Bacha Baa Botsa . . .
Na Tlhalo ea Batsoali ba ka e Tla Senya Bophelo ba Ka?
BOFUMA, ho tepella maikutlong, ho sekamela boitšoarong bo bobe le ho se atlehe lenyalong—sena ke setšoantšo se nyarosang se fanoang ke litsebi tse ling bakeng sa batsoali ba hlalaneng. Kahoo haeba batsoali ba hao ba hlalane kapa ba arohane, ka ho utloahalang u ka ’na ua tšaba bokamoso ba hao.
Ho ka etsahala hore tlhalo ea batsoali ba hao e se e ntse e senya bophelo ba hao. Mocha ea bitsoang Denny oa hopola: “Kamor’a tlhalo ea batsoali ba ka ke ne ke sa thaba ’me ke ile ka tepella maikutlong. Ka qala ho ba le mathata sekolong ’me ka hlōleha ho feta lithuto tsa ka selemong se seng. Kamor’a moo ka ipotsa, ‘Ho thusa’ng?’ Kahoo ka fetoha sesoasoi sa klase le ho rata ntoa.” Bacha ba bang ba arabela ka ho sebelisa joala, lithethefatsi, kapa botona le botšehali—kapa ho etsa liqeto tse kotsi tse theiloeng maikutlong.
Leha ho le joalo, ke hobane’ng ha tlhalo e senya bophelo ba bacha ba bangata hakaale? ’Me u ka qoba joang hore e se senye ba hao?
Seo Bohloko ba Maikutlo bo se Etsang
Bacha ba bang ba ntša masoabi le khalefo tsa bona ka ho itšoara ka mekhoa eo le pele ba neng ba ke ke ba e nahana kamor’a tlhalo ea batsoali. Ho bacha ba bang, ho itšoara hampe ke tsela ea “ho hlokofatsa” batsoali ba bona ba hlalaneng. Mabakeng a mang ke sello se bohloko sa bana ho batsoali bao ho bonahalang ba ile ba felloa ke thahasello kapele baneng ba bona. “’Mè o ne a le sieo lapeng,” ho tletleba Tina ea lilemo li 15. “Ho ne ho se na taeo le melao, e le ntlo feela e se nang letho. Ka hona ka ineela lithethefatsing le boitšoarong bo bobe.”
Leha ho le joalo, ke hobane’ng ha ka linako tse ling batsoali ba lahla taeo kamor’a ho hlalana? Hangata, ke feela hobane le bona ba hlokofatsoa haholo ke bohloko ba maikutlo. Ka hona mosali ea hlalileng o boletse: “Ke ile ka hlokomoloha bana ba ka ka ho feletseng. Kamor’a tlhalo, ke ile ka ferekana, ’me ho ne ho se letho leo nka ba thusang ka lona.”
Tlhoko ea ho Amohela Boikarabelo
Boitšoaro bo bobe bo ka ’na ba halefisa batsoali. Empa motho o finyella eng ka boitšoaro boo, ha e se feela ho eketsa khatello ea maikutlo e seng e ntse e le teng? Mofosi ke eena feela ea “hlokofatsoang” ke phoso. Moshemane ea lilemo li 19 eo kamor’a ho hlalana ha batsoali ba hae a ileng a ineela lithethefatsing, boitšoarong bo bobe, le bosholung, o itse: “Ke hlokofatsoa ke liphoso tsena.”—Bapisa Ba-Galata 6:7.
Keletso ea Bibele ho Ba-Heberu 12:13 ke e utloahalang: “Le etsetse maoto a lōna litsela tse lokileng, hore se hlotsang se se ke sa nonyetsehela ruri.” Esita le moo taeo ea batsoali e leng sieo, ha ho na lebaka la ho itšoara hampe, haholo-holo haeba u rutiloe metheo e lokileng. “Efela ea tsebang ho etsa botle, ’me a sa bo etse, eena o etsa sebe.” (Jakobo 4:17) Amohela boikarabelo ka liketso tsa hao ’me u itaee. (1 Ba-Korinthe 9:27) Qoba liketso tseo u ka ’nang ua li soabela bophelong ba hao bohle.
Liqeto tsa Potlako
Mokhoa o mong oo bacha ba ka senyang bokamoso ba bona kamor’a tlhalo ea batsoali ba bona ke ho potlakela liqeto. Ka ho haelloa ke tataiso e tiileng ea batsoali, ba bangata ba tlohela sekolo—ba sa nahane haholo kamoo ba tla iphelisa kateng ka nako e ’ngoe. Ba bang ba potlakela monyetla oa pele o hlahang bakeng sa ho qoba bophelo bo sa thabiseng. Mosali ea mocha ea bitsoang Lynn oa hopola: “Hobane ke tsoa lelapeng le qhalaneng, ke ikutloile ke le ea bileng le nako e mpe e fetileng, ho bonahala eka ke entse ntho e ’ngoe e phoso. Ka ipotsa, ‘Ke mang ea tla batla ho ’nyala? Kahoo ha mohlankana ea tsoang lelapeng le letle a batla ho ’nyala, ka mo lumela, le hoja bobeli ba rōna re ne re sa lokela lenyalo.” Phello e bohloko ke hore tlhalo ea latela kapele.
Ka sebele, ke bohlale ho qoba ho etsa liqeto tse boima ha u ferekane haholo. “Ea nang le kelello o qamakisisa moo a hatang teng.” (Liproverbia 14:15) Haeba nakong ena batsoali ba hao ba hlōleha ho u mamela, ke hobane’ng ha u sa buisane le motsoalle ea hōlileng ka liqeto tsa hao?
Ho Ameha ka Bophelo
Ha ntate a le sieo lapeng (kamoo ho atisang ho ba kateng) ho ka ’na ha hlahisa tšoso e ’ngoe bokamosong ba hao. Ka lekhetlo la pele u ka ’na ua iphumana u khathatsehile ka lintho tseo pele u neng u li fumana habonolo—lijo, liaparo, bolulo, le chelete.
Na u talimane le tlala? Ho ka ’na ha se be joalo. Ka tloaelo batsoali ba etsa litsela tse ling tsa ho hlokomela bana ba bona kamor’a tlhalo, ekasita leha ’Mè a lokela ho sebetsa. Ka bomalimabe, hangata batsoali ba hlōleha ho hlalosa taba ena. Kahoo ho ka hlokeha hore u be mora kapa morali oa sebele oa batsoali ba hao ’me u buisane le bona ka tseo u amehileng ka tsona. (Liproverbia 4:3) Ka bonolo ba botse litokisetso tse entsoeng mabapi le ho u hlokomela. Haeba batsoali ba hao ba hloname haholo ho ka bua ka taba ena, bontša kutloelo-bohloko. (1 Petrose 3:8) Emela nako e loketseng ea ho botsa hape.—Liproverbia 15:23.
Leha ho le joalo, buka Surviving the Breakup ka ho utloahalang e-ea eletsa: “Seo nakong e ’ngoe se neng se tšehetsa lelapa le le leng le kopaneng joale se lokela ho tšehetsa malapa a mabeli, e leng ho bakang ho theoha ha tekanyetso ea bophelo ea setho ka seng sa lelapa, ho sa tsotellehe moruo oa lona.” Kahona, ho ka ’na ha bolela hore u lokela ho tloaela ho phela ntle ho lintho tseo u neng u li thabela—joaloka liaparo tse ncha. Empa Bibele ea re hopotsa: “Ha rea ka ra tlisa letho lefatšeng, ’me hoa bonahala hoba re sitoa ho ea le letho, ha re le tlohela. ’Me ha re e-na le lijo le liaparo, a re kholoeng ke tsona.” (1 Timothea 6:7, 8) Mohlomong u ka thusa esita le ho lokisa mokhoa o mocha oa ho koahela litšenyehelo tsa lelapa. Hape, hopola hore Jehova ke “ntat’a likhutsana.” (Pesaleme ea 68:5) U ka tiiseha hore o amehile ka ho teba ka litlhoko tsa hao.
Phello Lenyalong
Haeba batsoali ba hao ba hlōtsoe ke lenyalo, hoa utloahala hore u ka ’na ua khathatseha ka bokamoso ba hao mabapi le ho thabela lenyalo le atlehileng. Ka lehlohonolo, ho hloka thabo lenyalong hase ntho e ’ngoe eo u e futsang ho batsoali ba hao—joaloka libato tsa letlalo. U motho ea ikhethileng, ’me hore na ke joang bokamoso ba lenyalo la hao bo fetohang ho tla itšetleha, e seng ho hlōleheng ha batsoali ba hao, empa ka tekanyetso eo uena le molekane oa hao le sebelisang Lentsoe la Molimo. Ho tsoa lelapeng le sa thabang ha ho hloke ho u thibela hore ka letsatsi le leng u thabele lenyalo le sireletsehileng haeba u le theile leratong le se nang boithati. ‘Lerato le joalo ha ho mohla le hlōlehang.’—1 BaKorinthe 13:8, NW.
Ka mohlala, Annette o hōlisitsoe ke ntate eo e neng e le lekhoba la joala, eo nako le nako a neng a tlohela lelapa la hae. “Kahoo ke ikutloa ke sa sireletseha,” ho lumela Annette. “Esita le joale, ke hloile ha monna oa ka a ea leetong ntle le ho ntiisetsa hore na o tla khutla neng.” Leha ho le joalo, Annette o tsoela pele ho re: “Ke ne ke rerile hore ha ke nyaloa, lenyalo la ka e tla ba le nang le khotso le hore ke tla nyaloa ke e mong eo ke neng ke tseba hore nka thaba le eena. Joale ke thabile le ho ikutloa ke lebala ho arohana ha batsoali ba ka.”
Ho Sebelisetse Molemong oa Hao
Jeremia o lemohile: “Ho molemo ho motho ha a jara joko bocheng ba hae.” (Lillo 3:27) Che, ha ho na “molemo” o mongata o tlisoang ke ho bona batsoali ha ba arohana. Empa phihlelo ena e bohloko e ka fetoloa.
Ka mohlala, u ka ’na ua tlameha ho nka boikarabelo bo boholoanyane ba lelapa. Sena se ka u thusa ho hōlisa tsebo eo hamorao e tla ipaka e le molemo bophelong. Mofuputsi Judith Wallerstein o tsoetse pele ho lemoha: “Khōlo ea boikutlo le kelello [baneng ba batsoali ba hlalaneng] e susumelitsoeng ke bothata ba lelapa e bile e thahasellisang le e amang pelo ka linako tse ling. Bacha . . . ba nahana ka botebo ka liphihlelo tsa batsoali ba bona ’me ba iketsetsa liphetho tse nahanisitsoeng bakeng sa bokamoso ba bona. Ba amehile ka ho fumana mekhoa ea ho qoba liphoso tse entsoeng ke batsoali ba bona.”
Paul e mocha o fumane sena e le ’nete. Batsoali ba hae ba arohane a sa le monyenyane, ’me o ne a nyolosa a theosa pakeng tsa batsoali ba loantšanang. Leha ho le joalo, o iphumanetse melemo e itseng ka ho feta boemong boo. O itse: “Ke ikemiselitse ho se phete liphoso tsa batsoali ba ka.” Ha a hlalosa ka ho ithuta ho phela maemong a sa tsitsang, o re: “Ke tseba ho tenyetseha le maemo habonolo.” Keith, mohlankana ea phetseng har’a liphihlelo tse peli tsa litlhalo tsa batsoali ba hae, ka ho tšoanang o fetile a sa tsoa kotsi. O re: “Ho na le lintho tse etsang hore ke se ikutloe ke sireletsehile. Empa ke nahana hore e mong le e mong o ee a ikutloe joalo. ’Me ha ke nahane hore ke tla qetella ka mokhoa o tšoanang le oa batsoali ba ka hobane ke ikemiselitse ho sebelisa kelello ea ka haholoanyane.”
Ha ho na pelaelo ka hona, ho arohana ha batsoali ba hao ho tla etsa letšoao le itseng bophelong ba hao. Ebang letšoao leo ke letheba le sa bonahaleng kapa leqeba litaba li itšetlehile ka uena haholo.
[Setšoantšo se leqepheng la 14]
Ke joang litebello tsa bokamoso bo thabileng li amehang ha batsoali ba hlalana?