Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g91 4/8 maq. 19-25
  • Ho Hlokomela Batho ba Hōlileng—Bothata bo Ntseng bo Hōla

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Hlokomela Batho ba Hōlileng—Bothata bo Ntseng bo Hōla
  • Tsoha!—1991
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Boiteko bo Khethehileng ba ho Hlokomela Litho tsa Lelapa la Hao
  • Ha ho Hlokahala Mahae a Tlhokomelo ea Maqheku
  • “Tšoanelo Eohle ea Motho”
  • Ba Lula Mahaeng a Maqheku Empa ha Baa Lebaloa
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Lelapa la Bokreste le Thusa ba Seng ba Hōlile
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Ho Hlokomela Batho ba Hōlileng—Ke Boikarabelo ba Bakreste
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Ho Hlompha Batsoali ba Rōna ba Hōlileng
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
Bala Tse Ling
Tsoha!—1991
g91 4/8 maq. 19-25

Ho Hlokomela Batho ba Hōlileng—Bothata bo Ntseng bo Hōla

HO PHETOA pale ea ngoanana e monyenyane ea kileng a botsa ’m’ae: “Ke hobane’ng ha Nkhono a jella ka sekotlolong sa lehong empa rōna kaofela re jella ka likotlolong tsa rōna tse ntle?” ’Mè oa hae o ile a hlalosa: “’Mè o tšoeroe ke letope, ’me mohlomong o tloha a liha likotlolo tsa rōna tse ntle le ho li pshatla, ke kahoo a sebelisang sekotlolo sa lehong.” Ka mor’a ho nahanisisa ka sena ka nakoana, ngoanana e monyenyane o ile a botsa: “Na u tla mpolokela sekotlolo seo sa lehong e le hore le uena u tle u jelle ka ho sona ha u se u tsofetse?” Ponelo-pele ena ea liketsahalo tse joalo mohlomong e ile ea makatsa ’mè enoa esita le ho mo tšosa. Empa ha a nahana ka sena mohlomong se ile sa boela sa mo tiisetsa hore moralinyana oa hae o ntse a etsa litokisetso tsa ho mo hlokomela!

Mohlomong litebello tsa batho ba bangata ba hōlileng ha li bonahale li khanya hakaalo. Ba fetohile karolo e eketsehang ka potlako ka ho fetisisa ea baahi likarolong tse ngata tsa lefatše. World Press Review ea August 1987 e tlaleha hore batho ba ka bang limillione tse 600, hoo e neng e ka ba karolo ea 12 lekholong ea baahi ba lefatše ka nako eo, e ne e e-na le lilemo tse fetang 60.

United States batho ba hōlileng ba ntse ba ngatafala ho feta moloko oa bacha ka lekhetlo la pele ho feta leha e le neng pele. Mohlophisi oa koranta ea saense ea Motse oa New York o tlalehile: “Maamerika a limillione tse 30 joale a na le lilemo tse 65 kapa ho feta moo—ke motho a le mong ho ba bang le ba bang ba robeli ho rōna, ho feta leha e le neng pele, ’me: Lenane la baahi ba hōlileng le eketseha ka lebelo le imenneng ka makhetlo a mabeli ho feta lenane lohle la baahi. . . . Ka 1786 ka karolelano tebello ea lilemo tsa bophelo ea moahi oa Amerika e ne e le lilemo tse 35. Ho ngoana oa Moamerika ea hlahileng ka 1989, tebello ea lilemo tsa bophelo ke 75.”

Ho lebelletsoe hore Canada lenane la batho ba hōlileng haholo ba lilemo li 85 le ho feta moo le tla eketseha ka makhetlo a fetang a imenneng hararo bofelong ba lekholo lena la lilemo.

Europe lilemong tse 100 tse fetileng, batho ba hōlileng ba ne ba etsa feela karolo ea 1 lekholong ea lenane lohle la baahi ba Europe. Kajeno manane a bona a eketsehile ka karolo ea 17 lekholong.

Ha Lefapha la Lipalo-palo la U.S. le tlaleha ka “Botsofali Linaheng tse Futsanehileng” le itse: “Likarolo tse ’nè ho tse hlano tsa keketseho ea batho ba hōlileng li hlaha Linaheng tse Futsanehileng.”

Lilemong tse mashome a mane tse fetileng tebello ea bophelo ea batho ba Chaena e ne e le lilemo tse ka bang 35. Ka 1982 palo ena e ne e se e eketsehile ho ba lilemo tse 68. Kajeno Machaena a fetang limillione tse 90 a baloa e le batho ba hōlileng ’me ho lekanyetsoa hore bofelong ba lekholo lena la lilemo, palo ena e tla eketseha ho ea ho limillione tse 130, kapa karolo ea 11 lekholong ea lenane la baahi.

Boiteko bo Khethehileng ba ho Hlokomela Litho tsa Lelapa la Hao

Ha e le mona lenane la batho ba hōlileng le ntse le eketseha lefatšeng ka bophara, potso e emisang hlooho e mabapi le ka moo ba ka hlokomeloang ka teng e ba ea bohlokoa haholo. Mehleng ea Bibele bothata bona bo ne bo se bo boholo hakaalo. Ho ne ho e-na le lelapa le kopanyelletsang litho tse ling tse haufi tsa lelapa moo bana, batsoali le ntate-moholo le nkhono ba neng ba lula hammoho. Bana le ntate-moholo le nkhono ba ne ba ruisana molemo ’me batsoali ba ne ba ka etsa litokisetso tse hlokahalang tsa lintho tse bonahalang le ho hlokomela hore tlhoko leha e le efe e khethehileng bakeng sa ba hōlileng lapeng ea fumaneha. Malapa a joalo a kopanyelletsang litho tse haufi tsa lelapa a hlokomelang batho ba hōlileng a sa ntsane a tloaelehile haholo linaheng tse ling kajeno. (Bakeng sa mehlala, ka kōpo bona lebokose leqepheng la 24.) Empa ha ho joalo lichabeng tse ruileng moo lelapa le lekanyetsoang feela ho batsoali le bana. Ha bana ba hōla ’me ba nyala kapa ba nyaloa ’me ba e-ba le bana ba bona, hangata ba tobana le bothata ba ho hlokomela batsoali ba bona ba hōlileng, ba fokolloang ke bophelo le bao hangata ba tšoeroeng ke mafu a sa phekoleheng.

Tsamaisong ena e teng ea lintho, ho etsa sena e ka ba bothata bo boholo haholo ka sebele! Tlas’a maemo a teng a moruo a sa lakatseheng, ho ka ’na ha hlokahala hore batsoali ka bobeli ba sebetse. Lijo li tura haholo, chelete ea rente e phahame haholo, mangolo a likoloto a kena lenyele-nyele. Esita le chelete ea batho ba babeli ba sebetsang e ka fela ka ho panya ha leihlo. Haeba mosali oa lelapa a sa sebetse, mohlomong a ka ba maphatha-phathe ka bana, ho ea mabenkeleng, ho hloekisa—e leng mosebetsi oa nako e tletseng ka booona. Sena ha se bolele hore motsoali ea hōlileng, kapa batsoali, ha baa lokela ho hlokomeloa lapeng. Sena se bolela hore taba ena e ka ba kabelo e boima haholo. Batho ba hōlileng le bona ba na le mathata a bona, ’me ka ho utloahalang, ka linako tse ling ba ka tletleba le ho halefa, ba se ke ba bonahala ba thabile ka mehla. Tsena tsohle ha li bolele hore ha hoa lokela ho etsoa boiteko bo matla ba ho hlokomela motsoali ea hōlileng lapeng.

Hangata boikarabelo bo mahetleng a barali ba ntseng ba phela. Liphuputso tse ngata li senotse hore le hoja banna ba bangata ba ka ’na ba thusa ka chelete, hangata ke basali ba nehelanang ka tlhokomelo ea botho. Ba phehela batho ba hōlileng lijo—’me hangata baa ba jesa—baa ba hlatsoa le ho ba hlobolisa liaparo le ho ba apesa tse ling, ba ba isa lingakeng le lipetlele, ba hlokomela hore ba sa na le meriana e lekaneng. Hangata ke bona mahlo, litsebe, le monahano oa batsoali ba bona ba hōlileng. Mosebetsi oa bona ke o boima, ’me ho khothala ha bona ho o etsa ho sa tsotellehe mathata a ’ona ka ’nete ke ntho e babatsehang le e thabisang Jehova Molimo.

Ho latela Carl Eisdorfer, M.D., Ph.D., motsamaisi oa Setsi sa Tsoelo-pele le Botsofali oa Univesithi ea Miami, Florida, U.S.A., tumelo ea hore bana ba bangata ba isa batsoali ba bona mahaeng a tlhokomelo ea maqheku hore ba qetelle lilemo tsa bona teng e hlile hase ’nete, o itse: “Liphuputso li bontšitse hore tlhokomelo e khōlō ea batho ba hōlileng e fanoa ke litho tsa malapa a bona.”

Lipalo-palo li tšehetsa taba ena. Ka mohlala, United States, ba etsang karolo ea 75 lekholong ea bao ho buisanoeng le bona ba boletse hore haeba batsoali ba bona ba se ba sa khone ho lula ba le bang, ba ne ba tla batla ho lula le bona. Dr. Eisdorfer o itse: “Sena se tiisa hore malapa a hlile a batla ho hlokomela litho tsa oona.” Tlaleho e makasineng oa Ms. e itse: “Ke feela karolo ea 5 lekholong ea bao ba nang le lilemo tse ka holimo ho 65 ba lulang mahaeng a tlhokomelo ea maqheku ka nako e ’ngoe hobane motho ea hōlileng le beng ka eena ba bangata ba hlile ba rata tlhokomelo ea lehae la maqheku.”

Taba e latelang e bontša boiteko bo bong bo etsoang ke batho ba bang ho hlokomela motsoali ea hōlileng. Tlaleho ena e tsoa ho moemeli ea tsamaeang oa Lipaki tsa Jehova ea etelang liphutheho hohle United States. O hlalosa kamoo eena le mosali oa hae ba neng ba ikemiselitse ho hlokomela ’mè oa mosali oa hae ea lilemo li 83 ho e-na le hore ba mo ise lehaeng la tlhokomelo ea maqheku. O hlalositse: “Ke hopola mantsoe a reng ’mè a le mong o ne a tseba ho hlokomela bana ba 11, empa bana ba 11 ba sitoa ho hlokomela ’mè a le mong. Empa, rōna ka bobeli re ne re ikemiselitse ho hlokomela ’mè a le mong ea hōlileng. Le hoja a ne a sa tsoa tšoaroa ke lefu la Alzheimer, o ne a tsamaea le rōna ka koloi e kang ntlo.

“Pele o ne a tsamaea le rōna ha re ne re bolela molaetsa oa ’Muso ka ntlo le ntlo. Hamorao re ile ra lokela ho mo khanna ka setulo sa batho ba holofetseng. Ho bonahala beng ba matlo ba ne ba ananela tsela eo re mo hlokomelang ka eona. Ka linako tse ling o ne a bua lintho tse fosahetseng, empa le ka mohla re ne re sa mo hlabise lihlong ka ho lokisa seo a se buileng. Leha ho le joalo, o ne a sa ntse a qabola. Ke ne ke ee ke mo hlokomelise ’me ke re ho eena, ‘’Mè, hlokomela moo u hatang teng,’ ’me eena o ne a arabela ka hore, ‘Ha ke na ’mè oa bobeli.’ Re ile ra mo hlokomela ho fihlela a hlokahala ha a le lilemo li 90.”

Ha ho Hlokahala Mahae a Tlhokomelo ea Maqheku

Batho ba hōlileng ba ka bang limillione tse peli ba lula mahaeng a tlhokomelo ea maqheku United States. Leha ho le joalo, hangata hase feela taba ea “bolulo bo hlokang qenehelo ho batho ba hōlileng,” joalokaha ba bang ba bitsitse bolulo ba mahaeng a tlhokomelo ea maqheku. Ho e-na le hoo, hangata ke eona feela tsela e lekaneng ea ho hlokomela ba seng ba sa tsebe ho itlhokomela. Hangata, bana ba motho ea hōlileng ha ba boemong ba ho hlokomela batsoali ba bona ba hōlileng bao mohlomong bongata ba bona bo tšoeroeng ke lefu la Alzheimer ka tsela e sekhahla kapa e le ba kulang hoo ba seng ba sa khone ho theoha betheng ka baka la lefu le itseng le fokolisang le batlang tlhokomelo e khethehileng ka linako tsohle. Maemong a joalo mahae a tlhokomelo ea maqheku e ka ba ’ona feela sebaka se loketseng ho finyella litlhoko tse joalo tse khethehileng.

Moromuoa oa Mokhatlo oa Watch Tower Sierra Leone, Afrika, o boletse ka bohloko boo ’mè oa hae a ileng a bo utloa ha a ne a lokela ho isa ’mè oa hae lehaeng la tlhokomelo ea maqheku: “Haufinyane ’mè o ile a isa nkhono Helen lehaeng la tlhokomelo ea maqheku Florida. Ena e bile qeto e boima ka ho fetisisa ho eena. O ne a se a hlokometse Helen ka lilemo tse ’nè, empa hona joale Helen o ne a hloka tlhokomelo ea ka linako tsohle. Metsoalle ea ’mè, beng ka eena, le basebeletsi ba fapaneng ba sechaba le lingaka kaofela ba ile ba tšehetsa qeto ea hore Helen a isoe lehaeng la tlhokomelo ea maqheku empa ena e ne e sa ntsane e le qeto e boima ka ho fetisisa. ’Mè o ne a ikutloa hore kaha nkhono o mo hlokometse ho tloha bongoaneng, joale ena e ne e le eona feela nako e loketseng ea ho mo hlokomela boqhekung ba hae—e le tefo, kapa ‘puseletso e loketseng,’ eo moapostola Pauluse a buileng ka eona. Leha ho le joalo, kamoo ho bileng ka teng, Helen o ile a hlokomeloa hamolemo haholo lehaeng la tlhokomelo ea maqheku ho feta haeba a ne a ka hlokomeloa lapeng.”—1 Timothea 5:4, NW.

Paki e ’ngoe e sebetsang ntlo-khōlō ea Lipaki tsa Jehova e boletse ka ntate oa eona ea neng a tšoeroe ke kankere. “Ntate e bile Paki e mafolo-folo ka nako e fetang lilemo tse 30. Lilemong tse robong tsa ho qetela tsa bophelo ba hae o ne a se a tšoeroe ke kankere. ’Na le mosali oa ka re ile ra sebelisa matsatsi a rōna a phomolo bakeng sa ho lula le eena le ho nka phomolo e telele ho feta matsatsi a rōna a tloaelehileng a phomolo bakeng sa ho ba le eena le ho mo thusa. Beng ka rōna ba bang ba ile ba thusa ka litsela tse fapa-fapaneng. Empa ka nako e ngata o ne a hlokomeloa ke mosali oa hae le morali oa hae ea nyetsoeng ea lulang haufi le moo. O ne a boetse a eteloa ke litho tsa phutheho ea Lipaki eo a neng a kopanela le eona. Lilemong tse peli tsa ho qetela o ne a kena sepetlele nako le nako ’me likhoeli tse hlano tse fetileng o li qetile sebakeng sa tlhokomelo ea maqheku moo a neng a ka fumana tlhokomelo e khethehileng eo a neng a e hloka.

“Qeto ea ho mo tlosa lapeng le ho mo isa lehaeng la tlhokomelo ea maqheku e bile ea lelapa ’me le eena o ile a nka karolo ho sena. O ile a fihlela qeto ea hore ho mo hlokomela ho ne ho tla ba thata haholo ebile lelapa le ne le ke ke la ho khona. O ’nile a re: ‘Seo se tla le bolaea kaofela! Joale ke nako ea hore ke ee lehaeng la tlhokomelo ea maqheku. Hoo ho molemo bakeng sa lōna ebile ho molemo bakeng sa ka.’

“Kahoo o ile a ea teng. Lelapa le ile la mo hlokomela ka lilemo tse robong ’me o ile a lumela ho ea lehaeng la tlhokomelo ea maqheku bakeng sa tlhokomelo ea ka linako tsohle eo a neng a e hloka, eo e neng e se e le eona feela tharollo ea ho qetela.”

Ha ho isoa lehaeng la tlhokomelo ea maqheku e se e le tharollo ea ho qetela bakeng sa tlhokomelo e lekaneng, lelapa le lokela ho batla lehae le hloekileng le le tsamaisoang ke basebetsi ba mosa le ba nang le tlhokomelo. Haeba ho khoneha, etsa tokisetso ea hore ho be le motho ea mo etelang letsatsi le letsatsi—motho eo e ka ba setho sa lelapa, motho e mong ea tsoang phuthehong, bonyane u ka mo letsetsa thelefono—e le hore motsoali ea hōlileng a se ke a ikutloa a lahliloe, a lebetsoe, a tlohetsoe a le mong ka ho felletseng ’me a bile a nahana hore ha ho motho ea mo tsotellang. Ha ba bang ba leng lehaeng la tlhokomelo ea maqheku ba e-ba le baeti empa ho se ea tlil’o bona moratuoa oa hao—sena e ka ba se nyahamisang haholo. Kahoo etsa boiteko ba ho bona motho enoa ka linako tsohle. Mo etele. Mo mamele. Rapela le eena. Thapelo ke ea bohlokoa haholo. Esita le haeba ho bonahala eka kelello ea hae ha e sa sebetsa hantle rapela. Ha u tsebe hore na ke ho isa bohōleng bofe ho nang le seo a se utloang!

Ha u etsa liqeto mabapi le batsoali, leka ho etsa joalo hammoho le bona ho e-na le ho ba etsetsa tsona. Etsa hore ba ikutloe hore ba sa ntse ba laola bophelo ba bona. Fana ka thuso e hlokahalang ka lerato le mamello le kutloisiso. Joalokaha moapostola Pauluse a ngotse, ena ke nako ea ho lefa seo re se kolotang batsoali ba rōna esita le batsoali ba bona.

“Tšoanelo Eohle ea Motho”

Lefatšeng lena la kajeno la bophelo bo maphatha-phathe, ho bonolo hore batho ba hōlileng ba qheleloe ka thōko. Ka ho khethehileng bacha bao e leng hona ba kenang peisong ena ea bophelo le ba potlaketseng ho tsoela pele ka bophelo ba bona ba ikutloa hore batho ba hōlileng ke tšitiso le hore ba se ba phetse halelele hoo ba seng ba se na thuso. Mohlomong ho ka ba molemo hore kaofela ha rōna re ke re eme ’me re nahane: Ke eng se etsang hore bophelo e be bo molemo? Ho bonolo hore bacha ba nyenyefatse bophelo ba batho ba hōlileng le hore bona ba ikhohomose ka bohlokoa ba bophelo ba bona.

Leha ho le joalo, hase batho ba hōlileng feela le ba fokolang ba tlatsetsang ka ho fokolang kapa ba sa tlatsetseng ka letho ho se bonahalang e le sa bohlokoa. Ka makhetlo a mangata bukeng ea Moeklesia Morena Salomone o buile ka mesebetsi ea batho ka kakaretso e le lefeela. O buile ka bacha le matla a bona a nakoana ’me a bontša kamoo lilemo tse ntseng li feta li tlang ho senya ’mele ea bona feela joalokaha ho feta ha nako ho se ho sentse ’mele ea ba bang ba limillione. Salomone o itse tsohle li qetella e le lerōle ’me li fumana moputso ona: “Lefeela la mafeela!” “Tsohle ke lefeela.”—Moeklesia 12:8.

Empa o boetse a babatsa mantsoe a batho ba bohlale ’me a akaretsa seo a se boneng bophelong ka mantsoe ana: “Bofello ba taba tseo kaofela ke jona: Tšaba Molimo, u boloke litaelo tsa oona, hobane, ke eona tšoanelo eohle ea motho.” (Moeklesia 12:13) Oo ke oona mokhoa oa ho fumana bophelo bo molemo, ho sa tsotellehe hore na u mocha hakae kapa hore na u hōlile hakae kapa hore na u finyella boemo bofe lefatšeng lena le meharo la lintho tse bonahalang le fetang.

Bakeng sa ho laola likamano tsa rōna tsa botho, Jesu o fane ka molao-motheo o tataisang o tsejoang e le Molao oa Gauda: “Ka mehla u tšoare batho ba bang kamoo u neng u ka rata hore ba u tšoare ka teng.” (Mattheu 7:12, The New English Bible) Hore re sebelise molao oo, re tlameha ho ipeha sebakeng sa motho eo, ho bona hore na re ne re tla rata ho tšoaroa ka tsela eo haeba re ne re le boemong ba hae. Haeba re tsofetse ebile re fokola ’me re hloka thuso, re ne re tla rata hore e mong oa bana ba rōna a re tšoare joang? Na re tla buseletsa batsoali ba rōna bakeng sa lilemo tse 20 tsa tlhokomelo le tšehetso tseo ba li sebelisitseng bakeng sa rōna ha re sa le masea a sitoang ho iketsetsa letho ka hore joale re ba hlokomele botsofaling ba bona ha ba se ba sitoa ho iketsetsa letho?

Ha re talima batsoali ba rōna ba hōlileng le litlhoko tsa bona, mohlomong re tla ikhopotsa linako tsa bongoana ba rōna le ho hopola seo ba re etselitseng sona ha re sa le masea, re le bana, ha ba ne ba re hlokomela ha re ne re kula boseeng, ba re fepa le ho re hlokomela ka liaparo, ba re ntša ho ea libakeng tsa boithabiso bakeng sa thabo ea rōna ea bongoana. Joale, ka kameho e lerato bakeng sa boiketlo ba bona, nahanela se molemo haholo bakeng sa litlhoko tsa bona.

Seo e ka ’na ea ba ho etsa litokisetso tse hlokahalang bakeng sa ho ba boloka lapeng haeba ho ka etsahala. Ka lehlakoreng le leng, tokisetso e molemo haholo ho bohle ba amehang, ho kopanyelletsa le batsoali ba hōlileng e ka ’na eaba lehae la tlhokomelo ea maqheku. Ho sa tsotellehe hore na ho etsoa qeto efe, ba bang ba lokela ho e hlompha. Ho joalokaha re bolelloa: “Empa uena, u ahlolela’ng ngoan’eno? kapa uena, u nyelisetsa’ng ngoan’eno?” Hape: “Uena u mang, ha u ahlola ba bang?”—Ba-Roma 14:10; Jakobo 4:12.

Ho sa tsotellehe hore na se molemo e tla ba sefe bakeng sa batsoali ba hōlileng, ebang ke ho lula le bana ba bona kapa ho lula lehaeng la tlhokomelo ea maqheku, haeba feela likelello tsa bona li ntse li sebetsa hantle, ba ka ’na ba e-ba le bophelo bo nang le morero. Ba ka ithuta ka morero oa Jehova bakeng sa batho bohle ba tšepahalang oa hore ba phele hantle ’meleng ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise. Ba ka fumana mosebetsi o mocha le o thabisang oa ho sebeletsa ’Mōpi oa bona, Jehova Molimo. Ena e fetoha nako e nang le morero ka ho fetisisa le ea thabo bophelong ba bona. Ha ba bang ba se ba lahlehetsoe ke morero oa bophelo ka bobona, ba bang botsofaling ba bona ba tsebile ho ithuta ka litšepiso tsa Jehova tsa bophelo bo sa feleng lefatšeng le lecha la ho loka ’me ba fumane thabo ka ho buisana le ba bang ka tšepo eo.

Re qetella ka phihlelo e bontšang sena. Ha mosali e mong oa California a le lilemo li 100, mooki e mong lehaeng la maqheku o ile a ’molella ka litšepiso tsena ’me ha a le lilemo li 102, o ile a kolobetsoa e le e mong oa Lipaki tsa Jehova. Ha aa qeta bophelo ba hae ‘lefeeleng la mafeela,’ empa o phethahalitse ‘tšoanelo eohle ea motho,’ e leng, ‘ho tšaba Molimo oa ’nete le ho boloka litaelo tsa oona.’

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 22]

Ho ’nile ha boleloa hore lilemong tse fetileng ’mè a le mong o ne a tseba ho hlokomela bana ba 11; empa hona joale bana ba 11 ba sitoa ho hlokomela ’mè a le mong

[Lebokose le leqepheng la 24]

Ho Bontša Tlhompho ka ho Hlokomela Batho ba Hōlileng—Litlhaloso tse Hlahang Lefatšeng ka Bophara

“Afrika ho na le litokisetso tse fokolang feela tsa ’muso haeba li le teng bakeng sa batho ba hōlileng—ha ho mahae a tlhokomelo ea maqheku, ha ho melemo ea Tlhokomelo ea Meriana kapa Tšireletso ea Sechaba, ha ho na lipenshene. Bana ke bona ba hlokomelang batsoali ba bona ba tsofetseng.

“Lebaka la motheo leo ho beleha bana ho leng bohlokoa ho batho ba lulang linaheng tse fokolang moruong ke hore bana ke bona ba tla ba hlokomela nakong e tlang. Esita le batho ba futsanehileng ba ba le bana ba bangata, ba ikemela ka hore ha ba e-na le bana ba bangata, ho na le menyetla e mengata ea hore ba bang ba tla phela ’me ba tsebe ho ba hlokomela.

“Le hoja litekanyetso li ntse li fetoha karolong e khōlō ea Afrika, malapa a nka boikarabelo ba ho hlokomela batsoali ba ’ona ba hōlileng ka botebo. Haeba ho se na bana, litho tse ling tsa lelapa li tla ba hlokomela. Hangata ba fanang ka tlhokomelo ba boemong bo fokolang ba chelete empa ba arolelana le bona seo ba nang le sona.

“Tsela e ’ngoe eo bana ba hlokomelang batsoali ba bona ka eona ke ho alimana ka bana ba bona. Hangata ke litloholo tse sebetsang lapeng.

“Linaheng tse tsoetseng pele, batho ba phela nako e telele ka baka la tsoelo-pele ea phekolo ea meriana. Hangata ha ho joalo linaheng tse fokolang moruong. Mafutsana aa shoa hobane ha a khone ho fumana esita le thuso ea meriana e lekanyelitsoeng e fumanehang. Maele a buuoang Sierra Leone a re: ‘Ha ho mofutsana ea kulang.’ Sena se bolela hore kaha mofutsana ha a na chelete ea phekolo, o phela hantle kapa oa shoa.”—Robert Landis, moromuoa Afrika.

“Mexico batho ba hlompha batsoali ba hōlileng haholo. Batsoali ba lula ba le bang malapeng a bona ha bara ba bona ba nyala, empa ha batsoali ba tsofala ’me ba hloka thuso, bana ba ba tlisa lapeng la bona le ho ba hlokomela. Ba ikutloa hore sena ke tlamo.

“Ke ntho e tloaelehileng ho bona batsoali ba hōlileng ba lula lapeng le le leng le bara ba bona le litloholo. Litloholo li rata batsoali ba batsoali ba tsona ba hōlileng le ho ba hlompha. Lelapa ke le atamelaneng.

“Mahae a tlhokomelo ea maqheku a fokola haholo Mexico hobane bara le barali ba hlokomela batsoali ba hōlileng. Haeba ho e-na le bara ba bangatanyana, ka linako tse ling ea tlang ho nyala morao-rao o lula lapeng ’me o phela le batsoali.”—Isha Aleman oa Mexico.

“Korea lapeng le sekolong re rutoa ho hlompha batho ba hōlileng. Lapeng mora e moholo ke eena ea lokelang ho hlokomela batsoali ba hae ba hōlileng. Haeba a hlōleha ho ba hlokomela, mora kapa morali e mong o tla ba hlokomela. Banyalani ba bangata ba lula le batsoali ba bona ba hōlileng le ho ba hlokomela ka tlung e le ’ngoe. Batsoali ba lebelletse ho lula le bana ba bona, ’me ba rata ho rupela litloholo tsa bona le ho li hlokomela. Ho nkoa e le ntho e hlabisang lihlong hore banyalani ba bacha ba ise batsoali ba bona ba hōlileng lehaeng la tlhokomelo ea maqheku.

“Ntate e ne e le eena mora e moholo, ’me re ne re lula le batsoali ba rōna ba hōlileng ka tlung e le ’ngoe. Ha re ne re tsamaea lapeng, re ne re ba tsebisa hore na re ea hokae le hore na re tla khutla neng. Ha re khutla, re ne re pota le ho bona pele le ho ba lumelisa re inamisitse lihlooho le ho ba tsebisa hore re khutlile hobane ba ne ba amehile ka boiketlo ba lelapa lohle.

“Ha re ba neha ntho e itseng, re ne re e tšoara ka matsoho a mabeli. Ke ho hloka tlhompho ho neha batho ba hlomphuoang ba kang batsoali, batsoali ba batsoali, matichere, kapa liofisiri tse phahameng sechabeng ntho leha e le efe ka letsoho le le leng. Ha re na le lijo tse khethehileng, re ngoathela batsoali ba batsoali rōna pele.

“Ho hlompha batho ba hōlileng ha hoa lekanyetsoa feela ho litho tsa lelapa empa ho fetela le ho batho bohle ba hōlileng. Ho tloha sekolong se tlaase ho ea ho se phahameng ho na le lithuto tsa mekhoa e metle. Nakong ea thuto eo ea mekhoa e metle re ithuta ka lipale tse monate kapa lithuto tse bontšang kamoo re ka hlomphang batho ba hōlileng ka teng.

“Ha motho e moholo a kena ka kamoreng ho lebelletsoe hore bacha ba eme. Haeba mocha a lutse ka beseng empa monna-moholo kapa mosali-moholo a hloka setulo, ke ntho e tloaelehileng hore mocha a mo suthele setulong. Haeba monna-moholo a nkile moroalo o bonahalang o le boima haholo, ua ema ’me ua botsa hore na o hloka thuso kapa che. Haeba a re oa e hloka, u tla mo nkela oona ho fihlela moo a eang teng.

“Joalokaha Bibele e profetile, mehleng ea bofelo ba tsamaiso ena ea lintho, litekanyetso tsa boitšoaro li ne li tla theoha letsatsi le letsatsi. Korea hase mokhelo tšusumetsong ena. Leha ho le joalo, boikutlo bona ba tlhompho mabapi le batho ba hōlileng bo sa ntsane bo le teng lipelong tsa baahi ba bangata ba Korea.” (2 Timothea 3:1-5)—Kay Kim, oa Korea.

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Ho etela batho ha hōlileng ke ho sebelisa nako hamolemo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela