Puisano ea Ngaka le Mokuli—Senotlolo sa Katleho
MATHOASONG a bo-1980, ho ile ha totobala hore ho lokela ho nkoe mehato e sebete bakeng sa ho thea puisano e molemonyana pakeng tsa Lipaki tsa Jehova le basebetsi ba phekolo ea meriana. Kahoo Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova se ile sa thea lenaneo la ho hōlisa kamano ea ho sebelisana le lingaka le lipetlele.
Baemeli ba Lipaki ba tsoang ntlo-khōlō ea lefatše e Motseng oa New York ba ile ba etela lipetlele tse ngata tse khōlō motseng oo. Basebetsi ba lipetlele ba ile ba ananela sena haholo, ’me se ile sa rala motheo oa tšebelisano-’moho, ho fapana le khohlano. Ka mor’a moo baemeli bana ba ile ba tšoara liboka metseng e meholo hohle ka har’a naha. E le e ’ngoe ea litšobotsi tse ikhethang tsa liboka tsena, ba ile ba ea le basebeletsi ba sebaka ka seng ba Lipaki tsa Jehova libokeng tse neng li tšoaretsoe litsing tsa phekolo ea meriana tse sebakeng ka seng, e le ho koetlisa basebeletsi bana hore ba tle ba ntšetse lenaneo leo pele. Ha ba le Chicago, Illinois, U.S.A., ba ile ba kopana le mohlophisi oa Journal of the American Medical Association. Sena se ile sa fella ka memo ea hore ba ngole sehlooho se buang ka hore na lingaka li ka sebelisana le Lipaki tsa Jehova joang.a
Ka mor’a nako, ho ile ha fanoa ka litaelo tsa koetliso tse ngotsoeng tse eketsehileng e le hore Lipaki tse linaheng tse ling li ka qala mananeo a tšoanang.b Ka mohlala, ka mor’a seboka se neng se tšoaretsoe Canada, ho ile ha etsoa Likomiti tse Kopanyang Bakuli le Lipetlele (tseo hamorao li ileng tsa bitsoa Likomiti tse Kopanyang Bakuli le Basebetsi ba Phekolo ea Meriana) tsa ba tsa koetlisoa. Komiti ka ’ngoe e ne e entsoe ka baholo ba Bakreste ba ikemiselitseng ba bileng ba khonang ho buisana le lingaka, basebeletsi ba sechaba, le basebetsi ba sepetlele.
Ho ile ha etsoa litaetsano le matona a mang a bophelo bo botle a liprofensi, batsamaisi ba mekhatlo ea phekolo ea meriana le lipetlele, le ba bang ba nang le tšusumetso e khōlō mosebetsing oa tlhokomelo ea bophelo bo botle. Liboka tsena li ile tsa thusa ho etsa hore basebetsi ba phekolo ea meriana e be ba nahanelang likameho tsa Lipaki tsa Jehova haholoanyane. Ka hona ho ile ha raloa motheo o tiileng oa puisano bakeng sa nako e tlang.
Mohloli oa Thuso o Lutseng e le Malala-a-laotsoe
Ke khale haholo ho utloisisoa hore boitsebiso bo nepahetseng ke thuso e khōlō ea ho rarolla likhohlano tse ka ’nang tsa hlaha pakeng tsa Bakreste ba ’nete le lingaka tse itšetlehileng ka phekolo ea mali. Mathoasong a lilemo tsa bo-1960 ho ile ha qala ho etsoa lethathamo la lingaka tse fanang ka phekolo ea meriana tse ikemiselitseng ho ba le tšebelisano-’moho ntlo-khōlō ea Lipaki tsa Jehova. Tsena e ne e le lingaka tse neng li se li tloaelane le mekhoa e meng ea phekolo ea meriana ka ntle le tšelo ea mali. Hamorao, haeba ngaka ea sebaka kapa ea sepetlele ka seng e ne e sa thabele ho sebetsana le mokuli ea itseng, komiti e ne e ka fumana mabitso a lingaka tse ling. Joale mokuli eo o ne a ka ’na a isoa sehlopheng se seng sa basebetsi ba phekolo ea meriana.
Ho hong e ne e le hore Likomiti tse Kopanyang Bakuli le Lipetlele li ne li ka ’na tsa lokisetsa hore ngaka e buoang batho ea sebaka ka seng e ikopanye ka thelefono le lingaka tse ling tse nang le phihlelo. Ka linako tse ling mokhoa ona oa puisano e ka etsoang hang-hang o ne o thusa lingaka hore li fetole phekolo ea tsona, ho se kotsi e sa hlokahaleng e ka hlahelang mokuli. Kahoo, ka ho sebeletsa e le tse kopanyang mokuli le ngaka, likomiti tsena li fetohile litsebi tsa ho felisa matšoenyeho a mokuli le ngaka haeba ho bonahala eka mali aa hlokahala.
Bopaki ba Hore Hona Hoa Sebetsa
Mathoasong a 1989, Sonya e ne e le mosetsana ea bohlale ea lilemo li 13 le halofo ha a tsebisoa hore o na le hlala ea kankere ka tlas’a leihlo le leng. Ngaka e ile ea bolella Sonya le batsoali ba hae ka ho hlaka hore tšebetso ea ho buuoa e hlokahalang e tebile haholo. Kaha hlala eo e ne e ntse e hōla ka potlako, ho buuoa ho ne ho sa lokela ho chechisetsoa morao. Mohlomong ka mor’a moo ho ne ho tla hlokahala phekolo ea lik’hemik’hale, ’me ngaka e ile ea bolela hore batsoali ba hae ba ne ba tla lokela ho fana ka tumello bakeng sa litšelo tsa mali. Empa lelapa leo le ne le ke ke la fana ka tumello ea seo ka lebaka la litumelo tsa lona tsa bolumeli. Ngaka ea setsebi e buoang batho e neng e ntse e phekola Sonya e ne e ikemiselitse ho tlosa hlala eo ea kankere, e kholisehile hore e ka etsa hoo ka ntle ho tšelo ea mali. Leha ho le joalo, ka lebaka la leano la sepetlele, ngaka eo e buoang batho e ne e ke ke ea fumana setsebi sa ho robatsa bakuli ka lithethefatsi se tla e thusa.
Jonathan ke mora oa letsibolo oa Michael le Valerie. Bofelong ba 1989, ha a le lilemo li 16, lingaka li ile tsa ba tsebisa hore Jonathan o na le hlala e khōlō lebeteng. Lingaka li ne li batla li e-na le tšabo ea ho mo buoa ka ntle le ho sebelisa mali, empa ka sebete li ile tsa etsa joalo, tsa hlompha boemo ba lelapa ba bolumeli. Nakong ea ha a ntse a hlaphoheloa, ho ile ha hlaha mathata a tebileng. Matla a phallo ea mali ea Jonathan a ile a theoha haholo, ’me lisele tsa hae tsa mali li ile tsa fokotseha haholo. Ha a buuoa lekhetlo la bobeli, o ile a lahleheloa ke mali a mangata, hemoglobin ea hae ea theohela ho 5,5, eo e batlang e le karolo ea boraro ea tekanyo e tloaelehileng. Ngaka e sa sebetsaneng le ho buoa e ile ea khotsa: “Boemo ba mora oa lōna bo ntse bo mpefala. Re thulane le qaka. Haeba a sa tšeloe mali, a ka ’na a shoa!” Ho ne ho ka etsoa joang?
Likomiti tse kopanyang bakuli le lipetlele li ile tsa fana ka thuso ea bohlokoahali maemong ana ka bobeli Canada. Komiti e ’ngoe e ile ea tiisetsa lelapa labo Sonya hore haeba ho hlokahala, e ne e ka thusa ho etsa litokisetso tsa hore a isoe setsing sa phekolo ea meriana naheng e ’ngoe. Empa na ho ne ho e-na le ho hong ho ka etsoang e le hore ngaka ea mosali e buoang batho e neng e se e tloaelane le boloetse ba hae e ka tsoela pele ka tšebetso eo? Ha e le hantle, ngaka ena e buoang batho e ne e se e khomarelane le Sonya ka maikutlo hoo e ileng ea ithaopela ho ba karolo ea sehlopha sa lingaka tse tla mo buoa kae kapa kae moo tšebetso eo e neng e tla etsetsoa teng. Leha ho le joalo, ha hoa ka ha hlokahala hore a isoe sepetleleng se seng. Litho tsa komiti eo li ile tsa khona ho susumelletsa basebetsi ba phekolo ea meriana ba sebaka seo hore ba sebelisane le ngaka eo e buoang batho. Ho latela ngaka eo, ka mor’a tšebetso ea ho buuoa e ileng ea nka lihora tse robeli le halofo, mantsoe a Sonya a pele e ile ea e-ba potso ea hore na o qobelletsoe ho tšeloa mali na. Sonya o ile a thaba hakaakang ha a tseba hore karabelo e ne e le che!
Tabeng ea Jonathan, ha lisele tsa hae tsa mali li fokotseha li ba li fihla tekanyong ea 5,5 ka mor’a ho buuoa ka makhetlo a mabeli, lingaka li ile tsa kholiseha hore ho hlokahala tšelo ea mali e le hore ho pholosoe bophelo ba hae, ’me li ne li ikemiselitse ho batla taelo ea lekhotla bakeng sa ho mo qobella hore a tšeloe mali. Empa tumelo ea Jonathan e tiileng le khanyetso ea hae ea botho tšebelisong ea mali li ile tsa etsa hore litaba li tsamaee butle. Jonathan oa tlaleha: “Ke ile ka tšoara Dr.— ka k’holara ’me ka mo sheba ka har’a thaka tsa mahlo eaba ke re, ‘Ha ke batle mali kapa lihlahisoa tsa mali, KA KŌPO!’” Komiti ea baena ba koetlisitsoeng e ile ea thusa ho lokisetsa hore Jonathan a nkoe ka sefofane a isoe setsing se seholoanyane sa phekolo ea meriana. Ha a fihla teng, setho sa komiti se ne se se se le teng sepetlele ’me se se se buisane le lingaka tse tla sebetsana le eena. Letsatsing le hlahlamang, hemoglobin ea Jonathan e ile ea tsitsa. Keketseho ea lisele tsa hae tsa mali e ile ea ’na ea tsoela pele ho ntlafala, ’me o ile a lokolloa matsatsi a 15 ka mor’a ho buuoa ka lekhetlo la pele.
Ka ho hlakileng, ha lenane la basebetsi ba bophelo le basebeletsi ba sechaba ba ikemiselitseng ho sebelisana le Likomiti tsa Lipaki tsa Jehova tse Kopanyang Bakuli le Lipetlele le ntse le eketseha, ho tla lebelloa katleho e ntle e eketsehileng.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Se kopilelitsoe maqepheng a 27-9 a Mali a ka Boloka Bophelo ba Hao Joang?, e hatisitsoeng ke Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania.
b Hona joale ho na le Likomiti tse 100 tse Kopanyang Bakuli le Lipetlele United States, tse 31 Canada, tse 67 Fora, le tse ling tse eketsehileng linaheng tse ling lefatšeng ka bophara.