Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g91 2/8 maq. 3-4
  • Motsoako O Bolaeang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Motsoako O Bolaeang
  • Tsoha!—1991
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Boiteko ba ho Leka ho Thibela Leqhubu Lena
  • Manane a ba Shoang a Tsoela Pele ho Phahama
  • Likotsi Tsa Likoloi—Na U Sireletsehile?
    Tsoha!—2002
  • Ho Khanna ka Polokeho—Ho Hlokahala ka ho Potlakileng
    Tsoha!—1988
  • Hlaolela Mekhoa ea ho Khanna ka Polokeho
    Tsoha!—1988
  • Na ke se ke Loketse ho Khanna?
    Tsoha!—1989
Bala Tse Ling
Tsoha!—1991
g91 2/8 maq. 3-4

Motsoako O Bolaeang

“TLOKOTSI e khōlō ka ho fetisisa,” ho boletse mopresidente Bush oa U.S. Ke “boemo ba litaba bo nyarosang,” ho boletse The Star ea Afrika Boroa. “Ke seoa,” ho tlalehile U.S.News & World Report. “Ke kobo-anela sechabeng,” ho boletse moahi ea amehileng.

Na ba bua ka kokoana-hloko e tšabehang ea AIDS? Che, empa ba bua ka mofuta o mong oa seoa oo hona joale linaheng tse ngata o bolaeang batho ba bangata ho feta AIDS. Ke seoa sefe? Ke phello ea motsoako o bolaeang: ho noa le ho khanna.

Lefatšeng ka bophara, batho ba ka bang 300-000 ba shoa likotsing tsa makoloi selemo le selemo. Ho batho ba limillione ba tsoang kotsi, ba likete tse mashome ba holofala bophelo ba bona bohle. Sena se bitsa liranta tse likete tse limillione selemo le selemo. Likotsi tse amanang le tahi ke tsona tse ikarabellang bakeng sa karolo e khōlō ea seo.

Lilemong tse leshome tse felletseng ka 1990, batho ba ka bang 100 000 ba tla be ba bolailoe ke AIDS United States. Empa nakong eona eo ea lilemo tse leshome, batho ba ka bang 250 000 ba bolailoe likotsing tsa makoloi tse amanang le tahi. Ka ho eketsehileng haholoanyane le ka ho tobileng, AIDS e ama batho bohle ba boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali le batho ba sebelisang lithethefatsi ka ho li entela methapong ea bona. Empa mokhanni ea sitisoang ke joala a ke ke a bolaea eena feela empa o tla bolaea le motho ea se nang molato ea ikemetseng feela.

Hangata motsoako oa ho noa le ho khanna o baka mofuta o mabifi ka ho fetisisa oa lefu ho bahlaseluoa ba sa lebelloang, ’me motsoako ona o arohanya malapa. O amoha batsoali bana ba bona, o amoha bana batsoali ba bona, o amoha banyalani balekane ba bona.

Boiteko ba ho Leka ho Thibela Leqhubu Lena

Ho etsoa boiteko bo boholo ho leka ho thibela leqhubu lena la tšenyo. United States ho simollotsoe letšolo la ho hlaha sechaba leseling, le tšehetsoang ke mekhatlo e ka sehloohong e kang RID (Remove Intoxicated Drivers [Tlosang Bakhanni ba Tahiloeng]) le MADD (Mothers Against Drunk Drivers [Bo-’mè ba Khahlanong le Bakhanni ba Tahiloeng]). Ho na le mananeo a thibelang batho ho khanna ba tahiloe a bitsoang Stop-DWI (Driving While Intoxicated [Ho Khanna U Tahiloe]). Ho boetse ho na le mekhatlo e tšoanang le linaheng tse ling. Mekhatlo ena e thusa bahlaseluoa ka litokelo tsa bona le ho ntšetsa pele liphetoho tsa molao.

Mekhatlo ea ’muso ea poloko ea molao e lomahantse meno ho leka ho tšoara bakhanni ba tahiloeng, e sebelisa lintho tse kang libaka tsa ho hlahloba bakhanni ba tahiloeng. Ho entsoe melao e mengata hore ba rekisang joala ba lokeloe ke kahlolo. Ho boetse ho sebelisoa mamatjana a liphatlalatso ho hopotsa bakhanni ka melao ea joale.

Manane a ba Shoang a Tsoela Pele ho Phahama

Ho sa tsotellehe boiteko bona bohle, manane a likotsi tsa ho khanna le ho noa a ntse a tsoela pele ho phahama lefatšeng lohle. Brazil ho shoa motho a le mong ka metsotso e meng le e meng e 21—hoo e ka bang batho ba 25 000 ka selemo—likotsing tse amanang le joala. Sena ke hoo e ka bang karolo ea 50 lekholong ea likotsi tsohle tsa mebileng sebakeng seo. Ho boleloa hore Engelane le Jeremane, hoo e ka bang karolo ea bohlano ea likotsi tsohle tsa mebileng e amana le joala. Ho latela mehloli e ’maloa, Mexico, karolo ea 80 lekholong ea likotsi tsa mebileng tse 50 000 li bakoa ke ‘phoso ea motho, haholo-holo e bakoang ke ho khanna motho a tahiloe,’ ho tlaleha El Universal ea Mexico City.

Ho lekanyetsoa hore karolo e fetang 25 lekholong ea likotsi tsa mebileng Afrika Boroa e amana le joala. Ka karolelano ka selemo United States, likotsi tse amanang le joala li fella ka likotsi tse ka bang 650 000, tseo ho tsona tse ka bang 40 000 e leng tse hlobaetsang; batho ba fetang 23 000 baa shoa—e leng hoo e ka bang halofo ea kakaretso ea likotsi tsa mebileng.

Ka lebaka la ho leka ho thibela mokhanni ea tahiloeng ho ile ha khethoa Sehlopha sa Basebeletsi ba DWI Washington State, U.S.A. Sehlopha sena se fetohile karolo ea mehato ea molao oa boahloli ho ahlola ba fumanoang ba na le molato oa ho khanna ba le tlas’a tšusumetso ea tahi. Hona joale lenaneo lena le sebelisoa likarolong tse ngata tsa naha eo. Morero oa lona ke ho bontša batlōli ba molao ka ho tobileng liphello tse kotsi tsa ho noa ha bona ho hlokang boikarabelo. Batlōli ba molao ba leng molato ba ahloloa ke makhotla ka ho mamela bahlaseluoa le litho tsa malapa a bona le ho hlokomelisoa ka moputso o tšabehang o lefiloeng. Tsoha! e ile ea mengoa hore e mamele e ’ngoe ea linyeoe tse joalo.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 4]

Dominic D. Massita, Sr./Accident Legal Photo Service of New York

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela