Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g90 2/8 maq. 12-13
  • Ho Talima Lintho ka Leihlo la Ngoana

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Talima Lintho ka Leihlo la Ngoana
  • Tsoha!—1990
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ha se Batho ba Baholo ba Banyenyane
  • Ba Khothatse le ho ba Tataisa Ho e na le ho Batla Haholo
  • Koetlisa Ngoana oa Hao ho Tloha Boseeng
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
  • Kamoo U ka Sireletsang Bana ba Hao
    Tsoha!—2007
  • Koetlisa Ngoana oa Hao ho Haha Boinehelo ba Bomolimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Thusa Ngoana oa Hao Hore a Mamelle ho Sareloa
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
Bala Tse Ling
Tsoha!—1990
g90 2/8 maq. 12-13

Ho Talima Lintho ka Leihlo la Ngoana

BATSOALI ba bangata ba lumellana bonyane ntlheng e le ’ngoe: ho hōlisa ngoana ka katleho ke e ’ngoe ea liphephetso tse khōlō ka ho fetisisa eo ba kileng ba tobana le eona. Ho ngotsoe libuka tse ngata kamoo sena se ka etsuoang ka katleho kateng. Leha ho le joalo, ho na le mokhoa o le mong o amohelehang ho batho bohle ba baholo, ebang ke batsoali, bo-rakhali, bo-motsoala, kapa metsoalle feela. Ha ho tluoa kutloisisong le kholisong bana, na u kile ua leka ho talima lintho ka leihlo la ngoana? Ho etsahala eng ka likelellong tseo tse nyenyane?

Hopola, bana ke batho ba banyenyane. Ho ba talima ka pono ena ho tla re thusa ho utloisisa kamoo ba re talimang kateng. Ba hlahile ba le banyenyane lefatšeng la batho ba baholo ba bangata, ba nang le puso, le matla. Ho lesea, batho ba baholo e ka ba tšireletseho, matšeliso, le thuso kapa e be tšoso ea bo-’mampoli.

Ha se Batho ba Baholo ba Banyenyane

Ntho e ’ngoe ea bohlokoa ke ho ela hloko hore u se etse phoso ka ho tšoara bana joaloka batho ba baholo ba banyenyane. Bongoana e lokela ho ba nako e thabisang ka ho fetisisa bophelong. Ha ho hlokahale hore ba fete nakong eo ka potlako kapa hore ba haelloe ke eona ka ho feletseng. Ba tlohelle hore ba e thabele. Joaloka motsoali, u ka nka monyetla oa ho kenya melao-motheo ea boitšoaro e hlokahalang ho bana ba hao, ’me ha nako e ntse tsamaea e tla ba batho ba baholo ba tšoanelehang.

Ha u sebelisana le masea, ho talima lintho ka leihlo la ngoana ho bohlokoa. Ka mohlala, ho lla ha ngoana le ka mohla ha hoa lokela ho ba memo ea hore batsoali ba ferekaneng ba shape ngoana. Ho lla ke tsela ea tlhaho eo masea a sa tsoa hlaha a bolelang litlhoko tsa ’ona. Ka mor’a hore lesea le tsoe ka pōpelong ea ’mè oa lona e sireletsehileng, le tseba ho hlahisa pono ea lona ka sello se tšepahalang!

Ba Khothatse le ho ba Tataisa Ho e na le ho Batla Haholo

Ke ntho e ntle ho khothatsa bana hore ba bue maikutlo a bona. Pono ea bona e ka senola mathata, ’me mathata a utloisisoang ka ho hlakileng a rarolloa habonolo. Empa kamoo re arabelang likopong tsa bona ke ha bohlokoa joaleka hore ba hlalose maikutlo a bona. Wendy Schuman, motlatsi oa mongoli oa makasine oa Parents o fana ka keletso kamoo re ka lekang ho buisana le bana: “Ho bua mantsoe a mosa . . . ke karolo ea bohlokoa ea ho utloisisa mosebetsi oa joale oa lipuisano tsa motsoali le ngoana. Empa mosa ka boona ha oa lekana haeba e se puo e mosa. Sena ha se itlele feela ka tlhaho ho batsoali ba bangata.”

Ka mantsoe a mang, haeba ngoana a sa hlomphe kapa a entse ntho e tšosang e lokelang ho lokisoa, re lokela ho leka ka matla hore re se lumelle boikutlo ba rōna le molumo oa lentsoe ho bontša ho teneha ha rōna kapa ho ferekana. Ha e le hantle, ho bonolo ho bua sena ho feta ho se etsa. Empa hopola, likarabo tse hlabang kapa tse bohale tse kang, “Leoatla” kapa “Na ha u tsebe ho etsa ntho e nepahetseng?” ha li ntlafatse boemo bo seng bo le thata.

Batsoali ba bangata ba fumane hore ho atolosa mosa ka ho babatsa, haholo-holo pele ba fana ka keletso ho hlahisa litholoana tse ntle. Mona le teng e sa le monyetla oa ho talima lintho ka leihlo la ngoana. Bana ba bangata ba seli haholo ha ba babatsoa ka boikaketsi kapa ha sena se sa tsoe pelong. Ka lebaka leo, ha re babatsa bana ba rōna, re lokela ho tiisa hore pabatso ke ea sebele le hore ke e tšoanelang.

Ngaka ea mafu a kelello a bana Haim G. Ginott, bukeng ea hae Between Parent and Child, o hatella hore batsoali ba lokela ho babatsa seo bana ba se finyelletseng ho feta botho ba bona. Ka mohlala, ka mor’a hore mora oa hao a etse raka ea libuka ’me ka thabo a u bontša eona, mantsoe a hao a pabatso a kang, ‘Raka eo ea libuka ha e ipiletse feela empa e boetse e ntle,’ a tla haha boikutlo ba ho itšepa. Hobane’ng? Hobane u babatsa seo a se finyelletseng. Kahoo thoriso ea hao ke ea sebele ho ngoana oa hao. Leha ho le joalo, mantsoe, ‘U ’metli ea molemo,’ ha a mo babatse e le motho.

Ngaka Ginott oa hlokomela: “Batho ba bangata ba lumela hore thoriso e haha boikutlo ba ngoana ba ho itšepa le hore a ikutloe a sireletsehile. Ha e le hantle, thoriso e ka fella ka khatello le ho hloka boitšoaro . . . Ha batsoali ba bolella ngoana, ‘U moshanyana ea khabane,’ a ke ke a tseba ho amohela thoriso e joalo hobane botho ba hae ba sebele bo fapane haholo . . . Thoriso ha ea lokela ho sebetsana le botho ba ngoana, empa e lokela ho sebetsana le boiteko ba hae le seo a se finyelletseng . . . Thoriso e na le likarolo tse peli: mantsoe a rōna le ho kenella ha ngoana. Mantsoe a rōna a lokela ho bolela ka ho hlakileng hore re ananela boiteko ba ngoana, mosebetsi oa hae, boiphihlelo ba hae, thuso le ho nahanela.”

Tlhahiso ena e molemo ea thoriso e lumellana le keletso e bululetsoeng ea ho bontša mosa, joalokaha e fumanoa ho Liproverbia 3:27: “U se ke ua khaotsa ho etsa botle ho bao bo ba tšoanelang, ha ho le matleng a hao ho etsa joalo.”—New International Version.

Ha e le hantle ho ka boleloa hore ho sa tsotellehe keletso e molemo kapa e bohlale eo re e balang, ha ho tsela e khaoletsang ho seo ba bang ba ’nileng ba se bitsa lenaneo la lilemo tse 20 la ho hōlisa mora kapa morali. Sena se hloka mamello, lerato, kutloisiso, le ho nahanela. Empa thuso e khōlō mabapi le ho atleha ke ho ithuta ho bona le ho utloisisa boitšoaro ba ngoana oa hao e monyenyane “ka pono ea hae.”

“Ngoana ea hlalefileng ke thabiso ho ntat’ae,” ho ngotse Morena Salomone ea bohlale. (Liproverbia 10:1) E se e ka kutloisiso e molemo ea tsela ea monahano le pono ea ngoana oa hao li ka u thusa ho finyella phihlelo e thabisang ka ho tšoanang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela