O Finyelletse Pakane ea Hae
Bacha ba bangata kajeno ha ba na morero bophelong. Ho fapana le hoo, ngoanana ea lilemo tse ka tlaase ho 20 Itali o ile a ipehela pakane ’me a e finyella, ’me re thabela ho abelana phihlelo ea hae le babali ba rōna.
NAKO e ka bang khoeli ke tla be ke le lilemo li 14. Ke e moholo ho baena le likhaitseli tse ’nè. Lelapa leso le arohane moeeng, hobane ntate ha se e mong oa Lipaki tsa Jehova.
’Mè e bile Paki ha ke le likhoeli li seng kae. Ho tloha mathomong, a nka boikarabelo ba hae ka botebo ka ho re “rutela Moreneng.” (Ba-Efese 6:4; Liproverbia 22:6) Ha e le hantle, kamoo ke hopolang kateng, o ne a ithuta Bibele le rōna kamehla, ’me re lokisetsa liboka hammoho, ’me re ne re tsamaea le eena boboleling ba ntlo le ntlo beke e ’ngoe le e ’ngoe. Re ne re boela re paka ka tumelo ea rōna sekolong.
Ho tloha boseeng, ’Mè o ile a leka ho kenya takatso ea boboleli ba nako e tletseng lipelong tsa rōna ka ho re balla liphihlelo tsa Lipaki tse bileng baboleli ba nako e tletseng lilemo tse ngata. Ka holim’a tsohle, o ile a re behela mohlala. Ha e le hantle, le ka mohla ’Mè o ne a sa re kōpe ho etsa ntho eo ka boeena a neng a sa e etse.
Le hoja batho ba ka ’na ba thabela ho mamela bana ba ba etelang malapeng a bona ha ba le boboleling, ka linako tse ling ba halefela batho ba baholo ba tsamaeang le bona. Ka nako e ’ngoe ha ke le lilemo li 8 kapa li 9, re ne re etela malapeng a batho, ke ne ke tsamaea le moholo. Mofumahali e mong a bula monyako, ’me ka simolla ho bua le eena. Ka mokhoa o hlohlontšang litsebe, mofumahali eo a re ho moholo: “Le bile le hatella linthoana tsena tsa batho ho bolela!” Ka arabela ka potlako, “Che, Mofumahali, ha ke le mona, ke ka boithatelo!” Kamor’a moo, mofumahali eo, a ntse a thotse, a amohela libuka tseo ke neng ke mo nea tsona.
Ha ke le lilemo li 10, ka kopanela boboleling ba nako e tletseng nakong ea phomolo ea likolo ka Phupu, le hoja ke ne ke e-s’o kolobetsoe. Sena se ne se akarelletsa sehlabelo se senyenyane, hobane ke ne ke lokela ho itima ho ea leoatleng. Leha ho le joalo, ha kea ikoahlaea ka baka la seo, hobane thabo eo ke e latsoitseng ha khoeli e fela ebile e ke keng ea hlalosoa.
Ke kolobelitsoe ka Phuptjane ha ke le lilemo li 12 le likhoeli tse tšeletseng. Lehlabuleng la selemo seo, ka boela ka kopanela boboleling ba nako e tletseng, ’me hamorao, ka thuso ea kemiso e ntle, ka tseba ho sebelisa matsatsi a phomolo ea Keresemese hamolemo. Ke entse sena hobane ha selemo sa lithuto tsa sekolo se thoasa, ka ipehela pakane. Ka etsa qeto, ’me ka bolella Jehova ka thapelo hore, haeba nka atleha, ka fumana lengolo la thuto e phahameng la diploma, ke tla kenela boboleli ba nako e tletseng.
Ho tloha mothating oo ke entseng qeto ena ka ona, ka kena mathateng. Kaha ke ne ke na le tsebo e babatsehang lithutong tse ling, matichere a hatella hore ke ntšetse lithuto tsa ka pele. Teko e ne e le khōlō hobane ke ne ke rata sekolo, empa ke ne ke sa lebala pakane ea ka le tšepiso eo ke e entseng ho Jehova.
Ha litaba li fihla ho matichere hore ha ke sa batla ho ntšetsa lithuto tsa ka pele, khatello ea eketseha, esita le lehlakoreng la tichere e neng e sa bontše thahasello le ka mohla ho ’na. Hore ke be ka lehlakoreng le sireletsehileng, likhoeli tse robong e sa le pele ka neha baholo ba phutheho ea rōna foromo ea kōpo ea boboleli ba nako e tletseng. Khatello sekolong ha ea ka ea khaotsa, empa nakong ena ke ne ke sa mamele. Boikemisetso ba ka bo boetse bo nthusitse ho hlōla khatello ka lehlakoreng la metsoalle ea sekolo.
Qetellong sekolo sa koaloa ka Phuptjane, ’me ka Phupu, ka qalisa joalo ka ’moleli ea thusang oa nako e tletseng. Ho bile le mahlohonolo a mangata, empa ha boela ha hlaha bothata bo bong. Ha hlaha mesebetsi e mengata fekethering eo ntate a neng a sebetsa ho eona, ’me o ne a batla hore ke il’o sebetsa le eena ka nako eohle. Ke ne ke sa tsebe seo nka se etsang, empa Jehova a nthusa. Ke ne ke e-s’o ka ke qeta lilemo tse 14, kahoo ba se ke ba ntumella ho sebetsa.
Joale ka Phato ntate a re: “Ka Mphalane o tla tsamaea le ’na ’me u sebetse le ’na.” Haeba nka sebetsa fekethering eo, nke ke ka ba le nako e lekaneng ea boboleli ba nako e tletseng, ’me haeba ke sebetsa motšehare kapa bosiu fekethering eo ke ne ke tla boela ke fosoe ke liboka. Ka isa taba ho Jehova ka thapelo.
Karabelo ea Jehova ha ea lieha ho tla—hang feela ka fumana mosebetsi oa nakoana! Kahoo, ka la 1 Loetse, 1987, ka qalisa tšebeletso ea boboleli ba kamehla ba nako e tletseng. Ke thabile hoo ke haelloang ke mantsoe a ho hlalosa thabo eo ke nang le eona. Ke ikutloa hore Jehova o haufi le ’na, ’me ke rapela hore a tsoele pele ho hlohonolofatsa boiteko ba ka.—Se neetsoe.