Lefatše le Hloekileng—Rea le Hloka
Ka mongolli oa Tsoha! Brithani
NA U ne u tseba hore bakhanni ba li-taxi tsa London ba tlangoa ke molao ho boloka li-taxi tsa bona li hloekile? Ho hlōleha ho etsa joalo ho ka fella ka hore li thibeloe literateng tsa motse ka nako e itseng. Esita le hoja maemo a tsela a le mabe ’me likoloi tse ngata li lula li le litšila ka mehla, li-taxi tsa London li hloekile. Libaka tse benyang tsa koloi li tsosa maikutlo a motlōtlō le thabo ho mokhanni le ho bapalami ba hae.
Ka ho tšoanang, ha mahae a rōna, liaparo tsa rōna, le thepa ea rōna li hloekile, seo se hōlisa boikutlo ba boiketlo ka ho rōna. Moshanyana oa sekolo eo ’mè oa hae a ’monang a etsa mophula oa seretse ’mateng ka lieta tsa hae tse litšila o se a ntse a kene khathatsong!
Ha e le hantle, bophelo bo botle bo itšetlehile haholo ka bohloeki ba botho. ’Mele ea rōna e hloka tlhokomelo ea ka mehla le ho hlatsuoa tšila e neng e tla baka mafu. Lifeme tsa khoebo li etsa phaello e khōlō ka ho rekisa lintho tsa ho hloekisa, metsoako e bolaeang likokoanahloko, poliche, sesepa, li-shampoo, le lik’hemik’hale tse bolaeang likokoanahloko tseo re li sebelisang ho ipoloka re hloekile le ho boloka tikoloho ea rōna e hloekile. Ka sebele, batho ba bangata ba seli ka bohlokoa ba bohloeki. Empa haeba u lula motseng o moholo, ua tseba hore ha se moo pale e fellang.
Kotsi—Tšilafalo
Baahi ba metseng e meholo ba elelloa hantle tšilafalo le tikoloho e silafetseng. Ba bona tšilafalo matlakaleng a sa tlosoeng, litšileng tse tlohetsoeng literateng, le mahlapa a ngotsoeng maboteng a meaho ea sechaba. Ba e fofonela mesing e khamang ea sephethe-phethe le mosi o nkhang hampe oo e leng bothata metseng e meng.
Mohlomong ke ka lebaka leo hangata batho ba bangata ba phelang metseng e meholo ba lekang ho ea phomola libakeng tse ka ntle ho metse e meholo. Ba thabela ho tlatsa matšoafo a bona ka moea o hloekileng, mohlomong le ho noa metsi a hloekileng molatsoaneng oa thaba. Ba bang ba rata ho ea lebōpong la leoatle ’me ba phomole lehlabatheng kapa ba ipholise ka ho qoela ka leoatleng.
Leha ho le joalo, ak’u ee butle hanyenyane! Litšila le tšilafalo le tsona li ipatile moo. U ka ’na ua botsa, ‘Ho ka ba joalo joang? A bonahala a hloekile haholo.’ A re ke re hlahlobeng moea oo o “hloekileng” le metsi ao a “hloekileng.”