Lipetlele—Ha e le Uena Mokuli
“Ha ke kena sepetlele ka lekhetlo la pele, hang-hang ke ile ka ikutloa eka ha ke sa khona ho laola bophelo ba ka, eka ke se ke fetohile ntho e ’ngoe feela eo ho tl’o etsoa liphuputso ka eona.”—Marie G.
“Ke hopola ketelo ea ka ea pele ke le mokuli. Ke ile ka ikutloa ke le kotsing e khōlō ea hore nka ’na ka hlaseloa ke bile ke sa sireletseha.”—Paula L.
NA U kile ua kena sepetlele joaloka mokuli ’me ua ba le maikutlo a boletsoeng ka holimo? E-bang u kile ua feta ho seo kapa che, u tlameha ho lumela hore ke ka seoelo batho ba bangata ba nahanang ka ho ba mokuli. Leha ho le joalo, ka letsatsi le leng tebello eo e ka ’na ea phethahala ho uena. Ka mohlala, litlaleho li bontša hore ka 1987 batho ba bang le ba bang ba 7 ba ile ba kena sepetlele hanngoe United States. Lipalo tse joalo lia fapa-fapana lefatšeng ka bophara. Leha ho le joalo, joaloka motho ea bohlale, u lokela ho etsa litokisetso life bakeng sa phello e joalo?
Motsamaisi oa Sehlopha sa Phuputso sa Bophelo bo Botle ba Baahi, Dr. Sidney Wolfe, oa hlalosa: “Tsela e le ’ngoe feela ea bohlokoa ka ho fetisisa ea ho sireletsa bophelo ba hao bo botle ke ho tiisa hore ho kena sepetlele ho hlile hoa hlokahala.” Ho sa tsotellehe hore na u phela hokae, haeba u kula, u na le tokelo le tlameho ea ho tsebisoa linnete tse mabapi le bothata ba hao ba phekolo ea meriana. Hangata ngaka ea hao e ka nolofalloa ho u fa likarabelo tse khotsofatsang.
Empa haeba ho e-na le pelaelo leha e le efe, ho khothalletsoa hore u batle khopolo ea bobeli ea ngaka e ikemetseng. Linaheng tse ling, lik’hamphani tsa insurance li bile li hloka hore batho ba fumane likhopolo tsa bobeli pele li ka lefella mefuta e itseng ea tšebetso e khōlō ea ho buuoa. Hape ha ho makatse ho utloa ka ba eeng ba batle khopolo ea boraro bakeng sa ho rarolla liphapang tse teng pakeng tsa seo lingaka li se fumaneng litlhahlobong tsa tsona le phekolong. Ntlha ea motheo ke ena: E-bang o batlile khopolo e le ’ngoe kapa tse peli kapa tse fetang moo, mokuli ea bohlale o ipha nako e le hore a iketsetse qeto mabapi le hore na phekolo e khothalletsoang ea hlokahala le hore na e bohlale.
Ho Kena Sepetlele ka Tšohanyetso
Ho hlakile hore boemong ba tšohanyetso ho ka ’na ha se ke ha ba le nako ea ho batla likhothalletso tse fapaneng tsa phekolo ea meriana. E ka ’na eaba mokuli o bile o akhehile, o sitoa ho bua kapa ho ngola ha a tlisoa sepetlele. Ka linako tse ling lingaka li tlameha ho nka khato hang-hang, esita le pele beng ka eena ba ka fumanoa bakeng sa ho etsa qeto ka litakatso tsa mokuli kapa khetho ea hae. Maemo a joalo a hatisa hore na ke hobane’ng ha ho nahanela maemo esale pele le ho a lokisetsa e le habohlokoahali.a
Mabapi le mokuli eo e leng e mong oa Lipaki tsa Jehova, sena se akarelletsa hore ka linako tsohle a tsamaee a nkile karete ea Medical Directive/Release Document ea selemo seo e tlatsitsoeng. Kareteng ena mokuli o hlalosa litakatso tsa hae esale pele mabapi le tlhokomelo ea phekolo ea meriana ’me o fana ka boitsebiso ba bohlokoa e le hore basebetsi ba phekolo ea meriana ba ka ikopanya le beng ka eena kapa ba bang ba tsebang litakatso tsa hae. Le hoja e ke ke ea akarelletsa maemo ’ohle a ka hlahang, karete ena ea bohlokoa e sebeletsa e le tokomane ea molao e u buellang ha u sitoa ho ipuella.
Hape, boemong ba tšohanyetso ho molemo haholo haeba motsoalle ea haufi kapa mong ka uena ea tsebang hantle khetho ea hao ea phekolo ea meriana le litumelo tsa hao a ka tla sepetlele bakeng sa ho u tšehetsa. Ka letsatsi le leng karete e nchafalitsoeng ea Medical Directive/Release Document e ka ’na ea e-ba eona tharollo bakeng sa hore litokelo tsa hao li sireletsoe, ho sa tsotellehe hore na seo se ka etsahala hang-hang kapa che.
Esita le haeba motho e se mosebeletsi ea kolobelitsoeng oa Lipaki tsa Jehova ’me a se na tokomane ena, a ka iketsetsa polelo e ngotsoeng (ho ka ba molemo haeba e ngotsoe ka mochine) e tšoanang. Polelo ena e lokela ho hlakisa hore na litakatso tsa hae ke life mabapi le phekolo ea meriana, e bolele lithibelo leha e le life, ’me e bontše hore na ke mang ea lokelang ho bitsoa boemong ba tšohanyetso.
Ho Tlatsa Liforomo le Lipolelo
Litokelo tsa bakuli li fapa-fapana ka ho pharalletseng lefatšeng ka bophara. (Bona lebokose, leqephe 7.) Linaheng tse ling litokelo tsena li eketsehile haholo lilemong tsa morao tjena; ngaka ha ea lumelloa ho fana ka phekolo leha e le efe ka ntle ho tumello ea mokuli, eo hangata e bontšoang ka ho ngoloa fatše. Lena ke lona lebaka leo ka lona lipetlele li ka ’nang tsa ba le liforomo tsa tsona tseo li batlang hore u li saene. Haeba ho joalo moo u phelang teng, boitsebiso bona bo latelang bo tla u thusa.
U lokela ho bala liforomo tsohle ka hloko pele u li saena hobane ho saena ha hao ho bolela hore u lumellana le sohle seo foromo eo e se bolelang le hore u fana ka tumello ea hore se etsoe. U se lumelle mang kapa mang ho u qobella ho saena foromo ea ho kena sepetlele, kapa foromo ea ho fana ka tumello bakeng sa phekolo e itseng ka lepotla-potla, ka ntle le hore u e bale ka hloko. Haeba u sa lumellane le karolo e itseng ea foromo e sebelisoang, thala mōla o hlakolang karolo eo. Esita le haeba motho e mong a ka ipelaetsa ka hore eo ke foromo ea sepetlele le hore e ke ke ea fetoloa, ho ntse ho le joalo foromo eo ke tumellano ea molao, ’me u ke ke ua laeloa ho saena eng kapa eng eo u sa lumellaneng le eona. Le hoja u sa batle ho hlaha u le motho ea fetelletsang litaba, ke habohlokoa hore u se sekisetse tabeng ena—u na le tokelo ea ho hana ho amohela karolo leha e le efe ea foromo.
Ka ho khethehileng mabapi le ho fana ka tumello ea ho buuoa kapa tšebeliso efe kapa efe ea mali, hlahloba serapa se seng le se seng ka hloko. Lipaki tse ling tsa Jehova li ’nile tsa nyarosoa ke seo li ileng tsa se fumana foromong ea sepetlele eo ho neng ho thoe e lokiselitsoe tsona feela. Le hoja qalong e ne e bolela hore litakatso tsa mokuli mabapi le mali li tla hlonepshoa, ka morao ho moo serapa se seng se ile sa bua ntho e kang ena, ‘Boemong ba tšohanyetso kapa haeba ngaka e ikutloa hore hoa hlokahala, e sa ntsane e e-na le tokelo ea ho mo tšela mali.’ Ho feta moo, kaha Lentsoe la Molimo le laela Bakreste ho tela mali, ke tloaelo e ntle hore u ngole “Ha ke Batle Litšelo tsa Mali” lipampiring tsohle tse tlisoang ho uena. (Liketso 15:28, 29) Seo se tla hlakisetsa basebetsi bohle boemo ba hao. ’Nete ke hore, bakuli ba ntseng ba eketseha ka lenane ba hana mali ka lebaka la hore ba batla ho qoba kotsi ea ho tšoaetsoa lefu la sebete, AIDS, kapa mafu a mang a bolaeang.b
Linaheng tse ling bakuli ba na le litokelo tse fokolang ho feta tse boletsoeng ka holimo. Ho na le libaka tse ling moo ngaka e leng eona molao, ’me bakuli ba talingoa joalokaha eka ba mohaung oa eona. Ngaka e ’ngoe e tsoang naheng e ’ngoe ea bophirimela e ileng ea etela sechaba se seng sa Afrika e ile ea hlokomela: “Esita le ’na ke ne ke sa lebella tsela eo lingaka li sebelisanang le bakuli ka eona . . . Ho hang bakuli ba ne ba sa bue letho ntle le haeba ba botsoa ho itseng. Ba ne ba se ke be ba botse lingaka tsa bona letho.” Le hoja tloaelo e joalo e ka ’na ea thatafaletsa mokuli haholoanyane—ka tlhompho empa e le ka tieo—Mokreste ea bohlale o ne a ntse a tla tsitlallela hore ho hlonepshoe tokelo ea hae ea motheo ea botho ea ho se siteloe ’mele oa hae le tokelo ea ho kopanela lipuisanong tse amang bophelo ba hae bo botle.
Ho Buisana le Basebetsi ba Phekolo ea Meriana
Ngaka ea hao e lokela ho ba ’muelli oa hao oa sehlooho le mohloli oa boitsebiso; kahoo, ho hongata ho ka ’na ha itšetleha ka hore na u khethile ngaka ka hloko hakae. Mongoli e mong oa hlokomela: “Elelloa hore lingaka li tšoana le motho e mong le e mong. Li bonahatsa phapang e felletseng ea botle le bobe [eo] re e bonahatsang kaofela ha rōna. Lingaka tse ngata li leka ho etsetsa bakuli ba tsona se molemohali, empa tse ling li kentsoe monahano oa hore li na le tokelo ea ho u etsetsa liqeto. Haeba litumelo tsa ngaka kapa botho ba eona li hohlana le tsa hao, batla ngaka e ’ngoe.”
Leka hore lipotso tsa hao li arabeloe ka botlalo ho fihlela u khotsofetse pele u fana ka tumello bakeng sa phekolo efe kapa efe. (Bona lebokose, leqephe 8) Haeba u sa utloisise ntho e ’ngoe e itseng, u se ke ua hlajoa ke lihlong ho bolela hoo. Kōpa hore tlhaloso e fanoe ka puo e hlakileng, eseng ka puo ea litsebi tsa phekolo ea meriana. Hape e ne e tla ba ho mosa le ho nang le tlhompho haeba mothating o mong oa puisano ea hao le ngaka, u ka senola kananelo ea hao ea pelo eohle bakeng sa ho utloisisa ha eona boemo ba hao bo theiloeng litumelong tsa hao tsa bolumeli.
Leka ho haha kamano e nang le botsoalle le basebetsi ba sepetlele ba sebetsanang le uena, ba kang baoki, hobane ba ka fetoha thuso e khōlō tlhokomelong ea hao le ho hlaphoheloeng ha hao, ebile ba lokela ho ipaka e le thuso e khōlō ho seo. Ha ba tlisa meriana le liente, tiisa hore kannete tsena ke tse tšoanelang ho tla ho uena. Bona ke bohato bo bontšang bohlale bo sebetsang, hobane ho sa tsotellehe boikemisetso bo botle, liphoso lia hlaha.
Mohlomong basebetsi ba sepetlele ba ka bonahala ba tšoarehile haholo, empa hopola hore boholo ba bona ba khethile ho sebetsa mosebetsi oa mofuta ona hobane ba hlile ba tsotella batho ’me ruri ba batla ho ba thusa. U ka sebelisana le bona haeba u leka ho senola litlhoko tsa hao kapa likameho tsa hao ka ho hlaka. Ha ho mooki (kapa leha e le ofe oa basebetsi) ea nang le tokelo ea ho u buisa hampe, ka lipolelo tse kang: “U tla shoa haeba u sa amohele phekolo ena.” Tlaleha ketsahalo leha e le efe e joalo ea ho buisoa hampe lefapheng la tsamaiso ea sepetlele esita le ho beng ka uena kapa mosebeletsi oa heno ea ka bang boemong ba ho u buella.
Ho Thoe’ng Haeba Bothata bo Hlaha?
Ho ’nile ha e-ba le liketsahalo tseo ho tsona, ho sa tsotellehe ho sebelisoa ha lintlha tsena kaofela, bakuli ba ’nileng ba iphumana ba hohlana le tsamaiso ea phekolo ea meriana ka mokhoa o tebileng. Le hoja ketsahalo e joalo e hlaha ka seoelo, u lokela ho etsa’ng haeba ka tšohanyetso u iphumana u le boemong bo joalo?
Taba ea pele, leka ho qoba ho tšoha. Hangata ena ke nako e thata bakeng sa bohle ba amehang, maikutlo a phahame haholo. Kahoo ho lula ha hao u tsitsitse maikutlong, u bontša ho leka-lekana, le ho ba le tlhompho e ka ba thuso e khōlō. Taba ea bobeli, nahana ka mehloli eohle ea thuso e ka fumanehang ’me u kōpe thuso ho eona. E ka ’na eaba sepetlele se na le moemeli oa bakuli eo u ka ikopanyang le eena le eo u ka kōpang thuso ho eena.
Lipaki tsa Jehova li etsa bonnete ba hore li ikopanya le baholo ba liphutheho tsa habo tsona. Baeletsi bana ba bohlale le ba nang le phihlelo ba ka ba ba thusa mokuli ho fumana sepetlele se nang le tšebelisano-’moho haeba boemo bo se bo tebile hoo bo hlokang hore a isoe sepetleleng se seng.c Bakreste ba ’nete ba boetse ba hopola ho itšetleha ka matla a Jehova Molimo. Hangata ho ke ke ha ba le karabelo e le ’ngoe e akaretsang sohle se hlokahalang maemong a thata, ’me ka matla a rōna, re ka ’na ra se ke ra tseba hantle hore na ke hokae moo re lokelang ho retelehela teng. Ba bangata ba fumane hore ha ba entse sohle seo ba ka khonang ho se etsa ka matla a botho, ho retelehela ho Molimo ka thapelo ha hoa ka ha tlisa matšeliso feela empa hape ho ile ha tlisa tharollo e neng e sa lebelloa.—1 Ba-Korinthe 10:13; Ba-Filippi 4:6, 7.
Re tšepa hore u ke ke ua hlaheloa ke bothata leha e le bofe ba mathata ana a boletsoeng, empa ho hotle ho lokisa esale pele. Hape u hopole hore ho na le lintho tse itseng tse lebelletsoeng ho uena ha u kene sepetlele. Sepetlele ke sebaka se setle ka ho fetisisa bakeng sa ho bontša litšoaneleho tsa Bokreste tse kang mamello, teboho bakeng sa mosa o bontšitsoeng, le ho bontša kananelo ka ho khethehileng ho ba u thusang. Lengolo le lekhutšoanyane le ngolloang basebetsi ba sepetlele ka mor’a ho tsoa sepetlele, kapa esita le mpho e fanoang e le pontšo ea kananelo, le tla siea khatiso e sa lebaleheng. Ho kena ha hao sepetlele ho ka ’na ha u fa monyetla oa ho fana ka bopaki ka boitšoaro ba hao bo behang mohlala, e leng ho tla tlatsetsa botumong bo botle boo Bakreste ba ’nete ba bo thabelang ha e le bakuli.—1 Petrose 2:12.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Khale koana mongoli oa Bibele o ile a ngola maele a bululetsoeng a totobatsang bohlokoa ba ho nahanela maemo ka tsela eo: “Motho ea hlalefileng o bona kotsi ’me oa itšireletsa, empa ea sa tsotelleng o itsoella pele ’me o tlameha ho hlokofatsoa ka baka la hoo.”—Liproverbia 22:3, New International Version.
b Bona Mali a ka Boloka Bophelo ba Hao Joang? (1990), e hatisitsoeng ke Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania.
c Joalokaha ho hlalositsoe sehloohong se leqepheng la 12, Lipaki tsa Jehova li na le mehloli e babatsehang ea thuso ea ho sebetsana le mathata a phekolo ea meriana le basebetsi ba sepetlele.
[Lebokose le leqepheng la 5]
Haeba U Tla ba Mokuli Sepetlele
Lintlha tseo u lokelang ho li hopola ha u il’o kena sepetlele:
□ 1. Nka karete e nchafalitsoeng ea Medical Directive/Release Document kapa polelo e ngotsoeng, e saennoeng ea litakatso tsa hao.
□ 2. Khetha ngaka ea hao ka hloko.
□ 3. Tiisa hore hoa hlokahala hore u kene sepetlele.
□ 4. Bala liforomo tsa ho kena sepetlele ka hloko u be u li tlatse ka hloko. Haeba u e mong oa Lipaki tsa Jehova, itsebahatse ka potlako hore u e mong oa tsona.
□ 5. Itlele le lintho tsa botho tse fokolang tse hlokahalang, tse kang liaparo tsa ho ea itlhatsoa, lintho tse kang lisebelisoa tsa ho hlatsoa me-no, le boitsebiso boo u ka bo balang.
□ 6. Siea mabenyane ’ohle hae, lisebelisoa tse ngata tsa motlakase, le chelete e sa hlokahaleng.
[Lebokose le leqepheng la 7]
Tokomane ea Litokelo tsa Mokuli
Ha mokuli a kena sepetlele, ha aa lokela ho tšosoa ke boemo bo mo potolohileng le ho nahana hore o se a fetohile ntho feela eo e seng ea bohlokoa ba letho. O na le litokelo tseo lipetlele tse ngata le basebetsi ba bangata ba thabelang ho li hlompha. Litokelo tse latelang li boletsoe ka bokhutšoanyane ’me li theiloe lethathamong la litokelo tse leshome tse boletsoeng bukeng How to Stay Out of the Hospital, ea Lila L. Anastas, R.N.*
Mokuli o na le tokelo ea ho:
1. Fumana tlhokomelo e nahanelang le e nang le tlhompho ho basebetsi ba litsebi.
2. Fumana boitsebiso bo felletseng esita le ba morao-rao bo tsoang ho ngaka ea hae mabapi le seo ngaka e se fumaneng tlhahlobong, phekolo, le tebello ea ho fola ka mantsoe ao mokuli a ka a utloisisang.
3. Amohela boitsebiso bo tsoang ho ngaka ea hae bo hlokahalang hore a fane ka tumello a e-na le tsebo pele ho qaloa mokhoa leha e le ofe oa tšebetso le/kapa phekolo. Moo ho nang le mekhoa e meng e hlahelletseng ea phekolo ea meriana, mokuli o na le tokelo ea ho fumana boitsebiso bo joalo.
4. Hana phekolo ho fihlela moo molao o mo lumellang.
5. Nahaneloa ka litsela tsohle ka hore ho se kena-kenanoe le lenaneo la hae la tlhokomelo ea phekolo ea meriana.
6. Lebella hore boitsebiso le litlaleho tsohle tse amang tlhokomelo ea hae li tla bolokoa e le lekunutu.
7. Lebella hore ho fihlela moo se khonang, sepetlele se tlameha ho arabela ka tsela e utloahalang kōpong ea mokuli ea litšebeletso kapa kōpong ea ho fetisetsoa sepetleleng se seng ha maemo a phekolo ea meriana a lumela.
8. Fumana boitsebiso bo mabapi le kamano efe kapa efe ea sepetlele le litsi tse ling tsa tlhokomelo ea bophelo le tsa thuto ho isa moo li amang tlhokomelo ea hae.
9. Tsebisoa haeba sepetlele se rerile ho kenella tekong ea botho e amang tlhokomelo kapa phekolo ea hae kapa ho e etsa.
10. Lebella hore tlhokomelo e ntšetsoe pele ka mokhoa o utloahalang le ho tseba esale pele hore na ke lingaka life tse teng le hore na li ka bonoa hokae.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
Buka The Rights of Patients—The Basic ACLU Guide to Patient Rights (buka ea litšupiso ea Mokhatlo oa Amerika oa Litokelo tsa Sechaba) e thathamisa litokelo tse 25 ‘Mohlaleng oa eona oa Tokomane ea Litokelo tsa Mokuli.’
[Lebokose le leqepheng la 8]
Tšireletso ea Mokuli le ho Kenella ha Hae
“Feela joalokaha ho se moqosuoa ea lokelang ho ea khotla a se na ’muelli oa molao, kahoo ha ho mokuli ea lokelang ho kena sepetleleng se seholo ho se setho sa lelapa kapa motsoalle ea haufi ea itokiselitseng ho hlokomela lithahasello tsa mokuli le ho ’muella ha ho hlokahala.”—June Bingham, The Washington Post, August 12, 1990.
“Ho theosa le lilemo khopolo ea hore mokuli a kenelle liqetong tsa phekolo ea meriana e ’nile ea e-ba e thōko-thōko le monahano oa lingaka le tšebetso ea tsona. ’Me bakuli ba ithutile ka phihlelo e bohloko hore ho botsa lipotso tse ngata haholo tse batlisisang ho ka baka karohano pakeng tsa rōna le bona, kaha hangata re nyatsa lipotso tse joalo.
“Leha ho le joalo, khopolo ea hore re tseba se tla tsoela bakuli ba rōna molemo le hore ka baka leo re ka etsa lintho molemong oa bona re sa ba botsa, ke leshano le pepenene hoo motho a ka makatsoang ke cheseho eo khopolo e joalo e ’nileng ea buelloa ka eona. . . .
“Re ka ’na ra se ke ra lumellana le bakuli, re ka ba ra phehisana khang le bona, esita le ho ba qekisa, empa re tlameha ho etsa sena sohle ka moea oa ho ba tsotella. Qetellong re tlameha ho hlompha seo bakuli ba se batlang kapa seo ba sa se batleng ho rōna.”—Dr. Jay Katz, ngaka ea mafu a kelello, moprofesa oa Univesithi ea Yale, The Medical Post, Canada.
“Bakuli hase masea ’me lingaka hase batsoali. . . . Ka sebele, ho bonahala e le ho makatsang hore e be re lokela ho hopotsa liithuti tsa phekolo ea meriana, esita le lingaka, hore ha bakuli ba tlil’o kopana le lingaka ba tla ba e-na le litebello . . . tsa ho tšeptjoa le ho itšepa, hore ba lumelloe ho ikemela le hore ho se ke ha nkoa monyetla ka ho itšetleha ha bona ka lingaka, ho buisanoe le bona ’me ba mameloe, lingaka li ba tšoare joaloka batho ba lekanang le tsona ’me li se ke tsa ba busa, mokhoa oa bona oa bophelo o hlonepshoe, ’me ba lumelloe ho phela ka litsela tseo ba li ratang.”—The Silent World of Doctor and Patient, ea Dr. Jay Katz.
“Tšebeletso e qala ka kamano ea ngaka le mokuli. Letsatsi le leng le le leng litšebelisano tse ka bang limillione tse ’nè tsa bakuli le lingaka ha li fe lingaka tsa Amerika monyetla oa ho bontša botsebi ba tsona feela, empa li boetse li re fa monyetla oa ho bontša kutloelo-bohloko ea sebele, ho tsotella ha rōna, le boinehelo ba rōna ho mokuli ka mong eo re mo sebeletsang.”—James E. Davis, M.D., mopresidente oa Mokhatlo oa Amerika oa Phekolo ea Meriana.