Matla a ’Nete a ho fa Motho Botho bo Bocha
“Lesholu le leng, le lokollotsoeng pele ho nako, le ile la utsoa ka makhetlo a 500 nakong ea likhoeli tse supileng. Motho ea betang, ea neng a lokollotsoe lilemo tse ’nè pele nako ea kahlolo ea hae ea lilemo tse leshome e fela, o ile a hlasela mosali ka likamano tsa botona le botšehali a ba a ’molaea. ’Molai ea neng a lokollotsoe ka nakoana o ile a thuha matlo a mabeli ’me a bolaea batho ba bararo.”—Reader’s Digest, November 1990.
“Phuputsong e lokollotsoeng kajeno Lefapha la Toka le boletse hore batšoaruoa ba ka etsang karolo ea 63 lekholong ba ileng ba lokolloa literonkong tseo ho koalloang batho ba entseng litlōlo tsa molao tse tebileng haholo ho tsona ba ile ba tšoaroa ka lebaka la tlōlo ea molao e tebileng pele ho feta lilemo tse tharo.”—The New York Times, April 3, 1989.
“Khopolo ea hore teronko ke sebaka seo linokoane li ka fuoang botho bo bocha ho sona ho hang hase ’nete. Literonko ke motsoako oa ‘matlo a polokelo’ le ‘likolo tsa tlōlo ea molao.’”—Toronto Sunday Star, March 20, 1988.
Molebeli oa teronko ea Motse oa New York e Sehleke-hlekeng sa Rikers, o re: “Ngoana o tlisoa mona, o lilemo li 19, e ne e le sehloela ha ho etsoa bosholu ba likhoka. Ha a e-tsoa mona, ha e sa tla hlola e e-ba sehloela. Lekhetlong le hlahlamang, e se e tla ba eena ea thunyang.”—Makasine oa New York, April 23, 1990.
“Liheke tsa teronko li se li tšoana le mamati a potolohang: hoo e ka bang batšoaruoa ba babeli ho ba bararo ba tšoaroa hape pele ho fela lilemo tse tharo ka mor’a hore ba lokolloe.”—Makasine oa Time, May 29, 1989.
HA HO le e ’ngoe ea litlaleho tsena tse ngotsoeng ka holimo eo e leng litaba tse ncha. Ke pale e tloaelehileng: Literonko ha li fe motho botho bo bocha. ’Nete eona e fa motho botho bo bocha. Mohlala o tiisang sena ke: Ron Pryor.
Ron o qala letsatsi ka leng ka ho bala temana ea Bibele le lelapa la hae. Lenyalo la hae le tletse khotso le lerato. Lehae le hlophisehile ’me le hloekile. Bara ba bona ba babeli e ne e le liithuti tse molemo—ho se lithethefatsi, ho se lino tse tahang, ho se mathata. Hona joale ba se ba itjere ’me ba tšoarehile mesebetsing ea Bokreste. Ron le mosali oa hae Arlynn, ba phathahane motseng oa habo bona ba etsa mosebetsi oa boithaopo joaloka Bakreste. Ba phela bophelo bo nang le morero ba ho sebeletsa ba bang.
Leha ho le joalo, ka 1970 Ron Pryor o ne a le teronkong a emetse ho qosoa bakeng sa polao. O ile a fumanoa a le molato, a ahloleloa ho ea teronkong, ’me a qala ho sebeletsa kahlolo ea hae teronkong e nyenyane ea naha. Seo e ne e le sehlohlolo sa mosebetsi oa nako e telele oa bonokoane o neng o ’nile oa mo kenya teronkong khafetsa. Empa e re Ron a phete pale ea hae.
“‘Ho tšoaroa’ ha pele hoo ke ho hopolang ke ha ke fasellelitsoe ka mohala terateng ea liphahlo. Ha ke ne ke le lilemo li tharo kapa li ’nè, ho ne ho bonahala eka ke na le takatso e matla ea ho tsekela eo ke tsoetsoeng le eona. Ke ne ke atisa ho tsekela, ke lahlehe, ke fumanoe ke mapolesa ’me a nkhutlisetse hae. Qetellong, ’mè o ile a mpolella hore haeba ke sa khaotse o ne a tla bitsa ba setsi sa tlhokomelo ea likhutsana hore ba tsamaee le ’na ba e’o nkoalla. Ke ile ka lula ka jareteng ke lla, ke emetse hore ba tle. Ha baa ka ba tla. Ho e-na le hoo, ’mè o ile a mphaselletsa terateng ea liphahlo ka mohala.
“Ha ke ntse ke hōla, ke ne ke kena khathatsong ka linako tsohle, ’me pefo e ile ea fetoha tharollo ea ka bakeng sa bothata bo bong le bo bong. Ke ne ke ikutloa ke ferekane, ke nyahame, ke lahluoe. Ke ne ke sa tsebe phapang ea ntho e lokileng le ntho e fosahetseng. Ke ne ke lumella maikutlo a ka, ho e-na le letsoalo la ka, hore e be ’ona a ntataisang. Sekolong ke ne ke fetisetsoa sehlopheng se ka pele ka lebaka la hore matichere a ne a thabela feela ho arohana le ’na. Ke ile ka tsoa sekolong ha ke le sehlopheng sa bosupa ’me ka baleha lapeng. Ke ile ka kopana le metsoalle e mebe, ’me joalokaha Mangolo a lemosa, e ile ea nkenya khathatsong e tebileng haholoanyane.—1 Ba-Korinthe 15:33.
“Ka potlako likolo tsa ho ntlafatsa botho ba motho li ile tsa nkela ho faselletsoa terateng ea liphahlo sebaka. Ha lia ka tsa ntlafatsa botho ba ka. Ke ne ke ee ke balehe ’me ke tšoaroe hape. Ha ke baleha sekolong se seng Virginia, ke ile ka utsoa teraka ’me ka tšoaroa. Ha ke le ka pel’a moahloli ea bitsoang Jenkins, ke qosoa ka bosholu ba makoloi, ke ile ka fumana hore ke ne ke utsoitse teraka ea Moahloli Jenkins! Ke ne ke le lilemo li 16 feela, empa ho ile ha boleloa hore ha ke laolehe ’me ke ile ka qosoa joaloka motho e moholo. Ke ile ka koalloa teronkong ka lilemo tse peli.
“Ka mor’a ho tsoa teronkong ha ke se ke le lilemong tsa ka tsa bo20, ke ile ka ithekela sethuthuthu. Ke ile ka thabela boikutlo ba ho ba matla boo se neng se ’neha bona, empa hoo ho ne ho sa lekana. Ke ile ka ba setho sa ma-Pagan—kenke ea bapalami ba lithuthuthu eo ka linako tsohle e neng e ntse e tsoma khathatso, ka linako tsohle e e-na le takatso ea ho qala mofere-fere. Ke sona seo ke neng ke se batla.
“Hamorao, ke ile ka ba mokhanni oa teraka ’me ke ne ke isa thepa ka ntle ho Florida. Ke ne ke se ke se setho se mafolo-folo sa ma-Pagan, empa ha ke fihla Virginia ka eona nako ena, ka 1969, ke ile ka teana le bo-mphato ba ka ba khale ba ma-Pagan. Re ile ra qala ho etsa phati—ra noa veine, ra sebelisa lithethefatsi hampe. Qhoebeshano e ile ea qaleha, ea phahama, ’me ntoeng e ileng ea latela e susumetsoang ke lino tse tahang le lithethefatsi, ke ile ka thunya motho ka ba ka ’molaea. Tseo e ne e le litholoana tse eketsehileng tsa ho ba le metsoalle e mebe! Hamorao, mapolesa a mabeli a ile a mpotsa lipotso, ’me ke ile ka lumela hore ke molato oa polao. E ne e le ka 1970.
“Ke ne ke le teronkong ke emetse ho qosoa empa ke bile ke ntse ke le mofetoheli ea likhathatso. Ka mohlala, hoseng ho hong motšoaruoa ea tšepetsoeng boikarabelo bo itseng o ile a tla a nkile kofi. Ba ne ba atisa ho fa motho kopi e ’ngoe ea kofi eo a tla e noa hamorao. Hoseng hoo, ke ile ka atametsa kopi ho khakeletsa kofi e ’ngoe ketleleng ea kofi, empa o ile a re, ‘Che ha ho iphetoe.’ Ke ile ka etsa qeto ea hore o ne a se a rerile ho e fa e mong osele. Kahoo ke ile ka re, ‘E leng hore hoseng hona ha le na kofi e lekaneng?’ O ile a re, ‘E.’ ‘Ho lokile, ke khutlisa le ena ea ka.’ Ke ile ka mo hasa ka eona sefahlehong. Ke ile ka qetella ke koalletsoe moo ke leng mong.
“Joale ke ’na eo ke ntse ke pota-pota ka har’a sele e bophara ba [limithara tse 2,5 le bolelele ba limithara tse 3] e se nang lifensetere. Ka lekhetlo la pele bophelong ba ka, ke ile ka qala ho nahana ka ho teba. Lipotso li ile tsa tlala kelellong ea ka. ‘Ke hobane’ng ha ka mehla bophelo ba ka bo e-na le mathata tjee? Ke hobane’ng ha ka mehla ke e-tsoa ke kena teronkong? Ke hobane’ng ha ke le ka har’a sele ee? Ke hobane’ng ha ke phela? Hobane’ng? Hobane’ng? Hobane’ng?’ Lipotso tsa hobane’ng li ile tsa ’na tsa tla, empa ho se likarabo. Eaba ke ipolella hore: ‘Ke fihlile qetellong. Ha ho sa na moo nka eang teng. Ntle le haeba—ntle le haeba Molimo o teng—Molimo o mponang, o tsebang hore kea phela, o nkutloisisang—e leng se seng se ntlhōtse ’na ka bonna! Molimo, haeba ua phela, haeba ua mpona, haeba ho na le ntho eo nka e etsang—ak’u mpolelle ho hong, ntho leha e le efe!’
“Ho ne ho e-na le Bibele hona mona pel’a ka. Ke ile ka nahana, ‘Hona ke qalo.’ Ke ile ka qala ho bala. Ha ke hopole hore na ke ne ke bala eng. Ke hopola feela hore ke ile ka e bala, feela ke sa utloisise letho. Pele beke e fela ke ile ka khutlisetsoa teronkong e tloaelehileng. Sele e ’ngoe e ne e butsoe, libethe tse peli tse ka har’a eona li se na batho. Ba ile ba nkenya ka moo, ’me matsatsi a mabeli hamorao ba ile ba kenya motšoaruoa e mong. Ke ne ke ntse ke bala Bibele ka nako eo, ke loanela ho e utloisisa. O ile a mpona ha ke ntse ke e bala ’me a botsa: ‘Na u rata ho utloisisa Bibele?’ ‘E!’ ‘Ke tla u fumanela buka e tla u thusa.’ O ile a batla e mong oa Lipaki tsa Jehova—kaha o ne a kile a ithuta le tsona—’me ka potlako o ile a mpha buka e nang le sehlooho ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng. E ne e le ka July 1970.
“Ke ile ka qala ho e bala, ’me ke ile ka e bala ho tloha qalong ho ea qetellong. Ke ne ke sa utloisise ntho e ’ngoe le e ’ngoe, empa e ne e utloahala. Ha Lipaki tsa Jehova li e-tla ’me li ithuta le ’na, lipotso tsohle tseo ke ileng ka ipotsa tsona ha ke ne ke koalletsoe ke le mong li ile tsa qala ho arabeloa. Ka lekhetlo la pele bophelong ba ka, ke ile ka lemoha se nepahetseng le se fosahetseng. Ha ke ntse ke ja lijo tsena tsa moea haholoanyane, ke ne ke ntse ke atamela haufinyane le ho tšoana le ‘bao likelello tsa bona li lemaletseng ho khetha ho hotle le ho hobe, ke ho sebelisoa hona.’ (Ba-Heberu 5:14) Letsoalo la ka le ile la qala ho sebetsa!
“Ho fumana linnete tsa Bibele ka tšohanyetso tjena ho ile ha tlisa phetoho ea sebele mohopolong oa ka. Ke ile ka bala buka eo ka lihora tse 24. Ka bosiu bo le bong ke ile ka e bala ho tloha qalong ho ea qetellong. Ke ne ke ikemiselitse ho etsa hore batšoaruoa-’moho le ’na ba bone linnete tseo ke neng ke ntse ke ithuta tsona. Ke ne ke nahana hore e mong le e mong o ne a tla li thabela joalokaha ke li thabetse. Ba ne ba sa li thabele. Ke ne ke bile khathatso ho batšoaruoa ba bang pele; hona joale ke ne ke se ke le mohloli o moholoanyane oa khopiso—oo ho seng le ea mong ea neng a nahana hore nka ba ’ona! Empa ha Lipaki li ntse li tsoela pele ho tla teronkong ho tla ithuta le ’na, ke ile ka ba masene haholoanyane boboleling ba ka.
“Ke ile ka etsa liphetoho ’me ka mor’a likhoeli tse peli ke ile ka ba motšoaruoa ea tšeptjoang. Ba ne ba bile ba ntumella hore ke tsoele ka ntle, e leng ho neng ho sa lebelloa ho hang ho latela tlaleho ea ka ea nako e fetileng le lebaka leo ke neng ke kene teronkong ka lona. Melao-motheo eo ke neng ke ithuta eona Bibeleng e ile ea ba le tšusumetso. Metsi a ’nete a tsoang Lentsoeng la Molimo a ne a etsa mosebetsi oa ho hloekisa, joalokaha a ne a ile a etsa mosebetsi o joalo mehleng ea baapostola. Matla a ’ona a ho fa motho botho bo bocha a bontšoa ho 1 Ba-Korinthe 6:9-11, joalokaha e re:
“‘Ana ha le tsebe hoba bakhopo ha ba ka ke ba rua lefa la ’muso oa Molimo na? Le se ke la lahleha: Ha e le ba litšila, ha e le ba rapelang litšoantšo, ha e le babōki le bafebi, leha e le basodoma, le masholu, le ba lakatsang leruo, le matahoa, le ba sebang ba bang, le ba utsoang, ba joalo ba ke ke ba rua lefa la ’muso oa Molimo. ’Me ke seo ba bang ho lōna le neng le le sona; empa le hlatsoitsoe.’
“Qetellong ke ile ka tlisoa nyeoeng. Ba ile ba nkahlolela lilemo tse 20 bakeng sa polao. Ka 1971, ke ile ka isoa teronkong e nang le tšireletso e matla ka ho fetisisa. Ke hona moo thuto ea ka ea Bibele le Lipaki e ileng ea qala hape. Boitšoaro ba ka bo ne bo fetohile haholo. Ka potlako ba ile ba nketsa motšoaruoa ea tšeptjoang teronkong ena e ncha ’me ba qala ho mpha linako tsa ho phomola. Ka e ’ngoe ea linako tsena tsa ho phomola, ke ile ka botsa Paki eo ke neng ke lula le eona: ‘Ke’ng se nthibelang hore ke kolobetsoe?’ E ile ea buisana le phutheho ea hona moo ’me karabo e ile ea khutla e re: ‘Ha ho letho.’ Mantsiboeeng a mang ka 1973, ke ile ka kolobetsoa ka har’a letangoana leo likhomo li neng li noa ho lona polasing e haufinyane. Ke ile ka rapela nakong eo ke kenang metsing ka eona, kaha ke sona seo Jesu a ileng a se etsa ha Johanne Mokolobetsi a mo qoelisa metsing a Nōka ea Jordane.
“Ka mor’a moo, tsoelo-pele ea ka ea moea e ile ea ba e potlakileng. Ke ile ka ngolisa Sekolong sa Boboleli sa Puso ea Molimo se neng se tšoaroa phuthehong e hona moo—ha e le hantle ke ne ke sa be teng ka seqo. Ke ne ke amohela likabelo tsa ka sekolong ’me ke fana ka lipuo tsa ka ka theipi, ’me e ne e bapalloa phutheho. Molebeli oa sekolo o ne a ee a mphe keletso e nthusang hore ke ntlafatse. Re ne re e-ba le liboka tsa beke le beke teronkong moo batšoaruoa ba bang ba neng ba lumelloa ho ba teng.
“Nakong ena eohle ke ne ke ntse ke eketsa mangolo a mangata tsebong ea ka ea Bibele. A ne a tšoana le methati eo ke hloang ka eona ho tsoa boemong bo ferekaneng ba boitšoaro boo ke phetseng har’a bona karolong e khōlō ea bophelo ba ka, ho fihlela ke utloisisa phetoho eo moapostola Pauluse a ileng a bua ka eona ho Ba-Kolosse 3:9, 10 (NW): ‘Le hlobole botho ba khale le litloaelo tsa bona, ’me le ikapese botho bo bocha, boo ka tsebo e nepahetseng bo nchafatsoang ho latela setšoantšo sa Ea bo bōpileng.’
“Ka 1978 ho ile ha fihla nako ea hore ke e’o kōpa bolokolohi ka lekhetlo la boraro. Ka makhetlo a mabeli kōpo ea ka e ne e ile ea lahloa ka lebaka la mofuta o tebileng oa litlōlo tsa ka tsa molao. Lekhetlong lena boto e ile ea amohela mangolo a ka bang 300 a tsoang ho Lipaki le ho ba bang a pakang liphetoho tseo ke li entseng.
“Kaha menyetla ea hore ke lokolloe e ne e bonahala e le mengata, ke ile ka nahanisisa ka ho nyala. Arlynn, mohlolohali ea nang le bana ba babeli, e ne e le Paki e ’nileng ea ’ngolla ha ke ntse ke le teronkong. O ile a nketela le bara ba hae ba babeli. Ke ile ka mo rata ’me le eena a nthata. Ke ile ka lokolloa ka la 1 February, 1978. Re ile ra nyalana ka la 25 February, 1978. Hona joale, lilemo tse 13 hamorao, re ntse re thabile lenyalong la rōna. E mong oa bara ba rōna o se a nyetse ’me o sebetsa ka mafolo-folo joaloka e mong oa Lipaki tsa Jehova. Mora e mong o sebetsa ka nako e tletseng ntlo-khōlō ea Lipaki tsa Jehova e Brooklyn, New York.
“Lithapelo tsa ka li arabetsoe. Ke leboha baena le bo-khaitseli ba ileng ba nthusa hakana. Thabo eohle ea ka e tsoa ho Jehova, Molimo o thabileng.—1 Timothea 1:11, NW.
“Leha ho le joalo, kea itšola ka baka la libe tse fetileng. Ke nyonya boitšoaro ba ka ba pele bo nyelisehang. Ke rapetse ka makhetlo a mangata bakeng sa hore Jehova a ntšoarele, ’me ke ikutloa hore o ntšoaretse. Hape ke tšepa hore batho bao ke ileng ka ba fosetsa nakong e fetileng ba tla khona ho ntšoarela. ’Me haholo-holo ke tšepa hore Jehova o tla tsosa monna eo ke ileng ka ’molaea le hore monna eo o tla ba le monyetla oa ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la Molimo la Paradeise. Hoo ho ka etsa hore thabo ea ka e be e felletseng!”
Seo mekoallo ea teronko le ho koalla motho a le mong ka seleng li ke keng tsa se etsa, ’nete ea Bibele e se entse. E ile ea nolofalletsa Ron Pryor ho hlobola botho ba khale ba bonokoane le ho ikapesa botho bo bocha ba Bokreste. Hobane’ng? Hobane “lentsoe la Molimo ke lentsoe le phelang, le matla,” ho kopanyelletsa le matla a ho fa motho botho bo bocha.—Ba-Heberu 4:12.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 12]
E ne e le teraka ea Moahloli Jenkins eo ke neng ke e utsoitse!
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 13]
Ho ne ho e-na le Bibele ka seleng. Ke ile ka qala ho e bala
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 13]
Ba ile ba nkahlolela lilemo tse 20 bakeng sa polao
[Setšoantšo se leqepheng la 14]
Ron Pryor le mosali oa hae, Arlynn, kajeno