Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g90 4/8 maq. 12-14
  • Na ke Lokela ho Kolobetsoa?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ke Lokela ho Kolobetsoa?
  • Tsoha!—1990
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bolumeli bo Hlokang Boinehelo
  • Kolobetso—Lebaka Leo e Leng Tlhokahalo ea Bokreste
  • ‘Ke Tšaba Hore ke Tla Khaoloa’
  • Kolobetso le Kamano ea Hao le Molimo
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Bakreste ba Lokela ho Kolobetsoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • Na U Malala-a-Laotsoe Hore U ka Kolobetsoa?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
  • Ho Kolobetsoa ke Qeto e Molemo eo U ka e Etsang
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
Bala Tse Ling
Tsoha!—1990
g90 4/8 maq. 12-14

Bacha Baa Botsa . . .

Na ke Lokela ho Kolobetsoa?

SUSANA ea lilemo li 13 o ne a le mohatong oa ho qetela oa kankere ha a ne a ea kopanong ea ho qetela ea Lipaki tsa Jehova. O ne a tseba hore nakong ea matsatsi a leshome o tla shoa. Leha ho le joalo, esita le eona kankere e ne e ke ke ea mo thibela hore a finyelle takatso ea hae ea bohlokoahali: ho kolobetsoa hore e be Paki ea Jehova le morutuoa oa Jesu Kreste.

Susana e ne e le e mong oa bacha ba likete har’a Lipaki tsa Jehova lilemong tsa morao tjena ba ileng ba ananela monyetla oa ho kolobetsoa. Mohlomong u fumana tebello ea ho nka boemo bo joalo bo sebete e tšosa. Ha se hore ha u lumele linnete tse theiloeng Bibeleng tseo u ’nileng ua li rutoa. Mohlomong u ba teng ka mehla libokeng tsa Bokreste le ho abelana linnete tsa Bibele le ba bang ka mehla. Leha ho le joalo, ha ho tluoa tabeng ea ho nehela bophelo ba hao ho Molimo, mohlomong u ua tsila-tsila. Joale, kolobetso e bohlokoa hakae? Ke hobane’ng ha bacha ba bangata ba tšaba ho kolobetsoa?

Bolumeli bo Hlokang Boinehelo

Ho Bokreste-’mōtoana, hangata potso ea kolobetso ea bacha e arabeloa ke batsoali ba bona. Mekha e meng ea bolumeli e khothalletsa batsoali ho kolobetsa bana ba bona e sa le masea. Esita leha kolobetso e behetsoe nakong eo a leng moholo ka eona, hangata bacha ba lebelletsoe ho latela bolumeli ba batsoali ba bona, e seng e le khetho.

Leha ho le joalo, ka ho thahasellisang, phuputso ea Gallup e entsoeng United States e senola hore le hoja “hoo e batlang e le bacha bohle (karolo ea 96 lekholong) ba lumelang hore ho na le Molimo,” ke feela karolo ea 39 lekholong ba rapelang ka mehla. Ke feela karolo ea 52 lekholong ba nang le tšepo bolumeling bo hlophisitsoeng. Diane ke e mong oa ba ileng ba re: “Ke lumela ho Molimo le lintho tsohle, empa ke lumela haholo ho leka ho ba motho ea molemo ho feta ho ba motho ea balang mola o mong le o mong oa Bibele.”

E, bolumeli e ka ba matla a fokolang, haholo-holo ha a jarisitsoe bacha ke batsoali ba bona. Liphuputso tse entsoeng ka sehlopha sa litlokotsebe tsa K’hatholike li boetse li tiisa sena. Ke halofo feela e neng e ea kerekeng. Ba bangata ba ne ba tseba metheo ea lithuto tsa tumelo ea bona. Hoo e batlang e le karolo ea 90 lekholong ea bona ba ne ba sa rate bosholu. Leha ho le joalo, ba fetang likarolo tse peli ho tse tharo e ne e le masholu! Buka The Adolescent e hlokometse: “Lebaka le leng e ka ’na ea ba hore boitlamo ba bolumeli ba bashemane ke boo ba bo etselitsoeng. Bohle ba hlahetse Mak’hatholikeng; boitlamo ba bona ba pele ba bo etselitsoe ke batsoali ba bona. Bolumeli ba bona e ne e se ba bona.”

Kolobetso—Lebaka Leo e Leng Tlhokahalo ea Bokreste

Ka lebaka le utloahalang, Bibele e batla hore uena—e seng batsoali ba hao—u etse boinehelo ba botho ho Molimo.a U ka ’na ua re ‘Ho lokile, empa haeba kolobetso e le ntho ea botho, ntho e mahareng a ka le Molimo, ke hobane’ng ha ke lokela ho kolobetsoa?’

Kolobetso e akarelletsa ‘poloko ea moea oa hao.’ (1 Petrose 1:9) Molimo o rerile “ho iphetetsa ho ba sa tsebeng Molimo, le ho ba sa utloeng Evangeli ea Jesu Kreste, Morena oa rōna. Bao ba tla otloa ka tšenyeho e sa feleng.” (2 Ba-Thessalonika 1:8, 9) Lipontšo li supa hore timetso ena e tla tla mehleng ea rōna.b

Leha ho le joalo, thato ea Molimo ke hore “batho bohle ba bolokehe.” (1 Timothea 2:4) O batla hore u pholohe bofelo ba tsamaiso ena ea lintho le ho phela ka ho sa feleng Paradeiseng mona lefatšeng! (Tšenolo 21:3, 4) Empa u ka ikhetholla joang hore u mamela litaba tse molemo? Ha hoa lekana ho lumella linnete tsa Bibele tseo u li rutiloeng, kapa hona ho lumela hore ho lekane ho tsamaea le batsoali ba hao ho ea libokeng tsa Bokreste. (Bapisa Jakobo 2:19.) Ba lakatsang ho pholoha ba lokela ho inehela ho Molimo le ho etsa thato ea hae. Ho Ba-Roma 12:1, moapostola Pauluse o re: “Ka baka leo, banab’eso, kea le rapela hle ka mehauhelo ea Molimo, hore le ke le o beele ’mele ea lōna, e be sehlabelo se phelang, se halalelang [“nehetsoeng,” The New English Bible] se khahlisang Molimo.”

Empa kolobetso e ke ke ea lula e le taba ea botho e tlamang. Ka holim’a tsohle, ke joang morutuoa ea ka sephiring e ka bang ea inehetseng? (Bapisa Johanne 19:38.) Na u ne u ka tšepa motsoalle ea batlang ho boloka setsoalle sa lōna e le lekunutu? Joale, ka bohlale, Molimo o batla hore bohle ba bontše ‘polelo ea phatlalatsa bakeng sa ho bolokeha.’ (Ba-Roma 10:10, NW) Sena se qalisa nakong ea kolobetso. Nakong eo, motho o etsa pontšo ea molomo ea tumelo ea hae. Joale ho latela kolobetso ea metsing. (Mattheu 28:19, 20) Leha ho le joalo, ho na le bohlokoa bofe hore motho a qoelisoe metsing?

Kolobetso ha se ho hlapa, ke tšoantšetso ea ho epeloa. Ha u qoelisoa ka metsing a kolobetso, sena se hatisa hore u shoele tseleng ea bophelo ba hao ba pele. Pele, litaba-tabelo tsa hao, lipakane le takatso li ne li nka sebaka sa pele bophelong ba hao. Empa Jesu o boletse hore barutuoa ba hae ba ne ba tla ‘itela.’ (Mareka 8:34) Kahoo ha u nyolloa ka metsing, u hopotsoa hore joale u phelela ho etsa thato ea Molimo. Ketso ena e sebete ea phatlalatsa ke karolo ea bohlokoa ea letšoao le u khethollang bakeng sa polokeho!—Ezekiele 9:4-6; bapisa 1 Petrose 3:21.

‘Ke Tšaba Hore ke Tla Khaoloa’

Haeba kolobetso ke ea bohlokoa hakaana, joale ke hobane’ng ha bacha ba bang ba tsila-tsila ho kolobetsoa? Tsoha! e botsitse bacha ba bangata ba Bakreste potso eo. Ngoanana e mong o itse: “Bacha ba bangata ba ikutloa hore ba tla ba le bolokolohi bo bongata haholo haeba sa ba kolobetsoa. Ba ikutloa hore ha ba kena khathatsong, ba ke ke ba ba le boikarabelo bo boholo haholo.” Mocha ea bitsoang Robert o pheta mantsoe ana ka hore: “Ke nahana hore bacha ba bangata ba tsila-tsila ho kolobetsoa hobane ba tšaba hore ke bohato ba ho qetela boo u ke keng ua checha ha u se u bo nkile. Ba ikutloa hore ha ba etsa phoso, ba tla khaoloa.”

Ke ’nete, motho a ke ke a checha boinehelong ba hae ho Molimo. (Bapisa Moeklesia 5:4.) Motho ea inehelang ho Molimo o nka boikarabelo bo tebileng. O tlamehile ‘ho tsamaea ka mokhoa o tšoanelang Morena [Jehova], le ho mo khahlisa ka hohle.’ (Ba-Kolosse 1:10) Motho ea amehang liphosong tse tebileng o kotsing ea ho lelekoa phuthehong ea Bokreste.—1 Ba-Korinthe 5:11-13.

Leha ho le joalo, motho a ke ke a nahana hore ha feela a sa kolobetsoa, a ke ke a etsa phoso. Empa “ea tsebang ho etsa botle, ’me a sa bo etse, eena o etsa sebe”—ebang o kolobelitsoe kapa ha a kolobetsoa! (Jakobo 4:17) Motho a ka thibela hore a se lelekoe phuthehong, empa motho a ke ke a phonyoha kaholo ea Jehova. Pauluse oa eletsa: “U se ke ua etsa phoso, u se ke ua soenyetsa Molimo nko; hobane motho o tla hle a kotule sona seo a se jetseng.”—Ba-Galata 6:7, Byington.

Hangata tšabo ea ho khaoloa e thibela takatso ea lekunutu ea ho etsa phoso. Ka botšepehi ngoanana e mong ea bitsoang Natalie o hlokometse: “Ke hōliselitsoe lefatšeng la Satane ’me kea tseba hore na le joang. Empa bacha ba bangata ba batla ho tsoa ba il’o inoesa ka nkho hore na ho joang.” Ho e-na le ho lumella litakatso tse fosahetseng ho u thibela hore u kolobetsoe—kapa hore li hōle ho ba liketso tse fosahetseng—ke hobane’ng ha u sa batle thuso, mohlomong ka ho buisana le motsoali kapa Mokreste ea hōlileng?—Jakobo 1:14, 15.

Ka sebele, tokoloho eo lefatše la Satane le fanang ka eona ke ea bohata. Ho joalokaha moapostola Petrose a boletse ka ba bang ba neng ba leka ho mo khelosa mehleng ea hae: “Ba ba tšepisa tokoloho, athe bona ke bahlanka ba ho bola; hobane seo motho a hlōloang ke sona, o fetoha mofo oa sona le hona.” (2 Petrose 2:19) Na ke bolokolohi le ho lumella ba bang ho laola kamoo u nahanang kateng, boitšoaro ba hao? Na ke bolokolohi ho ameha liketsong tse lebisang maloetseng, masoabing, ’me qetellong lefung?—Liproverbia 5:8-14.

Mocha oa Japane ea bitsoang Hitoshi o ile a tobana le lipotso tseo. O ne a hōlisitsoe ke batsoali ba Bakreste ’me o sa nahana: “Ha bana ba bang ba bapala, ke ne ke lokela ho ea libokeng. Ke ne ke batla bolokolohi bo eketsehileng. Ke ne ke hopola hore ke lahleheloa ke ho hong.” E, mopesaleme Asafe, o ile a “honohela” bafosi. (Pesaleme ea 73:2, 3) Empa ka mor’a hore Hitoshi a nahanisise taba ena ka hloko, maikutlo a hae a ile a fetoha. O re: “Ke ile ka hlokomela hore na bophelo ba ka bo ne bo tla ba joang ka ntle ho ’nete—ke ipona ke phela lilemo tse 70 kapa tse 80 ebe ke ea shoa. Empa Jehova o re tšoaretse bophelo bo sa feleng!” Ka hona Hitoshi o ile a inehela ho Jehova ’me a kolobetsoa.—Bapisa Pesaleme ea 73:19-28.

Na le uena u susumeletseha hore u etse ntho e tšoanang? Ho bile joalo ka mocha ea bitsoang David. O sa hopola: “Ho kolobetsoa ke sa le monyenyane e ne e le tširelo ho ’na. . . . Bacha ba bang ba sa kolobetsoang ka phuthehong ba ne ba ikutloa ba lokolohile matleng a baholo ’me ka lebaka leo ba oela boitšoarong bo bobe. Empa ka mehla ke ne ke hopola hore ke nehetse bophelo ba ka ho Molimo.” Leha ho le joalo, mohlomong ha u tsebe hantle haeba u se u loketse ho nka bohato bona. Boitsebiso bo ka u thusang bo sehloohong se latelang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona buka U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng, (e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.) khaolo 18.

b Ho ile ha buisanoa ka khopolo ea kolobetso ea masea sehloohong se reng “Na Masea a Lokela ho Kolobetsoa” ho Molula-Qhooa oa March 15, 1986.

[Litšoantšo tse leqepheng la 13]

Qeto feela eo u ka e etsang ke hore u sebeletse Molimo. Kolobetso e khetholla motho ho ba morutuoa oa Kreste Jesu ea inehetseng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela