Lengolo la Litakaletso tse Molemo
HAUFINYANE tjena ho ile ha amoheloa lengolo la litakaletso tse molemo naheng e ’ngoe ea Afrika moo mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova o thibetsoeng teng. Monna eo o ngotse:
“Mohlomphehi ea Ratehang,
“Ke tla toba taba; ke mpa ke lakatsa ho u hopotsa hore ’muso oa mona o thibetse mosebetsi oa kereke ea lōna. Hoo ho ntena hakaakang!
“Ha ke sa fumana Tsoha! ea ka ka mehla. Empa kea u bolella, mohlomong Tsoha! ke makasine o molemo ka ho fetisisa oo nkileng ka o tseba. O eletsa babali mabapi le kamoo ba ka khonang ho itsamaisa ka katleho, le ka nepo molaong le moeeng. Ke ntho e babatsehang.
“Kea tiisa hore ha ho morupelli oa univesithi ea tsebang ho hongata hakaalo kapa ea rutang ka makolopetso hakana. ‘Baruti’ ba rōna ba fokola haholo. Empa ho ntse ho le joalo, ’muso oa rōna o bolela hore limakasine tsena le tse ling tse tšoanang le tsona tse rutang ho hongata hakana, li thibetsoe. Hobane’ng? Hobane bahatisi ba tsona ha ba lumelise folaga. Ho lokile.
“Empa potso e ’ngoe ke ena: Haeba motho e mong a lumelisa folaga ’me a tsoela pele ho sebelisa chelete ea naha molemong oa hae, a amohela tjotjo, a qoba ho lefa makhetho, a bolaea le ho etsa lintho tse ling, na ho ka boleloa hore motho eo oa tšepahala? Ke seo ‘Bakreste’ ba rōna ba se etsang. Ba lumelisa lifolaga lebaleng la lipontšo haesita le ho li isa libakeng tsa bona tsa borapeli ho ea li lumelisa teng. Bakreste ba bang! Kea tseba hore ha ke motho ea phethahetseng kapa ea lokileng mahlong a Molimo. Empa ka tlhaho eo hase eona tsela.
“Lōna Lipaki ha le lumelise folaga, ha le tšeloe mali, ha le keteke Keresemese le Easter ’me le hanela pefo, ho utsoa, tjotjo, le ho bolaea ka matla. Le boetse le hanela bofebe le bohlola. Ka sebele Lipaki li hlile li hanela boitšoaro bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali.
“Ke tšepa esita le ho rapella hore ’muso o tla hlokomela taba ena ’me o nehe kereke ea lōna tokoloho ea eona ea ho ruta.”