Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g90 12/8 maq. 17-19
  • Na Ke Lokela ho Fumana Mosebetsi oa ka Mor’a Sekolo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Ke Lokela ho Fumana Mosebetsi oa ka Mor’a Sekolo?
  • Tsoha!—1990
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Tla Etsa’ng ka Chelete?
  • Sekolo le Mosebetsi
  • Mosebetsi le Lelapa la Heno
  • Mosebetsi oa Hao le Bomoea ba Hao
  • Na Mosebetsi oa ka Mor’a Sekolo o Tla Nthusa Hore ke Hōle?
    Tsoha!—1990
  • Na ke Lokela ho Sebetsa ke Ntse ke Kena Sekolo?
    Tsoha!—1991
  • Nka Iphumanela Chelete Joang?
    Tsoha!—1998
  • Nka Etsa’ng Hore ke Iphumanele Chelete?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
Bala Tse Ling
Tsoha!—1990
g90 12/8 maq. 17-19

Bacha Baa Botsa . . .

Na Ke Lokela ho Fumana Mosebetsi oa ka Mor’a Sekolo?

“Tsoha!”: Ke eng se entseng hore u sebetse ka mor’a sekolo?

Eric: Ke ne ke lula lapeng, ’me ke ne ke batla ho thusa batsoali ba ka ka chelete.

Olga: Boitaolo. Ke ne ke batla chelete eo e leng ea ka.

Michelé: Ke ne ke se ke ntse ke fumana thuso ea chelete, empa ke ne ke batla ho ba le phihlelo ea mosebetsi.

Duane: Ke ne ke sa sebeletse chelete. Ke ne ke sebetsa ho thusa malome ea neng a e-na le khoebo ea ho penta, ho haha, joalo-joalo.

Anthony: Ke ne ke sebetsa hobane ke ne ke batla ho reka liaparo.

“Tsoha!”: Na ’mè oa hao o ne a sa u rekele tsona?

Anthony: O ne a sa nthekele mofuta oa liaparo tseo ke neng ke li batla.

NA U NAHANA ho fumana mosebetsi oa ka mor’a sekolo? Mohlomong u hloka chelete e eketsehileng ea litšenyehelo tsa botho, ’me ho bonahala mosebetsi e le mokhoa oa ho e fumana ka potlako.

Mosebetsi o ka ba le melemo ea oona.a O ka ruta mocha ho ba le boikarabelo. O ka fana ka phihlelo ea bohlokoa le bohlale ba ho etsa lintho. Leha ho le joalo, hase litšobotsi tsohle tsa mosebetsi tse leng molemo, ’me le pele u sebetsa u lokela ho bala litšenyehelo ka hloko.—Bapisa le Luka 14:28; 1 Ba-Korinthe 10:23.

Ke Tla Etsa’ng ka Chelete?

Bacha ba bangata ba sebeletsa ho thusa batsoali ba bona ka chelete. Leha ho le joalo, tichere e ’ngoe ea sekolo se phahameng David L. Manning e hlokomela hore “ho bonahala lebaka le ka sehloohong la ho ba le mosebetsi oa nakoana e le ho ameha ka lithahasello tse fetelletseng tsa boithati.” Ha e le hantle, boholo ba chelete eo bacha ba e amohelang ha e bolokoe bankeng kapa ho e sebelisa bakeng sa litšenyehelo tsa lelapa, empa e sebelisoa bakeng sa ho reka lintho tse turang ho tloha ka li-stereo le litekete tsa konsarete le liteki tse turang haholo. Ha nako e ntse e tsamaea, hangata chelete eo ba e amohetseng ea senngoa.

Ha mongolli oa Tsoha! a ne a botsa sehlopha sa bacha hore ba entse eng ka chelete eo ba e fumaneng mesebetsing ea bona, Michelé o ile a arabela: “Ke entse’ng ka chelete ea ka?” O ile a lumela: “Ha ke tsebe. Ha ho eo ke e bolokileng. Ke nahana hore ke e sebelisitse bakeng sa ho intša. Libaesekopo—ke ne ke ea teng mafelo-beke a mang le a mang. Le lieta. Bothata ba ka ke lieta. Ke lefile chelete e ka bang [R650] bakeng sa para e le ’ngoe.” Ka ho tšoanang Olga e mocha o ile a arabela: “Ke nahana hore ke sebelisitse chelete ea ka eohle. Ha u fumana e eketsehileng, u e sebelisa haholoanyane. Empa e hlile ha ke hopole hore na e felletse hokae.”

Salomone o ile a botsa: “Molemo ke ofe oo motho a o bonang mokhathaleng oohle oa hae oo a ikhathatsang ka oona tlas’a letsatsi?” (Moeklesia 1:3) ’Me ka ntle le lebaka le utloahalang la ho sebetsa, ka ntle ho tokisetso e ntle ea kamoo u tla sebelisa chelete ka teng—kapa ho e boloka—ka ho tšoanang chelete eo u e fumanang mosebetsi oa hao o boima o ka ipaka e le ho hamela letanteng, o se na molemo.b U ka ’na ua botsa: ‘Empa kotsi ke efe ha ke e sebelisa feela linthong tseo ke li batlang?’

Ke taba e utloahalang ho sebeletsa litlhoko tsa sebele. Empa ho sebetsa halelele le ka thata ka lebaka la ho batla lintho tse sa hlokahaleng ke leraba. Ho ka baka takatso e kotsi bakeng sa lintho tse bonahalang. (Bapisa le 1 Timothea 6:8, 9.) Ho ka hōlisa moea oa boithati, moea oa ’na pele o sebetsang khahlanong le moea oa Bokreste oa ho fana. (Liketso 20:35) Kahoo pele u fumana mosebetsi, na ho ne ho ke ke ha ba molemo ho batlisisa hore na u hlile u na le lebaka le utloahalang la ho sebetsa?

Sekolo le Mosebetsi

Ntho e ’ngoe e lokelang ho nahanisisoa ke liphello tseo ho sebetsa ho ka bang le tsona mosebetsing oa hao oa sekolo. Jesu o itse: “Ha ho motho ea ka tsebang ho sebeletsa marena a mabeli.” (Mattheu 6:24) Molao-motheo ona o sebetsa ho bacha ba bangata ba iphumanang ba tšoasehile khohlanong ea sekolo le mosebetsi.

Liphuputso li bontša hore bacha ba sebetsang ke bona ba sa beng teng sekolong haholoanyane ho feta ba sa sebetseng. Leha ba le teng sekolong, hangata ha ba mamele ka hloko. Olga e mocha oa hlalosa: “Motšehare o moholo ke ne ke se ke tsoile sekolong ’me ke etsa mosebetsi oa bongoli ho tloha ka hora ea pele ho ea ho ea bohlano.” Phello? “Ke ne ke khathetse. Mosebetsi le sekolo lia u khathatsa.” Ha ho makatse ha matšoao a liithuti tse ling a theoha ka tšohanyetso ka mor’a hore li qale ho sebetsa. Ba bang ba hlōleha ho feta lithutong tsa bona tsa sekolo.

Anthony ea ileng a hlōleha ho feta lithutong tsa hae tsa sekolo ha a ne a sebetsa femeng ka mor’a sekolo oa hopola: “Ke ne ke lokela ho ea sekolong sa lehlabula.” Leha ho le joalo, Anthony o ile a sebetsa lehlabula lohle. Phello? “Ke ile ka hlōleha ho feta lithuto tsa ka tsa sekolo lehlabula ’me ka lokela ho pheta sehlopha seo hape.” Ke ’nete, liithuti tse ling tse bohlale li khona ho fumana matšoao a phahameng lithutong. Michelé oa hopola: “Ke ne ke mamela tichere feela, ke utloisise seo e se bolelang, ’me ke ne ke atleha ho feta lithuto tsa ka tsa sekolo. Ha ho mohla ke neng ke tlameha ho ithuta.” Leha ho le joalo, ho na le phapang e khōlō mahareng a ho khanna nako feela sekolong le ho ithuta e le kannete.—Bapisa le 1 Timothea 4:15.

Kahoo haeba u nahana ho fumana mosebetsi, ipotse: ‘Na ke tla khona ho fana ka tlhokomelo e lekaneng mosebetsing oa ka oa sekolo o etsoang lapeng? Na ke tla khona ho fumana phomolo le boroko bo lekaneng?’ (Moeklesia 4:6) Ho hongata ho tla itšetleha ka mofuta oa mosebetsi le kemiso. Empa haeba mosebetsi o sitisa mosebetsi oa hao oa sekolo, na ka sebele ke o loketseng?

Mosebetsi le Lelapa la Heno

Hape seo u lokelang ho nahana ka sona ke liphello tseo mosebetsi o ka bang le tsona mabapi le kamano ea hao le litho tsa lelapa. Bafuputsi Laurence Steinberg le Ellen Greenberger ba re: “Liphuputso tsa rōna li bontša hore . . . bacha ba sebetsang ba senya nako e nyenyane feela mesebetsing ea lelapa ho feta lithaka tsa bona tse sa sebetseng.” Ka mohlala, “bacha ba bangata ba sebetsang ba bolela hore ke ka seoelo ba kopanelang lijo tsa mantsiboea le malapa a habo bona (ka baka leo ba lahleheloa ke e ’ngoe ea linako tse ’maloa tsa letsatsi eo ka eona batsoali le bana ba ka ‘buisanang’ ka mesebetsi ea e mong le e mong).”

Linako tsa lijo e ne e le tšobotsi ea bohlokoa ea bophelo ba lelapa mehleng ea Bibele ’me ho sa ntse ho le joalo har’a batho ba Molimo kajeno. (Bapisa le Liproverbia 15:17.) Har’a Lipaki tsa Jehova, malapa a mangata a sebelisa nako ea lijo tsa hoseng kapa tsa mantsiboea e le monyetla oa ho buisana ka lintho tsa moea. Na mosebetsi oa ka mor’a sekolo u tla u sitisa hore u kopanele?

Bacha ba sebetsang ba ka boela ba qala ho ikutloa ba lokolohile ho batsoali ba bona. Ba bang ba bile ba fana ka lebaka la hore kaha ba na le chelete ea bona, ha ba sa le tlas’a taolo ea batsoali ba bona hakaalo. Leha ho le joalo, chelete ha e u lokolle boikarabelong ba hao ba Mangolo ba ho ‘mamela thuto ea ntat’ao’ kapa ho mamela ‘taeo ea ’m’ao.’ (Liproverbia 1:8) Ka mohlala, batsoali ba hao ba na le tokelo e ’ngoe le e ’ngoe ea ho lekanyetsa hore na ke chelete e kae eo u e sebelelitseng ka thata e lokelang ho sebelisetsoa litšenyehelo tsa lelapa. Leha ho le joalo, hoo e batlang e le chelete eohle ea bona e sebelisoa litšenyehelong tsa lelapa.

Haeba u etsa qeto ea ho sebetsa, ke hobane’ng ha u sa bontše khōlo le thahasello ea hao boiketlong ba lelapa ka ho botsa batsoali hore u ka tlatsetsa ka bokae litšenyehelong tsa lelapa?

Mosebetsi oa Hao le Bomoea ba Hao

Lebaka la bohlokoa ka ho fetisisa ke phello eo mosebetsi o ka bang le eona bomoeeng ba hao. Steinberg le Greenberger ba tlaleha hore hangata ho se sireletsehe mosebetsing ho fella ka mefuta ea ‘boitšoaro bo khelohileng’ ho bacha, joaloka ho utsoa mosebetsing kapa ho qhekella sekolong. Bacha ba bang ba bile ba inehela khatellong ea lithaka le ho fana ka liphokoletso tse sa lumelloang ho metsoalle—kapa ho ba utsoetsa. Likhatello tsa mosebetsi (le ho ba le chelete matsohong) ho etsa hore bacha ba bangata ba noe joala le ho sebelisa lithethefatsi.

Ke ’nete hore ha u na le melao-motheo ea Bokreste, u ne u ke ke ua nahana ka ho etsa lintho tse joalo. Leha ho le joalo, ho sebetsa ho beha mocha kotsing ea “litloaelano tse mpe” ka ho eketsehileng. (1 Ba-Korinthe 15:33) Na u ikemiselitse ho sebetsana le khatello e joalo? Ha u ne u le sekolong, na u ile ua ‘tsamaea ka bohlale pel’a ba kantle’ ka ho qoba litloaelano tse mpe? (Ba-Kolosse 4:5) Haeba u ile ua bontša bofokoli bo itseng tabeng ena, na ka sebele u ikemiselitse ho tobana le likhatello tse khōloanyane tsa mosebetsing?

Kemiso ea mosebetsi o boima e ka ’na ea u thatafalletsa ho latela kemiso ea Bokreste ea liboka, thuto ea botho ea Bibele le ho kopanela tšebeletsong ea Bokreste. Michelé o re: “Ke ile ka fosoa ke liboka hobane ke ne ke khathetse ka mor’a letsatsi la sekolo le mosebetsi.”

Kahoo qeto ea ho sebetsa ka mor’a sekolo ke e tebileng. Mabaka ’ohle a amehang a tlameha ho nahanisisoa ka hloko. Buisana le batsoali ba hao kapa le Mokreste ea hōlileng ka sena. Haeba u nahana hore mosebetsi oa hlokahala, leka ka thata ho boloka ho leka-lekana. Etsa kemiso e u lumellang ho fana ka nako e lekaneng mosebetsing oa hao oa sekolo le khōlong ea hao ea moea. Haeba seo se sa etsahale, nahana ka litsela tse ling tsa ho fumana chelete. Mohlomong ho na le mesebetsi e bohlokoa ea lehae eo batsoali ba hao ba ka ratang ho u lefa ha u e etsa. Bacha ba bang ba qalisa mesebetsi e menyenyane e kang ho kuta joang kapa ho hlokomela bana tse ba lumellang ho fumana chelete habonolo.

Empa ho thoe’ng ka bacha ba linaheng tse futsanehileng ba se nang boikhethelo haese ho sebetsa? Sehlooho se latelang se tla tšohla boemo ba bona.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona sehlooho se fetileng.

b Bona tokollo ea January 8, 1989 ea Tsoha! le January 22, 1989 ea Awake! bakeng sa litlhahiso tsa ho sebelisa chelete.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 19]

“Ho bonahala lebaka le ka sehloohong la ho ba le mosebetsi oa nakoana e le ho ameha ka lithahasello tse fetelletseng tsa boithati”

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Na u sebeletsa ho lefella litšenyehelo tsa sebele kapa ho khotsofatsa lerato la lintho tse bonahalang?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela