Bacha Baa Botsa . . .
Na Lerato le Joalokaha le le Lipineng Tsa Lerato?
LIPINA tsa lerato—lipina tse tlotlang lerato la ’nete, lipina tse llelang lerato le lahlehileng—ke tse tloaetsoeng ho hasoa ka maqhubu a seea-le-moea. ’Me ho sa tsotellehe hore na mokhoa oa tsona, ebang ke ’mino o morethetho, oa blues, oa soul, oa pop, kapa oa rock, o tloaelehile haholo har’a bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20. Lebaka ke lefe?
Lipina tse ngata li na le tšusumetso e matla ea ’mino—molumo o monate, mantsoe a sithabetsang pelo, merethetho e batlang ho tantšetsoa. Li hapa maikutlo le ho tsosa boikutlo bo robatsang ba lerato. Mocha ea bitsoang Rusty o bolela hore: “Haeba ke ntse ke bua le kharebe ea ka ka fonofono ka boemo bo itseng bo thata ’me mantsoe a sa tsoe, pina e monate ea lerato e llelang fatše e ’neha boikutlo bo monate, ’me mantsoe a itlela feela habonolo.”
Leha ho le joalo, ho rateha ha lipina hase feela hore ho bakoa ke molumo o monate. Ha u sa le mocha ea ka tlaase ho lilemo tse 20, u ntse u ithuta ho laola litakatso tsa hao tsa botona kapa botšehali. Ka ho ameha ka ho teba ka sephiri sa lerato le litaba tsa lerato, u ka rata habonolo lipina tse buang ka monate le bohloko ba ho laetsana le ho hlalana. Joalokaha mongoli e mong a hlalosa, ka lipina tsa lerato, bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20 “ba ka latsoa hanyenyane seo ho ratana ho leng sona, ’me kahoo ba ithuta ’nete ka menate le masoabi a tlisoang ke lerato.”
Bacha ba bang, ba hloka tsebo ka litsela tsa lerato hape mohlomong ba sa kholiseha ka matla a bona a ho hlalosa maikutlo a bona, ba retelehela lipineng tsa lerato ho fumana mantsoe a loketseng ao ba tla a bua ho eo ba mo ratang. Bacha ba bang ba lumela hore ba ile ba leka ho hapa lerato la ba batona kapa ba batšehali ka lipoleloana tse nkiloeng ka ho toba lipineng tse ratoang haholo. Empa ke ka tekanyo e kae lipina tsa lerato li rutang bacha ka lerato?
Lithuto Tsa Lipina Tsa Lerato
Nahana pele ka e ’ngoe ea lipina tse ntle haholo tsa lerato tse kileng tsa ngoloa. E bitsoa Sefela sa Lifela, ke tlaleho ea Bibele ea ngoanana e motle oa Moshulame le lerato la hae ho molisana. Lerato la bona le ne le sokeloa ke Morena Salomone, eo, ka khanya ea hae e phatsimang, bohlale le leruo, a neng a leka ho utsoa pelo ea moroetsana enoa—empa a hlōleha. Lerato la hae le ile la ipaka hore hase le sa tieang. Ngoanana e mocha a re: “Poulelo e thata joale ka nģalo ea bafu; malakabe a lona ke malakabe a mollo, ke khabo ea Jehova.”—Sefela sa Lifela 8:6.
Na ka ho tšoanang lipina tsa mehleng ena tsa lerato li hōlisa pono e phahameng, le ea sebele, ea lerato? Ka ho fapaneng. Mongoli Sally Helgesen o hlokomela hore lipina tsa lerato li “hōlisa haholo maikutlo a lerato le ho a hlokofatsa, ’me lerato” ka mehla le fumana “litharollo tse phethahetseng.” Ka bomalimabe, ‘liqeto tse phethahetseng’ ke tse seng kae bophelong ba sebele, ’me ea li batlang o ipiletsa masoabi. Esita le tlhaloso e phahameng ka bokheleke ea Morena Salomone e ile ea hlōleha ho ikhapela lerato la ngoanana oa Moshulame! Helgesen oa phaella: “Lipina tsena li etsa toro [e hlokang sebōpeho] ea bophelo bo boholo boo ho bona takatso ea lerato e kopetsang maikutlo ’ohle a mang le boikarabelo bo sa hatelleng mang kapa mang.” Hape, ke ho hong ho fapaneng le bophelo ba sebele.
Moprofesa oa libuka tsa ’mino Univesithing ea New York, Sheila Davis, o bolela hore lipina tsa lerato li kenya khopolo ea hore boitlamo bo “fetiloe ke nako.” Hape khopolo e ’ngoe e tloaelehileng lipineng tsa lerato ke ea hore lerato le itlhahela ka ho panya ha leihlo. Pina e ’ngoe e ratoang e boletse hore lerato le ile la hlaha “kapele” ka mor’a “tumeliso ea ho qala” le “ho bososela.” Ka hona lipina tsa lerato li ruta hore lerato le sefofu, le hlokomela matla empa le hana ho bona bofokoli bo totobetseng.
Thuto e joalo e molemo hakae? Nahana: Na ho khahloa ke motho ka lekhetlo la pele e ka ba motheo oa sebele oa kamano e sa feleng? Le hanyenyane. Hlokomela kamoo Bibele e hlalosang lerato la ’nete: “Lerato le na le mamello le mosa . . . Lerato ha le mekhoa e mebe kapa ha le ikhohomose kapa ha le halefe . . . Lerato ha ho mohla le felloang ke tšepo; ’me tumelo ea lona, tebello, le mamello ha ho mohla li hlōlehang. Lerato ke la ka mehla.”—1 BaKorinthe 13:4-8, Today’s English Version.
Ka hona lerato la sebele ha le tle ka ho panya ha leihlo, kapa leha e le hore le kopanyelletsa feela litakatso le maikutlo. Lerato le hōlileng le na le mahlo; le bona matla empa ha le hlokomolohe bofokoli. Lerato la sebele le nka nako ho hōla ha motho a ntse a bokella tsebo ka botho le litšobotsi tsa motho e mong—“motho ea ka sephiring, e leng oa pelo.” (1 Petrose 3:4) Lerato la ’nete ha le tšabe boitlamo; le lula le bolokile kamano le ho sebeletsa ho e ntlafatsa esita leha lintho li se monate. Lerato la sebele le fapane hakaakang le lerato leo hangata le hlalosoang lipineng!
Mantsoe a ’Mino a Hlalosang
Lipina tsa lerato le tsona li bonahala li lekanya lerato le likamano tsa botona le botšehali—thuto ena e ’nile ea rutoa ka sebete se tšosang mehleng ena. Ke ’nete hore lipina tsa lerato tseo batsoali ba hao kapa esita le nkhono le ntate-moholo ba kileng ba li tantšetsa ho ka etsahala hore mona le mane li ne li e-na le mantsoe a tsosang maikutlo a mabe a boitšoaro. Empa lipina tse ngata tsa mehleng ena ha li pate letho tabeng ena. Sheila Davis ea boletsoeng pelenyana, o re: “Eseng feela hore mantsoe a hlalosang a ’mino a nkela a neng a patehile sebaka, le hore ho ekellelitsoe mokhoa oa ho pholla litho tsa botona kapa botšehali ho li khotsofatsa le likamano tse [litšila] tsa botona le botšehali, empa mantsoe a ’mino a kopanyelletsa likamano tsa botona le botšehali pakeng tsa batho
ba atamelaneng ka mali.” Lifeme tse ngata tsa U.S. hajoale li lumetse ho ngola temoso lirekotong tse nang le ’mino o hlalosang ka botebo likamano tsa botona le botšehali kapa pefo.
Leslie ea lilemo li 16 o tseka hore: “Mantsoe a ’mino ha a bohlokoa haeba u ka tseba ho tantša nakong ea ’mino. Ha ke lumele hore ho na le letho le senyang motho leha e le ofe. Ke ’mino feela. Litsebi ha li lumellane le eena. Ho mamela ’mino o tšoanang o pheta-phetang taba e tšoanang ho nolofatsa mehopolo ea botona le botšehali,” ho boletse mofuputsi e mong. Na u kile ua iphumana u pheta mantsoe a litšila a ’mino, joalokaha ho etsa batho ba bang, kahobane u a utloile nako le nako? (Ba-Efese 4:29) Ngaka Joseph Stuessy, moprofesa oa ’mino Univesithing ea Texas, San Antonio, oa lemosa: “Mofuta leha e le ofe oa ’mino o ama maikutlo a rōna, litakatso, boitšoaro le qetello ea boitšoaro ba rōna.”—Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.
Na ho ne ho tla be ho le hotle ho mamela kapa ho bina mantsoe ao ka ho totobetseng a hlalosang kapa a hōlisang boitšoaro bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali? Na ho etsa joalo ho ke ke ha senya pono ea hao ka boemo bo loketseng ka likamano tsa botona le botšehali lenyalong?—1 Ba-Korinthe 7:3-5.
‘Nako ea ho Rata’
E ’ngoe ea lithuto tse fosahetseng le tse kotsi tse rutoang ’minong o ratoang haholo ke hore bacha ba loketse ho kopanela likamanong tsa botona le botšehali. Ke ’nete, ho na le ‘nako ea ho rata’—empa mona Bibele ha e bue ka lerato le litšila la likamano tsa botona le botšehali. Ha e le ka lerato la lenyalo, na ka sebele nako ee ke e u loketseng? Na ha ho bonahale e ka ba lilemo tse ’maloa ho tloha hajoale, ha u tla be u le moholo ka ho lekaneng? (Moeklesia 3:8) Haeba u sa le tlaase lilemong, na hoa utloahala hore u tsose takatso e matla bakeng sa ho hong hoo u ke keng oa ho fumana?
Bacha ba bang, kahobane ba se na tsela ea ho ntša maikutlo a bona a lerato, ba fetoha ba tšoasitsoeng lefatšeng la litoro tsa lerato. Ba bang “ba ratana” le libini tse tummeng, ba nka hore lentsoe le leng le le leng le monate le binoang le sebeloa litsebeng tsa bona. Ba bokella lialbamo tsohle tsa ’mino le litšoantšo tsa sebini ’me ba lora ba kene lenyalong le sona. Empa phello feela ea mohopolo o joalo e ka ba masoabi le bohloko.
Sefela sa Lifela se ruta thuto e ’ngoe e bohlokoa. Ka ho lakatsa ho utsoa botšepehi ba Moshulame ho molisana oa hae, a phehella metsoalle ea hae hore ‘e se tsose lerato ka ho eena’ bakeng sa Morena Salomone, ea neng a batla lerato la hae. (Sefela sa Lifela 2:7) A tseba matla a hoo, o ile a hana ho mamela puo e ka ’nang ea ama hampe maikutlo a hae. Tsela e tšoanang e ka ipaka e le bohlale ho uena ha u khetha ’mino. Ke hobane’ng ha u sa qobe ’mino o tsosang litakatso tse litšila tsa lerato kapa o etsang hore u ikutloe u hlomohile hape u le bolutu?
Hopola: ’Mino ke mpho e tsoang ho Molimo. ’Me u ka kholiseha hore ha a thabisoe ke ’mino o theolang le o senyang boitšoaro, o khopamisang litšobotsi tsa Bokreste kapa o khothalletsang boitšoaro bo hlephileng. Ka baka leo, bacha ba Bakreste ba lokela ho ba seli ha ba khetha ’mino. Scott ea lilemo li 19 o re: “Pele ke reka rekoto kapa k’hasete, ke hlahloba sekoahelo hore ke fumane mohopolo ka mantsoe a lipina tse ka hare. Haeba e le tse tsosang takatso e mpe ea boitšoaro, ha ke e reke.”
Lerato ha le kamoo le utloahalang kateng lipineng tsa lerato. U tla ithuta ’nete ena ka linako tse ling ka liphihlelo tse bohloko tsa bophelo. Hape hopola hore ’mino o monate ha o nke sebaka sa metsoalle ea sebele. Ho fapana le ho itšehla thajana lefatšeng la litoro la ’mino, senya nako u na le batho—batsoali ba hao, bacha ba tšabang Molimo, le Bakreste ba hōlileng moeeng. (Liproverbia 18:1) Botsoalle bo joalo bo tla fella ka ho ikutloa u ratoa ka tsela e ntle—e leng boikutlo bo fetang hōle mehopolo ea lipina tsa lerato.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 19]
“Mofuta leha e le ofe oa ’mino o ama maikutlo a rōna, litakatso, boitšoaro le qetello ea boitšoaro ba rōna”
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Na lipina tsohle tsa lerato li hlalosa bophelo ba sebele ka mantsoe?
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Khetha seo u se mamelang!