Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g88 4/8 maq. 28-31
  • Na Malumeli a Kajeno a Fepa Mohlape Kapa a o Qhekella?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Malumeli a Kajeno a Fepa Mohlape Kapa a o Qhekella?
  • Tsoha!—1988
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Boitšoaro bo Lihlong ba Likamano Tsa Botona le Botšehali bo Senola Mesebetsi ea Sephiring ea Baevangeli ba TV
    Tsoha!—1988
  • Menehelo ea Boithatelo ho ba Hlokang Na ke Tlamo ho Mokreste?
    Tsoha!—1993
  • Ho Nyarela ka Litabeng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Na Chelete ke Motso oa Mefuta Eohle ea Lintho Tse Mpe?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
Bala Tse Ling
Tsoha!—1988
g88 4/8 maq. 28-31

Na Malumeli a Kajeno a Fepa Mohlape Kapa a o Qhekella?

“Ho malimabe balisa ba Iseraele, ba iphepang! Na hase mohlape oo balisa ba tšoanetseng ho o fepa?”—Ezekiele 34:2,

JOALOKA mehleng ea Iseraele ea boholo-holo, hangata boemo bo joalo kajeno: Balisa ba bangata ba bolumeli ba iphepa ’me ba bolaisa mehlape ea bona tlala. Ngoahola baevangeli ba thelevishine e ne e le batho ba bohlokoa ba qhekellang linku ka mafolo-folo.

Libapali tse hlaheletseng e ne e le Jim le Tammy Bakker lenaneong la PTL, empa ba ne ba tšehelitsoe ke batšoantšisi. Litlhaku PTL li emela “Praise the Lord” (“Rorisang Morena”) le “People That Love” (“Batho ba Lerato),” empa ho ea bofelong ba selemo baqolotsi ba bangata ba likoranta ba ne ba bolela hore litlhaloso “Pass the Loot” (“Tlisang Chelete”) le “Pay the Lady” (“Lefang Mofumahali”) li tšoanela litlhaku tseo hantle. Moqolotsi e mong o bitsitse tšebeletso ea bona “ho ananya lichelete tempeleng” ’me a e reha: “Mano a ho ruta evangeli empa ho qhekelloa mafutsana.”

Ba ha Bakker ba kile ba laola Heritage USA, sebaka sa lihekthare tse 930 Fort Mill, Carolina Boroa sa chelete e lekanyetsoang ho liranta tse limillione tse 356. Lebotho la PTL le kenya liranta tse limillione tse 258 ka selemo. Ho tloha ka 1984 litlaleho tsa litaba li boletse hore ba ha Bakker ba fumane meputso le chelete ea libonase tse etsang liranta tse limillione tse 9,6—ka 1986 moputso oa Jim Bakker o lekanyelitsoe liranteng tse limillione tse 3,2, oa Tammy liranteng tse 600 000. Ba ne ba lula Carolina Boroa tlung ea liranta tse limillione tse 2,6 pel’a letša, e nang le kamore ea ho hlapela e manehiloeng ka gauta—le ntloana ea ntja e nang le tsamaiso ea moea o pholileng kamor’a ntlo. Kamehla Bakker o ne a re: “Molimo o batla hore batho ba hae ba phele hamonate.” Bonyane eena le Tammy le lintja tsa bona ba entse joalo—ha nako e sa lumela.

Empa tsohle li senyehile ha Bakker a lumela bofebe ba hae le mongoli oa kereke. Ho sa tsotellehe R530 000 ea PTL e neng e beetsoe kathoko—ketsahalo ena ke motheo oa tlhaloso ea “Pay the Lady” (“Lefang Mofumahali”) e reiloeng PTL. (Leha ho le joalo, mofumahali ea neng a ameha ha a ka a fumana chelete ena.) Mokhatlo oa PTL oa Bopentekonta oa fetisetsoa ho Jerry Falwell ea khomarelang melao ea kereke.

Falwell o qalisitse hantle ka lerato le tšoarelo, empa kapele lintho tsa e-ba mosenekeng. A nyatsa lenaneo la PTL la Bakker ka hore ke “lefu le tšabehang le kankere Bokresteng lilemong tse 2 000 tse fetileng tsa histori ea kereke.” Ka pontšo e lokileng ea bohale, Falwell a re: “Ke bona meharo. Ke bona boithati. Ke bona takatso ea maruo e ba lihileng.” Ha Falwell a nka PTL, o boletse qeto ena, joaloka ha e tlalehiloe ke Newsweek: “Falwell o boletse ntho e le ’ngoe eo a ke keng a e etsa, ‘ho kōpa chelete sea-le-moeeng.’ Bekeng e fetileng Falwell o ne a bua sea-le-moeeng a kōpa chelete.”

Daily News ea New York, tlas’a sehlooho, “Falwell ho Balateli: Tlisang Chelete,” se tsoetse pele ho re: “Maobane Jerry Falwell o boetse a akhela letlooa la hae la chelete, a qobella mohlape oa hae oa bashebelli ba thelevishine ho tlisa chelete e eketsehileng.” O itse ho phutheho ea hae e futsanehileng: “Re hloka sehlabelo se seholo sa mpho eo le ka e romellang. . . . Haeba le sa batle hore tšebeletso ena e tsoele pele, ntlhokomoloheng.” Ha ba ka ba mo hlokomoloha. Tšusumetso ea ho ntša chelete ea etsa hore ho bokelloe liranta tse 40 000 000. Joale—ho ea ka tšepiso ea hae haeba tšusumetso e atleha—o ile a apara sutu e tala, a ema tlhōrōng ea thellisane ea metsi Heritage, USA e bolelele ba limithara tse 50, a etsa Thapelo ea Morena, eaba o theohela fatše. Hamorao Falwell a ikhula ho PTL.

Newsweek e tlalehile: “Michael Korpi, eo pele e neng e le motšoantši oa ‘Evangeli ea Boholo-holo’ oa Falwell, o tseka hore tšebeletso ea [Falwell] e bokelletse chelete e fetang liranta tse limillione [tse 8] letloleng la 1979 la ho thusa baphaphathehi ba Cambodia empa a romella feela [R200 000] ho thusa.”

Moevangeli oa thelevishine Oral Roberts o ile a etsa ho fetang ketso ea Falwell ea ho hloella tlhōrōng ea thellisane ea metsi. Mathoasong a ngoahola o bolelletse balateli ba hae hore o lemositsoe ke Molimo hore haeba a sa bokelle R16 000 000 pele ho la 31 Tlhakubele, o tla “bitsetsoa hae.” Thapelong ea hae e koalang o itse: “Lelefatsang bophelo ba ka. Ha nke ke phelele ho feta Tlhakubele.” Mor’a hae a kōpa: “Lena e se be letsatsi la qetelo la tsoalo ea ntate!” Litšoso tsena tsa maikutlo tsa Roberts le mora oa hae li ile tsa atleha. Roberts o lula qhooeng ea hae ea thapelo—e mo atamelitseng ho Molimo ka limithara tse 60—’me bamameli ba hae ba thelevishine ba tlisa R16 000 000. Leha ho le joalo, e mong oa balateli ba hae, a bua ka bonolo a re: “Haeba a hlile a shoa, hoo ho ne ho ke ke ha eba hobe. Leholimo ke sebaka se monate ho lula ho sona.”

Ka nako e ’ngoe a thabisa bamameli ba hae ba TV ka pale e tšosang e qeteletseng ka thabo. Diabolose o kene ka kamoreng ea hae ea ho robala ’me a mo loantša. Roberts oa tlaleha: “Ke ile ka utloa matsoho ao qoqothong ea ka, ’me o ne a nkoala moea. Ka hoeletsa mosali oa ka, ‘Moratuoa, tlo!’ A tla ’me a laela diabolose hore a tsoe. Ka qala ho phefumoloha ’me ka theoha betheng ea ka ke matlafetse.” Ka ho hlakileng, mosali oa hae o ne a e-na le matla a fetang a hae a ho loantša Diabolose.

Ka 1980 ha lichelete li qepha, a bolela hore o bone Jesu ea bolelele ba limithara tse 270 a eme a sa roala lieta tsa Hae a bua le eena. Pono ena ea etsa chelete e fetang R10 000 000. A bolela hore o tsositse bafu. Ka lekhetlo le leng, oa hlalosa: “Ke ile ka tlameha ho emisa ho ruta, hore ke tsose mofu.” Sena sohle sa etsa hore Newsweek e tlalehe: “Oral Roberts o bolela hore o tsositse bafu, empa ho bokelletsa chelete ke seo a ikemiselitseng sona.”

Ho boleloa hore moruti oa Pentekonta Jimmy Swaggart ke moevangeli ea tumileng oa thelevishine, ea finyellang bashebelli ba limillione tse 8 ka Sontaha se seng le se seng. Sebini se ka sehloohong sa ’mino oa lifela tsa bolumeli se fumane liranta tse limillione tse 200 bakeng sa likhatiso tsa sona. Ka lebaka la mofere-fere oa Bakker, Swaggart o itse: “Ke ikutloa hore koluoa ena eohle ke kankere e lokelang ho tlosoa ’meleng oa Kreste.” Hamorao Swaggart a phaella: “Batho ba tla re: ‘Oe, ba ’nile ba utsoetsa sechaba.’ Ka botšepehi, ke sona se ’nileng sa etsoa.”

Empa ho tsoa litlhalosong tsa litaba ho bonahala Swaggart ka boeena a ne a sa sala morao. Newsweek e tlaleha hore George Jernigan, eo e neng e le motsamaisi oa lenaneo la Swaggart, o boletse hore Swaggart “o bokelletse liranta tse limillione tse [40] bakeng sa letlole la thuso ea bana empa a sebelisa e ka tlaase ho 10 lekholong lenaneong leo. Jernigan o re: ‘chelete e ’ngoe e sebelisitsoe Baton Rouge’ moo, ho ea ka tlaleho ea WBRZ-TV, ho nang le ntlo ea Swaggart ea liranta tse limillione tse [2], ea mora oa hae ea liranta tse limillione tse [1 552 000] le ea setloholo sa hae e ahiloeng har’a makala a lifate e nang le tsamaiso ea moea o pholileng.”

Lenaneong le leng la ABC la Nightline la baevangeli ba thelevishine, moqolotsi oa litaba oa ABC Marshall Frady o itse: “Bonyane, joaloka ha batho ba bangata ba se ba hlokometse, maraba ’ohle a khaso mehleng ena ea thelevishine a fapane haholo le mekhoa e bonolo e siiloeng ke mohlankana oa mohlolo oa Galilea ea neng a hloka thepa, batsamaisi, ea neng a tsamaea lerōleng la lefatše a ruta, lilemong tse 2 000 tse fetileng.”

Ke ’nete hore “maraba ’ohle a khaso a mehleng ena a thelevishine” a fapane le mekhoa ea Jesu. Empa ke ’nete hore linako li fetohile. Ho ruta batho ba limillione lefatšeng lohle ho akarelletsa tšebeliso ea thepa ea mehleng ena le tlhophiso e ntle, ’me ho hloka chelete e ngata. Leha ho le joalo, lithuto tsa motheo tsa tsela ea bophelo ba Jesu li lutse e le mohlala ho Bakreste. Melemo le melao-metheo tseo a li behileng e sa ntse e le tsela feela ho Bakreste kajeno.—1 Petrose 2:21.

E meng ea melao-metheo eo ke ena: ‘Le neiloe feela, neang feela. Se tšoenyeheng ka maruo. Batlang ’Muso pele. Rutang matlung a batho. Lentsoe la Molimo ke ’nete. Rata Molimo, rata moahisani oa hao. Etsa seo u ratang hore batho ba bang ba u etse sona. Alosang linku tsa ka.’ Bokreste ba ’nete ha boa fetoha; ho fetohile feela mekhoa ea ho bo phatlalatsa.

Hase lichelete tse ngata tse amehang tse bo etsang bo fosahetseng. Ho hlokahala liranta tse limillione ho ruta batho lefatšeng. Chelete ha e mpe. Ke lerato la chelete leo e leng motso oa libe tsohle. Ke litsela tsa ho fumana chelete—likōpo, bolotsana, liqelo, thetso le leshano—tse mpe. Ke ho nkuoa ha eona ka bolotsana ho bafumanehi ho hobe. Ha e bokelletsoa ka morero o le mong, e be e sebelisetsoa o mong, bakeng sa ho ithuisa—hoo ke bolotsana. Bafarisi ba ne ba rata chelete. Judase o rekisitse Jesu bakeng sa chelete. Kajeno balisa ba bangata ba bolumeli ba hata mehlaleng ea bona ho e-na le ea Jesu.

Ba iphepa, e seng mohlape. Hase ba bolumeli ba Bopentekonta feela. Malumeli a khomaretseng lithuto tsa bolumeli a ruta Boraro-bo-Bong, mollo oa lihele, lefatše le tla chesoa kaofela—lithuto tsohle tsa bohetene tsa Babylona ea boholo-holo le Egepeta. Ba mehleng ea joale ba latola Bibele—ba re ha ea bululeloa; e na le liphoso, libuka tsa eona ha li ea ngoloa ke batho ba boletsoeng kapa ka nako eo ba e bolelang, ’me ba tšehetsa thuto ea ho iketsa ha lintho e seng pōpo. Joale ho boetse ho na le baruti ba bang ba buang lipuo tse monate, meqoqo e monate e hohelang litsebe hore li se utloe ’nete e tobileng ea Bibele. Ha ba fepe mohlape oa bona koro empa ba o fepa ’moko.—Esaia 30:10; 2 Timothea 4:3, 4.

Ho tšoana le mehleng ea Jesu: “Ha a bona matšoele, a a utloela bohloko, hobane ba ne ba khathetse, ba saretsoe joale ka linku tse se nang molisa.” (Mattheu 9:36) Ha a ba bona, “a qala ho ba ruta tse ngata.” (Mareka 6:34) Jesu o na le balateli ba hatang mehlaleng ea hae kajeno lefatšeng, ba rutang ka tsela eo a rutileng ka eona, ’me ba ruta linnete tsa Bibele tse felisang tlala ea moea.—Amose 8:11.

Balateli bao ke Lipaki tsa Jehova. Mosebetsi oa tsona oa ho bolela lefatšeng lohle o hloka chelete e ngata, empa e tsoa menehelong ea boithatelo. Libuka li hatisoa le ho abuoa ka chelete e nyenyane. Lithuto tsa Bibele tsa beke le beke li tšoaroa malapeng ntle ho tefiso. Liboka tsa phutheho ha li lefelloe, ha ho koleke e nkuoang, ha ho kōptjoe chelete, ha ho meputso e lefuoang. Lipaki tse ngata li ea sebetsa e le bakeng sa ho iphelisa ’me li nehelana ka nako le chelete ho finyella ho boleloa ha litaba tse molemo tsa ’Muso.—Mattheu 24:14; Liketso 1:8.

Li etsa joaloka ha Jesu a laetse: “Le neiloe feela, neang feela.” Li etsa joaloka ha Petrose a li laetse: “Alosang mohlape oa Molimo o ho lōna, le o lebele, e seng ka ho qophelloa, e mpe e be ka ho rata; e seng ka baka la moruo o mobe, e mpe e be ka ho rata, e seng ho busa mehlape ea lōna ka thata, e mpe e be ka ho etsetsa mehlape mohlala.”—Mattheu 10:8; 1 Petrose 5:2, 3.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 29]

“Oral Roberts o re o tsositse bafu, empa ho bokelletsa chelete ke seo a ikemiselitseng ho se etsa”

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 29]

“Bolotsana ba ho bolela evangeli empa ho qhekelloa mafutsana”

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 31]

“Le neiloe feela, neang feela”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela