho kopanela maikutlong a lōna.” Kahoo, hase nako ea ho itšehla thajana.—Liproverbia 18:1.
Bohloko bo sa ntšoeng bo ka lebisa mathateng a ho kula kelellong. U hloka lehetla leo u tla llelang ho lona—motsoali, moena kapa khaitseli, motsoalle ea molemo, kapa moholo ka phuthehong ea Bokreste. Joaloka ha Ngaka Grollman a bolela: “Boikutlo bo haneloang ho ntšuoa ha bo a felisoa. U mpa u lelefatsa bohloko le ho liehisa mokhoa oa ho utloa bohloko ba ho shoeloa.” Kahoo, o etsa tlhahiso efe? “Fumana semameli se molemo, motsoalle ea tlang ho utloisisa hore maikutlo a hao ke likarabelo tse tloaelehileng tsa bohloko ba hao.”
’Me ho thoe’ng haeba u ikutloa u batla ho lla? Ngaka Grollman o a phaella: “Ho ba bang, likeleli ke pheko e molemohali khatellong ea maikutlo, ho banna le basali le bana. Ho lla ke tsela ea tlhaho ea ho felisa bohloko.”
“Ke ne ke E-so ka ke Bona Ntate a Lla”
Batsoali ba hao e ka ba thuso e khōlōhali nakong ea ho shoeloa—’me hape u ka ba thuso ho bona. Ka mohlala, Jane le Sarah ba Engelane, ba ile ba hlokahalloa ke khaitseli ea bona e lilemo li 23, Darrall. Ke joang ba ileng ba mamella bohloko ba bona? Jane oa arabela: “Ka hobane re ne re le bane, ke ne ke sebetsa le Ntate, ha Sarah a ne a sebetsa le ’Mè. Ka tsela ena re ne re se bang.”
Sarah oa hlalosa: “Batsoali ba ka ba ne ba le matla, ba ikemiselitse ho tsoela pele, ho sa tsotellehe se etsahalang. Haeba re ne re ikutloela bohloko, ba ne ba re, ‘Ebang le sebete! A re tsoeleng pele hape.’ Seo se a thusa hobane le hlile le ikutloela bohloko, e leng ho sa haheng.”
Empa ke joang ba neng ba ka thusa batsoali ba bona? Jane oa arabela: “Ke ne ke e-so ka ke bona Ntate a lla. O llile ka makhetlo, ’me ka tsela ena, ho ne ho le molemo, ha ke hopola seo, ke a thaba hobane ke ne ke le teng ho mo tšelisa.”
Ho hlakile hore batho ba fapaneng ba sebetsana le bohloko ba ho shoeloa ka litsela tse fapaneng. Ha re leke ho hlahisa hore tsela e ’ngoe e molemo ho feta e ’ngoe. Ho na le kotsi e hlahang haeba ho khutsa ho le teng, ha motho ea utloileng bohloko a sa tsebe ho boelana le ’nete ea sebele ea boemo. Joale, ho ka hlokeha thuso e tsoang ho metsoalle e lerato ’me mohlomong ho baholo ba tšoanelehang ba Bakreste. Kahoo se ke ua tšaba ho batla thuso le ho bua. ’Me hape lla.
Bibele e na le mehlala e mengata ea batho ba ileng ba bontša bohloko ba bona ba ho shoeloa pontšeng. Jesu a lla ha a atamela lebitla la motsoalle oa hae Lazaro. (Johanne 11:30-38) Davida a llela mora oa hae ea bolailoeng, Ammone. (2 Samuele 13:28-39) Maria Magdalena a lla ha a atamela lebitla la Jesu. (Johanne 20:11-16) Ke ’nete, Mokreste ea nang le kutloisiso ea tšepo ea tsoho ea Bibele ha a utloe bohloko ka ho sa tšeliseheng, joalokaha ba bang ba ka etsa. Empa joaloka motho ea nang le maikutlo a tloaelehileng, o utloa bohloko le ho llela ho shoa ha ea ratoang, haholo-holo moena kapa khaitseli.—1 Ba-Thessalonika 4:13, 14.
Tšepo e Tšehetsang
Ke eng se tšehetsang bacha ba bangata ba hlokahaletsoeng ke moena kapa khaitseli? David e monyenyane oa Engelane, o hlokahaletsoe ke khaitseli ea hae e lilemo li 13, Janet ea bolailoeng ke lefu la Hodgkin. O re: “Ntho e ’ngoe e ileng ea ntsoela molemo haholo e bile lengolo le qotsitsoeng puong ea lepato. Le re: ‘Hobane o [Molimo] beile letsatsi le leng leo o tla ahlola lefatše ka lona ka ho loka, ka monna eo o ’meetseng hoo, ’me o lokiselitse bohle tšepiso ea teng ka ho mo tsosa bafung.’ Sebui se ile sa hatella lentsoe ‘tšepisa’ mabapi le tsoho. Hoo ebile mohloli o moholo oa matla ho ’na kamor’a lepato.”—Liketso 17:31.
E, thuto ea Bibele ka boemo ba bafu le tšepo ea tsoho ke tšeliso ea sebele nakong ea ho shoeloa. Ha u ntse u hlokomela hore tšepo ea Bibele e tiisoa ke linnete tsa histori, tumelo ea hao e tla ’ne e tiee ho u tšehetsa nakong ea bohloko.—Mareka 5: 35-42; 12:26, 27; Johanne 5:28, 29; 1 Ba-Korinthe 15:3-8.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng ka ho mamella bohloko ba ho shoeloa, bona Tsoha! ea August 8, 1987, “Ho Talimana le Bohloko ba ho Shoeloa ke Ngoana” le November 8, 1986, “Ha Eo u mo Ratang a E-shoa.”
[Setšoantšo se leqepheng la 20]
Ha re hlokahalletsoe ke moena kapa khaitseli, re hloka e mong ea lerato eo re ka eang ho eena