Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g90 12/8 maq. 24-28
  • Karolo 9—Puso ea Motho e Fihla Tlhōrōng ea Eona!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Karolo 9—Puso ea Motho e Fihla Tlhōrōng ea Eona!
  • Tsoha!—1990
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Litšepiso, Litšepiso!
  • Ho Itokisetsa ho Nka Khato Hammoho
  • Ho Leka ka Lekhetlo la Bobeli
  • “Le tla Robakoa Likoto.”
  • Part 8—Mokoloko o Molelele oa Mebuso ea Lefatše o Atamela Qetello ea Oona
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Lebaka Leo Selekane se Neng se Hlokahala ka Lona
    Tsoha!—1991
  • Sephiri se Hlollang Sea Rarolloa
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
  • Ho Etsahala’ng ka Machaba a Kopaneng?
    Tsoha!—1991
Bala Tse Ling
Tsoha!—1990
g90 12/8 maq. 24-28

Puso ea Motho e Lekantsoe Sekaleng

Karolo 9—Puso ea Motho e Fihla Tlhōrōng ea Eona!

“Supranational political systems”: mebuso, lilekane, mekhatlo e theiloeng mahareng a sechaba le naha motheong oa nakoana kapa oa ka mehla bakeng sa ho phehella lipakane tse tšoanang tse tlōlang meeli ea sechaba, bobusi, kapa lithahasello.

KA LA 5 October, 539 B.C.E., ebile letsatsi le loketseng bakeng sa mokete oa letsatsi la motse oa Babylona. Bahlanka ba ’muso ba phahameng ba sekete ba ne amohetse memo ea ho ea lijong tsa mantsiboea e tsoang ho Morena Belshatsare. Le hoja Belshatsare le metsoalle ea hae ea lipolotiki ba ne ba tšositsoe ke mabotho a hlometseng a lika-liketsang motse oa bona a Bamede le Bapersia, ba ne ba sa khathatseha. Leha ho le joalo, marako a motse a ne a sa kenehe habonolo. Ho ne ho se lebaka la ho tšoha.

Joale, ka ntle le ho hlokomelisoa, har’a mokete, menoana ea letsoho la motho ea se nang ’mele o bonahalang e ile ea qala ho ngola mantsoe a tšosang leboteng la ntlo ea borena: MENE, MENE, THEKEL le UPHARSIN. Mangole a morena a ile a qala ho otlana, ’me o ile a pulufala.—Daniele 5:5, 6, 25.

Daniele oa Moiseraele le morapeli oa Molimo eo Belshatsare le mahosana a hae ba neng ba o nyelisa, o ile a bitsoa hore a tl’o hlalosa. Daniele o ile a qala ka hore: “Koahollo ea lihlaku tseno ke eona ena: Mene (baliloe) ke ho re: Molimo o balile ’muso oa hao, ’me o o khaotse. Thekel (lekantsoe): U lekantsoe ka sekala, ’me ha fumanoa u le chatsi (fokola, NW). Peres (karolo): ’Muso oa hao o arotsoe, ’me o neiloe ba-Mede le ba-Persia.” Bonneteng boprofeta boo bo ne bo sa lelekele ntho e molemo. Phethahatsong ea bona, “ka bona bosiu boo, Belshatsare, morena oa ba-Kalde, a bolaoa.”—Daniele 5:26-28, 30.

Ka bosiu bo le bong feela, mofuta o mong oa puso ea motho o ile oa nkeloa sebaka ke o mong! Ka lebaka la liphetoho tse tšoanang tsa lipolotiki tse etsahalang Europe Bochabela, re ka ’na ra ipotsa hore na ebe se etsahetseng ka Belshatsare ho na le seo ho ka se bolelang mehleng ea rōna. Na mohlomong sena se ka bolela ho hong bakeng sa puso eohle ea motho? Re na le mabaka ’ohle a ho nahana ka sena ka ho tebileng hobane “tsoelo-pele eohle ea senyeha,” ke kamoo ho bolelang moprofesa Jacques Barzun oa Univesithi ea Columbia, ’me o phaella ka hore: “Phello e tšosang ea Greece kapa Roma hase tšōmo.”

Batho ba lekile mofuta o mong le o mong oa ’muso oo ba o nahanang. Ka mor’a lilemo tse likete tsa ho leka litsela tsohle bakeng sa ho leka ho finyella katleho, liphello ebile life? Na puso ea motho ebile e khotsofatsang? Na e ka fana ka litharollo bakeng sa mathata a moloko oa batho a eketsehang?

Litšepiso, Litšepiso!

Karabo e sa fellang e fanoa ke Bakul Rajni Patel, motsamaisi oa setsi se seholo sa liphuputso Bombay, India. Ha a beha bo-ralipolotiki molato ka “boikaketsi bo fetelletseng,” o itse: “Ke ntho e tloaelehileng India le lichabeng tse ling tse Fokolang Moruong ho baeta-pele ho ema lithaleng le ho ’na ba bua ka ‘khōlo’ le ‘tsoelo-pele.’ Ke khōlo efe le tsoelo-pele tseo ba buang ka tsona? Ke bo-mang bao re ba etsang lithoto? U lokela feela ho talima lipalo-palo tse tšosang tse amanang le Linaha tse Fokolang Moruong: bana ba 40 000 ba shoa letsatsi le letsatsi ka lebaka la mafu a ka thibeloang.” O phaella ka hore bonyane bana ba limillione tse 80 ba haelloa ke phepo e ntle kapa ba robala ka lephako bosiu bo bong le bo bong.

U ka ’na oa ipelaetsa: ‘Empa ak’u beng butle hanyenyane, bonyane a ke le neheng bo-ralipolotiki tlotla ka seo ba lekileng ho se etsa. Ho hlokahala mofuta o itseng oa ’muso hore mathata a tebileng ao lefatše le tobaneng le ’ona kajeno a rarolloe.’ Ke ’nete, empa potso ke hore: Na e lokela ho ba ’muso o entsoeng ke motho kapa e lokela ho ba ’muso o entsoeng ke Molimo?

U se qhele potso ena e le ho hloka tsebo, ua nahana joaloka batho ba bangata hore Molimo o khethile ho lula o sa amehe. Ka ho hlakileng, mopapa John Paul II le eena o nahana hore Molimo o tlohetse sena matsohong a batho ho ipusa hamolemo kamoo ba ka khonang, kaha nakong eo a neng a etetse Kenya ka eona hoo e ka bang lilemong tse leshome tse fetileng, o ile a re: “Phephetso ea bohlokoa ho Mokreste ke ea bophelo ba lipolotiki.” O ile a tsoela pele ka hore: “’Musong batho ba na le tokelo le tlamo ea ho kopanela bophelong ba lipolotiki. . . . E ne e tla ba phoso ho nahana hore Mokreste ka mong ha a lokela ho ameha likarolong tsena tsa bophelo.”

Batho ka ho latela khopolo ena, hangata ka tšehetso ea bolumeli, ba ’nile ba batla ’muso o phethahetseng ka nako e telele. Mofuta o mong le o mong oa ’muso o mocha o ’nile oa tsamaisana le litšepiso tse khōlō. Empa esita le litšepiso tse utloahalang li le molemo ka ho fetisisa li tsosa ho se utloane ha li sa bolokoe. (Bona “Litšepiso ha li Bapisoa le Lintho tsa Sebele” leqepheng la 27.) Ka ho hlakileng, batho ha ba e-s’o finyelle ’muso o loketseng.

Ho Itokisetsa ho Nka Khato Hammoho

Na seithuti sa saense ea nuclear Harold Urey se bile le karabo? Se ile sa bolela hore “ha ho na tharollo ea sebele mathateng a lefatše ka ntle le hore qetellong ’muso oa lefatše o nolofalloe ho hlomamisa molao lefatšeng lohle.” Empa hase motho e mong le e mong ea kholisehileng hore na sena se tla sebetsa kapa che. Nakong e fetileng, tšebelisano-’moho e atlehileng har’a litho tsa mekhatlo ea machaba ha ea finyelloa. Hlokomela mohlala ona o khethehileng.

Ka mor’a Ntoa ea I ea Lefatše, ka la 16 January, 1920, mokhatlo o tlōlang meeli ea bochaba kapa lithahasello, Selekane sa Lichaba, o ile oa hlomamisoa o e-na le litho tsa linaha tse 42. Ho e-na le ho etsoa ho latela ’muso oa lefatše, ’ona o ne o reretsoe ho ba palamente ea lefatše, e reretsoeng ho ntšetsa pele bonngoe ba lefatše, haholo-holo ka ho rarolla liqhoebeshano mahareng a linaha tse matla tsa lefatše, ’me ka ho etsa joalo o thibele ntoa. Ka 1934 litho tsa ’ona li ne li nyolohetse ho lichaba tse 58.

Leha ho le joalo, Selekane sa Lichaba se ne se theiloe motheong o thekeselang. The Columbia History of the World ea hlalosa: “Ntoa ea Pele ea Lefatše e ne e letse ka mokhoa o hlokomelehang, empa ka nakoana, masoabi a ne a tla be a le teng. Tšepo e neng e likoloha ho Selekane sa Lichaba e ile ea ipaka e le e thetsang.”

Ka la 1 September, 1939, Ntoa ea II ea Lefatše e ile ea qhoma, ea etsa hore Selekane sa Lichaba ebe ntho e sa sebetseng. Le hoja se sa fela ka botlalo ho fihlela ka la 18 April, 1946, se ile sa shoa hammoho le boikemisetso bohle ba sona le merero joaloka “mocha” ea e-song ho be le lilemo tse 20. Empa pele se felisoa ka molao, se ne se se se nketsoe sebaka ke mokhatlo o mong o tlōlang meeli ea bochaba kapa lithahasello, mokhatlo oa Machaba a Kopaneng, o theiloeng ka la 24 October, 1945, o e-na le litho tsa linaha tse 51. Boiteko bona bo bocha ba ho itokisetsa ho nka khato hammoho bo ne bo tla atleha hakae?

Ho Leka ka Lekhetlo la Bobeli

Batho ba bang ba bolela hore Selekane sa Lichaba se ile sa hlōleha hobane se ne se bōpehile ka mokhoa o fosahetseng. Pono e ’ngoe ha e behe molato o moholo ho Selekane sa Lichaba empa e o beha ho mebuso e neng e le leqe ho se tšehetsa ka nepo. Ha ho pelaelo hore ho na le ’nete e itseng liponong tsena tse peli. Leha ho le joalo, bathei ba Machaba a Kopaneng ba lekile ho ithuta ka ho se sebetse ha Selekane sa Lichaba le ho lokisa e meng ea mefokolo ea Selekane sa Lichaba e ileng ea bonahala.

Mongoli R. Baldwin o bitsa Machaba a Kopaneng “mokhatlo o phahametseng Selekane sa Lichaba ka boemo ba oona ba ho bōpa tsamaiso ea khotso ea lefatše, tšebelisano-’moho, molao, le litokelo tsa batho.” Ke ’nete, tse ling tsa likofuto tsa oona tse khethehileng, tseo har’a tsona e leng WHO (World Health Organization [Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo bo Botle]), UNICEF (United Nations Children’s Fund [Mokhatlo oa Machaba a Kopaneng oa Lithuso tsa Bana]), le FAO (Food and Agriculture Organization [Mokhatlo oa Lijo le Temo]), li phehelletse lipakane tse babatsehang tse nang le tekanyo e itseng ea katleho. Se seng se bontšang hore eka Baldwin o ne a nepile ke ’nete ea hore hona joale ke lilemo tse 45 Machaba a Kopaneng a ntse a sebetsa nako e telele hoo e ka bang ka makhetlo a mabeli ho feta Selekane sa Lichaba.

Ntho e khōlō eo Machaba a Kopaneng a e finyelletseng ebile ho potlakisa ho felisa likolone, bonyane a etsa hore “sena se be le tlhophiso haholoanyane ho feta kamoo se neng se tla ba ka teng ntle le moo,” ho latela moqolotsi oa litaba Richard Ivor. O boetse o bolela hore mokhatlo ona “o thusitse ho fokotsa ntoa mahareng a mebuso e matla ea lefatše hore ebe feela ntoa ea mantsoe.” O bile o thoholetsa “tsela ea tšebelisano-’moho lefatšeng lohle” eo a thusitseng ho e hlahisa.

Ha e le hantle, ba bang ba pheha khang ka hore tšabo ea ntoa ea nuclear ke eona e entseng mosebetsi o moholo ho thibela Ntoa ea Linaha tse Matla tsa Lefatše hore e se qhome ho feta kamoo ho entseng Machaba a Kopaneng. Ho e-na le ho boloka tšepiso lebitsong la oona feela, e leng ho kopanya lichaba, ’nete ke hore hangata mokhatlo ona ha oa etsa letho ho feta ho sebeletsa e le mokena-lipakeng, ho leka ho thibela lichaba tse arohaneng hore li se ke tsa nkhisetsana mahafi. Esita le boemong bona ba ho laola litaba, ka mehla Machaba a Kopaneng ha a ka a atleha. Ho joalokaha mongoli Baldwin a hlalosa Selekane sa khale sa Lichaba, “Machaba a Kopaneng ha a na matla a ho etsa letho ho feta seo naha eo e leng setho sa ’ona e qosoang e ka se lumellang ka mohau.”

Tšehetso ena eo e seng ea pelo eohle ea litho tsa Machaba a Kopaneng ka linako tse ling e bonahala tabeng ea ho se ikemisetse ha tsona ho nehelana ka chelete hore mokhatlo oo o ’ne o tsoele pele o sebetsa. Ka mohlala, United States e ile ea hana ho thusa FAO ka lebaka la qeto e fihletsoeng e neng e nkoa e le ho nyatsa Iseraele ’me e tšehetsa Palestina. Hamorao, motšehetsi enoa e moholo oa Machaba a Kopaneng licheleteng o ile a lumela ho lefa chelete e lekaneng ho boloka livoutu tsa hae empa a ’na a tlohela likarolo tse tharo tsa molato oa chelete li sa lefshoa.

Ka 1988 Varindra Tarzie Vittachi, eo e neng e le motsamaisi oa UNICEF, o ile a ngola hore o hana “ho kopanela le mokha o akaretsang” oa ba nyatsang Machaba a Kopaneng. Leha ho le joalo, le hoja a ipitsa “mohanyetsi ea tšepahalang,” oa lumela hore tlhaselo e pharalletseng e etsoa ke batho ba bolelang hore “Machaba a Kopaneng ke ‘leseli le timmeng,’ hore ha aa phelela likhopolo tsa ’ona tse phahameng, le hore a hlōlehile ho jara boikarabelo ba oona ba ho boloka khotso le hore likofuto tsa oona tsa ntšetso-pele, ka ntle ho mekhelo e itseng e hlomphehang, ha lia lokafatsa boteng ba tsona.”

Bofokoli bo boholo ba Machaba a Kopaneng bo senoloa ke mongoli Ivor, ha a ngola: “Ho sa tsotellehe seo Machaba a Kopaneng a se etsang, a ke ke a felisa sebe. Leha ho le joalo, a ka etsa hore libe tsa machaba li be boima le ho feta, ’me a ka etsa hore moetsalibe a ikarabelle haholoanyane. Empa ha a e-s’o ka a atleha ho fetola lipelo le likelello tsa batho bao mohlomong e leng baeta-pele ba linaha kapa batho ba li etsang.”—Mongolo o tšekalletseng ke oa rōna.

Ka lebaka leo, bofokoli ba Machaba a Kopaneng bo tšoana le bofokoli ba mefuta eohle ea puso ea motho. Ha ho le e ’ngoe e tšoanelehang ho kenya ho batho lerato le hlokang boithati ho se nepahetseng, lehloeo bakeng sa se fosahetseng, le ho hlompha bobusi e leng lintho tse hlokahalang bakeng sa katleho. Ak’u nahane ka mathata a mangata lefatšeng a neng a ka qojoa hoja batho ba ne ba ikemiselitse ho tataisoa ke melao-motheo e lokileng! Ka mohlala, tlaleho ea litaba ka tšilafalo Australia e bolela hore ho na le bothata “bo sa bakoeng ke ho hloka tsebo empa bo bakoang ke boikutlo.” Ka ho bitsa meharo sesosa sa motheo, sehlooho seo se bolela hore “leano la ’muso ke lona le mpefalitseng bothata bona.”

Ka mantsoe a bonolo feela, batho ba sa phethahalang ba ke ke ba etsa ’muso o phethahetseng. Ho joalokaha mongoli Thomas Carlyle a hlokometse ka 1843: “Khabareng ’muso o mong le o mong ke pontšo e tšoanang hantle ea batho ba oona, ka bohlale ba bona le bothoto ba bona.” Ke mang ea ka hanyetsanang le mabaka a joalo?

“Le tla Robakoa Likoto.”

Hona joale, lekholong lena la bo20 la lilemo, tlhōrō ea puso ea motho e finyelletsoe. Mebuso ea batho e ile ea ithera ho etsa morero o matla o nyelisehang le o tletseng bofetoheli oa ho fetohela puso ea Molimo e ’nileng ea e-ba teng. (Bapisa le Esaia 8:11-13.) E entse joalo, eseng ka lekhetlo le le leng, empa ka makhetlo a mabeli, ea thea Selekane sa Lichaba pele joale eaba Machaba a Kopaneng. Tšenolo 13:14, 15 e bitsa phello eo “setšoantšo sa sebata.” Seo ke se loketseng hobane ke setšoantšo sa tsamaiso eohle ea lintho ea batho ea lipolotiki. Joaloka sebata, likarolo tsena tsa lipolotiki li ’nile tsa harola baahi ba lefatše le ho baka mahlomola a ke keng a lekanngoa.

Selekane sa Lichaba se felletse habohloko ka 1939. Ntho e tšoanang e sa letetse Machaba a Kopaneng phethahatsong ea boprofeta ba Bibele: “Itlameng matheka, le tla robakoa likoto; itlameng matheka, le tla robakoa likoto. Rerang taba, e tla fetoha lefeela.”—Esaia 8:9, 10.

Ho robakoa hona ha ho qetela ha “setšoantšo sa sebata” hammoho le tsamaiso ea puso ea motho eo e e bonahatsang ho tla etsahala neng? Jehova o tla felisa puso ea motho e phephetsang bobusi ba hae neng? Bibele ha e bolele letsatsi le tobileng, empa boprofeta ba Bibele le liketsahalo tsa lefatše li re: ‘Haufinyane.’—Luka 21:25-32.

Mongolo o leboteng o teng hore o bonoe ke bohle ba tsotellang ho sheba. Ka ’nete joalokaha ’muso oa Belshatsare o ne o lekantsoe sekaleng ’me oa fumanoa o fokola, ka sebele puso eohle ea motho e ahlotsoe ’me e fumanoe e fokola. E lumella tšenyeho ea lipolotiki, e qholotsa lintoa, e hōlisa boikaketsi le boithati ba mofuta o mong le o mong, ’me e hlokomoloha ho neha batšehetsi ba eona bolulo bo lekaneng, lijo, thuto, le tlhokomelo ea bongaka.

Ha puso ea motho e felisoa, e tla fela, e tla fela joalokaha eka ke ka bosiu bo le bong feela. E tla ba teng kajeno, hosane e tla be e le sieo—qetellong e tla be e nketsoe sebaka ke ’muso o phethahetseng oa Molimo!

[Lebokose le leqepheng la 27]

Litšepiso ha li Bapisoa le Lintho tsa Sebele

Lipuso tsa ho itsamaisa ha sechaba li tšepisa tokoloho e hlokang meeli, le e felletseng; ntho ea sebele ke hore ka ntle ho ’muso ha ho na motheo oa melao kapa melao-motheo eo batho ba ka sebelisanang ka eona molemong oa bohle; tokoloho e hlokang meeli e fella ka morusu.

Lipuso tsa borena li tšepisa botsitso le bonngoe tlas’a puso ea ’musi a le mong; ntho ea sebele ke hore babusi ba batho, ba nang le tsebo e lekanyelitsoeng, ba bile ba sitisoa ke ho se phethahale ha botho le mefokolo, mohlomong e bile ba susumetsoa ke maikutlo a fosahetseng, ka bobona ke batho ba shoang; ka lebaka leo botsitso le bonngoe e ka ba lintho tsa nakoana feela.

Lipuso tseo ho lumeloang ho tsona hore sehlotšoana sa batho ba molemo ke sona se nang le lentsoe li tšepisa ho nehelana ka babusi ba molemo ka ho fetisisa; ntho ea sebele ke hore ba busa hobane e le barui, kapa e le ba mali a borena ka tsela e itseng, kapa ba na le matla, eseng hakaalo hore ba bohlale, ba na le temoho, kapa ba na le lerato le kameho ka batho ba bang; ’musi ea haelloang oa borena o mpa a nkeloa sebaka feela ke babusi ba puso eo ho eona ho lumeloang hore sehlotšoana sa batho ba molemo ke sona se nang le lentsoe.

Lipuso tsa sechaba ka sechaba li tšepisa hore batho bohle ba ka etsa liqeto molemong oa batho bohle; ntho ea sebele ke hore baahi ba hloka tsebo le maikutlo a nepahetseng tse hlokahalang ho etsa liqeto tse nepahetseng molemong oa bohle; Plato o ile a hlalosa puso ea sechaba ka sechaba e le “mofuta oa ’muso o thabisang ka ho fetisisa, o nang le lintho tse ngata tse fapaneng le ho hloka tlhophiso, o nehelanang ka mofuta oa ho lekana bathong ba lekanang le ho se lekane bathong ba sa lekaneng.”

Lipuso tsa motho a le mong li tšepisa hore ho tla etsoa lintho le hore li tla etsoa ntle ho tšenyo ea nako e sa hlokahaleng; ntho ea sebele ke hore, joalokaha moqolotsi oa litaba Otto Friedrich a ngola, “esita le banna ba nang le boikemisetso bo molemo ka ho fetisisa, hang feela ha ba fumana matla a lipolotiki, ba lokela ho hanyetsana le bohlokoa ba ho laola liketso tseo maemong a tloaelehileng ba sekamelang ho li bitsa liketso tse mpe”; kahoo babusi ba “molemo” ba fetoha ba susumetsoang ke matla a ho ikemisetsa ho etsa litlhoko tsa baahi ba eona sehlabelo aletareng ea lithahasello tsa botho kapa ho finyella pakane e itseng.

Mebuso ea bohatelli e tšepisa ho laola moruo molemong oa bohle; ntho ea sebele ke hore e etsa joalo ka ho hlokang katleho le ka tokoloho ea botho; ka ho thoholetsa ntoa le bochaba, e bōpa mehlala e mebe ea lipolotiki e nyarosang joaloka Italy tlas’a Mussolini kapa Jeremane tlas’a Hitler.

Mebuso ea bokomonisi e tšepisa Maemo a Molemo ka tsela ea lipolotiki, batho ba se khetholloe ka lihlopha hammoho le baahi ba thabelang ho lekana ho felletseng molaong; ntho ea sebele ke hore lihlopha tsa batho le ho se lekane li sa ntse li le teng le hore bo-ralipolotiki ba senyehileng ka bohanyapetsi ba sa ntse ba qhekella batho feela; phello ebile ho hanoa ho pharalletseng ha khopolo ea bokomonisi, hammoho le maqhama a eona a thata a sokelang ho senngoa ke mekha ea bochaba le mekha ea ho aroloa ha batho.

[Lebokose le leqepheng la 27]

Boitsebiso bo Amanang le Machaba a Kopaneng

▪ Hona joale Machaba a Kopaneng a na le litho tse 160. Linaha tse khōlō feela tseo e e-song ho be litho ke linaha tse peli tsa Korea le Switzerland; likhethong tsa Switzerland tse neng li tšoeroe ka March 1986 li hanne ho ba litho ka livoutu tse tharo ho e le ’ngoe.

▪ Ka ntle ho mekhatlo ea oona e meholo, a boetse a na le likofuto tse ling tse eketsehileng tse 55, likofuto tse khethehileng, mekhatlo ea litokelo tsa batho, le mekhatlo ea ho boloka khotso.

▪ Sechaba se seng le seng se seo e leng setho se fuoa voutu e le ’ngoe Sebokeng sa Kakaretso, leha ho le joalo, sechaba se seholo haholo sa Chaena se na le baahi ba ka bang 22 000 bakeng sa moahi a le mong oa setho sa naha e nang le baahi ba bangata, St. Kitts le Nevis.

▪ Nakong eo ho ketekoang Selemo sa Machaba sa Khotso sa Machaba a Kopaneng ka 1986, lefatše le bile le lintoa tse 37, ho feta nakong leha e le efe ho tloha bofelong ba Ntoa ea II ea Lefatše.

▪ Ho lichaba tsohle tseo e leng litho tsa Machaba a Kopaneng, karolo ea 37 lekholong e na le baahi ba fokolang haholo ho feta “sechaba” se kopaneng sa machaba sa Lipaki tsa Jehova; karolo ea 59 lekholong e na le baahi ba fokolang haholoanyane ho feta lenane la batho ba bileng teng moketeng oa Sehopotso sa lefu la Kreste selemong sena.

[Litšoantšo tse leqepheng la 28]

Selekane sa Lichaba

Machaba a Kopaneng

Batho ba sa phethahalang ba ’nile ba hlōleha ho fana ka ’muso o phethahetseng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela