Bokamoso ba Bolumeli ha ho Talingoa Liketsahalo Tsa Bona Tse Fetileng
Karolo 12:100-476 C.E.—Ho Tima Leseli la Evangeli
“Batho ba fumane ho le molemo haholo hore ba silafatse ’nete ho e-na le hore ba itlhoekise.”—Charles Caleb Colton, moruti oa Lenyesemane oa lekholong la bo19 la lilemo
HO TLOHA ka 33 C.E, ha Roma e ne e bolaea Mothei oa Bokreste, ’muso oo oa lefatše oa botšelela historing ea Bibele o ’nile oa loantša Bakreste ka mehla. O ile oa ba kenya teronkong ’me ba bang oa ba lahlella litau. Empa ekasita leha ba ne ba sokeloa ka ho bolaeloa tumelo ea bona ea ho sebeletsa e le lirumula tsa batho ho bonesa lirapa tsa Nero, Bakreste ba Roma ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba tsoela pele ho lumella leseli la bona la moea hore le khanye. (Mattheu 5:14) Leha ho le joalo, ha nako e ntse e tsamaea, boemo bo ile ba fetoha.
“Qalong ea lekholo la boraro la lilemo, kereke e ile ea qala ho hlompheha,” ho bolela buka From Christ to Constantine. Empa boemo ba ho hlomphuoa bo bile le moputso oa bona, “ho theoloa ha litekanyetso.” Ka ho loketseng, “bophelo ba Bokreste bo ne bo se bo sa hlokahale tumelong ea Bokreste.”
Leseli la evangeli le ile la fifala. ’Me “ho ea bofelong ba lekholo la bone la lilemo, bangoli ba Bakreste ba ne ba sa bolele feela hore motho e ka ’na ea e-ba Mokreste le Moroma, empa le hore histori e telele ea Roma ha e le hantle e ne e le tšimoloho ea pale ea Bokreste. . . . Khopolo e ne e le hore Roma e hlomamisitsoe ke Molimo,” ho bolela buka Imperial Rome.
Ea ileng a kopanela ponong ena ebile ’musisi oa Roma Constantine e Moholo. Ka 313 C.E, Constantine o ile a etsa Bokreste bolumeli ba molao. Ka ho kopanya Kereke le ’Muso, ka ho kenya baetapele ba bolumeli tšebeletsong ea ’Muso, le ho lumella ’Muso ho laola litaba tsa bolumeli, Constantine o ile a etsa phoso e khōlō haholo.
Mathoasong a lekholo la bobeli la lilemo, Ignatius, mobishopo oa Antioke, o ile a qapa mokhoa o mocha oa tsamaiso ea phutheho. Ho e-na le sehlopha sa baholo, mobishopo o ile a etsa tokisetso ea monna a le mong ho ikarabella phuthehong ka ’ngoe. Hoo e ka bang lilemo tse lekholo hamorao, Cyprian, mobishopo oa Carthage, o ile a atolosa tsamaiso ena ea tlhophiso ea baruti hore ebe ea lihlopha tse supileng tsa borena, e leng boemo bo phahameng ka ho fetisisa bo nkuoang ke mobishopo. Ka tlas’a hae e ne e le baprista, badiakone, badiakone ba tlaasana, le lihlopha tse ling. Qetellong kereke ea Bophirimela e ile ea phaella ka sehlopha sa borobeli, ha kereke ea Bochabela eona e ile ea boloka tsamaiso ea borena ea lihlopha tse hlano.
Mokhoa ona oa kamohelo ea boeta-pele ba kereke bo kopaneng le ’Muso, o ile oa lebisa hokae? Buka Imperial Rome ea hlalosa: “Lilemo tse 80 feela ka mor’a leqhubu la ho qetela le matla la tlhoriso ea Bakreste, Kereke ka boeona e ile ea qala ho bolaea bakoenehi, ’me baruti ba eona ba ne ba e-na le matla a lekanang le a babusisi.” Ruri sena ke seo Kreste a neng a sa se hopola ha a bolela hore barutuoa ba hae ha ba lokela ho ba “karolo ea lefatše” le hore ba lokela ho le hlōla, e seng ka matla, empa ka tumelo ea bona.—Johanne 16:33; 17:14, NW; bapisa 1 Johanne 5:4.
“Bahalaleli” le Melimo ea Magerike
Nako e telele pele ho mehla ea Constantine, likhopolo tsa bohetene li ne li silafalitse bolumeli ba Bokreste. Melimo ea litšōmong ea Magerike eo ka nako e ’ngoe e kileng ea susumetsa bolumeli ba Roma ka matla e ne e se e susumelitse bolumeli ba Bokreste. “Nakong eo Roma e neng e qala ho ba ka tlas’a babusisi,” ho bolela Roman Mythology, “Jupiter e ile ea lekanngoa le Zeus oa Magerike . . . Hamorao Jupiter e ile ea rapeloa e le Optimus Maximus, ea Molemo le ea Moholo ka ho Fetisisa, e leng tlhaloso e neng e lokela ho fetisetsoa Bokresteng le ho hlahella meahong e mengata ea boikhopotso.” The New Encyclopcedia Britannica ea phaella: “Tlas’a Bokreste, bahale ba Magerike esita le melimo e ile ea pholoha ’me ea bitsoa bahalaleli.”
Mongoli M. A. Smith o hlalosa hore sena se bolela hore “lihlopha tse ngata tsa melingoana li ne li tsoakana, ’me boholo ba sebaka bo ne bo sa bolele letho. . . . Batho ba ne ba e-na le tloaelo ea ho nahana hore melimo e fapaneng ha e le hantle e ne e le mabitso a fapaneng a ’musi a le mong ea matla. . . . Isis oa Egepeta, Artemis oa Efese le Astarte oa Syria e ka ’na eaba ba lekana. Zeus oa Magerike, Jupiter oa Roma, Amon-Re oa Egepeta esita le Yahweh oa Bajode ba ne ba nkoa e le mabitso a Matla a maholo.”
Le hoja Bokreste bo ne bo se bo tsoakoa le likhopolo tsa Magerike le tsa Maroma, bo ne bo se bo ntse bo fetoha libakeng tse ling. Alexandria, Antioke, Carthage, le Edessa, le litsi tsohle tsa thuto ea bolumeli, li ile tsa hōlisa likolo tse khethehileng tsa bolumeli. Ka mohlala, Herbert Waddams, eo e neng e le Moruti oa Chache oa Canterbury, o bolela hore ka mohlala, sekolo sa Alexandria, “ka ho khethehileng se ne se susumetsoa ke likhopolo tsa Plato,” ’me se bolela hore lipolelo tsa “Testamente ea Khale” ke litšōmo feela. Sekolo sa Antioke se ile sa amohela boikutlo bo boholoanyane ba ho nka Bibele kamoo e ngotsoeng kateng, le ho e nyatsa.
Bohōle ba sebaka, khaello ea puisano, le ho se utloane ka puo li sebelelitse ho totisa liphapang. Leha ho le joalo, lebaka le leholo le ikarabellang ebile moea oa boitaolo le oa boithati oa baeta-pele ba bolumeli ba neng ba ikemiselitse ho silafatsa ’nete molemong oa botho, ka ho etsa joalo ba tima leseli la evangeli.
‘Ka Bohata li Bitsoa “Tsebo”’
Ho tloha lekholong la pele la lilemo, Bokreste bo ile ba susumetsoa ke lithuto tsa bohata, ’me ha etsa hore Pauluse a lemose Timothea hore a khaohane le “liphapang tseo ka bohata li bitsoang ‘tsebo.’” (1 Timothea 6:20, 21, NW) Sena se ka ’na sa amana le mokha o bitsoang Bognostic o ileng oa tuma haholo lekholong la bobeli la lilemo empa oo ka potlako o ileng oa qalisa lekholong la pele la lilemo, mohlomong ka monna ea bitsoang Simon Magus. Bangoli ba bang ba bolela hore Simon enoa e ka ’na eaba ke eena ea boleloang Bibeleng ho Liketso 8:9.
Bognostic bo fumane lebitso la bona lentsoeng la Segerike gno’sis, le bolelang “tsebo.” Lihlopha tsa Magnostic li ile tsa bolela hore pholoho e itšetlehile ka tsebo e khethehileng ea sephiri ea lintho tse tebileng tse neng li sa tsejoe ho Bakreste. Ba ile ba ikutloa hore ho ba le tsebo ena ho ba nolofallelitse ho ruta, “’nete e tebileng e senotsoeng ke Jesu,” joalokaha The Encyclopedia of Religion e bolela.
Mehloli ea likhopolo tsa Bognostic e ne e le mengata. Ho tloha Babylona, Magnostic a ile a neha litlhaloso tse patehileng tsa Bibele lipalo tseo ho nahanoang hore li ile tsa senola linnete tsa sephiri. Magnostic a ne a boetse a ruta hore moea o lokile, hore lintho tsohle tsa nama li mpe. “Ena ebile khopolo e lateloang e neng e fumanoe lithutong tsa moea o loantšanang le ’mele tsa Persia le Bochabela bo Hōle tsa ‘yin’ le ‘yang’ ea Chaena,” ho bolela mongoli oa Lejeremane Karl Frick. “Bokreste” bo neng bo emeloa ke mangolo a Magnostic ha e le hantle bo ne bo theiloe mehloling eo e neng e se ea Bokreste. Kahoo ke joang bo neng bo ka ba “’nete e tebileng e senotsoeng ke Jesu”?
Seithuti R. E. O. White se bitsa Bognostic motsoako oa “monahano oa filosofi, tumela-khoela, meetlo ea bonohe, ’me ka linako tse ling tšebeletso ea bolumeli e litšila.” Andrew M. Greeley oa Univesithi ea Arizona o re: “Hangata Jesu oa Magnostic o ne a sa tsitsa, e ne e le sethoto, ’me o ne a tšosa haholo.”
Ho Sotha ’Nete ea Kreste
Magnostic hase oona feela a ileng a sotha ’nete ea Kreste. Nestorius, mopatriareka oa pelenyana oa lekholong la bohlano la lilemo oa Constantinople, ka ho hlakileng o ile a ruta hore Kreste ke batho ba babeli ho a le mong, Jesu motho le Molimo Mora. Ha Maria a beleha Kreste, e tlameha hore o ile beleha motho empa e seng Mora oa Molimo. Pono ena ha ea ka ea lumellana le Monophysitism (“sebōpeho se le seng”), e neng e bolela hore kopano e mahareng a Molimo le Mora ke e sa arohaneng, le hore le hoja ba e-na le libōpeho tse peli, ha e le hantle Jesu e ne e le motho a le mong, Molimo o phethahetseng ’me ka nako e tšoanang e le motho ea phethahetseng. Ka ho loketseng, Maria o ne a tlameha ho beleha Molimo, e seng feela Jesu motho.
Lithuto tsena ka bobeli li hlahisitsoe ke qhoebeshano e ileng ea hlaha lekholong la pele la lilemo. Arius, moprista oa Alexandria, o ile a pheha khang ka hore Kreste o moholo ho Ntate. Kahoo o ile a hana ho sebelisa lentsoe homoousios (motho a le mong) ha a hlalosa kamano ea Kreste le Molimo. Seboka sa Nicaea se ile sa hana pono ea hae ka 325 C.E., sa bolela hore Jesu ha e le hantle ke ‘motho a le mong joaloka Ntate.’ Ka 451 C.E., Seboka sa Chalcedon se boletse hore Kreste ke Molimo o nkileng sebōpeho sa batho. Khopolo ea Babylona, Egepeta, le Greece ea Molimo o nang le lihlooho tse tharo joale e ne e se e pupelitse thuto ea Kreste hore eena le Ntat’ae ke batho ba babeli ba arohaneng, bao ka tsela leha e le efe ba sa lekaneng.—Mareka 13:32; Johanne 14:28.
Ha e le hantle, Tertullian (c. 160-c. 230 C.E.), setho sa kereke ea Afrika Leboea, o ile hlahisa lentsoe “trinitas,” le ileng la sebelisoa Bokresteng ka nako e telele pele Arius a hlaha. Tertullian, eo e bileng moruti oa pele oa ho ngola haholo ka Selatine ho e-na le ka Segerike, o ile a thusa ho rala motheo oa bolumeli ba Bophirimela. “Mohalaleli” Augustine, moruti e mong oa Afrika Leboea ea phetseng makholo a mabeli a lilemo hamorao, le eena o ile a etsa joalo. “[Augustine] hangata o nkuoa e le motho ea neng a nahana ka ho fetisisa oa mehleng ea boholo-holo oa Bokreste,” ho bolela The New Encyclopcedia Britannica. Empa mantsoe a eona a latelang ke lebaka la kameho ho Mok’hatholike e mong le e mong ea tšepahalang kapa Moprotestanta: “Monahano oa hae e ne e le mohope oo ho neng ho tsoakoa bolumeli ba Testamente e Ncha le likhopolo tsa mofilosofi oa Mogerike Plato; ’me ebile ka ’ona ho ileng ha fetisetsoa motsoako oo ho Bokreste-’mōtoana ba Roma e K’hatholike le Mehleng ea Tsosoloso ea Boprotestanta.”
Bok’hatholike bo Koluoeng
Ho ea qetellong ea lekholo la bone la lilemo, ’Musisi Theodosius I o ile a qetella seo Constantine a se qalileng ka ho etsa Bok’hatholike bolumeli ba ’Muso. Kapele ka mor’a moo ’Muso oa Roma o ile oa arohana, joalokaha Constantine a ne a tšohile hore ho ka ’na ha e-ba joalo. Roma e ile ea hapuoa ka 410 C.E. ke Mavisigoth, batho ba Jeremane bao ka nako e telele ba ileng ba tšoenya ’muso, ’me ka 476 C.E., molaoli oa Jeremane Odoacer o ile a tlosa ’musisi oa Bophirimela setulong ’me a ipolela e le eena morena, kahoo a felisa ’Muso oa Bophirimela oa Roma.
Tlas’a maemo ana a macha, Bok’hatholike bo ne bo tla itšoara joang? Ho tloha ka 500 C.E., batho bao e neng e bolela hore ke litho tsa eona e ne e ka ba karolo e itseng ea 22 lekholong ea baahi bohle ba lefatše. Empa ho batho bana ba lekanyetsoang ho ba limillione tse 43, palo e khōlō ea bona e ile ea hlorisoa ke baeta-pele ba bolumeli, ba ileng ba fumana ho le molemo haholo hore ba silafatse ’nete ho e-na le hore ba itlhoekise. Leseli la evangeli ea ’nete ea Bokreste le ile la tingoa. Empa “Lefifing, Ntho e ’Ngoe e ‘Halalelang’” kapele e ne e tla hlaha, joalokaha sehlooho sa rōna se latelang se hlalosa.
[Lebokose le leqepheng la 25
Mehla ea Litumelo Tsa Magnostic
Marcion (lekholong la bobeli la lilemo) o ile a etsa phapang mahareng a Molimo o sa phethahalang oa “Testamente ea Khale” ea leng moholo ho Jesu le Ntate oa Jesu, Molimo o sa tsejoeng o lerato oa “Testamente e Ncha.” Khopolo ea “molimo o sa tsejoeng ke sehlooho sa motheo sa bognostic,” ho hlalosa The Encylclopedia of Religion. Molimo ona o sa tsejoeng o hlalosoa e le “Bohlale bo phahameng ka ho fetisisa, bohlale bo ke keng ba finyelloa ke tsebo ea motho.” Ka lehlakoreng le leng, ’mōpi oa lefatše ke ea fokolang le ea seng bohlale haholo ’me o tsebahala e le Demiurge.
Montanus (lekholong la bobeli la lilemo) o ile a ruta ka ho khutla ha Kreste ho potlakileng le ho hlongoa ha Jerusalema e Mocha e leng moo kajeno e leng Turkey. Kaha a ne a amehile haholoanyane ka boitšoaro ho feta Bokreste, ka ho hlakileng o ile a leka ho khutlisetsa lintho tsa bohlokoa tsa mathomo tsa Bokreste, empa ka baka la ho li feteletsa, qetellong mokha ona e ile ea e-ba mohlaseluoa oa boemo ba ho lumela ntho e ’ngoe le e ’ngoe boo o neng o bo nyatsa.
Valentinus (lekholong la bobeli la lilemo), sethothokisi sa Mogerike le Mognostic ea tsebahalang haholo, o boletse hore le hoja ’mele oa Jesu oa nama o fetisitsoe ke Maria, ha e le hantle ha oa hlaha ho eena. Ho joalo hobane Magnostic a talima lintho tsohle tsa nama li le mpe. Ka hona, Jesu o ne a ke ke a ba le ’mele oa nama kaha le oona e ka be ebile ntho e mpe. Magnostic a tsebahalang e le Madocetist a ruta hore botho ba Jesu e ne e mpa e le lekoko feela hape e le tšōmo. Sena se akarelletsa lefu la hae le tsoho.
Manes (lekholong la boraro la lilemo) o ile a bitsoa al-Babiliyu, lentsoe la Searabia bakeng sa “Mobabylona,” kaha a ne a ipitsa “moromuoa oa Molimo ea tlileng Babylona.” O ile a phehella mofuta oa bolumeli ba lefatše lohle bo kopanyang litšobotsi tsa Bokreste, Bobuddha, le bolumeli ba Zoroaster.