Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g89 2/8 maq. 18-19
  • Na U Lokela ho Tšaba Leihlo le ka U Ntšang Kotsi?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U Lokela ho Tšaba Leihlo le ka U Ntšang Kotsi?
  • Tsoha!—1989
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ’Nete Kapa Tšōmo?
  • Qaleho ea Leihlo le Ntšang Kotsi
  • Tšireletso e Sebetsang
  • ‘Bademona ba Thothomela’—Hobane’ng?
  • Na Botle bo Tla ke bo Hlōle Bobe?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Na Leihlo la Hao “le Lokile”?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Botle Khahlanong le Bobe—Ntoa e sa Feleng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Ke Eng se Etsang Hore re be Molemo Kapa re be Babe?
    Tsoha!—2010
Bala Tse Ling
Tsoha!—1989
g89 2/8 maq. 18-19

Pono ea Bibele

Na U Lokela ho Tšaba Leihlo le ka U Ntšang Kotsi?

MOSALI e mong motsaneng oa Amazon ka bonolo o robatsa lesea la hae betheng. Joale, ka mor’a hore a tlamelle khole e khubelu letsohong la lona le lenyenyane, o tlamella e ’ngoe lethekeng la lona. Haa phethile mosebetsi ona, o emella morao ’me o phefumoloha ka ho phutholoha: “Joale, lesea Ie sireletsehile leihlong le itseng le ka le ntšang kotsi.”

Ho tšaba leihlo le itseng le ka ntšang kotsi ha ho felle feela merabeng ea batho ba Amerika Boroa. Babuelli ba molao ba Italy le bo-rapolasi ba India, hammoho le bo-rakhoebo ba Amerika Leboea le bona, ba tšaba leihlo le ka ntšang kotsi.

Leihlo le ka ntšang kotsi ke eng? Ke tumelo ea hore batho ba bang ba na le matla a ho u ntša kotsi haesita le ho u bolaea ka ho u sheba feela. Ba ka sebelisa chalimo ena e kotsi haeba katleho ea hao e tsosa mona oa bona. Ho feta moo, ho lumeloa hore batho ba bangata ba lokileng ba na le leihlo le kotsi le hore chalimo ea bona e ka ntša ba bang kotsi ba sa rera.

Na le uena u na le tšabo ee? ’Me haeba ho joalo, na tšabo ee ea u thusa kapa e u ntša kotsi?

’Nete Kapa Tšōmo?

Libuka tse ngata tsa litšupiso tabeng ena li hlalosa tšabo ea leihlo le kotsi e le tumela-khoela. E re ka ha tumela-khoela e hlalosoa e le tumelo “e sa theoang lebakeng le utloahalang kapa ’neteng,” batho ba bang ba lumela hore ho tšaba leihlo le kotsi empa e le feela phello ea likelello tse fokolang.

Ha e le hantle, lipale tse ngata tse buang ka leihlo le ka ntšang kotsi ke litšōmo. Ka mohlala, ho tšaba hore batho ba mahlo a pelekaneng, ba nang le lera mahlong a bona, kapa ba qhitsang meokho e ka ’na eaba ba na le leihlo le ka ntšang kotsi ke boikutlo feela bo inahanetsoeng. Kapa ho lumela hore leihlo le ntšang kotsi ke lona le ikarabellang neng kapa neng ha ngoana oa hao a kula, ha khomo ea hao e e-shoa, kapa ha likhoho tsa hao li sa batle ho behela ke taba e sa utloahaleng.

Leha ho le joalo, joalokaha tholoana e thata e patiloe ka tlas’a makhapetla a matenya a coconut, ho na le linnete tse tiileng tse patehileng ka tlas’a lera le letenya la litšōmo tse mabapi le leihlo le ka ntšang kotsi. Kahoo a ke re seheng lera lena la tšōmo ’me re senole linnete tse ling.

Qaleho ea Leihlo le Ntšang Kotsi

Encyclopaedia of Religion and Ethics e arabela ka hore Bababylona ba boholo-holo ba ne ba tšaba tšusumetso ea leihlo le ka ntšang kotsi. Ke mang ea neng a hōlisa tšabo eo? Ke Bababylona ba neng ba sebelisa meea kapa boloi. Ba ne ba tsebisahala ka ho baka bohloko bo tšabehang ka ho loea ka chalimo ea mahlo a bona. Leha ho le joalo, baloi bana ba ne ba sa etse hona ka ho ithatela. Ke mang ea neng a ba fa matla? Ke libōpuoa tsa moea tse bitsoang bademona. Buka The Religion of Babylonia and Assyria ea hlalosa: “Baloi ha ba rata ba ka susumetsa bademona ’me ba behe batho bao ba ba ratang tlas’a taolo ea bademona.”

Ka ho tšoanang Bibele e bua ka mangeloi a ikentseng bademona e le mohloli oa “matla a phahametseng a batho.” (1 Samuele 15:23; 1 Timothea 4:1; Juda 6) Ho phaella moo, Lentsoe la Molimo le lumela hore bademona ba arolelana matla a bona a mabe le batho ba sebelisanang le meea le ba laoloang ke bademona. (Liketso 16:16-18; Tšenolo 22:15) Ka baka leo, batho ba joalo ba khona ho ‘upella,’ ka linako tse ling ba sebelisa mahlo a bona. (Deuteronoma 18:10-12) Ka hona, ka sebele leihlo le ka ntšang kotsi le theiloe linneteng tse ling.

Ka hona haeba u lula sebakeng seo ho sona boupelli ba lingaka e leng karolo ea bophelo ba letsatsi le letsatsi, ha ho makatse ha tšabo ea leihlo le ka ntšang kotsi e lula e le teng ka linako tsohle. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe hore na ho upella ho joalo ho tšosa hakae, ha ua lokela ho kopanela tšabong ea baahelani ba hao. Hobane’ng ho se joalo? Tabeng ea pele, ho tšaba leihlo le ka u ntšang kotsi ho ka u lebisa habonolo boemong ba ho fetoha lekhoba la bademona—ntho eo Bibele e e thibelang. (Bona 1 Ba-Korinthe 10:20, 21.) Taba ea bobeli, u ka iphetlela mokhoeng oa ho itšireletsa liphellong tsohle tsa leihlo le ka ntšang kotsi le ’me ua tlosa mabaka ’ohle a ho tšaba. Ke tšireletso efe eo? Na ke ea ho roala lithatho?

Tšireletso e Sebetsang

Ho arabela lipotso tsena, nahana ka mohlala ona: U ne u tla etsa eng haeba u tšaba hore sefate se seholo se tla oela holim’a ntlo ea hao ’me se e pitle? Na u ne u tla tiisa marulelo a ntlo, u tšepa hore a tla ba matla ka ho lekaneng ho jara boima ba sefate ha se oa? Kapa na u ne u tla kōpa thuso ho ea remang lifate kapa setsebi se nang le tlaleho ea ho rema lifate ka polokeho? Ho rema sefate ho tlosa mohloli oa kotsi ’me kahoo ho felisa tšabo ea hao.

Ka ho tšoanang, ke eng se tla felisa tšabo ea hao haeba ea sebelisang le meea a u tšosa ka hore o tla sebelisa leihlo la hae le ntšang kotsi khahlanong le uena? Na u tla leka ho itšireletsa ka ho roala lithatho molaleng? Kapa na u tla batla thuso ho motho ea nang le tlaleho ea ho fokolisa matla a bademona? Ka ho hlakileng, tsela e bohlale e tla ba ho batla thuso, hobane motho eo o tlosa mohloli oa kotsi ’me kahoo o felisa tšabo ea hao.

Empa joaloka mopesaleme, u ka botsa: “Thuso ea ka e tla tsoa kae?” Tlas’a tšusumetso ea Molimo, oa araba: “Thuso ea ka e tsoa ho Jehova, ea entseng maholimo le lefatše.” Na thuso ea ’Mōpi e kopanyelletsa tšireletso khahlanong le leihlo le ka ntšang kotsi? E, hobane mopesaleme o tsoela pele ho re tiisetsa: “Jehova o tla o sireletsa bobeng bohle”(Pesaleme ea 121) Ho matlafatsa tšepo ea hao matleng a Jehova a ho u sireletsa, nahana ka tlaleho ea hae e susumetsang tšepo e bonoang litšebelisanong tsa hae le bademona.

‘Bademona ba Thothomela’—Hobane’ng?

Mehleng ea Noe, Jehova o ile a leleka mangeloi a sa utloeng litulong tse a tšoanelang ka ho a koalla ‘teronkong’ ea lefifi la moea. (1 Petrose 3:19; Genese 6:1-4) Ka hona, Iekholong la pele la lilemo, Jesu, a sebeletsa e le moemeli oa Molimo, o ile a leleka bademona ba matla ka ho rata. (Mattheu 8:31, 32; Mareka 1:39) ’Me hape, lekholong lena la bo20 la lilemo, Jesu o sebelisitse matla ao a a fuoeng ke Molimo ho leleka Satane Ie bademona ba hae leholimong. (Tšenolo 12:7-9) Kahoo, bademona ba ile ba ithuta ka thata hore matla a bona hase letho ha a bapisoa le matla a Molimo. Empa, ho ntse ho le joalo, Jehova o tla tloha a ekelletsa ho hong tlalehong ena. Haufinyane, Satane le marabele ana a leleketsoeng ntle ba tla lahleloa sekoting ka lilemo tse sekete.—Tšenolo 20:1-3.

Tsebo ena e ba ama joang? Bibele ea senola: “Bademona baa lumela, ’me ba thothomela.” (Jakobo 2:19) Joale, tsebo ena e u ama joang? Na u tla tsoela pele u tšaba bademona bao ba ‘thothomelang’ le mahlahana a bona a batho? Kapa na u tla ‘tšaba Jehova feela’ ka ho tšepa ka ho felletseng tšireletso ea hae e sa bonahaleng leihlong le ka u ntšang kotsi?—1 Samuele 12:24.

Ka sebele, haeba tumelo e u khannela ho tlamolla lithatho tse ’meleng oa hao ’me ua tiisa kamano ea hao le Lipaki tsa Jehova tse sebakeng sa heno, haufinyane u tla kopanela le tsona ho hooeng mantsoe a bara ba boholo-holo ba Kore. Ba itse: “Molimo ke setšabelo sa rōna, le matla a rōna, le thuso e fetisang litsietsing. Ka baka leo, re ke ke ra tšoha.”—Pesaleme ea 46:1, 2; Bapisa Ba-Roma 8:31.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela