Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g89 2/8 maq. 12-17
  • Nka Mamella Leeme la Morabe Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nka Mamella Leeme la Morabe Joang?
  • Tsoha!—1989
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kamoo Bahlaseluoa ba Leeme ba Ikutloang Kateng
  • Ho Mamella Leeme
  • Lefatše le se Nang Khethollo—Le Tla ba Teng Neng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Nka Hlōla Maikutlo a Leeme la Morabe Joang?
    Tsoha!—1988
  • Khethollo—Bothata bo Aparetseng Lefatše Lohle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Nakong eo Leeme le ke Keng la Hlola le E-ba Teng!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
Bala Tse Ling
Tsoha!—1989
g89 2/8 maq. 12-17

Bacha Baa Botsa . . .

Nka Mamella Leeme la Morabe Joang?

Sebaka sa polokelo ea lintho tsa khale se ne se le lik’hilomithara tse seng kae feela ho tloha lapeng habo ’me e re ka ha bashanyana bana ba babeli ba lilemo li 11 ba ne ba ena le chelete e lekaneng feela ea ho kena monyako, ba ile ba khetha ho tsamaea ka maoto.

Hore ba fihle moo ba neng ba e-ea teng, ba ne ba lokela ho tšela seterata se seholo se arohanyang sebaka sa ba batšo le ba basoeu. Ha ba ipea kotsing ea ho tšela sebaka seo ho se letho le lebe le hlahang, ba qala ho phomola le ho thabela letsatsi la lehlabula. Empa ka tšohanyetso ha hlaha sehlopha se seholo sa bacha ba basoeu. Ba tsoka melamu ’me ba bitsa lihlapa tsa bochaba, mokhopi oa qala ho ba lelekisa o hooa, “Ba tšoareng! Ba tšoareng!”

LEEME la morabe. Litlaleho tsa litaba li bontša hore ke bothata ba lefatše lohle. Khethollo phumantšong ea matlo, mosebetsi, le phekolong ea meriana ke litletlebo tse tloaelehileng

Kahoo, u ka ’na ua talimana le leeme la morabe neng kapa neng. Ka mohlala, bacha ba bang ke bahlaseluoa ba leeme sekolong ba rohakoa ka mehla ka lihlapa tsa bochaba, le ho khelloa tlaase ke matichere. “Tichere ea ka e ne e ntšoma ka klaseng,” ho bolela mocha e mong oa Mojode. “O ne a bua ka liketso tsa leeme tsa boholo-holo le litumelo. Hape o ne a ntlhokomoloha ka ho feletseng ka klaseng.” Mocha oa ngoanana ea bitsoang Pamela oa bolela: “Leeme sekolong sa rōna ke seoa hobane nako le nako thapelong ea hoseng ba batšo ba lula ka lehlakoreng le leng la holo ha ba basoeu le bona ba lula ka ho le leng.”

Trena ea lilemo li 15, ngoana oa batsoali ba merabe e fapaneng, hangata o iphumana a tšoasehile tšusumetsong e bonahalang ea leeme. Oa bolela: “Haeba ke etsa setsoalle le ba batšo, joale liithuti tsa ba basoeu li nahana hore ha ke batle ho ba le tsona. Leha ho le joalo, haeba ke etsa setsoalle le liithuti tsa ba basoeu, ba batšo ba nka hore ke inahana ke le ea molemonyana ho ba feta.”

Kamoo Bahlaseluoa ba Leeme ba Ikutloang Kateng

Mohlomong le uena u kile ua tlōlisoa mahlo hore u fumane mosebetsi, ua haneloa ho kena sekolo moo o neng o batla, ua tšoareloa tlaase ka lebenkeleng kapa ka tlung ea ho jela, kapa oa halefisoa ke, lithaka tsa hao. Ha ho le joalo, ua tseba hore leeme le utloisa bohloko. Lucy ea lilemo li 17 oa bolela: “Ruri leeme lea nkhalefisa.” A holetse Spain, Lucy o tseba hantle kamoo leeme le utloisang bohloko kateng. “Leha ke etsa mosebetsi oa ka ’me ke fumana matšoao a matle sekolong, le ka mohla ha ke fumantšoe tlhokomelo. Haeba motho e mosoeu a etsa hantle, tichere ea ka e ea ’mabatsa. Empa ho sa tsotellehe kamoo u sebetsang ka thata kateng, haeba u se mosoeu, ha u e-s’o etse hantle ka ho lekaneng.”

Bacha ba bang ba arabela leemeng ka ho ithōlela. Ngoanana e mong e motšo oa bolela: “Sekolong seo ke kenang ho sona, bongata ke bacha ba basoeu, ’me ke sebelisana hantle le bona. Ba ntšoma, empa ha ke hlile ha ke tsotelle hobane ke se ke tloaetse joale.”

Empa, ba bang ba lumella lipuo tse hlabang le boikutlo bo nyatsang ba bang hore li felise ho itšepa ha bona. Mohlankana e mong oa bolela: “’Mè le ntate e ne e le ba merabe e ’meli e fapaneng. Ha ke ntse ke hōla, ke ne ke khelloa tlaase ka mahlakoreng ka bobeli. Ka baka leo, hona ho ile ha mpakela bohloko bo boholo kelellong le maikutlong. Ke hopola ka linako tse ling ke soabela ’mala oa ka.”

Ho Mamella Leeme

Kahoo, ke ho utloahalang hore, leeme la morabe le ka susumelletsa maikutlo a ho halefa, takatso ea ho iphetetsa, le bokoenehi! “Khatello e hlantša ea hlalefileng,” ho bolela Moeklesia 7:7 (NW.) Empa leha mekha e mabifi ea bofetoheli e ka etsa hore ho hlokomeloe liketso tsa ho hloka toka—mabakeng a mang ebile a fanang ka tharollo e seng kae—histori e bontša hore liphello tsa mekha e joalo ke tsa nakoana. Ka ntle le moo, “hloeo e hotetsa likomang.” (Liproverbia 10:12) Kahoo ho arabela lehloeong ka lehloeo ka tsela e ke keng ea qojoa ho mpefatsa boemo!

Bibele ea bolela: “Ho khopaneng ho ke ke ha inamoloha.” (Moeklesia 1:15) Puso ea batho e khopame ka tsela e hlokisang tšepo. (Jeremia 10:23) Liphetoho tsa ’muso tse fetelletseng haholo li ke ke tsa hlakola lisosa tsa motheo tsa leeme: boithati, meharo, le takatso ea ho iphahamisa. (Bapisa Jakobo 3:13-16; 4:1-3.) ’Me joalokaha maele a bolela: “Leha u ka tebela lehlanya ..., bohlanya bo ke ke ba le tlohela.” (Liproverbia 27:22) Kahoo ho loantša tsamaiso e teng ho hlahisa liphetoho tse nyenyane.

Joale, mocha o lokela ho itšoara joang haa talimane le leeme? Litlhahiso tse ling ke tsena:

Qoba ho arabela ka ho fetelletseng. O utloisitsoe bohloko ke liphihlelo tse fetileng, ka tlhaho u ka sekamela ho arabeleng ntho e ’ngoe le e ’ngoe e bonahalang e ena le leeme. Leha ho le joalo, Bibele ea lemosa: “U se ke ua phaka oa halefa pelong ea hao, hobane khalefo e ee e hanelle sefubeng sa maoatla.” (Moeklesia 7:9) Kahoo nka hore ba bang ba nepile. Mohlomong taba e khōlō hase hlile hase morabe.

Utloisisa mofuta oa leeme. Liproverbia 19:11 ea bolela: “Maele a motho a mo etsa ea sebete.” Leka ho utloisisa hore batho ba bang ba hōtse ka leeme ho tloha bonyenyaneng. (Bona “Nka Hlōla Maikutlo a Leeme la Morabe Joang?” tokollong ea Tsoha! ea November 8, 1988.) Hape ho ka thusa ho bua taba le motho e moholo ea utloisisang, mohlomong batsoali ba hao.

Hape, hopola hore “lefatše lohle le rapaletse ka tlase ho e mobe” le hore Satane ‘o foufalitse likelello tsa ba sa lumelang’ e le hore a ka arola batho. (1 Johanne 5:19; 2 Ba-Korinthe 4:4) Ka ho hlokomela hore likelello tsa batho li bokhobeng, u ka utloela ba etsang lintho ka ho se tsebe bohloko.

U se ke oa “busetsa bobe ka bobe.” Ho ba mohlaseluoa oa lihlapa tsa bochaba kapa ho “tšehoa” ho seng hotle ka baka la bochaba ho ka tsosa maikutlo a matla. Ngoana ea lilemo li 16 ea bitsoang Tara oa hopola: “Ke ile ka kena sekolong seo ho sona bongata e neng e le ba basoeu. Bana ba ne ba sebelana—empa ba bua haholo hore ke utloe—mefuta eohle ea lihlapa tsa bochaba.” E ka ba ho lekang haholo ho iphetetsa. Empa hopola: Bao ba buang lipuo tse bohloko hangata ba batla hore u halefe ’me u iphetetse, ba batla lebaka la ho u otla kapa ho u rohaka ho tsoela pele. Liproverbia 14:17 e bua hantle ha e re: “Motho ea bohale o etsa ka booatla.”

Kahoo leka ho lula o pholile moeeng. Hopola a mantsoe moeletsi ea bohlale oa boholo-holo: “U se ke ua mamela ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo batho ba e bolelang.” (Moeklesia 7:21, Today’s English Version) “Haeba ruri ke ile ka ba mamela, ba ka be ba mpherekantse. Empa ha kea ka ka lumela hore ho be joalo,” ho hopola Tara. Kahoo hatella maikutlo a ho “busetsa bobe ka bobe.” (Ba-Roma 12:17) “U se ke ua fetola lehlanya ka bohlanya ba lona, e se re mohlomong le uena ua tšoana le lona,” ho eletsa Bibele. (Liproverbia 26:4) ‘Ho sekeha lerama le leng’ ka ho hlokomoloha ho tšoaroa hampe hase bokoala empa qetellong, ke ntho ea bohlokoa haholo e ka etsoang. (Mattheu 5:39) Hamorao bahlorisi ba hao ba ka khathala ka liketso tsa bona tsa bongoana. ’Me “mollo o tima ke ho hlokeha ha patsi.”—Liproverbia 26:20.

Tseba nako ea ho bua. Hase liketso tsohle tsa leeme tse lokelang ho mamelloa ka ho thola. Ho na le ‘nako ea ho khutsa le nako ea ho bua.’ (Moeklesia 3:7) ’Me ho ka ba bohlale ho uena ho nka mehato ea ho itšireletsa. Ke ka lebaka leo Tara a ileng a bolella batsoali ba hae ka tšoaro e mpe eo a neng a e fumana. Hamorao o ile a tseba ho ea sekolong se seng. Boemo bo bong bo ka kopanyelletsa motho eo ka mehla a u halefisang ka ho etsa liteko tsa bochaba ho uena. Mohlomong motho eo haa hlile haa ananele kamoo lipuo tse joalo li leng mpe kateng. Ho buisana le eena ka tsela e mosa le e bonolo ho ka lokisa taba.

Se ke ua lahleheloa ke ho itšepa. Haeba ba bang ba u khella fatše, le ka mohla u se ke ua lebala hore Molimo o ‘balile liqoba tsa moriri oa hlooho ea hao’ le hore o u nka u le oa bohlokoa mahlong a oona. (Mattheu 10:30) Haha ho itšepa ha hao, e seng holim’a likhopolo tsa bacha ba se nang bomolimo, empa ka ho ba le botsoalle bo tiileng le Molimo. (Bapisa 1 Ba-Korinthe 1:31.) Matšoao a hao a u khethollang a bochaba, ao e ka bang lebaka la tlhaselo ea litšomo tsa lithaka tsa hao, ke pontšo ea pōpo e khōlō ea Molimo o ‘entseng mefuta eohle ea batho ka mali a le mang.’—Liketso 17:26.

Ka ho hlakileng, ke Jehova feela ea ka tlisang mokhatlo oa batho “o sa laoloeng ke ’mala,” e leng hoo a tla ho etsa haufinyana ka ’muso oa hae oa leholimo. (Daniele 2:44) Khabareng, sebelisa melao-metheo ea Bibele ha molemo kamoo u ka khonang ’me u leke ho mamella boemo bona. Thabela botsoalle liphuthehong tsa Lipaki tsa Jehova, moo u ka bang le batho ba sebetsang ka thata ho felisa leeme la morabe ho bona. Se ke ua tsila-tsila ho kōpa Ntate oa hao oa leholimo ho u thusa ha lintho li eba boima. Lucy e monyenyane oa bolela: “Ke lokela ho rapela haholo hore ke mamelle leeme. Empa ha ke se ke lokela ho le mamella, kea rapela, ’me kea tseba hore Jehova o na le ’na.”

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Bacha ba bang ba nahana hore baa hlokomolohuoa sekolong ka baka la leeme la morabe

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela