Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g88 9/8 leq. 27
  • Pompo e Hlollang ea Sefate

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Pompo e Hlollang ea Sefate
  • Tsoha!—1988
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Moo Maqakabetsi a Jeleng Setsi
    Tsoha!—1997
  • “Sefate sa Bophelo” Se Hlollang sa Afrika
    Tsoha!—1995
  • Na Lefatše le Felloa ke Metsi?
    Tsoha!—2001
  • Metsi a Tšikhunyang a Fanang ka Bophelo bo sa Feleng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
Bala Tse Ling
Tsoha!—1988
g88 9/8 leq. 27

Pompo e Hlollang ea Sefate

Mahlaku a leng holimo-limo sefateng a hloka metsi le lijo, hangata, lilithara tse likete ka letsatsi. Metsi ana a lokela ho pompeloa holimo, empa joang?

“Mokhoa ona o hlollang oa ho pompa o qala tlase koana mobung moo metso e menyenyane haholo e limillione e monyang metsi le ho qhibilihisa matsoai,” ho hlalosa Compressed Air Magazine. “Ha metsi ana a monngoa ke metso, sena se bōpa khaello e khōlō mahlakung a sefate e etsang hore ho bulehe likheo tsa moea tse nyolosetsang holimo ’me kahona sefate se hula metsi a mangata haholo mobung. Ha ho na pompo e entsoeng ke motho e bulang sekheo sa moea e ka hulang metsi bophahamo ba [limithara tse 10].” Empa ho thoe’ng ka mokhoa oa ho pompa o sebelisoang ke sefate?

O hlolla haholo hoo ho boleloang hore, haeba ho hlokahala, metsi a ka pompeloa bophahamo ba lik’hilomithara tse tharo! Ha ho makatse ha mophatlalatsi e mong ea tsebisahalang oa lipompo a ile a hulela tlhokomelo “pompong e hlollang” ea sefate sa maple ’me a lumela sena: “Re ke ke ra etsisa tlhaho ka mamello kapa mosebetsi oa eona.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela