Bokamoso ba Bolumeli ha ho Talingoa Liketsahalo Tsa Bona Tse Fetileng
Karolo 1—4026-2370 B.C.E.—Ho Arohana ha Bolumeli Kamoo ho Qalileng
“Motho o entsoe e le sebōpuoa se angoang ke bolumeli.” Edmund Burke, tona-khōlō ea Ireland lekholong oa bo 18 la lilemo
BATHO ba na le tlhoko ea tlhaho ea ho batla ho rapela. The New Encyclopcedia Britannica e bolela hore “motheong oa liphuputso tse entsoeng ke liithuti, ha ho e-s’o ka ho eba le batho, leha e le kae, ka nako leha e le efe, bao ka kelello e itseng e neng e se balumeli.” Ho tloha tšimolohong ea batho, hoa utloahala hore monna le mosali ba ne ba retelehela ho ’Mōpi oa bona ka hlompho ea borapeli. Ba ne ba mo talima e le Molaoli ea ba tataisang le ho ba eletsa. Ka baka leo, ke ho utloahalang ho lumela hore, ho qaleha ha bolumeli lefatšeng ho amana le ho bōptjoa ha Adama. Ho ea ka pale ea Bibele, hoo ho etsahetse ka selemo sa 4026 B.C.E.
Ba bang ba ka ’na ba hana tšebeliso ea lentsoe “ho bōptjoa ha Adama.” Empa thuto e se nang mabaka ea ho iphetola ha lintho haufinyane e ile ea hlōleha habohloko, ekasitana le ho tsoa ho batšehetsi ba eona. Bakeng sa boitsebiso ba eketsehileng, bona buka Life—How Did It Get Here? By Evolution or by Creation? e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
Kajeno, motho a ke ke a phea khang e utloahalang haeba a bolela hore tlaleho ea Bibele ea tšimoloho e tšoanang ea batho ha e lumellane le thuto ea mahlale. Sehlooho sa Newsweek ea 1988 se tlalehile hore liithuti tsa liphatsa tsa lefutso joale li sekamela ho lumeleng hore batho ba kajeno ba hlahile ho ’mè a le mong. E qotsa seithuti sa mesaletsa ea lintho tsa khale sa Harvard S. J. Gould se bolela hore “batho bohle, ho sa tsotellehe ho fapana ha tšobotsi ea bona ea ka ntle, ka sebele ke litho tsa sebōpuoa se le seng se neng se le teng khale haholo sebakeng se seng.” Se a phaella: “Ho teng boena ba tsamaiso ea bophelo bo tebileng haholo ho feta kamoo re kileng ra hlokomela kateng.”
Linnete tsena li buella ho nepahala ha Bibele. Hona ho bontša hore ha re na lebaka la ho belaella tlhaloso ea eona ea kamoo khohlano ea bolumeli e qalileng kateng.
Kamoo Bolumeli bo le Bong bo Fetohileng a Mabeli
The Encyclopedia of Religion e bolela hore hoo e ka bang malumeli ’ohle a tsebahalang a na le litumelo tse itseng, ’me leha a fapana ka lintlha tse itseng, a tšoana ka ho makatsang. Ka mohlala, a lumela hore motho o lahlehetsoe ke boemo ba pele ba mohau oa Molimo, hore lefu ha se ntho ea tlhaho, le hore ho hlokahala sehlabelo ho fumana mohau oa Molimo hape. Bona ke bopaki bo matla bo bontšang hore malumeli ’ohle a kajeno a ne a ena na le mohloli o tšoanang.
Bibele e hlalosa kamoo sena se etsahetseng kateng. E re bolella hore monna oa pele le mosali ba hanne tsamaiso ea Molimo ’me ba retelehela mohloling o mong bakeng sa tataiso le keletso. Leha ho bonahala ba ne ba sa hlokomele Satane le borabele ba hae khahlanong le Molimo, ba ile ba nka tsela ea ho ipusa ’me ba latela keletso ea sebōpuoa, se neng se tšoantšetsoa ke noha, e seng ’Mōpi. Hamorao Bibele e ile ea senola hore Satane e ne e le matla a sebele a neng a susumetsa noha e khelosang.—Genese 2:16-3:24; Tšenolo 12:9.
Kahoo motho a tsoa ka tlas’a puso ea leholimo ’me a hloma litekanyetso tsa hae tsa botle le bobe. Ka liketso tsa bona tsa boipuso, Adama le Eva ba ile ba kenya batho tseleng e neng e tla fella ka malumeli a mangata a fapaneng, ao kaofela a neng a tla thea borapeli ba bohata bo sa lumellaneng le borapeli ba ’nete bo neng bo sebelisoa ke lipaki tse tšepahalang tsa Jehova ho theosa le histori. Ka tsela e tobileng kapa e sa tobang, ea ’nileng a fumana molemo borapeling boo ba bohata ke Sera se seholo, Satane. Ka baka leo, moapostola Pauluse o ne a ka tseba ho ngola: “Lintho tsee bahetene ba li hlabelang aletareng, ba li hlabela batemona, e seng Molimo: ’me ke hana hoba le ka jesana le batemona.” A tsoela pele ho bontša hore ho na le litsela tse peli feela tsa borapeli, a re: “Le ke ke la noela senoelong sa Morena le senoelong sa batemona; le ke ke la jela tafoleng ea Morena le tafoleng ea batemona.”—1 Ba-Korinthe 10:20, 21.
Kahoo, borabele ba Adama bo ile ba hlahisa mofuta oa bobeli oa borapeli, o neng o beha sebōpuoa ka holimo ho ’Mōpi. ’Me motšehetsi oa sebele oa bolumeli boo bo bocha e ne e le “molimo” o ikhethileng bocha, Satane Diabolose.—2 Ba-Korinthe 4:4; 1 Johanne 5:19.
Bara ba pele ba babeli ba Adama le Eva, Kaine le Abele, ba ile ba etsetsa ’Mōpi mahlabelo, ba bontša hore ka bobeli ba ne ba sekametse bolumeling. Leha ho le joalo, liketsahalo tse ileng tsa latela li bontšitse hore ba ne ba sa kopana bolumeling bo le bong. Sena se ile sa bonahala lilemong tse ka tlase ho 130 tsa histori ea batho, ha sehlabelo se entsoeng ke Abele se amoheloa ke ’Mōpi, empa sa Kaine se sa amoheloe. Ka ho hlakileng, Molimo o ne o sa ikemisetsa ho amohela mofuta o mong oa borapeli ba batho. ’Nete ena e ile ea halefisa Kaine ’me ea mo susumelletsa ho bolaea moen’ae.—Genese 4:1-12; 1 Johanne 3:12.
Ka lekhetlo la pele historing ea motho, lehloeo la bolumeli le ile la silafatsa lefatše ka mali a se nang molato. E ne e ke ke ea eba ka lekhetlo la ho qetela. “Hoo e ka bang halofo kapa ho feta ea lintoa tse ntseng li loanoa ho potoloha le lefatše ka ho toba ke tsa bolumeli kapa li kopanyelletsa litsekisano tsa bolumeli,” ho hlokometse mongoli oa kajeno oa likoranta.
Mehleng ea Henoke, motsoal’a Kaine le Abele, “ha qalisoa ho bitsa lebitso la Jehova.” (Genese 4:26, NW) Kaha pele Abele a ne a qalisitse ho bitsa lebitso la Molimo ka tumelo, hamorao ho ile ha hlokomeloa hore batho ba ile ba qala “ho bitsa lebitso la Jehova” ka nyefolo le ka tsela e nyatsang. Ho hlakile hore hona e ne e le boikaketsi ba bolumeli.
Jerusalem Targum ea Sejode, kapa phetolelo e khutšofalitsoeng, e re: “Ona ke moloko oo mehleng ea oona ba qalileng ho fosa, le ho iketsetsa litšoantšo, ’me ba bitsa melimo ea bona ea litšoantšo ka lebitso la Lentsoe la Morena.” Borapeli ba litšoantšo, hammoho le boikaketsi ba ho emela Molimo, bo ’nile ba khetholla bolumeli ba bohata ho tloha khale.
Ho Juda 14, 15, re bala ka boprofeta ba Henoke ea tšepahalang mabapi le batho ba neng ba rapela melimo ea litšoantšo ba lilemong tseo tsa pele tse sekete. O itse: “Bonang, Morena o tlile le bahalaleli ba hae ba liketekete ho etsa kahlolo holim’a bohle, le ho khalemela banyefoli bohle ka baka la liketso tsohle tsa bonyefoli, tseo ba sitiloeng ka tsona, le la lipolelo tsohle tse thata, tseo baetsalibe bao ba banyefoli ba li buileng holim’a hae.” Boprofeta bona bo ile ba phethahala seketeng sa bobeli sa lilemo sa histori ea batho, ha bolumeli ba bohata bo ne bo atile. Ho ka etsahala hore bobe bo ne bo bile bo kopanyellelitse ho rapela mangeloi ao ka ho se mamele Molimo a ileng a ikapesa nama lefatšeng ’me a nyala “barali ba batho,” ba ileng ba tsoala mofuta oa bana ba “linatla tsa boholo-holo, tse mabitso a tumileng.”—Genese 6:4.
Leha ho le joalo, Noe “a fumana mohau pel’a Jehova” hobane o ne a “tsamaea le Molimo.” (Genese 6:8, 9) Eena le lelapa la hae, bakhomareli ba robeli ba bolumeli ba ’nete, ba ne ba fetoa hōle ka palo ke batho ba babe. Ka hobane bolumeli ba bohata le ba neng ba bo sebelisa ba ne ba le bangata, ‘bolotsana ba batho bo ne bo le boholo lefatšeng,’ ’me “lefatše le ne le tletse ho bolaeana.” (Genese 6:5, 11) Molimo o ile oa rera ho tlisa moroallo ho timetsa batho ba neng ba sebelisa bolumeli ba bohata. Ke Noe feela le lelapa la hae ba ileng ba pholoha ka tšireletso ea Molimo, e leng lebaka le lekaneng la hore hamorao ba ‘hahele Jehova aletare’ e le ketso ea borapeli ba ’nete. (Genese 8:20) Moroallo o ile oa khetholla ka ho hlaka hore na ke tsamaiso efe ea malumeli a mabeli a neng a le teng mehleng ea Noe eo e neng e le ea ’nete le eo e neng e le ea bohata.
Liketsahalo tse boletsoeng ka holimo li theiloe tabeng ea hore tlaleho ea Bibele ke ’nete. Empa ho phaella bopaking bo boletsoeng qalong ea sehlooho sa rōna, bona mabaka a hlahisitsoeng lebokoseng “Na Ruri Moroallo oa Lefatše o Bile Teng?”
Bokamoso ba Bolumeli—Bokamoso ba Hao
Ho ba le tsebo ka liketsahalo tse fetileng tsa bolumeli ke ha bohlokoa hobane ha e le hantle ho na le mefuta e ’meli feela ea bolumeli—bo amohelehang ho ’Mōpi oa batho le bo sa amoheleheng. Joale, ka ho utloahalang, haeba motho a tla fumana kamohelo ea ’Mōpi, o lokela ho kopanela le eena liponong tsa Hae ka bolumeli. U se ke ua lebala hore kaofela ha rōna re a akarelletsoa hobane “motho o entsoe e le sebōpuoa se angoang ke bolumeli.”
Ha re talima liketsahalo tse fetileng tsa bolumeli, a re etseng joalo ka ntle ho leeme, ’me ha bohlokoa haholoanyane, ka pelo e amohelang. Ha bolumeli bo itseng bo hlahlojoa, a re khefutseng ka ho lekaneng ho ipotsa haeba lithuto tsa bona li utloahala, ’me li hlakile. ’Me ho thoe’ng ka seo bo se finyelletseng? Na bo atamelitse litho tsa bona haufi le ’Mōpi ka ho hatella ho tsona bohlokoa ba ho mamela melao ea hae, kapa ho ena le hoo bo ba lumelletse ho ipeela litekanyetso tsa bona tsa boitšoaro? Na bolumeli bo rutile batho ho tšepa Molimo bakeng sa ho rarolla mathata a lefatše? Kapa ho ena le hoo na bo ba kheloselitse ho tšepeng merero ea lipolotiki ho etsa joalo? Na bo hōlisitse kopano le khotso har’a baahi ba lefatše, kapa ho ena le hoo bo susumelitse karohano le lintoa?
Lipotso tsena le tse ling li tla re thusa ho khetholla pakeng tsa bolumeli bo le bong ba mathomo bo qapiloeng ke ’Mōpi oa batho le mefuta e mengata ea bolumeli ba bohata e qapiloeng ke sera sa hae.
Na bolumeli boa kopanyelletsoa ho oeng ha kajeno ha litekanyetso tsa boitšoaro? Sehlooho se latelang se tla bua ha khutšoanyane ka taba ena.
[Lebokose le leqepheng la 7]
Na Ruri Moroallo oa Lefatše o Bile Teng?
“Moroallo oa Genese o tšoanela hantle mehla ea lefatše la boholo-holo ho ena le hore e be ketsahalo eo ho ka etsahalang hore ha ea ka ea e-ba teng . . . Ha e le hantle eo ke mehla e ka beng e loketse hantle bakeng sa ho fetoha ho potlakileng le ho sekhahla ha sebōpeho sa lefatše.”—The Flood Reconsidered.
“Thuto ea mesaletsa ea lintho tsa khale e boetse e epollotse liphetolelo tsa pale [ea Genese] ea Moroallo ... Ho tšoana ho makatsa haholo ho feta liphapang tse itseng.”—Digging Up the Bible Lands.
“Moroallo oa lefatše oo ho ’ona lefatše le ileng la koaheloa ka metsi [ke] thuto e fumanoang hoo e ka bang tšōmong e ’ngoe le e ’ngoe lefatšeng. . . . Tšōmong ea Inca o ile oa tlisoa ke molingoana o phahameng, Viracocha, o neng o sa khotsofatsoa ke batho ba pele ’me oa rera ho ba felisa.”—Funk and Wagnalls Standard Dictionary of Folklore, Mythology andLegend.
“Ho ntse ho ena le na le ho tšoana ho hoholoanyane tlalehong ea Genese tšōmong e ’ngoe ea Babylona eo morena oa teng e neng e le Gilgamesh. . . . Ho bonahala e bile teng maqalong a sekete sa bobeli sa lilemo .... [Letlapa la letsopa XI] le bonahala le felletse, kahoo le fana ka phetolelo e felletseng haholo ea pale ea moroallo ka mongolo oa alfabete.”—Encyclopcedia Judaica.
“Joaloka Baheberu, Bababylona, Magerike, baahi ba ma-Norse, le batho ba bang ba Karolo e ka Bochabela ea lefatše, merabe e mengata ea Maindia ea Amerika Leboea le ea Boroa le eona e ne e e-na le litšōmo tsa Moroallo ... ‘Ha baromuoa ba pele ba fihla’ ..., Moruti Myron Eells o tlalehile ka 1878, ‘ba fumane hore Maindia ao a ne a ena le litšōmo tsa ’ona tsa moroallo le hore monna e mong le mosali oa hae ba ile ba bolokoa ka seketsoana se entsoeng ka lithupa.’”—Indian Legends of the Paciflc Northwest.