Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g89 6/8 maq. 14-17
  • Karolo 10: 537 B.CE. ho ea pele—Ho Ntse ho Lebelletsoe Messia

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Karolo 10: 537 B.CE. ho ea pele—Ho Ntse ho Lebelletsoe Messia
  • Tsoha!—1989
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Phehella Tšepo ea Messia
  • Balisa ba sa Tsotelleng le Karohano ea Bolumeli
  • Bojode bo se Nang Tempele, le Boprista
  • Tšepo ea Messia ea Qhalanngoa
  • Bojode Ho Batla Molimo ka Mangolo le Neano
    Moloko oa Batho o Batla Molimo
  • Leseli le Felisa Nako ea Lefifi
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Masada—Na e ne e le Bopaki ba Hore Messia o Tlile?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Molao oa Molomo—Ke Hobane’ng ha o Ile oa Ngoloa?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
Bala Tse Ling
Tsoha!—1989
g89 6/8 maq. 14-17

Bokamoso ba Bolumeli ha ho Talingoa Liketsahalo Tsa Bona Tse Fetileng

Karolo 10: 537 B.CE. ho ea pele—Ho Ntse ho Lebelletsoe Messia

‘Tokelo ea boikhethelo e mpa e le lepetjo feela haeha bokamoso bo sa tšepise.”—John F. Kennedy, mopresidente oa bo35 oa United States

LILEMO tse mashome a supileng tsa botlamuoa Babylona li ne li fetile! Mohapi oa Babylona Cyruse, morena oa Persia, o ile a lumella Bajode ho khutlela hae. Empa hang feela hoba ba fihle Lefatšeng la Pallo (537 B.C.E.), tšepo ea bona ea ho thabela tokelo ea boikhethelo e le sechaba se lokolohileng ha ea ka ea phethahala. Ba ne ba se na morena, ’me ka pelenyana taolo ea lipolotiki ea marena a bona e ile ea fifatsoa ke taolo ea bolumeli ea moprista e moholo, ea ileng a qala ho talingoa e le hlooho ea sechaba.

Ho Phehella Tšepo ea Messia

Ho ea ka The Concise Jewish Encyclopedia, ebile nakong ena moo khopolo ea Messia e ileng ea hōla, “’musi ea phethahetseng oa kamoso [eo] e neng e sa tlo ba feela ’musi ea ‘tlotsitsoeng’ empa eo hape e neng e tla ba ’musi ea neng a tla felisa lira tsa Iseraele le ho tlisa nako e phethahetseng ea khotso le phetheho.”

Lekholong la bonè la lilemo B.C.E., ka khapo, Alexander e Moholo o ile a bokella Bajode matsohong a hae. Empa ka ho hlakileng e ne e se Messia eo ba neng ba mo lebelletse, esita leha ’muso oa hae o bile le tšusumetso e matla haholo lefatšeng la bona, setsong, le bolumeling ba bona.

Ka mor’a lefu la Alexander, Palestina e ile ea sala e le matsohong a Greece, pele ka tlas’a bo-Ptolemy ba Egepeta ’me hamora ka tlas’a bo-Seleucide ba Syria, masika ao ka bobeli a ileng a hlongoa ke bahlahlami ba Alexander. Ha tšusumetso ea Greece e ntse e hōla, Bajode ba tsebisahalang le ba leng boemong bo phahameng ba ile ba qala ho talima meetlo le litloaelo tsa Bojode li fetiloe ke nako. Ba neng ba etelletse pele e ne e le lelapa la Tobiade, ea ileng ea thusa Menelause, eo ho bonahalang e ne e le e mong oa beng ka bona, ho ba moprista e moholo nakong ea puso ea morena oa Seleucide Antiochus IV Epiphanes (175-164 B.C.E.). Sena ba se entse, leha Menelause e ne e se oa ntlo ea leloko la boprista ea Tsadoke, eo e neng e le moprista e moholo tempeleng ea Salomone. Tšusumetso ea Greece e ile ea eba matla hoo mekete ea bolumeli ea Bajode e ileng ea felisoa ka molao ’me tempele ea fetoloa tempele ea Magerike!

Ka 167 B.C.E., moprista oa Mojode Mattathiase le bara ba hae ba bahlano, bao ka tloaelo ba neng ba bitsoa Maccabees, kapa Mahasmon, ba ile ba rabela. Phetohelo ea Maccabees, eo pele e neng e le ea bolumeli, kapelenyana e ile ea fetoha ntoa ea lipolotiki ea tokelo ea boikhethelo ba Bajode. Ka 165 B.C.E., tempele e ile ea hapuoa hape hore e khutlele taolong ea bona le ho neheloa hape, e leng ketsahalo eo kajeno Bajode ba e ketekang selemo le selemo ka mokete oa borobeli oa mabone o bitsoang Hanukkah. Empa Messia o ne a ntse a e-s’o bonahale.

Balisa ba sa Tsotelleng le Karohano ea Bolumeli

Nakong ena, “baprista ba ne ba sa etella pele feela linthong tsa moea le tsa kahisano, empa ba ne ba etsa sehlopha se matla le se ruileng haholo Jerusalema, lipolotiking le moruong,” ho hlalosa Pictorial Biblical Encyclopedia, ea Sejode. Leha ho le joalo, baprista ba ile ba nka maemo a phahameng haholo ’me ba se ke ba tsotella ho phethisa mesebetsi ea bona ea bolisa, hoo batho bao e neng e se baprista ba ileng ba qala ho ba nkela sebaka sa ho hlalosa Molao le ho ahlōla. Banna bana, ba neng ba tsejoa ka hore ke bangoli, ba ne ba le bohlale ho fumana monyetla oa bolotsana bakeng sa morero oa batho oa ho fetola Molao.

Nakong eona ena, bolumeli ba Bajode bo ile ba khaohana ka lihlopha tse loantšanang. Bafarisi ba ile ba ruta hore Molimo o file Iseraele molao o habeli, karolo e ngotsoeng le karolo ea molomo. Ke motheong oa molao ona oa molomo ba ileng ba hlokomela ho behoa ha lesika la moprista e moholo ka molao ekasita le ka mor’a hore lesika la moetlo le fele. Ka lehlakoreng le leng, Basadduse ba neng ba latola ho ba teng ha molao oa molomo, ba ile ba bolela hore ke feela ngoana oa Tsadoke ka ho toba ea neng a ka sebeletsa e le moprista e moholo.

Lebitso “Mofarisi” le tsoa lentsoeng le bolelang “karohano” kapa “khethollo.” Ba bang ba bolela hore le ne le sebelisoa ke lira tsa bona ho ba tšoaea e le bakhelohi. Ba bang ba re le bolela boemo bo “khetholohileng” boo ba neng ba le ho bona, ba ho ikarola ho ‛am ha·’aʹrets (batho ba naha), bao ba neng ba ba nka ba sa hloeka. Bafarisi ba ne ba ena le boikutlo bo fetelletseng ba ho iketsa baloki ho bolokeng ha bona molao o ngotsoeng le oa molomo. Ho ka etsahala hore ka ho tšoanang boikutlo bo tiileng ba Basadduse mabapi le molao o ngotsoeng “ha boa hlaha maikutlong leha e le afe a khethehileng ka bolumeli, empa e ne e le sebetsa sa lipolotiki seo ka sona ba neng ba loantša mebuso ea molao ea Bafarisi,” ho ngola mongoli oa Mojode Gaalyahu Cornfeld.

Baessene, sehlopha se seng sa bolumeli, ho bonahala se hlahile ka nako e tšoanang. Ba ile ba ikarola ho boprista ba molao, ba hana ho ba le karolo litšebeletsong tsa bolumeli le mahlabelo a tempeleng, empa leha ho le joalo ba ne ba khomaretse haufi-ufi Molaong. Joaloka Bafarisi, bao ba neng ba tšoana le bona ka litsela tse ngata, ba ile ba fetoha bahlaseluoa ba Greece, ka ho lumela tšusumetso ea moea o sa shoeng.

Ho ka etsahala hore sehlopha sena se ne se ena le litho tse ka bang 4 000, tseo kaofela e neng e le banna ba hōlileng, bao bongata ba bona e neng e le masoha. Ba ne ba lula matlong a sechaba a neng a le metseng e arohileng Palestina. Encyclopcedia Judaica e bua ka mokhoa oa bona oa ho lokisa litaba ka ntoa oo ho nahanoang hore ba ne ba ena le ’ona, ’me e bolela hore “ho ka etsahala hore o ne o tšoana le oa Lipaki tsa Jehova tsa kajeno.” Empa ho hlakile hore Baessene ba ne ba hlile ba sa boloke ho se nke lehlakore ho tiileng hoo Lipaki tsa Jehova li ho bolokang kajeno. Pictorial Biblical Encyclopedia ea Sejode e bolela hore Baessene “ba ile ba loana ka sebete bofetoheling ba bona khahlanong le Roma, ’me baeta-pele ba bang ba ne ba bile ba etsoa mekheng ea bona.” Rahistori oa Mojode Josephus o bua ka moeta-pele e mong ea joalo—‘John ea itseng oa Moessene’ ea sebelelitseng e le moeta-pele oa Bajode phetohelong ea 66 C.E.

Meqolo ea Leoatle le Shoeleng, e fumanoeng ka 1947, e fana ka boitsebiso ka sehlopha sa bolumeli sa Qumran, seo liithuti tse ling li nahanang hore se ne se tšoana hantle le sa Baessene. Empa ha e le ka tlhahiso ea hore Johanne Mokolobetsi le Jesu e ne e le ba sehlopha sena, kapa bonyane ba ne ba susumelitsoe ke sona, The New Encyclopcedia Britannica e re: “Litsekisano tsa bohlokoa . . . li hanyetsa tlhahiso ena.” Ho na le “phapang ea motheo pakeng tsa sehlopha sa Qumran le Johanne Mokolobetsi . . . [hammoho le] phapang e khōlō haholo pakeng tsa lipono tsa sehlopha sena le litekanyetso tsa tšebeletso ea Jesu, molaetsa oa hae oa pholoho, kutloisiso ea hae ka thato ea Molimo . . . le, haholo-holo, tšobotsi ea bohlokoa ea molao oa hae oa lerato le botsoalle ba hae le baetsalibe le batho ba lelekiloeng sechabeng.”

Ha e le hantle, sehlopha se seng le se seng sa bolumeli ba Bajode se ne se loantša Johanne Mokolobetsi le eo a neng a ’molela e le Messia. Ho ena le hore ba lumele molaetsa oa Johanne, baprista ba bangata, joalokaha Josephus a bolela, ba ile ba fetohela ho Bozealot, sehlopha sa bafetoheli sa Bajode se neng se sekametse boikhethelong. Ka mashome a lilemo lihlopha tse kang sena, tse neng li loantša ’muso oa Roma o neng o nketse oa Greece sebaka ka 63 B.C.E., li ile tsa tsoela pele ka liketso tsa botšosi. Qetellong ka 66 C.E., li ile tsa rabela phatlalatsa. Sena se ile sa lebisa tšenyehong ea tempele ea Bajode le boprista ba bona. Tšepo ea Messia e ile ea fifala.

Bojode bo se Nang Tempele, le Boprista

Makholo a lilemo pele ho mona, nakong ea ho isoa ha Babylona botlamuoeng, kapa kapelenyana ka morao ho eona, khatello e khōlō e ile ea beoa ho fumaneng tsebo ea Molao. Litsi tsa thuto, tse neng li tsejoa e le masinagoge, li ile tsa ahoa, ’me ka morao ho moo tempele e ne e eteloa feela ka linako tse khethehileng le ka morero oa ho nyehela mahlabelo. Kahoo nakong ea lekholo la pele la lilemo C.E., e ne e le ntho e tloaelehileng ho rapela masinagogeng. ’Me, ka mor’a tšenyeho ea tempele ka 70 C.E., ho bonahala masinagoge a ile a talingoa a nketse tempele sebaka.

Joale khatello e ile ea tlosoa boemong ba ho hlokahala ha boprista ’me ea isoa ho baruti ba neng ba tsejoa e le bo-rabbi. Basadduse ha ea ka ea hlola e e le sehlopha se nang le tšusumetso, ’me Baessene ba ne ba felile, kahoo Bafarisi ba ile ba hlahella e le baeta-pele ntle ho khang. Ellis Rivkin oa K’holeje e Kopaneng ea Baheberu o hlalosa tšusumetso eo ba bileng le eona. “Molao oa Bafarisi oa molomo o ile oa hlahisa Mishnah [meetlo ea Bajode], Sehlopha sa Bolaoli sa Palestina le Babylona, baetapele ba Bajode le liithuti tsa bolumeli le liqeto tsa mehleng ea boholo-holo, le ea kajeno, tse entsoeng ke sehlopha sa balaoli sa bo-rabbi le litsamaiso tse fapaneng tsa molao oa Bajode.” The New Encyclopcedia Britannica ea phaella: “Ekasita le kajeno lihlopha tse fapaneng tsa Bajode, ebang ke tsa Orthodox, tsa Boholo-holo, kapa tse Nchafalitsoeng, kaofela li bolela boemo ba tsona ba moea bo tsoa ho Bafarisi le ho lihlopha tse hlalefileng tsa bo-rabbi.”

Tšepo ea Messia ea Qhalanngoa

Esita le pele ho 70 C.E., Bajode ba limillione ba ne ba lula ka ntle ho Palestina, haholo-holo Syria, Asia Minor, Babylona, le Egepeta. Leha ho le joalo, ka morao ho 70 C.E., Bajode leha e le bafe ba neng ba setse ba ile ba ntšoa naheng eo ka ho felletseng, ba qhalanngoa ho qala bophelo ba diaspora, lentsoe la Segerike le bolelang “ho qhalana.” Ekasita le mona, ba bangata ba ile ba boloka tšepo ea bona ea tokelo ea boikhethelo ka tlas’a Messia ea neng a tla tla. Moeta-pele oa Bajode Bar Kokhba o ile a ipaka e le Messia oa bohata, ka hore ka ntle ho katleho a etelle pele borabeleng khahlanong le Roma ka 132 C.E. Ho ea ka The Jewish Encyclopedia, bo-Messia ba joalo ba bohata ba 28 ba ile ba hlaha pakeng tsa nako eo le 1744 C.E.

Kahoo, mohlomong ka ho utloahalang, tšepo ea Messia e ile ea ferekanngoa. Encyclopcedia Judaica ea hlalosa: “Likhopolo tsa Bojode tsa Mehleng e Bohareng ha lia ka tsa amohela khopolo e utloahalang, le e kopaneng ea Messia, ho tsoa mehleng ea boholo-holo . . . ’me lingoliloeng tsa meetlo le melao ea Bajode li ne li kopanyelletsa maikutlo a loantšanang.” Pelenyana lekholong la bo12 la lilemo, mofilosofi oa Mojode Moses Maimonides o ile a phea khang ka hore puso ea Messia mohlomong e ne e mpa e le setšoantšo sa mokhatlo o phahameng oa batho. Lekholong la bo19 la lilemo, Bajode ba Nchafalitsoeng “ba ile ba tlohela ho lumela nakong ea Messia ’me ba lumela ho Messia oa motho. . . . Tšepo ea Messia e ile ea senngoa ke ho kopanngoa le meetlo ha Bajode ba neng ba tsoa botlamuoeng ba khutlela Sione.”

Nakoana pele ho mona, mokhatlo oa Haskalah (Tsebo) Europa o ile oa ferekanya taba ena le ho feta. O ile oa hōlisa Bojode bo neng bo ikemiselitse ho lumellanya tsela ea bona ea bophelo le ea Bophirimela. O ile oa thusa ho arola Bajode e le ba talimang boikhethelo lehaeng le theiloeng hape la Bajode ka tlas’a Messia e le ntho ea bohlokoa, le ba nahanang hore kopano bophelong ba naha eo ba tsoaletsoeng ho eona e ne e le ea bohlokoa haholo.

Mehato ena, hammoho le ho hōla ha lehloeo pakeng tsa Bajode li ile tsa bula tsela bakeng sa ho hlaha ha Bosione ba kajeno, bo neng bo etelletsoe pele ke Theodor Herzl bofelong ba lekholo la bo19 la lilemo. Kajeno, ka ’Mesa 1984, lilemo tse 41 pele ho khoeli eo ka eona ho sibollotsoeng Naha ea Iseraele ka eona, Bajode ba thabela tokelo ea boikhethelo e le sechaba sa Bajode lehaeng la Bajode leo a le boneng ponong. Na tšepo ea bona ea Messia e ne e phethahetse?

Ha ho le joalo, ke hobane’ng ha Bajode ba bang, ho ea ka The Times ea London, ba bona “ho se hloeke Bosioneng ho ileng ha fetoha ntho ea sebele ka mor’a ho tsoaloa ha Iseraele”? Ke hobane’ng ha rahistori ea seng a shoele Theodore H. White, e le Mojode ka boeena, a lumetse ka ho toba: “Ho na le mekha e mengata ea Bajode, e loantšanang, . . . joaloka Boprotestanteng”? Ke hobane’ng ka 1987 ha makasine oa Time, ha o ne o lebisa tlhokomelo lihlopheng tse loantšanang tsa bolumeli sehlopheng se nang le litho tse 120 sa lipolotiki sa Iseraele, Knesset, o ngotse: “Litharollo tsa nako e telele li lokela ho fumanoa haeba Iseraele . . . e sa tl’o fetoha ntlo e ikarolang ka mokhoa o bolaeang”?

Tokelo ea boikhethelo ea kajeno ea Bajode e fana ka tšepo e fokolang ea bokamoso. Ka ho tšepela lipolotiking tsa batho ho phethahatsa tšepo ea bona ea Messia, Bajode ba hlokomolohile mantsoe a mengolo ea bona e halalelang: “Ho molemo ho balehela ho MORENA ho ena le ho tšepa motho.... U seke ua beha tšepo ea hao ho likhosana, kapa ho mora oa motho, ea se nang thuso.”—Pesaleme 118:8; 146:3, The Holy Scriptures, e hatisitsoeng ke Mokhatlo oa Libuka tsa Bajode oa Amerika.

Ho fapana le bothata boo Bajode ba bangata kajeno ba nang le bona ba ho khetholla tšepo ea Messia, baholo-holo ba bona ba bangata morao koana lekholong la pele la lilemo C.E. ba ne ba se na bothata bo joalo. (Bona Johanne 1:42.) Ba ile ba fetoha balateli ba Eo ba neng ba mo amohela e le Messia, ’me ba fetoha babuelli ba mafolofolo ba bolumeli boo ka nepo re ka bo bitsang “Tsela ea Tumelo, Tšepo, le Lerato.” Sehlooho sa rōna se latelang se tla hlalosa.

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Lerako la Bophirimela, leo ka tloaelo le bitsoang Lerako la Mahlomola, ke lona feela leo Bajode ba neng ba setse ka lona tempeleng ea bona e halalelang, e sentsoeng ka 70 C.E.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela