Thuso Bakeng sa ba Nang le Litlhoko Tse Khethehileng
HANGATA batho ba se nang kholofalo lithong tsa kutlo ha ba nahanele batho bao litho tsa bona tsa kutlo li fokolang, ntle leha e le ba litho tsa malapa a bona feela. Leha ho le joalo, taba ena e lokela ho nahaneloa. Brithani ho na le lipuisano tsa kamoo batho bana ba ka kopanyelletsoang mesebetsing ea sechaba kateng.
Jack Ashley, Setho sa Palamente sa Brithani seo e leng sethōlō, o bontša bohlokoa ba ho ba utloisisa. Oa hlalosa:“Batho ba bangata ha ba tsotelle mathata a lithōlō. Ka holim’a tsohle, [lithōlō] li hloka hore batho ba utloang ba li utloisise, ba amehe ka ho teba ka kholofalo ea bona, le ho hlompha litšobotsi tsa bona tse sa holofalang, taba e sa hlokomeloeng ke ba bang.”—Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.
Hore batho ke lithōlō ha ho bolele hore matla a bona a kelello a holofetse ka tsela leha e le efe. Leha ho le joalo, mosali e mong ea bohlale ea sa utloeng o bolela hore batho ba bang ba mo talima eka o holofetse kelellong. Ha eena le monna oa hae ba ne ba buisana le morekisi oa insurance, morekisi o ile a botsa hore na ke hobane’ng ha ba ne ba mo shebile haholo ka mahlong. Ha a utloa hore ka bobeli ke lithōlō ’me ba ne ba leka ho mo utloisisa ka ho mo talima molomong, o ile a utloisisa habonolo.
Ka ho tšoanang, ke ntho e tloaelehileng hore batho ba ikutloe ba sa phutholoha ha ba le har’a lifofu. Le hoja batho ba bang ba ka ’na ba rata ho thusa sefofu se emetseng ho tšela seterata, hase batho ba bangata ba emang le ho se thusa. Hobane’ng? Hangata ka lebaka la ho se tsebe hore na sefofu se neoang thuso se tla arabela joang. Leha ho le joalo, ka kakaretso lifofu li amohela thuso ha e fanoa ka boikokobetso, joaloka thuso e ka ’nang ea fuoa batho ba baholo kapa motho eo ho bonahalang a jere moroalo o boima. Ka hona, ke ntho e babatsehang hakaakang ho hlōla maikutlo a ho se phutholohe ebe ka mosa o fana ka thuso!
Haeba u ne u ka holofala setho se seng sa likutlo tse hlano, mohlomong u ne u tla khetha ho lahleheloa ke kutlo ea ho fofonela. E nkoa e se ea bohlokoa haholo ho feta likutlo tse ling. Empa mosali e mong ea lahlehetsoeng ke matla a kutlo ea ho fofonela o ile a lla: “Ke ikutloa ke holofetse ka litsela tsohle. Ka mehla ke ne ke rata ho pheha empa ho ne ho le thata. Mohlomong ke ne ke tšela linoko tse ngata haholo kapa ke tšele hanyenyane haholo.”
Ho lahleheloa ke kutlo eo ho bonahalang e se ea bohlokoa ho ka ba kotsi. Ellis Douek oa Sepetlele sa Guy’s, London, o re: “U tlameha ho nka [tahlehelo ea kutlo ea ho fofonela] ka botebo. Bakuli ba bangata ba tepelletse maikutlong ’me ba bang ba hloka thuso ea sepetlele. Ba ikutloa hore ba phela lefatšeng le se nang mebala. Ho fofonela ho ka ba le phello e tebileng haholoanyane maikutlong ho feta kamoo batho ba nahanang kateng.”
Ho holofala ho ka fapana haholo ho ea ka batho. E mong e ka ba sethōlō, a se ke a utloa ho hang, ha motho e mong a ka thatafalloa ho utloa tlas’a maemo a itseng, mohlomong moo ho nang le lerata le lengata. Ha e le hantle, batho ba bangata bao e leng lithōlō ba utloa molumo o itseng, esita le hoja ba sa utloe mantsoe. Ho joalo le ka ho bona. Batho ba bang ba foufetse ka ho felletseng. Empa United States, motho o nkuoa e le sefofu ka molao haeba feela a bona bohōle ba limithara tse 6, 1 (a roetse ligalase tsa mahlo kapa li-contact lense) e leng seo batho ba bonang hantle ba se bonang ba le bohōle ba limithara tse 61.
Thuso ho Tsoa Boqaping ba Mahlale
Ho sebetsana le maemo a fapaneng a kholofalo, litsebi li entse lisebelisoa tse ngata ka se sepheo sa ho lekanya botebo ba kholofalo. Ka mohlala, litsebi li sebelisa mechine ho lekanya hore na motho o na le matla a makae a ho utloa. Ka hona lingaka li leka ho lekanya mofuta oa kholofalo. Na bothata bo bakoa ke ho fetisoa ha molaetsa ea motlakase ka phoso ho ea bokong? Na kholofalo ee e ka lokisoa ka ho buuoa?
Ka ho tšoanang, lingaka tsa mahlo li hlahloba matla a leihlo. Liphuputso tsa bona li thusa lingaka ho batlisisa lebaka la bofofu le phekolo e ka fumanehang. Ho boleloa hore hoo e ka bang karolo ea 95 lekholong ea litlaleho tsohle tsa bofofu e bakoa ke mafu a itseng, ’me karolo e setseng e bakoa ke likotsi.
Hang ha ho se ho fumanoe sesosa le boholo ba kholofalo ea setho sa kutlo, ho ka nahaneloa thuso. Boqapi ba mahlale bo thusa ka ho hlahisa lisebelisoa tse hōlisang litho tsa kutlo tse holofetseng. Bakeng sa ba holofetseng kutlong, ho na le lithuso tsa kutlo, tse sebetsang ka battery tse entsoeng hore li lekane tsebe. Li thusa sethōlō ho ba le matla a itseng a ho utloa. Hangata bakeng sa ba khathatsoang ke mahlo ho buelloa ligalase tsa mahlo kapa li-contact lense. Esita le lintho tse bonolo joaloka ligalase tse hōlisang lintho li ipakile e le tlhohonolofatso ho batho ba bangata. Ba bang mohlomong ba thusitsoe ke ho kenngoa cornea e ’ngoe.
Ho ba lahlehetsoeng ke kutlo ea bona ea ho fofonela, hangata bothata bo bakoa ke ho ruruha ha lera la nko, ho tšoaetsoa ha lesapo la nko, mokhohlane o sa feleng, ho kulisoa ke lintho tse itseng, le ho tšoaetsoa ha lera la nko. Hangata maemo ana a ka phekoloa ka meriana.
Le hoja hangata meriana le boqapi ba mahlale li ka ntlafatsa boemo bona ba batho ba holofetseng lithong tsa kutlo, ho na le mehloli e meng e molemo ea thuso.
Ho Ithusa
Kaha litsamaiso tsa meriana e se ka mehla li ka atlehang kapa e le tse lakatsehang, batho ba bangata ba holofetseng lithong tsa kutlo ba khethile ho hlōla boemo ba kholofalo ea bona ka ho phela ka matla a bona a felletseng. Ba entse joalo ka ho hōlisa matla a felletseng le litalente tseo ba nang le tsona. E mong oa batho ba ileng ba etsa joalo ke Helen Keller, sengoli se tsebahalang le morupeli univesithing, eo e neng e le sefofu ebile e le sethōlō. Empa ho na le batho ba bang ba bangata ba holofetseng lithong tsa kutlo ba ileng ba hlahella mabaleng a mangata.
Ha motho ea holofetseng a ikutloa a phephetsoa hore a hōlise mesebetsi ea hae, hangata phello eba boipuso bo boholoanyane le boitlhompho, ho se ho sa boleloe ka thuso eo motho ea susumelitsoeng joalo a ka bang le eona ho ba bang. Janice, eo e leng sefofu le sethōlō, oa hlokomela: “Ho na le matla a mangata ho hlōla boikutlo bona. Ke ho makatsang ho bona kamoo Jehova Molimo a re bōpileng ka tsela e babatsehang hore re tsebe ho hōlisa ho hong sebakeng sa ho holofetseng.”
Likamano Tse Thusang
Batho ba bangata bao e leng lifofu kapa lithōlō ba bolaoa ke bolutu. Ba haelloa ke botsoalle. Tlhoko ena ea bohlokoa e ka finyelloa joang?
Ka linako tse ling liphoofotsoana tsa lapeng li ka thusa. Tšebelisano-’moho e thusang mahareng a batho le liphoofolo e ananeloa haholo ha ho hlokomeloa lintja tse tataisang lifofu. Mokoetlisi oa lintja tse tataisang, Michael Tucker, mongoli oa The Eyes That Lead, o lumela hore bophelo bo nang le ntja e thusang bo bula lefatše le lecha bakeng sa lifofu, ho li neha “tokoloho, boipuso, ho tloaelana le boemo le botsoalle.” Lintja tse ling tse thusang joaloka lintja tse tataisang lifofu ke lintja tse ‘utloang’ bakeng sa lithōlō.
Liphoofotsoana tsa lapeng li thusitse batho ba bangata ba holofetseng lithong tsa kutlo. Mohlophisi oa lenaneo le thusang ho nehelana ka liphoofotsoana tsa lapeng ho batho ba kulang le ba tsofetseng oa tlaleha: “U tlameha ho bona thabo eo a e fumanang. Batho ba itšehlileng thajana joalo ba thatafalloa ke ho buisana le motho empa ba tla buisana le phoofolo.” Ho hlakile hore melemo ea ho ba le botsoalle ba phoofotsoana ea lapeng e lokela ho lekanngoa le boikarabelo ba ho e hlokomela.
Le hoja lerato le khethehileng le ka hōla pakeng tsa motho ea holofetseng litho tsa kutlo le phoofolo, ke ho buisana le batho ba bang ho fanang ka thuso e khōloanyane.
Puisano e Molemo
Bakeng sa ho hōlisa kutloisiso e molemo bathong ba holofetseng lithong tsa kutlo le batho ba batlang thuso, ho hlokahala puisano e molemo. Empa sena se ka ba joalo joang ha likutlo tse sebelisoang li holofetse? Ke moo mongolo oa lifofu oa Braille, puo ea matsoho, le ho talima ea buang molomong ho ipakileng e le thuso ho ba bangata.
Ka 1824 Louis Braille, seithuti sa Fora se lilemo li 15 seo e leng sefofu, se ile sa hōlisa tsamaiso ea ho bala e theiloeng letotong la matheba a phahameng le mela e mekhutšoaane. Lilemo tse hlano hamorao o ile a hatisa tsamaiso ea matheba eo hona joalo e tloaelehileng ka lisele tsa matheba a tšeletseng, ka litlhophiso tse 63 tse emelang alfabeta esita le matšoao a ho bala le lipalo. Ho lifofu, ho ithuta mongolo oa Braille ho bolela ho sebelisa nako le boiteko bo boholo. Ho ena le ho talima sena e le phephetso e khōlō, moqolo Working With Braille oa UNESCO (United Nations Educational, Scientific, and Cultural Organization [Mokhatlo oa Machaba a Kopaneng oa Thuto, Mahlale, le Setso]) o fana ka tiisetso ena: “Ho lokela ho hatelloa hore ho utloisisa litlhaku tsa Braille ho ka finyelloa habonolo ka ho sebelisa matla a rōna a ho ama.”
Mekhoa ea ho ithuta Braille e bontša hore ba finyelletseng lebelo le phahameng ka ho fetisisa le tsebo ea ho bala Braille ebile batho ba sebelisang menoana e supang ea matsoho ka bobeli. Ba tsamaisa lintlha tsa menoana habobebe holim’a matheba a phahamisitsoeng, ’me ba finyella halofo ea lebelo la motho ea balang se ngotsoeng ka mahlo.
Ho fumaneha habonolo ha libuka tsa Braille, haesita le lik’hasete tse theipiloeng ho neha motho ea sa boneng letlotlo la boitsebiso bo ngotsoeng. Bo ka sehloohong ho bona ke Bibele, e fumanehang ka mongolo oa Braille le lik’haseteng tse theipiloeng ho bahatisi ba makasine ona. Re boetse re lokiselitse libuka tsa Listening to the Great Teacher le My Book of Bible Stories, esita le motsoalle oa makasine ona, The Watchtower (ka Senyesemane) theiping. Ho tloha mathoasong a selemo se tlang, Awake! (ka Senyesemane) e tla boela e fumanehe theiping.
Mabapi le puo ea matsoho, bafuputsi J. G. Kyle le B. Woll ba bolela hore ho e utloisisa ke “mohato oa pele oa ho liha mokoallo pakeng tsa ba utloang] le lithōlō.” Ka mokhoa ona oa puisano o sebetsang, lithōlō li ikutloa li lokolohile ha li ena le tse ling. Ke ntho e ntle ha batho ba utloang le ba buang ba etsa boiteko ba ho ithuta puo ea matsoho. Ka tsela ena lithōlō le batho ba utloang ba ka kopana haholoanyane molemong oa bona. Batho ba utloang ba ithuta puo e ncha ’me ba hōlisa phihlelo ea bona,’me lithōlō li rua phihlelo e molemo lefatšeng la batho ba utloang.
Ka ho thahasellisang, batho ba bangata ba tsoetsoeng e le lithōlō kapa ho tloha bonyenyaneng ha ba italime ba holofetse. Phapang mahareng a bona le batho ba utloang e talingoa e le phapang ea puo le mokhoa oa khōliso. Ka lehlakoreng le leng, bao hamorao bophelong e bang lithōlō ka lebaka la kotsi kapa lefu le itseng hangata ba utloa phapang e khōlō kelellong—tahlehelo e tebileng. Ho ba bangata ba joalo, puo ea matsoho ke pheko e boima, kaha o hloka ho ithuta puo e ncha ka ho felletseng. Ba bangata ba ikhethela ho rutoa puo ea ho talima molomo oa motho e mong le ho tsoela pele ba hōlisa puo eo ba seng ba ntse ba e tseba.
Ho utloisisa kamoo batho ba holofetseng litho tsa kutlo ba ikutloang kateng esita le ho buisana le bona ha ho felise motso oa bothata. Kholofalo ea bona e lula e ntse e le teng. Haeba motso oo o ka fotholoa, ho se lekane, leeme, le mathata a mang a batho ba holofetseng litho tsa kutlo a tla fela. Na ho tla ke ho be joalo?
[Lebokose le leqepheng la 5]
Ithuse
1. Tsebo. Leka ho batlisisa ka sohle se matleng a hao ka seo u ka se etsang ka kholofalo ea hao le kamoo u ka fumanang thuso.
2. Botšepehi. Lumela ’nete ea hore u holofetse.
3. Ipehe boemong ba ba bang. Nka bohato ba pele ho etsa hore ba bang ba phutholohe le ho ba hlalosetsa kamoo ba ka u thusang hamolemonyana kateng.
4. Mosebetsi. Bakeng sa ho hlōla ho tepella maikutlong, etsa mosebetsi oa matsoho kapa oa kelello.
5. Khothatso. Hlōla maikutlo a ho ikhella fatše ka ho sebelisa matla a hao karolong ea bophelo eo u leng molemo haholo ho eona.
[Lebokose le leqepheng la 6]
Thuso eo ba Bang ba ka Fanang ka Eona
1. Leka ho talima litaba ka kutloisiso ea batho ba holofetseng lithong tsa kutlo.
2. Ba kopanyelletse mesebetsing ea hao ea ka mehla. U se ba behelle ka thōko.
3. Ba nehe lintho tse tla etsa hore ba ikutloe ba le bohlokoa.
4. Mamela ha ba batla ho bua kamoo ba ikutloang kateng.
5. Ha u bona tlhokahalo e khethehileng, etsa sohle se matleng a hao ho sebetsa le motho ea holofetseng ho e phethahatsa.
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Janice (ka letsohong le letšehali) ke sefofu ebile ke sethōlō, empa ke mosebeletsi oa nako e tletseng
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
Liphoofotsoana tsa lapeng li ka fana ka botsoalle bo itseng