Bacha Baa Botsa . . .
Na ke se ke Loketse ho Kolobetsoa?
Mokhatlo oa Watchtower o Ratehang:
Lebitso la ke Sharon ’me ke na le lilemo tse 13. Ke ’nile ka ipotsa hore na ke se ke loketse ho kolobetsoa. Ke nahana hore ho joalo empa ha ke e-s’o kholisehe. Ke tšepa hore le bacha ba bang ba Bakreste ba nahana joalo. Na mohlomong le ka ngola sehlooho se tla nthusa?
SHARON o nepile. Kannete bacha ba bangata ba tšabang Molimo ba nahana ka kolobetso. Har’a Lipaki tsa Jehova, bacha ba elelloa hore ba lokela ho iketsetsa qeto ea ho sebeletsa Molimo, le hore batsoali ba bona ba ke ke ba ba etsetsa qeto. Ba boetse ba ananela hore Jesu Kreste o ile a laela balateli ba hae ho tšoantšetsa boinehelo ba bona ho Molimo ka ho kolobetsoa metsing.—Mattheu 28:19, 20.
Ho etsa pontšo ea phatlalatsa o le mosebeletsi oa Molimo ea inehetseng ke boikarabelo bo boholo. Ha e le hantle, ha u rate hore u potlakele kolobetso bakeng sa ho thabisa metsoalle ea hao kapa batsoali. Ho feta moo, ha ho motho ea lokelang ho u qobella hore u kolobetsoe. (Pesaleme ea 110:3) Leha ho le joalo, Jesu o lemositse bohle ho “bala litšenyehelo” tsa ho ba morutuoa oa hae. (Luka 14:28, NW) Sena ha se bolele hore ha oa lokela ho lekanyetsa hore na u batla ho ba morutuoa oa Kreste kapa che. Ka ho hlakileng, ena ke ntho e lokileng hore u ka e etsa. Leha ho le joalo, u lokela ho hlokomela ka botlalo se akarelletsoang ke ho ba Paki ea Jehova. Mohato o latelang ke ho hlahloba hore na ruri u se u loketse ho jara boikarabelo bona.—Bapisa Liproverbia 20:25.
‘Na ke Hōlile ka ho Lekaneng?’
Ha bacha ba ntse ba hōla, hangata ba ikutloa hore ba na le tokelo ea ho thabela menyetla e itseng le boikarabelo. Ba potlakela ho tsitlallela ho khanna koloi ea lelapa, ho fumana tumello ea ho sebetsa ka mor’a mosebetsi oa sekolo, le ho ipolokela chelete ea bona. Empa tabeng ea kolobetso, bacha ba bangata ba itokolla ka hore ba sa le banyenyane haholo kapa hore ha ba e-s’o lokele boikarabelo boo. Mocha ea bitsoang Andre oa hlokomela: “Bacha ba bangata ba ema ho fihlela ba le lilemo tse 17 kapa 18 hore ba kolobetsoe ha ba se ba le baholoanyane.” Hobane’ng? “Hobane nako e telele pele ho moo ba se ba hōlile ka ho lekaneng hore ba iketsetse liqeto tse ling.”
E, taba ea hore u mocha ha se lebaka la hore u ‘tenyetsehe ka ’nģa tse peli,’ kapa leha e le hore ke seitšireletso sa ho chechela morao hore u nke boemo ba Bokreste. (1 Marena 18:21) “U mpe u hopole ’Mōpi oa hao matsatsing a bocha ba hao,” ho phehella Bibele. (Moeklesia 12:1) Moprofeta Samuele ke mong ea qalileng ho sebeletsa Jehova a sa le monyenyane. (1 Samuele 3:1-18; 12:2) Ka ho loketseng, mopesaleme Davida o ne a ka re: “Hobane uena, Morena, u tšepo ea ka; e sa le le bocheng ba ka, ke beile tšepo ea ka ho uena Jehova.”—Pesaleme ea 71:5.
Ka ho tšoanang, kajeno bacha ba Bakreste ba likete—ho kopanyelletsa le bana—ba ipakile ba na le boikarabelo ka ho lekaneng ho inehela ho sebeletsa Jehova. Ke ’nete hore bacha ba bang ba haelloa ke ho nka lintho ka botebo ’me ha ba na boikarabelo ’me ha ba hōla moeeng ho finyella qeto e tebileng ea ho kolobetsoa. (Liproverbia 22:15) Na ho joalo le ka uena? (Ha ho pelaelo hore batsoali ba hao ba tla u hlalosetsa haholo ka taba ena.) Molimo ha oa lebella mocha ho ba ea hōlileng tsebong joaloka motho ea lilemo li 40. Molimo oa tseba hore u tlas’a khatello ea “litakatso tsa bocha.” (2 Timothea 2:22) Empa ha u le moholo ka ho lekaneng ho ba ea tiileng le ea nang le boikarabelo, joale mohlomong u hōlile ka ho lekaneng ho nahana ka kolobetso. Leha ho le joalo, ho na le lipotso tse ling tseo u lokelang ho ipotsa tsona.
‘Na ke na le Tsebo e Lekaneng?’
Buka The Adolescent, ea F. Philip Rice, e hlokomela hore “hangata boikutlo bo sa tebang le boo e seng ba tlhaho ka bolumeli bo ke ke ba tiea tlas’a tlhaselo le teko.” Leha ho le joalo, Monghali Rice oa hlokomela: “Ho na le lipontšo tsa hore bacha ba kajeno ba filoe boitsebiso bo fosahetseng. Phuputso ea tsebo ea Bibele ea liithuti tsa Boprotestanta le Bojode e senola ho haelloa ke tsebo ea sebele ea Testamente e Ncha le ea Khale.”
Ha hoa lokela ho ba joalo ka motho ea itokisetsang kolobetso. Pele motho o lokela ho fumana ‘tsebo ea ’nete’ hore ebe morutuoa, kapa motho ea rutiloeng. (Johanne 17:3; Mattheu 28:19) Na e ne e ke ke ea ba ho utloahalang ho lebella seo pele u kolobetsoa, hore u tsebe “lithuto tsa ho qala tsa lentsoe la Molimo”? (Ba-Heberu 5:12, TLP) Seo se tla kopanyelletsa ho tseba seo Bibele e se rutang linthong tse kang moea, boemo ba bafu, ho halaletsoa ha lebitso la Molimo, ’Muso, le sehlabelo.
Ke ’nete, u tlamehile ho tseba ho hong ka Bibele hobane u tsamaea le batsoali ba hao ho ea libokeng tsa Bokreste. Empa tsebo e fumanoeng ka tsela e joalo e ka ba e sa tebang ’me e ke ke ea “tiea tlas’a tlhaselo le teko.” U lokela ho neha ba bang “lebaka ka tšepo e ho uena.”—1 Petrose 3:15, NW.
Terry o bolela hore o ne a lumela linnete tsa Bibele. Oa bolela: “Le ka mohla ke ne ke sa ikhotsofatse ka ho botsa lipotso tsa ka le ho li araba. Morao tjena, ke ile ka qala ho etsa sena.” Liphello tsa lenaneo le joalo la ho ithuta Bibele ebile life? “Tumelo ea ka e ile ea eketseha, ’me ke ile ka fumana hore ke tseba ho buisana le batho ka sebete. Ke bolella bacha bohle ba Lipaki hore ba se tšabe ho ipotsa haeba sena e le ’nete. Batlisisa! Etsa lipatlisiso, ithute. ‘Etsa bonnete ka lintho tsohle.’ Joale u tla tseba ho inehela ka pelo eohle ho Jehova.”—1 Ba-Thessalonika 5:21, NW.
“Baetsi ba Lentsoe”
Leha ho le joalo, re tlameha ho ba “baetsi ba lentsoe, e seng bautloi feela.” (Jakobo 1:22) U ke ke ua batla ho kolobetsoa ’me oa ba motho ea ‘patang seo a leng sona’ ka ho koahela liphoso tse tebileng. (Pesaleme ea 26:4) Liphoso tse joalo li ka kopanyelletsa boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali, botahoa, tšebeliso e mpe ea lithethefatsi, kapa sebe leha e le sefe se boletsoeng ho 1 Ba-Korinthe 6:9, 10. Haeba u kile ua ba le bothata linthong tsena, ke hobane’ng ha u sa etse litokisetso le batsoali ba hao ho buisana le baholo ba Bakreste? Kholiseha hore ba tla u neha thuso e mosa.—Jakobo 5:14, 15.
Mohlomong ho boetse ho hlokahala hore u etse liphetoho tse itseng ka tsela eo u tšoarang batsoali ba hao ka eona kapa kamoo u talimang keletso ea baholo ba Bakreste, le tsela eo u khethang metsoalle ka eona. (Liproverbia 6:20; 13:20; 1 Ba-Korinthe 15:33; Ba-Heberu 13:17) Ho ka se be bonolo haholo ho etsa liphetoho tse joalo, empa Liproverbia 11:19 ea re hopotsa: “Ho loka ha sebele ho isa bophelong; ha e le ea latelang bobe, eena o titimela lefung.”
Na Jehova u batla hore u be motho ea phethahetseng? Che. Liproverbia 20:9 ea botsa: “Ke mang ea ka reng: Ke itlhoekisitse pelo, ke hlatsoitse bobe ba ka?” Ka lebaka la sehlabelo sa Kreste, re ka lula boemong bo lokileng le Molimo. (1 Johanne 2:1, 2) Ka mohlala, mocha ea loanang ka matla bakeng sa ho hlola mokhoa o mobe joaloka tloaelo e mpe ea ho pholla litho tsa botona kapa botšehali ho li khotsofatsa, a se ikutloe hore ha a tšoanelehe hore a ka kolobetsoa.a Ka sebele, ha u hanela bobe ka matla, u thabisa pelo ea Jehova!—Liproverbia 27:11.
‘Na ke Entse Molimo Motsoalle oa Ka?’
Leha ho le joalo, potso ea bohlokoa e akarelletsa botsoalle ba hao le Molimo. Hopola: Ha u inehele mosebetsing, kapa morerong o itseng, kapa mokhatlong, empa ho Molimo ka booona. Na Molimo o bonahala e se motho oa sebele kapa motho ea hōle? Na u mo tseba le ho mo rata e le Motho? (Exoda 34:6, 7) Haeba ho joalo, u tla iphumana u buisana le eena ka makhetlo a mangata, eseng ho bua feela, empa ho bua ho tsoa pelong.—Pesaleme ea 62:8.
U tla iphumana u susumeletseha ho bolella ba bang ka Molimo. (Bapisa 2 Ba-Korinthe 5:14.) Liproverbia 15:7 e re: “Melomo ea motho ea hlalefileng e tlatsanya tsebo.” Na u etsa joalo ka ho bolella ba bang ka mehla? Na u lumella boikhathollo, boithabiso, esita le ho ba botsoa ho sitisa ho thusa ba bang ho tseba Molimo?—Liproverbia 19:24.
E, hore kolobetso e be e nang le moelelo, Molimo e lokela ho ba motsoalle oa hao ea haufi haholo. (Bapisa Jakobo 2:23.) Haeba ha ho joalo hona joale, phoso ha se ea Molimo hobane ka mofuthu o bitsa bohle ba mo batlang. (Liketso 17:27) Ka ho phehella thuto ea botho, thapelo, le ho kopanela le batho ba ’ona, u tla fumana nako ea ho ikutloa u le haufi le Molimo. (Ba-Roma 12:12; 1 Timothea 4:15; Ba-Heberu 10:24, 25) Kolobetso e tla ba phello ea ‘ho atamela Molimo’ ho joalo.—Jakobo 4:8.
Nahana ka mohlala oa ngoanana e mocha ea bitsoang Cindy. Oa ngoala: “Ke kolobelitsoe ke na le lilemo tse 14. Ke tseba kamoo ho tsoafisang kateng ho etsa joalo. Empa ke rata ho bolela hore ke ntho e molemohali eo u ka e etsang. Ak’u nahane ho tseba hore Jehova oa u amohela le hore ‘a ke ke a u tlohela kapa ho u lahla’! (Ba-Heberu 13:5) Haeba motho a ne a ka mpotsa haeba a lokela ho inehela ho Jehova ke ne ke tla re e! Empa u se etse joalo ho thabisa motho e mong. Etsa joalo hobane u batla.”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona likhaolo 25, 26 tsa buka Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Bacha ba bangata baa tšoaneleha hore ba ka kolobetsoa. Na le uena oa tšoaneleha?