Pono ea Bibele
Na Bibele e Tšehetsa ho Tšoaroa ha Linoha?
LIKEREKENG tse nyenyane, ba tšepahalang baa bōkana. Ba letsa likatara tsa motlakase ’me ba bina lifela. Ba etsa lithapelo tsa ho folisoa. Ba mamela lipuo tse tloaelehileng tsa moruti ’me ba phasoloha ka hoo ba ho bitsang “lipuo tse ncha.” Ho sena sohle, ha baa fapana haholo le lihlopha tse sa tšoaneng tsa Pentekonta kapa tsa bafolisi tsa Bokreste-’mōtoana. Joale ba ntša chefu, mollo, le linoha.
Chefu ena e atisa ho ba phofo e bitsoang strychnine, e tšeloang ka metsing. Mollo e ka ’na ea ba lelakabe la lesela le inetsoeng ka har’a parafine kapa ea ba toche ea acetylene, ’me linoha e ka ’na ea ba li-rattlesnake kapa li-copperhead, tse sa fumaneheng ka thata Lithabeng tsa Appalachia tse United States, moo lihlopha tsena li tloaelehileng ka ho fetisisa. Ha ba utloa eka ba bitsoa ke “moea” hore ba etse sena, ba tla noa chefu le ho kenya matsoho a bona mollong. Ba ka ’na ba tšoara le linoha, ba li leketlisa liphakeng le mahetleng a bona, ba li thetsisa ’mele ea bona, ba li neheletsana. Hobane’ng?
Dewey, eo e leng moeta-pele oa kereke e nyenyane ea Virginia Bophirimela,a o re: “Ke tšoara linoha hobane hoo ho teng ka Bibeleng, ho tšoana le molao.” Dewey o bolela hore o ile a longoa ke linoha ka makhetlo a 106, ’me o na le maqeba a pakang seo. Na ehlile Bibele e laela hore ho etsoe lintho tse joalo?
“U se ke Ua Leka Morena”
Ho 1 Johanne 4:8, King James Version, Bibele e re: “Ea sa rateng ha a tsebe Molimo; hobane Molimo ke lerato.” Na Molimo o lerato o ne o ka batla hore barapeli ba oona ba ikutloise bohloko ho sa hlokahale? Dewey o re: “Ho longoa ho bohloko. Ke bohloko bo fetang ba ho opa ha leino ka makhetlo a 100 . . . U utloa eka u ka har’a mollo.” Le hoja batho ba bangata ba longoang ke linoha ba pholoha, ho bile le bopaki ba mafu a se nang palo, a akarelletsang lefu la khaitseli ea Dewey ka 1961.
Ha e le hantle, haesale Bakreste ba ikemiselitse ho shoela tumelo ea bona, empa hangata ba ’nile ba bolaoa ke ba bang ka baka la ho hana ho sekisetsa melao-motheo ea Bibele. Ka lehlakoreng le leng, ha Satane a ne a mema Jesu Kreste hore a bee bophelo ba hae tsietseng ka boomo ebile ho sa hlokahale ka ho itihela fatše a le ka holim’a tempele ea Jerusalema, “Jesu a re ho eena, Ho boetse ho ngoliloe, U se ke ua leka Morena Molimo oa hao.” (Mattheu 4:7, KJ) Na ho bapala ka linoha, mollo, kapa chefu hase ho leka Molimo kapa ho o phephetsa ho feta tekanyo? Na ho o leka ho joalo ha ho bontše ho hloka tumelo ho totobetseng ka lehlakoreng la morapeli, teko ea ho qobella Molimo hore o ipake o tšepahala Lentsoeng la oona ka liketso tse makatsang?
Mangolo a Laela’ng?
Litho tsa lihlopha tsa bolumeli tse tšoarang linoha li bolela hore ke Lentsoe la Molimo le li laelang ho etsa liketso tseo li li etsang, ’me li tšehetsa taba ena ka lengolo la Mareka 16:17, 18. Ho latela King James Version, litemana tsena li baleha tjena: “’Me lipontšo tsena li tla tsamaea le ba lumetseng; ba tla leleka bademona ka lebitso la ka; ba tla bua lipuo tse ncha; ba tla nka linoha; ’me haeba ba ka noa ntho e bolaeang, ha e ka ke ea ba ntša kotsi; ba tla bea matsoho holim’a ba kulang, ’me ba tla fola.”
Taba ea pele, re lokela ho hlokomela hore hoo e ka bang liithuti tsohle tsa Bibele li lumela hore qalong litemana tsena e ne e se karolo ea Kosepele ea Mareka. Mohlalosi oa Bibele ea tsebahalang Charles Ryrie o re: “Pelaelo ea bonnete ba litemana tsa 9 ho ea ho 20 e etsa hore ho se ke ha ba bohlale ho haha thuto kapa ho thea phihlelo holim’a tsona (haholo-holo litem. 16 ho ea ho 18).”
Leha ho le joalo, hangata ba tšoarang linoha borapeling ba bona ha ba thabele seo liithuti tsa Bibele li se nahanang ka bonnete ba Mareka 16:9-20. Litemana tsena li hlaha Bibeleng ea King James, e leng eona feela Bibele eo bongata ba bona bo e tšepang, ’me ho bona taba e fella hona moo.
Empa le haeba litemana tsena li ne li bululetsoe, ha li laele ho tšoaroa ha linoha kapa ho nooa ha chefu, ’me ha li re letho ka mollo. Kahoo li ke ke tsa baloa e le tlhokahalo bakeng sa borapeli. Ha e le hantle, moapostola Pauluse o ile a hlaseloa ke noha sehleke-hlekeng sa Malta (Melita, ho latela KJ) empa e bile feela ka tsietsi hobane e ne e le ka har’a ngata ea lithupa tseo a neng a besa mollo ka tsona. Le hoja noha eo e ile ea loma Pauluse ’me Molimo oa mo sireletsa kotsing, ha aa ka a fetisetsa noha ho ba bang hore ba e tšoare. Ho e-na le hoo, o ile a “hlohlorela noha mollong.” Ho e-na le ho utloa bohloko bo choachoaselang bo kang bo utluoang ke batšoari ba linoha ba kajeno, ha aa ka “a tsoa kotsi.”—Liketso 28:3-6, KJ.
Na ke Teko ea Tumelo?
Ho latela The Encyclopaedia of American Religions, ho tšoara linoha ke ketsahalo e sa tsoa qala morao tjena. E re: “Ka 1909, George Went Hensley e mocha lilemong ea neng a lula sebakeng se ka thōko sa Grasshopper Valley, Tennessee, o ile a kholiseha hore ha e le hantle, se ngotsoeng ho Mareka 16:17-18 ka linoha le chefu, e ne e le taelo. O ile a tšoara rattlesnake ’me ka mor’a matsatsi a seng makae haufi le Sale Creek, bohareng ba tšebeletso ea borapeli, o ile a ntša noha bakeng sa ba leng tšebeletsong hore ba e tšoare e le teko ea tumelo ea bona.” Empa ha ho na bopaki, ba Mangolo kapa ba histori, ba hore Bakreste ba pele ba ne ba hloka ‘liteko tse joalo tsa tumelo ea bona.’
Ho phaella moo, hlokomela sena: Pauluse o ile a sebelisoa ke Molimo hore a tsose bafu; leha ho le joalo, o ile a nka mehato e nepahetseng ea ho sireletsa bophelo ba hae bo botle le ba metsoalle ea hae. (1 Timothea 5:23; 2 Timothea 4:13) Pauluse ha aa ka a leka ho bula menyetla ea ho tsosa batho.
Ka hona, ho e-na le hore ’mele ea bona e hlokofatsoe kapa e be le maqeba a ho longoa ke linoha, Bakreste ba phehelloa hore ba ke ba ‘beele Molimo ’mele ea bona, e be sehlabelo se phelang, se halalelang, se khahlisang Molimo; e leng tšebeletso ea bona e tšoanetseng.’ (Ba-Roma 12:1, KJ) Ho e-na le ho laela Bakreste hore ba leke tumelo ea bona ka liketso tse bontšang ho se itlhokomele, keletso e utloahalang ea moapostola ke hore: “Itlhahlobeng, hore na le tumelong; itekeng e le lōna.” (2 Ba-Korinthe 13:5, KJ) Hlahloba seo u se lumelang ka ho se bapisa le Lentsoe la Molimo. Boitlhahlobo ba botho bo tšepahalang, ho bapisa seo u se lumelang le Mangolo, li tla u thusa hore u etse qeto ea hore na tumelo ea hao e tla feta tekong ea bohlokoa ka ho fetisisa ea ho amoheloa ke Molimo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Makasine oa People, tokollo ea la 1 May, 1989.