Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g88 1/8 maq. 27-29
  • Ke Hobane’ng ha Kereke ea ka e Arohane?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha Kereke ea ka e Arohane?
  • Tsoha!—1988
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Hobane’ng ha e Arohane?
  • Ke’ng Seo Mak’hatholike a Tšepahalang a ka se Etsang?
  • Mapatso Moahong
    Tsoha!—1988
  • Ke Hobane’ng ha ho na le Likarohano?
    Tsoha!—1990
  • Ke Hobane’ng ha ho na le “Lipelaelo Tse Tebileng?”
    Tsoha!—1990
  • Mobishopo oa Lerabele
    Tsoha!—1988
Bala Tse Ling
Tsoha!—1988
g88 1/8 maq. 27-29

Ke Hobane’ng ha Kereke ea ka e Arohane?

LIKAROHANO Kerekeng e K’hatholike li bonahala hoo Mak’hatholike a mangata a tšepahalang a ikutloang joaloka ha ho entse moapostola Pauluse, ea ngolletseng Bakreste ba neng ba arohane ba Korinthe: “Ho hlakile hore ho na le liphapang tse tebileng har’a lōna . . . Na Kreste o ne a arohane?”—1 Bakorinthe 1:11, 13, The New Jerusalem Bible.

Mak’hatholike a mangata a seli a hlokomela ka ho feletseng hore Bokreste ha bo a lokela ho ‘arohana.’ Mak’hatholike ho feta batho leha e le bafe ba ipitsang Bakreste, a amehile ka bonngoe ba bolumeli ba ’nete ba Bokreste. A nahana hore a ne a phehella bolumeli bo kopaneng Kerekeng e K’hatholike. A ne a nka Boprotestanta e le moferefere oa malumeli a itoantšang. Ho bona, Kereke e K’hatholike e ne e emela botsitso ’me, ka holim’a tsohle bonngoe. Joale a ferekane.

Hobane’ng ha e Arohane?

Kereke e K’hatholike e arohane pakeng tsa Mak’hatholike a buellang liphetoho lithutong, a khomaretseng lineano tsa kereke, le matšoele a latelang lipuello tsa lekhotla la Vatican II. Mak’hatholike a mangata a buellang liphetoho lithutong tsa kereke a ruta lithuto tse fapaneng tsa bolumeli tsa tokoloho tse lokafatsang phetohelo lipolotiking. A mang a amohela lithuto tsa bompoli tsa Marx ’me a bile a lokafatsa phetohelo ea libetsa. Empa, Moqapi oa Bokreste o bolelletse barutuoa ba hae: “Ha le ba lefatše, hobane ho le khetha ha ka ho le ntšitse lefatšeng. . . . Oa ka hase ’muso oa lefatše.”—Johanne 15:19; 18:36, NJB.

Mak’hatholike a khomaretseng lineano tsa kereke a loanela lineano tse entsoeng ke batho le litšebeletso tsa Selatine tse sa khutleleng morao mehleng ea Bibele, kaha puo ea Bakreste ba boholo-holo e ne e le Segerike, e seng Selatine. Ho feta moo, ka ho se mamelle ha bona le ho ba leqhoko, na ha ba shanofatse ho ipolela ha bona e le Bakreste? Henri Fesquet, eo pele e neng e le mongoli oa bolumeli koranteng ea letsatsi Le Monde, o itse: “Ho somana le ho loanela libaka tsa borapeli ha Bakreste [ba K’hatholike] ke bopaki bo bobe bo ka ’nang ba tlisa liphello tse mpe ho bona. Thuso ke efe ea ho ruta leseli ka lebitso la Evangeli haeba liketso tsa hao li shanofatsa mantsoe a hao?”

Jesu o bolelletse Bafarisi: “Le fetotse Lentsoe la Molimo lefeela ka lebaka la lineano tsa lōna.” (Mattheu 15:6, The New American Bible) Mak’hatholike a mangata a tšepahalang a ikutloa ka tsela e tšoanang ka Mak’hatholike a kajeno a khomaretseng lineano.

Mak’hatholike a buellang liphetoho lithutong tsa kereke le a khomaretseng lineano (ka mabaka a sa tšoaneng) a nahana hore lekhotla la Vatican II le hlahisitse Mak’hatholike a mangata a sa tsebeng moo a eang teng. Bangoli Puyo le Van Eersel ba bile le lipuisano le mofilosofi oa Mok’hatholike oa Lefora Jeari Guitton, setho sa Lefapha la Thuto la Fora. Ba khutšofalitse maikutlo a hae tjena: “Litumelong tsa K’hatholike, Kereke ka boeona, e khaohane ka likarolo tse itoantšang, [Mak’hatholike] a mafolo-folo haholo a tšepahalang a ineetse ka ho feletseng lipolotiking, Bakreste ba bacha [ba K’hatholike] ba kopanela liphate pele ho lenyalo, ha ho ea tsebang ho sebelisa Lekhotla [la Vatican] ka ho nepahetseng, ’me batho bohle ba Molimo ba lahlehile.”

Ka ho utloahalang, Mak’hatholike a tšepahalang a botsa, ‘Ke hobane’ng ha kereke ea ka e arohane?’ Karabo ke ena: Hobane ha ho le e ’ngoe ea likarolo tsa eona tse fapaneng e amohelang Bibele e le moahloli ea tšepahalang ea ka loanelang boemo ba Bakreste ba ’nete litabeng tsohle. Ka lebaka leo ba arotsoe ke lithuto tse fapaneng tsa bolumeli le litsela tseo ba hlalosang lineano ka tsona.

Ke’ng Seo Mak’hatholike a Tšepahalang a ka se Etsang?

Ka lekhetlo le leng ka 1981, Mak’hatholike a khomaretseng lineano a ile a qhala tšebeletso ea borapeli e neng e tšoaretsoe kerekeng ea K’hatholike Paris. Mobishopo e moholo Lustiger (eo hona joale e leng Mok’halinale) oa Paris o bolelletse ba ileng ba sala ka kerekeng kamor’a moferefere: “Re tlile mona ho kōpa limpho tsa Moea tse kopanyang bara ba qhalaneng hape. Ho e-na le hoo, re bone mohlala oa likarohano har’a Bakreste, moea o mobe oa Babele.”

Babele ke moo Molimo o ferekantseng lipuo tsa ba neng ba phehella bolumeli ba bohata. (Genese 11:1-9) Hamorao, e bile moaho oa motse oa Babilona, mohloli oa tempele e ferekaneng ea melimo le melingoana. Ka Bibeleng e ile ea fetoha letšoao la tsamaiso ea bolumeli ba lefatše lohle bo ferekaneng. A Theological Wordbook of the Old Testament e re: “Ekasita le morao lekholong la pele la lilemo A.D., [moapostola] Johanne o buile ka tsamaiso ea malumeli, Babilona, e le ‘’m’a liotsoa le a manyala a lefatše’ (Tšenolo 17:5).”

Ha Bibele e bua ka Babilona ena ea tšoantšetso, kapa ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata, e mema batho bohle ba tšepahalang ho nka bohato ka potlako, e re: “Tlohang ho eena, batho ba ka, ka ho tšaba ho etsa libe le eena le ho kopanela likotlong tse mo hlahelang!”—Tšenolo 18:4, NAB.

Batho ba bangata ba tšepahalang ba tlohela malumeli a hlophisitsoeng a Bokreste-’mōtoana. Ka mohlala, Mok’hatholike eo pele a neng a sa sekisetse tumelong ea lulang lithabeng tsa Alps tse Fora o ngolletse lekala la Lipaki tsa Jehova la Fora mantsoe a latelang: “Tumellanong le thuto ea lineano ea lilemo tse 1 000 ea Kereke e K’hatholike, ke kolobelitsoe ke sa le monyenyane tumelong ea K’hatholike. Ke bile Mok’hatholike ea mafolo-folo ka lilemo tse 50. Ka bo1980, ke ile ka kholiseha hore kereke ea K’hatholike e fosahetse. Ke ile ka nyahama le ho tšoha haholo. Ke bile le litseko tse ngata le baprista ba neng ba sa hlomphe likano tsa bona. Ka lilemo tse ngata ke ne ke utloile ka Lipaki tsa Jehova, tse hloiloeng. Kamor’a nako e telele ke nahana, ka li bulela monyako oa ka. Li nthusitse ho bona hore Bibele e na le likarabelo lipotsong tsa rōna. Ke ile ka boela ka hlokomela hore kamor’a lilemo tse 50 tsa tšebeletso e mafolofolo Kerekeng e K’hatholike, ke ne ke sa tsebe letho ka Bibele, leha ke ne ke e-na le eona. Lipaki li nthusitse ho ‘utloisisa’ Bibele.”

Ginette, ea lulang haufi le Paris, le eena e ne e le Mok’hatholike ea tšepahalang. Ha e le hantle, ha monna oa hae a qala ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova, o ile a etsa sohle se matleng a hae ho mo thibela, ’me a tsoela pele ho mo hanyetsa ka lilemo tse ngata. Ke’ng se entseng hore a fetohe? Oa ngola: “Ke ile ka felloa ke tšepo. Kereke e ne e sa nthuse ka letho. Ka qala ka ho lokisetsa puisano ea mahlong pakeng tsa moprista oa ka le Lipaki. Empa kapele ka bona hore moprista o hlōleha ho arabela lipotso tsa bona.” Ginette a amohela thuto ea Bibele le Lipaki. Hajoale eena le monna oa hae ba sebeletsa Molimo ba thabile lelapeng le kopaneng la machaba la Lipaki tsa Jehova.

Haeba u tsielehile le ho tšoenngoa ke likarohano tse kerekeng ea hao, re u memela ho batla boitsebiso bo eketsehileng ho Lipaki tse u fileng makasine ona kapa u ngolle bahlophisi ba ona. Lipaki tsa Jehova li tla thabela ho u thusa ho fumana lelapa le lerato la machaba la Bakreste bao ka ’nete ba kopaneng borapeling ba Molimo.

[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 28]

“Thuso ke efe ho ruta leseli ka lebitso la Evangeli haeba liketso tsa hao li shanofatsa mantsoe a hao!”—Koranta ea letsatsi ea Fora “Le Monde”

[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 29]

“Re bone mohlala oa likarohano har’a Bakreste, moea o mobe oa Babele.”—Mopapa Lustiger oa Paris

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela