Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g89 8/8 leq. 30
  • E Nyenyane Empa e Fana ka Mohlala o Thusang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • E Nyenyane Empa e Fana ka Mohlala o Thusang
  • Tsoha!—1989
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lisele Tsa Hao—Li Jere Boitsebiso bo Hlollang!
    Tsoha!—2015
  • Bokhoni ba DNA ba ho Boloka Boitsebiso
    Tsoha!—2013
  • Hlahloba Bopaki
    Tsoha!—2011
  • Na ke ho Utloahalang ho Lumela ho Molimo?
    Tsoha!—2010
Tsoha!—1989
g89 8/8 leq. 30

E Nyenyane Empa e Fana ka Mohlala o Thusang

DEOXYRIBONUCLElCACID. Ke ba ’maloa haholo ba ka bitsang lentsoe lena hantle, re se re sa bue ka ho le hopola. Ba bangata ba le tseba feela ka litlhaku: DNA. Molek’hule oa DNA o monyenyane haholo hoo bahlalefi ka mechine ea bona e hōlisang lintho ba neng ba e-s’o o bone ho fihlela morao tjena. Athe limolek’hule tsena li jere boitsebiso bo bongata-ngata bo amang bophelo ba e mong le e mong. Seemo sa hao, mofuta oa moriri oa hao, ’mala oa mahlo le letlalo la hao−tsena kaofela li reriloe e sa le pele, ’me tsa ngoloa ho DNA ea hao.

K’hemik’hale ena e etsang liqeto hona joale e sebelisoa ho etsa qeto mofuteng o fapaneng: hore na ebe batho ba lokolohile kapa ba lokela ho kenngoa chankaneng, hore na ba lokela ho phela kapa ba bolaoe. Ho ikhetha ha DNA ea motho e mong le e mong ho butse tsela e ncha ea ho tseba batho ka bomong, ’me e bitsoa khatiso ea monoana ea DNA.

Erekaha DNA e batla e fumanoa liseleng tsohle tsa ’mele le mekelikeling e mengata ea ’mele, linokoane joale li ka tšoaroa ka bopaki bo siuoeng moriring, kapa letlalong, kapa esita le ho chewing gum. Mokhoa ona o mocha o ile oa atleha linyeoeng tsa likamano tsa botona le botšehali. Babeti ba ileng ba hanela ka tieo molato oa bona ba ile ba qosoa ka bopaki ba DNA ea bona. ’Molai e mong o ile a ahloleloa lefu a le setulong sa motlakase ka baka la bopaki bona.

Likhatiso tsa monoana tsa DNA li etsa hore babuelli ba molao ba emelang moqosuoa ba felloe ke matla a ho sireletsa. The National Law Joumal ea United States e qotsa e mong a re: “Ho qeta matla ka sebele. Ha setsebi se kena ’me se bolela hore ho na le monyetla o le mong ho e limillione tse 700 ea hore motho eo hase eena [motiōli oa molao]—u sala u felletsoe ke matla.” Ka lehlakoreng le leng, khatiso tsa monoana tsa DNA li ka tlosa qoso ea bohata ’me ka hona li fokotsa kotsi ea ho koalla chankaneng kapa ho bolaea motho ea se nang molato.

Leha ho le joalo, ha ho mokhoa leha e le ofe oa bahlalefi ho sa tsotellehe ho rarahana ha ’ona o ka rarollang tlōlo ea molao ea lefatše. Ho feta moo, litlōlo tsa molao tse mpe ha li siee mohlala oa DNA. Che, tlōlo ea molao e tla fela letsatsing leo ba khopo ba khaoloang lefatšeng.—Pesaleme ea 37:10, 11.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela