Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g91 10/8 maq. 4-6
  • Bohloko bo Ipatileng ba ho Hleka-hlekoa ha Bana

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bohloko bo Ipatileng ba ho Hleka-hlekoa ha Bana
  • Tsoha!—1991
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lebaka Leo ka Lona ho Sithabetsang
  • Lebaka Leo ka Lona Bohloko bo sa Khaotseng
  • Kotsi Moeeng
  • “Nako ea ho Fola”
    Tsoha!—1991
  • Thibelo Ka Lapeng
    Tsoha!—1993
  • Jehova o Bontša Hore ke Molimo ea Lerato le ea Nang le Toka Lefatšeng le Tletseng Bokhopo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
  • Lipono tse Fosahetseng tse Tloaelehileng
    Tsoha!—1993
Bala Tse Ling
Tsoha!—1991
g91 10/8 maq. 4-6

Bohloko bo Ipatileng ba ho Hleka-hlekoa ha Bana

“Ke ikutloa ke itlhoile. Ke lula ke ntse ke nahana hore ho na le ho hong hoo ke neng ke tlameha e be ke ile ka ho etsa, hoo ke neng ke tlameha e be ke ile ka ho bua ho thibela seo. Ke ikutloa feela ke le litšila.”—Ann.

“Ke ikutloa ke arohile ho batho. Hangata ke loantšana le maikutlo a ho hloka tšepo le ho nyahama. Ka linako tse ling ke ee ke lakatse ho shoa.”—Jill.

“HO HLEKA-HLEKOA ka likamano tsa botona le botšehali bongoaneng ke . . . tlhaselo e sithabetsang, e senyang, le e tlotlollang kelellong, sephefumolohing, le ’meleng oa ngoana . . . Ho hleka-hlekoa hoo ho hlasela karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo ba motho.” Ke kamoo buka The Right to Innocence, ea Beverly Engel e bolelang ka teng.

Hase bana bohle ba arabelang ka tsela e tšoanang bothateng ba ho hleka-hlekoa.a Bana ba na le botho, matla a ho sebetsana le mathata, le matla a sa tšoaneng a maikutlo. Ho hong ho hongata ho boetse ho itšetlehile ka kamano ea ngoana le motho ea mo hleka-hlekang, hore na ho hleka-hlekoa hoo ho ne ho tebile hakae, hore na ho ile ha tsoela pele ka nako e telele hakae, lilemo tsa ngoana, le lintlha tse ling. Ho feta moo, haeba ho hleka-hlekoa hoo ho ka hlokomeloa ’me ngoana a fumana tšehetso e lerato ea motho e moholo, hangata ho ka thibeloa kotsi e khōlō. Leha ho le joalo, batho ba bangata ba hlasetsoeng ke ho hleka-hlekoa hoo ba hlokofatsoa ke bohloko bo tebileng ba maikutlo.

Lebaka Leo ka Lona ho Sithabetsang

Bibele e re thusa ho lemoha hore na ke hobane’ng ha ho e-ba le kotsi e joalo. Moeklesia 7:7 (NW) e re: “Khatello feela e ka etsa hore motho ea bohlale a itšoare joaloka lehlanya.” Haeba sena se ka etsahala ho motho e moholo, nahana ka phello eo khatello e sehlōhō e ka bang le eona ho ngoana e monyenyane—haholo-holo haeba motho ea mo hleka-hlekang e le motsoali eo a mo tšepang. Ho lokela ho hopoloe hore lilemo tse ’maloa tse qalang tsa bophelo ke tsa bohlokoahali bakeng sa khōlo ea ngoana ea maikutlo le ea moea. (2 Timothea 3:15) Ngoana o qala ho ba le litekanyetso tsa boitšoaro le boikutlo ba hore ke motho oa bohlokoa lilemong tseo tsa bonyenyaneng. Ka ho khomarela batsoali ba hae, ngoana o boetse o ithuta seo lerato le tšepo li hlileng li se bolelang.—Pesaleme ea 22:9.

Dr. J. Patrick Gannon oa hlalosa: “Ho bana ba hleka-hlekoang, tšebetso ena ea ho haha tšepo ea sitisoa.” Motho ea hleka-hlekang ngoana o etsa hore ngoana a se hlole a mo tšepa; o mo amoha boikutlo bohle ba tšireletseho, tokelo ea ho ikhutsa, kapa boitlhompho ’me o mo sebelisa joaloka ntho feela ea ho khotsofatsa takatso ea hae.b Bana ba banyenyane ha ba utloisise hore na liketso tsa boitšoaro bo bobe tseo ba qobelloang ho kopanela ho tsona li bolela’ng, empa hoo e ka bang ka kakaretso ba fumana phihlelo eo e le e khopisang, e tšosang, le e tlotlollang.

Ka hona ho hleka-hlekoa ha bana ho ’nile ha bitsoa “keko e mpe ka ho fetisisa e ka etsoang.” Re hopola potso ea Jesu: “Ana motho ke ofe ho lōna ea ka neang mora oa hae lejoe, ha a kōpile bohobe?” (Mattheu 7:9) Empa motho ea hleka-hlekang ngoana ha a mo fe lerato le mofuthu, empa o mo fa “lejoe” le sehlōhō ka ho fetisisa—tlhaselo ea botona le botšehali.

Lebaka Leo ka Lona Bohloko bo sa Khaotseng

Liproverbia 22:6 e re: “Ruta mohlankana tsela eo a tšoanetseng ho e tsamaea; le mohla a tsofalang, a ke ke a e kheloha.” Ka ho hlakileng, tšusumetso ea motsoali e ka tšoarella nakong eohle ea bophelo. Empa ho thoe’ng haeba ngoana a rutiloe ho lumela hore ha a na matla a ho thibela tlhaselo ea botona le botšehali? Haeba a rutiloe ho etsa liketso tseo e seng tsa tlhaho hore a tle a “ratoe”? Haeba a rutiloe hore a italime e le ea se nang thuso le ea silafetseng? Na e be hoo ho ke ke ha etsa hore a phele bophelo bo kotsi nakong eohle ea hae ea bophelo? Hase hore ho hleka-hlekoa bongoaneng ho lokafatsa boitšoaro bo fosahetseng ha motho a se a hōlile, empa ho ka thusa ho hlalosa hore na ke hobane’ng ha batho ba hlasetsoeng ka tsela eo ba ka ’na ba ba le tšekamelo ea ho itšoara kapa ho ikutloa ka tsela e itseng.

Batho ba bangata ba hlasetsoeng ke ho hleka-hlekoa hoo ba ba le matšoao a fapa-fapaneng a ho kula, a akarelletsang ho tepella maikutlo. Ba bang ba boetse ba tšoenngoa ke maikutlo a sa khaotseng le ao ka linako tse ling a sithabetsang a ho ba molato, ho hlajoa ke lihlong, le khalefo e mabifi. Batho ba bang ba hlasetsoeng ke ho hleka-hlekoa ba ka ’na ba ba le bothata ba ho se hlahise maikutlo, ho hlōleha ho bontša boikutlo kapa esita le hona ho hloka boikutlo. Ho ikhella fatše le maikutlo a ho hloka matla le tsona li tšoenya ba bangata. Sally, ea ileng a hleka-hlekoa ke malom’ae, oa hopola: “Ka mehla ha a ne a ntlheka-hleka ka likamano tsa botona le botšehali ke ne ke ikutloa ke se na matla ke bile ke sa khone ho etsa letho, ke le thobo-thobo, ke sataletse feela, ke ferekane. Ke ile ka lula ke ntse ke ipotsa, Ke hobane’ng ha ke hleka-hlekoa tjee?” Setsebi sa thuto ea kelello Cynthia Tower sea tlaleha: “Liphuputso li bontša hore hangata batho ba ’nileng ba hleka-hlekoa ha e sa le bana ba tla jara boikutlo ba hore ke batho ba ka hlaseloang bophelong bohle ba bona.” Ba ka ’na ba nyaloa ke banna ba hleka-hlekang, ba bontša boikutlo ba hore ba ka hlaseloa habonolo, kapa ba ikutloa ba se na matla a ho itšireletsa ha ba sokeloa.

Ka tloaelo, bana ba nka lilemo tse ka bang 12 ho itokisetsa maikutlo a tsohang ha ba kena bohlankaneng kapa boroetsaneng. Empa haeba ngoana e monyenyane a qobelloa ho etsa liketso tsa boitšoaro bo litšila, a ka ’na a imeloa ke maikutlo a tsosoang ke liketso tse joalo. Joalokaha phuputso e ’ngoe e bontšitse, sena se ka ’na sa etsa hore a se khone ho thabela likamano tse haufi-ufi tsa lenyalo hamorao. Motho e mong ea ileng a hlaseloa ke ho hleka-hlekoa ea bitsoang Linda oa lumela: “Ke fumana karolo ea lenyalo e amanang le likamano tsa botona le botšehali e le ntho e thata ka ho fetisisa bophelong ba ka. Ke ba le boikutlo bo tšosang ka ho fetisisa ba hore ke ntate ea robetseng moo, ebe ke qala ho tšoha.” Batho ba bang ba ’nileng ba hlaseloa ke ho hleka-hlekoa hoo ba ka ’na ba arabela ka tsela e fapaneng ka ho felletseng le eo ’me ba ba le litakatso tse matla haholo tsa boitšoaro bo bobe. Jill oa lumela: “Ke ile ka phela bophelo ba boitšoaro bo bobe ’me ka qetella ke se ke e-ba le likamano tsa botona le botšehali le batho bao ke sa ba tsebeng ho hang.”

Batho ba ’nileng ba hlaseloa ke ho hleka-hlekoa ba ka boela ba thatafalloa ke ho lula ba e-na le likamano tse ntle le batho ba bang. Ba bang ba thatafalloa ke ho sebelisana le banna kapa batho ba boholong. Ba bang ba senya setsoalle le manyalo ka ho fetoha ba hleka-hlekang kapa ba ratang ho laola. Athe ba bang ba na le tšekamelo ea ho qoba likamano tse haufi ka ho felletseng.

Ho bile ho na le batho ba ’nileng ba hlaseloa ke ho hleka-hlekoa hoo ba itlhaselang ka bobona ka maikutlo a bona a kotsi. Reba oa lumela: “Ke ile ka hloea ’mele oa ka ka baka la hore o ile oa arabela ho tsosoeng ha litakatso ke ho hleka-hlekoa hoo.” Ka masoabi, mathata a ho ja,c takatso e fetelletseng ea ho sebetsa, tšebeliso e mpe ea tahi le lithethefatsi, li tloaelehile har’a batho ba ’nileng ba hlaseloa ke ho hleka-hlekoa hoo—’me ba etsa boiteko boo ka ho tsieleha e le ha ba leka ho pata maikutlo a bona. Ba bang ba ka ba ba bontša ho itlhoea ha bona ka litsela tse tobileng. Reba oa eketsa: “Ke ’nile ka itšeha, ka ikebola ka manala liphakeng, ka ichesa. Ke ne ke ikutloa hore ke tšoanela ho hleka-hlekoa.”

Leha ho le joalo, u se ke ua potlakela ho etsa qeto ea hore motho e mong le e mong ea ikutloang kapa ea itšoarang ka litsela tse joalo o ’nile a hleka-hlekoa ka likamano tsa botona le botšehali. E ka ’na eaba ho ameha lintlha tse ling tsa ’mele kapa tsa maikutlo. Ka mohlala, litsebi li bolela hore matšoao a joalo a ho kula a tloaelehile har’a batho ba baholo ba hōletseng malapeng a tletseng likhathatso—moo batsoali ba bona ba neng ba ba khakhatha, ba ba nyenyefatsa kapa ba ba tlotlolla, ba hlokomolohile litlhoko tsa bona tsa ’mele, kapa moo batsoali ba bona e neng e le makhoba a lithethefatsi kapa a tahi.

Kotsi Moeeng

Phello e ipatileng e kotsi ka ho fetisisa eo ho hleka-hlekoa bongoaneng ho ka e bakang ke kotsi e ka hlahang moeeng. Ho hleka-hleka ngoana ka likamano tsa botona le botšehali ke “tšilafatso ea nama le moea.” (2 Ba-Korinthe 7:1, NW) Ka ho etsa liketso tseo e seng tsa tlhaho ho ngoana, ka ho tlōla meeli ea seo a lokelang ho se etsa ’meleng le boitšoarong, ka ho felisa tšepo ea hae, motho ea mo hleka-hlekang o silafatsa moea oa ngoana, kapa tšekamelo e matla ea kelello. Sena se ka sitisa khōlo ea boitšoaro le ea moea ho motho ea hlasetsoeng joalo hamorao.

Buka Facing Codependence, ea Pia Mellody, e tsoela pele ho re: “Ho hleka-hlekoa leha e le hofe ho tebileng . . . ho boetse ho fetoha ho hleka-hlekoa moeeng, hobane ho senya tšepo ea ngoana ho Molimo.” Ka mohlala, mosali oa Mokreste ea bitsoang Ellen oa botsa: “Ke joang nka nahanang ka Jehova e le Ntate ha ke e-na le khopolo ena ea monna ea sehlōhō, ea khopo bakeng sa ntate oa lefatšeng?” Motho e mong ea ileng a hlaseloa ke ho hleka-hlekoa, ea bitsoang Terry o re: “Ha ho mohla nkileng ka bitsa Jehova Ntate. E, nka ’mitsa Molimo, Morena, ’Musi, ’Mōpi! Empa ha e le ho ’mitsa Ntate, che!”

Hase hore batho ba joalo ba hlile baa fokola moeeng kapa ba haelloa ke tumelo. Ho fapana le hoo, boiteko ba bona bo sa khaotseng ba ho latela melao-motheo ea Bibele bo paka hore ba matla moeeng! Empa nahana hore na ba bang ba ka ’na ba ikutloa joang ha ba bala temana ea Bibele e kang Pesaleme ea 103:13, e reng: “Joale ka ha ntat’a motho a hauhela bana ba hae, Jehova o hauhela joalo ba mo tšabang.” Ba bang ba ka ’na ba utloisisa sena ka kelello feela. Leha ho le joalo, kaha ha ba na khopolo e ntle ea seo ntate a leng sona, ba ka ’na ba thatafalloa ke ho amohela temana ena maikutlong!

Ba bang ba ka boela ba thatafalloa ke ho ba “joale ka ngoana” ka pel’a Molimo—ea ka hlaseloang habonolo, ea ikokobelitseng, le ea o tšepang. Ba ka ’na ba patela Molimo se hlileng se leng maikutlong a bona ha ba rapela. (Mareka 10:15) Ba ka ’na ba tsila-tsila ho sebelisa mantsoe a Davida a hlahang ho Pesaleme ea 62:7, 8 boemong ba bona: “Poloko ea ka le khanya ea ka li lutse ho Molimo; Molimo ke lefika la ka le matla; ke setšabelo sa ka. Lōna, sechaba, le itšepise ka oona ka mehla, le tšollele lipelo tsa lōna pel’a oona! Molimo ke setšabelo sa rōna.” Maikutlo a ho ba molato le a ho se tšoanelehe a ka ba a fokolisa tumelo ea bona. Motho e mong ea ileng a hlaseloa ke ho hleka-hlekoa o ile a re: “Ke na le tumelo e matla haholo ’Musong oa Jehova. Leha ho le joalo, ke ikutloa ke hlile ke se ea molemo ka ho lekaneng hore nka ea phela moo.”

Ka ho hlakileng, hase batho bohle ba hlasetsoeng ke ho hleka-hlekoa hoo ba ileng ba ameha ka tsela e tšoanang. Ba bang ba ile ba atamela Jehova joaloka Ntate ea lerato ’me ha ba ikutloe ba e-na le bothata ba letho ba ho buisana le eena. Ho sa tsotellehe hore na boemo ke bofe, haeba u ile ua hlaseloa ke ho hleka-hlekoa ka likamano tsa botona le botšehali ha u sa le ngoana, u ka ’na ua fumana hore ho lemoha hore na seo se amme bophelo ba hao joang ke habohlokoa haholo. Ba bang ba ka ’na ba khotsofalla ho amohela boemo kamoo bo leng ka teng. Leha ho le joalo, haeba u bona eka ho bile le kotsi e khōlō, khothala. Bohloko boo u bo utloileng bo ka folisoa.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Puisano ea rōna e mabapi le seo Bibele e se bitsang por·neiʹa, kapa bohlola. (1 Ba-Korinthe 6:9, NW; bapisa le Levitike 18:6-22.) Sena se akarelletsa mekhoa eohle ea likamano tsa botona le botšehali. Le hoja liketso tse ling tsa ho hleka-hleka, tse kang ho hlobola ka har’a bana ka morero oa ho khotsofatsa litakatso tsa botona le botšehali, ho talima litho tsa botona le botšehali ka morero oa ho khotsofatsa litakatso tsa botona le botšehali, le ho pepesetsa bana libuka le litšoantšo tsa bootsoa e se por·neiʹa, le tsona li ka ntša ngoana kotsi maikutlong.

b Kaha bana ba na le tšekamelo ea ho tšepa batho ba baholo, ho hleka-hlekoa ha ngoana ke setho sa lelapa seo a se tšepang, moholoane oa hae, motsoalle oa lelapa, kapa esita le motho eo a sa mo tsebeng le hona ho felisa tšepo ea ngoana ka mokhoa o sithabetsang.

c Bona Awake! ea December 22, 1990.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela