Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g91 2/8 maq. 21-23
  • Nka Phela Joang Lelapeng le Arohaneng Bolumeling?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nka Phela Joang Lelapeng le Arohaneng Bolumeling?
  • Tsoha!—1991
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lifi tse Lokelang ho Qojoa
  • Ho Ikhethela Bolumeli
  • Ho Rua Motsoali oa Hao ea sa Lumelang
  • Nka Sebelisana Joang le Motsoali oa ka ea Tlohileng Hae?
    Tsoha!—1990
  • Nka Etsa’ng Haeba Motsoali oa ka a Lemaletse Lithethefatsi Kapa Joala?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
  • Na Tsela eo ke Sareloang ka Eona e Tloaelehile?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
  • Ke Joang Nka Thusang Motsoali oa ka Ea se Nang Molekane?
    Tsoha!—1991
Bala Tse Ling
Tsoha!—1991
g91 2/8 maq. 21-23

Bacha Baa Botsa . . .

Nka Phela Joang Lelapeng le Arohaneng Bolumeling?

“Re hōtse ka thata. Ntate o ne a nyelisa bolumeli ba rōna. Ho ne ho e-na le likhohlano tse sa khaotseng ka tlung.”—Terry.

NA U phela lelapeng le arohaneng bolumeling? Haeba ho joalo, u tseba hore na lintho li ka mpefala le ho ba thata hakae. ’M’ao le Ntat’ao ba ka ’na ba mamellana tabeng ea litumelo tsa bona, empa joalokaha S. Sandmel a ile a hlokomela bukeng ea hae When a Jew and Christian Marry: “Na ha motho a mamelletse bolumeli ba molekane oa hae ho fella ka hore bana ba hōlele bolumeling boo? Karabo e tšepahalang maemong a mangata ke che.”

Ka mohlala, nahana ka se ka ’nang sa etsahala haeba e mong oa batsoali ba hao e le paki ea Jehova. Motsoali eo o ikutloa a tlameha ka ho tebileng ho u hōlisa “ka taeo le ka mohopolo o tataisoang ke Jehova” ’me a ka ’na a ba le pono e tiileng litabeng tsa ho laetsana, boitšoaro, ho kopanela lipapaling tsa sekolo, tšebeliso ea nako ea bolokolohi, le lipakane tsa mosebetsi. (Ba-Efese 6:4, NW) Leha ho le joalo motsoali oa hao eo eseng Paki, a ka ’na a ba le maikutlo a ho u lumella ho kenella linthong tsena.

Ka Sontaha thapama ’M’ao a ka ’na a lakatsa hore u ee le eena sebokeng sa Bokreste. Ntat’ao eena a ka ’na a lakatsa hore u sale le eena hae ’me le shebelle papali ea bolo thelevisheneng. Doug oa hopola, “Ka linako tse ling ke ne ke utloela ntate bohloko, kaha o ne a sebetsa lefapheng la thekiso, re ne re sa mo bone har’a beke, ’me mafelong a beke, lelapa le ne le mo siea hae ha le ea libokeng. Ke ka seoelo ke neng ke sa ee libokeng hore ke sale le eena.”

Jesu o ile a bona esale pele hore maemo a joalo a ne a tla ba teng. O itse: “Hobane ke tlile ho fapanya motho le ntat’ae, morali le ’m’ae, ngoetsi le matsal’a eona; le bafo ba motho e tla ba lira ho eena.” (Mattheu 10:35, 36) Hase hore Jesu ka morero o ne a arola malapa, empa o ile a tseba hore mathata a ne a tla hlaha ha litho tse ling tsa lelapa li amohela borapeli ba ’nete ’me tse ling li sa bo amohele. Potso ke hore: Hantle-ntle u lokela ho etsa’ng haeba u le boemong bo joalo?

Lifi tse Lokelang ho Qojoa

Taba ea pele, elelloa hore pakane hase feela ho thabisa e mong oa batsoali ba hao, empa Molimo ka booona! Ke oona o batlang hore re o “rapele ka moea le ka ’nete.” (Johanne 4:24) Empa hore u etse seo lelapeng le arohaneng bolumeling, ho na le lifi tseo u lokelang ho li qoba.

Ho sekisetsa—Moshemane e mong ea ka tlaase ho lilemo tse 20 eo batsoali ba hae ba hlalaneng, ha a bua ka liketelo tsa hae ho ntat’ae ea sa lumelang o re: “O leka ho ntšusumetsa hore ke be khahlanong le ’nete le Molimo.” O etsa sena ka ho qobella mor’a hae ho kopanela meketeng ea matsatsi a phomolo ao eseng a Bokreste. Moshemane oa lumela, “sena se etsa hore ke ikutloe ke sa phuthuloha.” Empa Jesu oa re hopotsa: “Ea ratang ntat’ae, leha e le ’m’ae haholo ho ’na, ha a ntšoanele.” (Mattheu 10:37) Kahoo ema u tiile bakeng sa seo u se lumelang! Haeba ho qoba phoso ka ho ba masene ho sa lekana, ka mosa empa e le ka tieo tsebisa motsoali oa hao hore u hana ho sekisetsa. Ha motsoali oa hao a bona boikemisetso ba hao bo sa sisinyeheng, khatello e ka ’na ea fokotseha butle-butle.

Leha ho le joalo, ho hlokahala ho leka-lekana. Ba-Filippi 4:5, (NW) e re: “Kahlolo ea lōna e molemo e tsejoe ke batho bohle.” Kahlolo e molemo e akarelletsa ho inehela, ho tenyetseha. Mohlomong u ka hlophisa lintho ka tsela eo u ka bang le nako e eketsehileng le motsoali ea sa lumelang haeba a ikutloa a hlokomolohiloe. Hopola, hape, hore u ikarabella ho batsoali ka bobeli ba bona.—Ba-Efese 6:1.

Ho ‘tšehetsa batsoali ka ho lekana’—Ka baka la ho se tsebe seo e leng toka, u ka ’na ua lekeha hore u eme ka lehlakoreng la ’M’ao litabeng tsa bolumeli hobane feela ngoan’eno a nkile lehlakore la Ntat’ao—kapa ka tsela e fapaneng. Empa na oo ke motheo o tiileng bakeng sa ho khetha mokhoa oa ho rapela Molimo? Ho thoe’ng haeba pono ea ’M’ao litabeng tsa bolumeli e fosahetse, e se ea mangolo? Liproverbia 23:23 ea re eletsa, “Rua ’nete, u se ke ua rekisa ka eona.”

Latela moeta-pele—Mohlomong u ikutloa hore u atamelane haholoanyane le moholoane oa hao kapa khaitseli ea hao e moholo ho feta kamoo u atamelaneng le batsoali ba hao. U ka ’na ua sekamela ho latela tsela leha e le efe ea bolumeli eo a khethang ho tsamaea ka eona. Roberto o re, “ke tsela eo ke ileng ka ikutloa ka eona, joalokaha ke tsoa lelapeng le leholo.” O ile a hlaseloa ke ho fokola moeeng ha moholoane oa hae a lahla bolumeli ba ’nete ka ho felletseng ’me a tloha lapeng. Oa lumela, “ho ne ho nyahamisa haholo.” Ho sa tsotellehe hore u ikutloa u atamelane hakae le ngoan’eno, na e ke ke ea e-ba bothoto bo felletseng ho mo lumella ho u khelosa ho sebeletseng Molimo?

‘Ikarole ’me u hlōle’—Doug oa hopola, “ha ke ne ke le lilemo tse ka bang 19, ntate o ile a qala ho nkhothalletsa hore ke laetsane, ’mè, eo e neng e le Mokreste ea kolobelitsoeng, o ne a hanyetsa taba ena ka tieo. Kapele-pele ke ile ka iphumana ke tšehetsa Ntate, le hoja botebong ba pelo ke ne ke tseba hore ’Mè o ne a nepile.” Moo batsoali ba nang le litekanyetso tse sa tšoaneng tsa boitšoaro, menyetla ea ho qabanya batsoali e mengata. U ka lekeha hore u latele motsoali ea lumellang ntho e ’ngoe le e ’ngoe.

Leha ho le joalo, ho qabanya batsoali ho eketsa likhohlano ka lapeng. ’Me ho fumana tumello ea ho etsa seo u tsebang hore hase bohlale ho se etsa kapa se fosahetse ha se u tlose molato mahlong a Molimo. “Efela ea tsebang ho etsa botle, ’me a sa bo etse, eena o etsa sebe.” (Jakobo 4:17) Ho e-na le ho sebelisa molemo oa motsoali ea u fang bolokolohi bo fetisisang hampe, ke hobane’ng ha u sa leke ho ela hloko motsoali ea u tsamaisang ‘tseleng ea bophelo’?—Liproverbia 6:23.

Ho Ikhethela Bolumeli

Leha ho le joalo, bacha ba bang ba ka ’na ba ferekana e le kannete tabeng ea hore na ke motsoali ofe ea ka ba tsamaisang tseleng ea bophelo. U ka etsa qeto joang? Bibele e re bolella ka mocha ea bitsoang Timothea ea hōletseng lelapeng le arohaneng bolumeling. O hlalosoa e le “mora oa mosali oa mo-Jode ea lumetseng empa ntat’ae, e le mo-Gerike.” (Liketso 16:1) Ka linako tse ling Timothea o tlameha a ne a ikutloa a sa tsebe hantle hore na o mamela motsoali ofe. Leha ho le joalo, o ile a amohela bolumeli ba ’m’ae ’me ea e-ba molekane oa moapostola Pauluse maetong. (Liketso 16:2, 3) Na ee e ne e le taba ea ho rata ’m’ae ho feta ntat’ae? Le hanyenyane.

Moapostola Pauluse o ile a ngolla Timothea: “Leha ho le joalo, uena, tsoela pele linthong tseo u ithutileng tsona le tseo u ileng ua phehelloa hore u li lumele, u ntse u tseba hore na u ithutile tsona ho batho bafe le hore bonyenyaneng ba hao u tsebile mangolo a halalelang, a khonang ho u hlalefisetsa poloko ka tumelo e mabapi le Kreste Jesu.” (2 Timothea 3:14, 15, NW) Ho sena re ka etsa qeto ea hore Timothea o ile a etsa khetho ea hae a itšetlehile ka thuto e tebileng ea Lentsoe la Molimo! O ile a “phehelloa,” a kholisoa hore a le lumele.

Ho e-na le ho etsa khetho u itšetlehile ka khopolo kapa boikutlo, hlahloba litumelo tsa batsoali ba hao leseling la “mangolo a halalelang.”a Qetellong uena, eseng ’M’ao kapa Ntat’ao, u tla ikarabella bakeng sa ho sebeletsa poloko ea hao!—Ba-Filippi 2:12.

Ho Rua Motsoali oa Hao ea sa Lumelang

Ha u ikemiselitse pelong ea hao ho latela bolumeli ba ’nete, ke joang, he, u lokelang ho talima motsoali oa hao ea sa lumelang? Moapostola Pauluse o ile a khothalletsa Bakreste hore ba leke ho rua balekane ba bona ba sa lumelang: “Ak’u nahane: joaloka mosali u ka ’na ua ba poloko ea monna oa hao; joaloka monna u ka ’na ua ba poloko ea mosali oa hao.” (1 Ba-Korinthe 7:12-16, The New English Bible) Na see se ne se ke ke sa sebetsa, ka tlas’a mabaka a itseng a motheo, ho bana ba batsoali ba sa lumelang?

Boitšoaro ba hao bo hloekileng le tlhompho e tebileng bakeng sa motsoali oa hao li ka etsa ho hongata ho mo thusa ho ba le maikutlo a ho rata Bokreste ba ’nete. (Bapisa le 1 Petrose 3:1, 2.) Hopola, hape, hore ho emela ’nete ha ho bolele hore u khahlanong le motsoali ea sa lumelang ka tsela leha e le efe. Ruri, ka ho tsoela pele ho ba ea mosa, ea utloang, le ea sebelisanang le eena, u ka mo tiisetsa hore u tla mo rata ka mehla.

Ho na le ‘nako ea ho khutsa, le nako ea ho bua.’ (Moeklesia 3:7) Haeba monyetla oa ho bua le motsoali oa hao ka seo u se lumelang o itlhahisa, leka ka hohle ho etsa sena! Liproverbia 3:27 ea re hopotsa: “Ea nang le tokelo, u se ke ua lesa ho mo etsa ka molemo.” Empa e-ba mosa, u be masene. Qoba ho nyatsa motsoali ka ho bua haholo hobane u tseba ho hongatanyana ka Bibele. Ha ho tsebahale, mohlomong boiteko ba hao bo tla hlahisa litholoana. Jay oa hopola, “Ntate o ile a hanyetsa ’nete ka bohale ka nako e telele. Ho ne ho bonahala eka ha a sa tla fetoha, empa qetellong re ile ra mo rua.” Ha ntate oa Jay a shoa lilemong tse seng kae tse fetileng, o ne a sebeletsa joaloka moholo oa Mokreste.

Haeba ho se karabelo, hopola mantsoe a Davida ho Pesaleme ea 27:10: “Leha ntate le ’mè ba ka ntahla, Jehova o tla nthola.” Hape u tšehelitsoe ke metsoalle e tšepahalang ka har’a phutheho ea Bokreste, ba ka u ‘khomarelang ho feta ngoan’eno.’ (Liproverbia 18:24) Ka thuso ea eona le ea motsoali oa hao ea lumetseng, u ka emela ’nete ka tieo.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona lihlooho tsena tse hlahang ka ho fapana litokollong tsa November 22, 1986, le June 8, 1987 tsa Awake! “Why Should I Accept My Parents’ Religion?” le “Is the Bible Really True?”

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Ho qabanya batsoali ho ka ’na ha u fumantša seo u se batlang, empa qetellong, ho eketsa likhohlano ka lapeng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela