Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g90 2/8 maq. 25-26
  • Molato oa Chelete!—Ho Kena ho ’Ona le ho Tsoa ho ’Ona

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Molato oa Chelete!—Ho Kena ho ’Ona le ho Tsoa ho ’Ona
  • Tsoha!—1990
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Kena Melatong
  • Ho Laola Molato oa Chelete
  • Ho Tsoa Molatong oa Chelete
  • Puisano!
  • Le ka Etsa’ng ha le E-na le Likoloto?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Na ho Kena Sekolotong ho Molemo?
    Tsoha!—1995
  • Mathata a Lichelete le Likoloto—Na Bibele e ka Thusa?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Molato oo re Nang le Oona ho ba Bang
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
Bala Tse Ling
Tsoha!—1990
g90 2/8 maq. 25-26

Molato oa Chelete!—Ho Kena ho ’Ona le ho Tsoa ho ’Ona

LOIS le Rick e se e le nako e ka bang selemo ba nyalane. Joaloka banyalani ba bangata ba bacha, ba ne ba batla lintho tse ngata ka nako e le ’ngoe—’me ho ne ho se bonolo! Tefello ea TV e ne e le feela liranta tse 138 ka khoeli, ’me ho reka hape mochini oa VCR ho ile ha eketsa tefello ho fihla liranteng tse 203. Thepa e ncha ea ntlo e ne e tura haholo—liranta tse 746 ka khoeli. Seo se ne sa kopanyeletse likharetene le ’mate, tse ileng tsa eketsa tefello ho ba liranta tse 121. Empa mokhatlo o kalimanang ka chelete o bile le tšebelisano-’moho.

Lisebelisoa tsa ka tlung li ile tsa fumaneha habonolo hobane lebenkele leo le ile la amohela karete ea bona ea ho reka ka mokitlane. Ka tsela e joalo litefello tsa khoeli le khoeli li ile tsa lefuoa habonolo, ’me ho ne ho sa hlokahale hore ba etse kōpo ea kalimo ea chelete. Ho ka be ho bile bonolo haholo haeba koloi ea Rick e ne e lefelletsoe kaofela pele ho lenyalo joalokaha a ne a rerile, empa o ile a hlōleha ho lefella.

Rick o hlalosa taba tjena: “Ke ne ke nahana hore lenyalo e tla ba monyaka feela, empa ke tšoenyehile haholo ka melato ea rōna ea chelete hoo e seng taba e thabisang.” Lois o ile a lumela ’me a phaella ka hore: “Ho ne ho le bonolo ho kena molatong oa chelete. Na re tla ke re tsoe ho ’ona?”

Mantsoe ana a bohloko a hlalosa qaka e talimaneng le malapa a limillione linaheng tse ngata tsa lefatše. Ka sebele ho na le batho ba ’maloa ba tsebang ho laola bophelo ba bona ntle ho ho ba le molato oa chelete o moholo, ’me ka linako tse ling o boima oa chelete.

Ho Kena Melatong

Motho o ikenya joang molatong oa chelete? Ho bonolo! Ke tsela ea bophelo. Mebuso, mekhatlo ea machaba, bo-rakhoebo ba banyenyane, malapa, le batho ka bomong bohle ba nka molato oa chelete e le ntho e tloaelehileng.

Hangata boikhohomoso bo baka molato oa chelete. Molato oa chelete o baka khatello. Khatello e lebisa mathateng a mang hape. Joale ke joang motho a phelang lefatšeng le ratang molato oa chelete, ’me ka nako e tšoanang a tsoe ho ’ona?

Mohlomong thuto ea pele eo ho lokelang ho ithutoa eona ke ho hanela thekiso e bonolo. Motho a ke ke a kena libakeng tse ngata tsa mekhatlo e kalimanang ka chelete ntle le hore a hapuoe ke liphatlalatso tsa likalimo tsa chelete. Likarete tsa ho reka ka mokitlane li fumaneha habonolo. Mekhatlong e hlomphehang ea libanka, ho na le batho ba limillione ba atlehang, ba qophelloang ho etsa khoebo ea ho rekisa chelete. Ho bona, chelete ke thepa—joaloka lijo—’me mosebetsi oa bona ke ho u rekisetsa eona. Ithute hore CHE.

Ho Laola Molato oa Chelete

Ho na le litsela tse ngata tsa ho hlalosa karolelano e amohelehang ea molato oa chelete le moputso. Empa litsela tsena li fapana hoo ho nang le tlhaloso e fokolang. Ka mohlala, liithuti tse ling tsa moruo li ikutloa hore lelapa le ka sebelisa karolo 30 lekholong ea moputso bakeng sa ho lefella bolulo. Ena ke chelete ea khiro. Leha ho le joalo, mohlomong tsela ena e ke ke ea ba bonolo ho mafutsana. Kahoo litsela tse buelloang hangata ha li na molemo. Bothata bona bohle ba ho laola molato oa chelete bo nahanoa hamolemo motheong oa botho.

Molato o mong oa chelete o ka ’na oa amoheleha, empa sena se hloka bohlale le tsamaiso e hlophisitsoeng hantle. Ka mohlala, batho ba bangata ha ba tsebe ho reka ntlo ntle ho hore ba kene molatong oa chelete. Ke taba e sa utloahaleng hore lelapa le lokela ho lula ntlong e hirisoang ho fihlela le bolokile chelete e lekaneng hore le tsoe moo le ho lefa chelete eohle ea ho reka ntlo. Mohlomong sena se ke ke sa etsahala. Ho e-na le hoo, lelapa le ka ’na la ikutloa hore chelete ea khiro eo le e lefang e ka sebelisetsoa ho lefella ntlo. Esita le hoja morero ona o tla nka lilemo tse ngata, ho nahanoa hore ke o sebetsang hamolemo.

Ha re hlokomela hore chelete ea ntlo e tla eketseha ha nako e ntse e tsamaea, sena se bolela hore chelete ea kalimo e ka ’na ea eketseha ho feta chelete ea rente ea khoeli le khoeli, ’me lelapa le ka ba boemong bo botle ho ba le phaello, e leng kakaretso ea chelete eohle ea ntlo ha u tlosa chelete eo u sa ntseng u lokela ho e lefa. Chelete ea ntlo ea kalimo haeba e ka lefuoa habonolo e ka ba molato oa chelete o amohelehang. Ho joalo le ka litheko tse ling tse khōlō tsa lelapa.

Mekhoa e meng ea molato oa chelete e ka ba e sa amoheleng ho hang. Ho laola molato oa chelete ho kopanyeletsa matla a ho tseba ho hana. Mohlomong molao oa bohlokoahali ke ona: Se reke ntho eo u sa e hlokeng e ka holimo ho matla a hao. Qoba ho reka ka lebelo. Esita leha ntho e theotsoe theko, ha se theolelo ho uena hobane e ka holimo ho matla hao. Se kalime chelete bakeng sa lintho tse mabotho-botho. U se nke maeto a matsatsi a phomolo ntle le haeba u ka tseba ho a lefella pele u ea phomolong. Ntho leha e le efe eo u e rekang e lokela ho lefuoa kapele kamoo ho ka etsahalang. Likarete tsa ho reka ka mokitlane li molemo bakeng sa ho qoba ho tsamaea o nkile chelete empa li bitsa chelete e ngata ha li sebelisoa e le mokhoa oa ho kalima chelete.

Ho Tsoa Molatong oa Chelete

Batho ba bang ba ka ba ikutloa hore keletso ea ho laola molato oa chelete e fihlile morao haholo ho bona. ‘Ke se ke qoetse molatong oa chelete le boitlamo. Ke tsoa joang ho tsona?’ ’Nete ke hore ha ua siuoa ke nako hoo u ke keng oa qala hape.

Mohato oa pele e lokela ho ba ho qalisa kamano e sebetsang le banka e tšepahalang. Haeba u tlameha ho kalima chelete, e be banka e kenyang phaello e fokolang haholo. Haeba banka ea hao e hana ho u kalima chelete, mohlomong e etsa joalo molemong oa hao. Hopola, banka ke khoebo e kalimanang ka chelete ’me e tla u kalima haeba ho bonahala ho loketse.

Mohato oa bobeli, u lokela ho qala ho lefa melato ea chelete ka tsela e hlophisitsoeng. Ngola chelete eo u tlang ho e sebelisa likhoeling tse 24 tse tlang. Tšepahala. Kopanyelletsa chelete leha e le efe eo u lebelletseng ho ba le eona. Joale ngola lintho tsohle tse lokelang ho lefuoa. Kopanyeletsa le chelete ea lintho tseo u sa nahaneng ho li reka hona joale. Ngola melato ea chelete ho ea ka boholo ba eona. Joale arola chelete ea hao ka botšepehi hore molato o mong le o mong oa chelete o lefuoe. Ipehele letsatsi leo u tlang ho lefa molato o mong le o mong ka lona.

Tumellanong le morero ona, nahana ka moo u ka fokotsang litšenyehelo. Ho fokotsa molato oa chelete ka mehla ho hloka boitelo. Na molato oa ho reka lijo o ka fokotsoa ka ho reka ka litheolelo? Ke lintho life tse bitsang chelete e tlaase tse ka sebelisoang bakeng sa ho rera lijo tse tla rekoa? Na u ka fokotsa matsatsi a phomolo? Na boemo ba hao ba bophelo bo ka theoloa? Na le ka fokotsa makhetlo ao le neng le thabela lintho tse itseng tse khethehileng? Ka linako tse ling re tlameha hore re se iqenehele. Lintho tse ling li ka tlosoa lenaneng la “lintho tsa bohlokoa” ho ea lenaneng la “lintho tsa boithabiso.”

Hang ha u se u ngotse seo u rerileng ho se etsa, buisana ka sona le motsamaisi oa banka eo u kalimang chelete ho eona. O tla thaba ha a bona hore u tiile. A ka tseba ho u bontša kamoo u ka ntlafatsang morero oo. A ka ’na a boela a fana ka tlhahiso ea kalimo ea chelete e lefang melato eohle. Haeba ho joalo, nahana ka phaello le nako eo kalimo ea chelete e tlang ho lefuoa ka eona. Hangata ho tla bolela ho lefa chelete e nyenyane ka nako e telele. Empa u se lekehe hore u e sebelise bakeng sa ho kalima chelete e eketsehileng.

Puisano!

Lenaneo leha e lefe la ho fokotsa molato oa chelete le hloka puisano haeba le tla atleha. Etela motho e mong le e mong eo u mo kolotang chelete kapa u mo letsetse thelefono. Haeba u nahana hore ho tla ba molemo, ba bontše morero oa hao. Bonyane buisana le bona. Hopola hore ba batla ho tseba seo u se etsang. Ba behe leseling ka mehla. Ntho e ’ngoe eo ea kalimaneng ka chelete a ke keng a e mamella ke ho thōla. Kapele ho thola ho hlalosoa e le ho iphapanya kapa ho hana ho lefa molato. Ba bangata ba kalimaneng ka chelete ba nkile mehato ea lekhotla khahlanong le bao ba ba kalimileng chelete hobane ho se ea ileng a ikhathatsa ho hlalosa se etsahalang.

Na u lokela ho nahana ka ho batla tumello ea molao e hlalosang hore ha u na chelete ea ho lefella melato ea hao? Linaheng tse ling batho ba na le monyetla oa litokisetso tse joalo tsa molao, empa bohato boo ha boa lokela ho nkuoa habobebe. Molato oa chelete ke boitlamo. Ho ameha tlamo ea botšepehi. Phatlalatso e joalo ea molao ea hore ha u na chelete ea ho lefella molato oa hao e na le phello e bohloko e bakelang batho ba bang mathata. E siea lebitso le lebe tlalehong ea hao.

Ha ho letho le phoso ka monahano oa boholo-holo oa ho “lefella lintho hona hoo.” Ha e le hantle, tsela e bohlale ka ho fetisisa ke hore u se kene molatong oa chelete li sa tloha, haeba ho khoneha. Molato oa chelete o joaloloka lehlabathe le tetebelang le ka qetellang le u koentse. Rick le Lois ba ile ba itlohella ho koenngoa ke molato oa chelete. Ba tlameha ho etsa liphetoho, empa butle-butle ba ka tsoa molatong oa bona oa chelete.

Haeba u ne u qoetse lehlabatheng lena, u lokela ho sebelisa mokhoa leha e le ofe hore u tsoe. Ho ka nka nako, empa hoa sebetsa! Hopola, ho sa tsotellehe hore na ke nako e telele hakae kapa hore na ho ka ba thata hakae, ho tsoa molatong oa chelete ke ha bohlokoa ho sebeletsoa.

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Ho qoela ka ho felletseng molatong oa chelete ho joaloka ho tetebela lehlabatheng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela