Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g88 10/8 maq. 19-21
  • Nka Fumana Nako e Eketsehileng ea Boinotši Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nka Fumana Nako e Eketsehileng ea Boinotši Joang?
  • Tsoha!—1988
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Batsoali ba Hao—Na ba Amehile Kapa ba Rata ho Tseba Haholo?
  • Booatla ba Thetso
  • Ho ba Neha ‘Pelo ea Hao’
  • Ha u Lokela ho Kopanela Ntho le e Mong
  • Ho Sebelisa Molao o Moholo
  • Sebelisa Nako ea Boinotši Hamolemohali!
  • Hobane’ng ke sa Khone ho ba Boinotšing Nako e Eketsehileng?
    Tsoha!—1988
  • Tokoloho ea ho ba le Lekunutu ke Eng?
    Tsoha!—1988
  • Pono e Leka-lekaneng ka Tokoloho ea ho ba le Lekunutu
    Tsoha!—1988
  • Na ke Phoso ho Batla ho ba Boinotšing?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
Bala Tse Ling
Tsoha!—1988
g88 10/8 maq. 19-21

Bacha Baa Botsa . . .

Nka Fumana Nako e Eketsehileng ea Boinotši Joang?

“’Mè! Ke u kōpile ka makhetlo a mangata hore u kokote pele u kena!” u hoeletsa joalo u batla seo u ka se aparang. Empa ho bonahala ’mè a makatsoa ke bothata bona ba hao. ’Me ho senya litaba le ho feta, ka nako tse ling o phenyekolla li-“drawer” tsa hao ka morero oa ho “o lokisetsa tsona.” Joale ho boetse ho na le khaitseli eo ea hao e nahanang hore e na le tokelo ea ho kalima ntho e ’ngoe le e ’ngoe ea hao—ka tumello kapa ntle ho eona.

U ka ’na ua ipotsa: ‘Ke hobane’ng ha e mong le e mong a sa hlonephe boinotši ba ka?’

HO NA le lintho tse ngata tse tenang joaloka ho itšohlometsa boinotšing ba motho. Ha u belaelle ’nete ea hore batsoali ba hao ba na le tokelo ea ho u hlokomela. Empa na ba hlile ba loketse ho sheba ntho e ’ngoe le e ’ngoe bophelong ba hao? Le hoja u sa tsotelle ho arolelana kamore le moena oa hao kapa khaitseli, na ha ua lokela hore u thabele kamore u le mong ka nako e itseng?

Ka lehlohonolo, boemo bo ke ke ba e-ba bobe haholo ho tšoana le kamoo bo bonahalang kateng. Ka tsebo e fokolang le ho nahana, u ka ’na ua tseba ho eketsa karoloana e khōlō ea boinotši bophelong ba hao.

Batsoali ba Hao—Na ba Amehile Kapa ba Rata ho Tseba Haholo?

Batsoali ba na le tokelo ea ho tseba se etsahalang bophelong ba bana ba bona. Ba batla u “balehele litakatso tsa bocha” ’me u sireletsehe mathateng. (2 Timothea 2:22) Ba bona kamoo ho kopanela liphate ha bacha le tšebeliso e mpe ea lithethefatsi ho sentseng bophelo ba bacha ba bang ’me ba u batlela ho hong ho molemo.

Joale, ka ho tloaelehileng, baa tšoenyeha kamoo u itšoarang kateng ha ba sa u bone. Kahoo ha motsoali a itšohlometsa ka kamoreng ea hao u sa lebella, kapa a phetla diary, sena e mpa e se feela ho rata litaba empa ke letšoao la lerato la sebele le kameho. Ha ngoanana e monyenyane a ne a tletleba ho mongolli oa likoranta hore ’mè oa hae o batla hore monyako o siuoe o butsoe ha ba le babeli le moshanyana, mongolli oa likoranta o arabile: “Leboha ’mè oa hao ‘ea ratang litaba’ bakeng sa ho u hlokomela ka ho lekaneng e leng seo ’mè a loketseng ho se etsa—ho fokotsa liteko tsa botho tseo hangata bacha bohle qetellong ba thulanang le tsona.”

Booatla ba Thetso

Leha ho le joalo, u lokela ho itšoara joang haeba batsoali ba hao ba u beela se ka bonahalang e le thibelo e sa nahaneleng oa boinotši ba hao? Mongoli Andrea Eagan oa hlokomela: “Ho kharuma ’mè oa hao ka lebaka la hobane u ikutloa hore ke ea sa nahaneleng e ke ke ea e-ba ntho e molemo ka ho fetisisa ho uena hore u e etse. Mohlomong ha u itšoare hantle ha motho e mong a u kharuma, ’me le uena ha ua lokela ho lebella hore ’mè a etse joalo le eena.”

Ho ka boleloa se tšoanang ka ho ba bolotsana kapa ho bua leshano. “Ho Jehova motho ea khopo ke manyala.” (Liproverbia 3:32) Ho feta moo, hangata bolotsana bo na le phello e fapaneng le e neng e lebelletsoe. Ngoanana e mong ea neng a thibetsoe ke batsoali ba hae ho ratana le moshanyana ea ka tlase ho lilemo tse 20, o ile a leka ho ngollana le eena ka lekunutu, moshanyana a sebelisa aterese ea ntlo ea habo kharebe ea hae. O ne a sa lebella hore batsoali ba kharebe ea hae ba tla hlahlobisisa mangolo a morali oa bona!

Bukeng ea bona Options, bangoli Diana Shaw le Caroline Franklin Berry ba fane ka keletso e molemo ha ba re: “Ho thetsa [batsoali ba hao] ha u batla hore ba u tšepe ho tšoana le ha u utsoa hore u pake kamoo u tšepahalang kateng. Mohla ba u fumanang, mohlomong ba tla nka mehato e matla ea taeo ka ho eketsehileng, hobane feela u le motho ea sa tšepahaleng.”

Ho ba Neha ‘Pelo ea Hao’

“Ngoan’a ka, mphe pelo ea hao,” ho boletse mongoli oa Liproverbia 23:26. Ha ho pelaelo batsoali ba hao le bona ba tla ananela botšepehi ba hao le ho buisana le bona ka bolokolohi. Haeba u hloka nako ea boinotši bakeng sa ho ithuta kapa ho phomola, se ke ua tletleba kapa ua lla. Thusa batsoali ba hao ho utloisisa kamoo boinotši bo leng bohlokoa kateng ho uena. Fokotsa tšabo leha e le efe eo ba ka ’nang ba e-ba le eona ka ho hlakisa hantle kamoo u rerileng ho sebelisa nako ena kateng. Ha ba tseba hore linako tsa hao tsa boinotšing li kopanyeletsa mesebetsi e nang le morero, joaloka mosebetsi oa lapeng, ho hloekisa kamore ea hao, kapa ho thuisa, ba tla talima nako ena e le e sebelisitsoeng hantle.

‘Ho fana ka pelo ea hao’ ho kopanyeletsa ho bua ka bolokolohi ka mathata a hao le kameho ka batsoali ba hao. Ha u etsa joalo ka ho tsitsitseng, ba ke ke ba tloaela ho belaela hore ho na le ntho eo u ba patelang eona ’me ba tla u lumella ho ba le nako ea boinotši. Ho hlakile hore, tlaleho e tiileng ea boitšoaro bo botle e tsamaea hammoho le ho tiisetsa motsoali hore u ka ba motho ea ka tšepjoang. “Esita le moshanyana [kapa ngoanana] o itsebahatsa ka liketso tsa hae, ha metsamao ea hae e tla ba metle, e loke.”—Liproverbia 20:11.

Qetellong, ‘ho fana ka pelo ea hao’ ho bona ho bolela ho etsa lintho ka tsela ea bona. Ka mohlala, na ’mè oa hao o hlahloba kamore a sa u bolella—’me hang kamor’a moo ho latele lenaneo la thuto ea bohloeki? Buka The Private Life of the American Teenager ea hlokomela: “Batsoali ba bangata ha ba hlomphe boinotši ba kamore ea ngoana ha feela kamore e sa hloeka.” Ke ’nete, u ka ’na ua khetha ho ba moshebelli oa mekhoa e eketsehileng ea ’mè ea ho hloekisa. Empa na ho ba le nako e eketsehileng ea boinotši ho ke ke ha e-ba molemo ho etsa lintho ka tsela ea ’mè?

Ha u Lokela ho Kopanela Ntho le e Mong

Ho kopanela kamore le moena kapa khaitseli ho ka thathafatsa lintho ka ho khethehileng bakeng sa ho fumana boinotši bo itseng. Boemo e ka ba bo batlang kelo-hloko haholo-holo haeba u tlameha ho kopanela kamore le moena e mocha kapa khaitseli e mocha lelapeng la bobeli. Leha ho le joalo, Bibele e phehella Bakreste: “Ho se ke ha e-ba le sebaka sa toantšano le boikhantšo ba botho har’a lōna, empa ka boikokobetso u lekanye hore ba bang ba molemo ho u feta. Hlokomela lithahasello tsa ba bang e seng tsa hao feela.” (Ba-Filippi 2:3, The New English Bible) E, Bakreste ba lokela hore “ba abele ba bang.”—1 Timothea 6:18.

Kahoo ho e-na le ho loana, leka ho buisana le ngoan’eno eo le kopanelang kamore le eena. Mohlomong le ka etsa kemiso moo e mong le e mong a ka tsebang ho ba mong ka kamoreng. Hlakisang hantle hore na ke lintho life tseo li ka sebelisoang kapa tsa kalimisanoang ’me ke life tse sa lokelang ho sebelisoa. Mohlomong ka ho boela le hlophisa hape thepa (mohlomong ka ho sebelisa ntho e arolang kamore) ho ka fana ka sebaka se eketsehileng kapa bonyane nako ea boinotši. Bacha ba bangata ba boetse ba fumane hore ho tsoha hoseng ho ba neha monyetla oa ho ithuta, ho etsa mosebetsi oa ho itlosa bolutu, kapa esita le ho itlhakisa boinotšing!

Ho Sebelisa Molao o Moholo

Senotlolo sa ’nete bakeng sa ho fumana boinotši ke ho bontša ho nahanela. Bibele e re: “’Me joale, ntho tsohle tseo le ratang hore batho ba le etse tsona, ba etseng tsona le lōna.” (Mattheu 7:12) Ha re bontša ho nahanela boinotši ba batho ba bang, mohlomong le rōna re tla bontšoa ho nahaneloa ka borōna.

Kahoo haeba monyako oa kamore ea batsoali ba hao o koetsoe, kokota pele u kena; mohlomong ba tla ho ananela. Haeba khaitseli oa hao a batla ho ithuta kapa ho thuisa, bapala ’mino oa hao bosiung bo bong haeba le uena u batla ho bontšoa mosa o tšoanang hamorao. Na ha u rate ha ba bang ba phetla diary ea hao? Joale le uena hlonepha thepa ea litho tse ling tsa lelapa. “Ha u ntse u ikhapela tlhompho ea lelapa leno, u tla fumana nako ea boinotši e eketsehileng,” ho hlokometse makasine oa Seventeen.

Sebelisa Nako ea Boinotši Hamolemohali!

Leha ho le joalo, u tla sebelisa nako ea hao e ncha ea boinotši joang? Ke hobane’ng ha u sa ikemisetse ho sebelisa nako ea botho hamolemohali? Ho na le lintho tse ngata tse molemohali tseo u ka li etsang. Nako ea boinotši e ka u neha monyetla oa ho ithuta lintho tse ncha, joaloka ho bapala liletsa tsa ’mino kapa ho ithuta puo e ’ngoe. Ho Lynn ea lilemo li 18, nako ea boinotši e bolela ho “tseba ho thabela menahano e meng le maikutlo ka ntho e ’ngoe e itseng kapa ho etsa liqeto moo ho seng ba bang ba lekang ho nketsetsa tsona.” Paula ea lilemo li 20 u phaella hore “nako ea boinotši e boetse e bolela ho ba le nako le sebaka sa ho etsa lintho ke le mong, joaloka ho thuisa le ho rapela Jehova ntle ho tšitiso.”

Nahana ka mohlala oa Jesu Kreste. E ne e le tichere le motho ea hlaheletseng sechabeng ea neng a lula a le har’a matšoele a batho kamehla. Leha ho le joalo, o ne a tseba kamoo a ka sebelisang nako ea boinotši hamolemohali. Ho Mareka 1:35 re bolelloa hore “eare hosasa, [Jesu] a tsoha e sa le ka meso, a tsoa tlung, ’me a ea lefeelleng, a rapela teng.” Ho rapela boinotšing ho ile ha matlafatsa tumelo ea Jesu ’me ha mo hlomella hamolemo bakeng sa liteko tseo a neng a le haufi le ho tobana le tsona. Tumelo ea rōna ho Molimo le kananelo bakeng sa lerato la hae ho rōna ka ho tšoanang li tla matlafatsoa ke ho batla linako tsa ho thuisa le ho rapela.

E, ho na le menyetla e mengata. Ka boiteko, le bolokolohi ba puisano, le ho bontša kananelo ea ’nete ho ba bang, le uena u ka fumana nako ea boinotši eo u e hlokang.

[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 20]

Ho loantšana le ho omana ha ho finyelle letho. Ka puisano e lokolohileng, thusa batsoali ba hao ho utloisisa maikutlo a hao

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

Ho hlophisa kamore ea hao hape, joaloka ho kenya ntho e arolang kamore, ke tsela e ’ngoe ea ho eketsa boinotši

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela