Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g90 6/8 maq. 10-11
  • Na Bakreste ba Lokela ho Sebelisa Rosari?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Bakreste ba Lokela ho Sebelisa Rosari?
  • Tsoha!—1990
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Maria le Rosari
  • Thapelo le Rosari
  • Kamoo re ka Atamelang Molimo
  • Na U Lokela ho Rapela Moroetsana Maria?
    Tsoha!—2005
  • “Re Rute ho Rapela”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • “Bona! Lekhabunyane la Jehova!”
    Etsisa Tumelo ea Bona
  • “Bona! Lekhabunyane la Jehova!”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
Bala Tse Ling
Tsoha!—1990
g90 6/8 maq. 10-11

Pono ea Bibele

Na Bakreste ba Lokela ho Sebelisa Rosari?

“MARIA le Rosari ke litsela tse molemohali ho atamela Molimo o Matla ’Ohle ka thapelo.”—Jean.

“Haeba u hloka thuso leha e le efe ho Maria, ho ka ba molemo hore u e fumane ka ho sebelisa Rosari. Ha ho moo nka eang teng ke sa e roala!”—Kevin.

“Re rutiloe hore u lokela ho rapela Molimo ka Maria.”—Jeannine eo e neng e le moitlami oa K’hatholike.

Na ho hlile ho na le motheo oa sebele oa ho itšetleha ka Rosari? Na Molimo, Kreste, kapa Maria ba ile ba buella tšebeliso ea eona? Histori le Lentsoe la Molimo le Halalelang li re’ng ka eona?

Batho ba bangata ba sebelisang Rosari ba lumela hore tloaelo ena e simolohile Bokresteng. Leha ho le joalo, bopaki ba histori bo latola hore lithapelo tse pheta-phetoang ebile li baloa sefaheng li bile teng pele ho tšimoloho ea Bokreste. Ha The World Book Encyclopedia e bua ka tšimoloho ea Rosari e tlaleha hore: “Lifaha tsa thapelo li simolohile mehleng ea boholo-holo, ’me mohlomong li ne li sebelisoa ke Mabuddha ka lekhetlo la pele. Mabuddha le Mamosleme a ne a li sebelisa lithapelong tsa oona.” The Catholic Encyclopedia e lumela hore lifaha tsa thapelo li ne tloaelehile lefatšeng lohle ho batho bao e seng Bakreste ka makholo a lilemo ’me li ’nile tsa sebelisoa nako e telele pele Kereke e K’hatholike e amohela Rosari.”

Maria le Rosari

Maria o bitsoa “Mofumahali oa Rosari e Halalelang.” O nkuoa e le mohlala oa ho khothaletsa Mak’hatholike “Ho Rapela Rosari.” Rosari e tloaelehileng ka ho fetisisa, “Rosari ea Mofumahali Maria ea Halalelang,” e hlaha morao lekholong la bo12 la lilemo C.E. ’me e finyeletse sebōpeho sa eona ka ho felletseng lekholong la bo15 la lilemo. Rosari le Maria lia tsamaisana kaha Maria a bonoa e le eena ea ntšetsang pele Rosari le eo e leng motho oa bohlokoa ka ho fetisa thapelong.

Ke hobane’ng ha ho hatelloa Maria le Rosari? Ba boholong ba K’hatholike ba arabela ka hore lengeloi Gabriele le itse ho eena: “Thaba, uena moroetsana ea hauhetsoeng ka ho fetisisa! Morena o na le uena.” (Luka 1:28, The New American Bible) Maria o ile a ananela hore le hoja kemolo ea hae le ho beleha Jesu li ne li le bohlokoa, eena o ne a se bohlokoa ha ho bapisoa le boemo bo phahameng boo Mora eo a neng a mo emola a neng a tla bo amohela. Ka eena, lengeloi Gabriele le ile la tsoela pele ka hore: “O tla ba moholo ’me o tla bitsoa Mora oa Molimo o Phahameng. Morena Molimo o tla mo neha terone ea Davida ntat’ae. . . . Puso ea hae e tla ba e sa feleng.”—Luka 1:32, 33, NAB.

Elelloa hore tlhokomelo e ne e sa lebisoa ho Maria, empa ho Mora eo a neng a tla mo emola—Jesu. Ke eena ea neng a tla ba moholo ’me a buse e le Morena. (Ba-Filippi 2:9, 10) Ha ho letho le boleloang ka ho khethoa ha Maria e le “Mofumahali oa Rosari e Halalelang.” Leha ho le joalo, Maria o ile a amohela litlhohonolofatso; ebile ’mè oa Jesu.—Luka 1:42.

Maria e ne e se motho ea ratang bophahamo, ea batlang botumo. O ne a thabile ebile a khotsofalletse ho ba morapeli ea ikokobelitseng oa Molimo o Phahameng. Boikokobetso ba hae bo senoloa ke karabo ea hae ho lengeloi Gabriele ha a re ho lona: “Ke mosebeletsi oa Morena.” (Luka 1:38, The Jerusalem Bible) Bophelong ba hae kaofela, Maria o ile a ipaka e le mosali oa tumelo ea tšepahalang, ea ratang toka, le morutuoa ea tšepahalang oa Jesu Kreste ea ileng a kopanela le barapeli ba bang ka boikokobetso ho rapela Molimo o Matla ’Ohle. Bakreste ba pele ba ile ba rapela hammoho le Maria, eseng hore ba mo rapele.—Liketso 1:13, 14.

Thapelo le Rosari

Bakreste ba talima thapelo e le tokisetso ea bohlokoa ka ho fetisisa ea ’Mōpi—mpho ea sebele e bohlokoa haholo. Thapelo ke ho bua le Molimo o Matla ’Ohle ka tlhompho. E lokela ho fetisa maikutlo a rōna a tebileng le menahano e tsoang pelong. “Thapelo e lokela ho ba pontšo ea botsoalle ba motho le Molimo,” ho bolela New Catholic Encyclopedia. Le ka mohla ho rapela Molimo ha hoa lokela ho fetoha tloaelo e se nang moelelo, kapa hore re khomarele mantsoe a ratehang a pheta-phetoang.—Mattheu 6:7, 8.

Na Rosari e tlatsetsa lithapelong tse nang le moelelo? Jeannine o ile a hlokomela hore ho pheta-pheta “Rapelang Maria” ka Rosari “ho ile ha fetoha ntho e pheta-phetoang ka ho sa hlokomeleheng.” Ho pheta-pheta mantsoe a tšoanang ka Rosari ha hoa mo atametsa haufi le Molimo. Lydia, eo le eena pele e kileng ea e-ba moitlami oa K’hatholike, o itse: “Ha ho letho le molemo leo ke neng ke le fumana ka ho pheta-pheta Rosari. Nkabe ke khethile ho ipalla libuka tsa bolumeli.” Lithapelo tse pheta-phetoang ha li na morero kaha Molimo o ile oa tšepisa: “Pele ba bitsa, ke tla araba.” (Esaia 65:24, NAB; Mattheu 6:7, 8, 32) Molimo o Matla ’Ohle o ananela le ho arabela lithapelo tse etsoang ka boikutlo bo botle le tse tsoang pelong e tšepahalang. Rosari ha e thuse motho ho atamela Molimo ka thapelo e nang le moelelo, e tsoang pelong.—Pesaleme ea 119:145; Ba-Heberu 10:22.

Kamoo re ka Atamelang Molimo

Tsela feela e amohelehang hore “Ea utloang merapelo” a li utloe ke ka Jesu Kreste. (Pesaleme ea 65:2) Jesu o rutile ka ho hlakileng: “Ke ’na Tsela, ’Nete le Bophelo. Ha ho motho ea ka tlang ho Ntate ha e se ka ’na.” (Johanne 14:6, JB) Maria ha a ka a mengoa ho arolelana boikarabelo bona le ho sebeletsa joaloka mokena-lipakeng. Haeba Maria a ne a neiloe monyetla ona o khethehileng, ha ho pelaelo hore Jehova o ne a tla etsa hore o tsejoe.—Ba-Heberu 4:14-16; 1 Johanne 2:1, 2.

Rosari le lithapelo tse pheta-phetoang ka hlooho li tsoa motsong oa linaha tse ipolelang e le tsa Bokreste. Ho rapela Maria ho hlokomoloha seo Jesu a se rutileng, hore “ha ho motho ea ka tlang ho Ntate ha e se ka eena.” Kahoo, Maria le Rosari ha se tsela ea Molimo ea ho mo atamela ka thapelo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela