Ho Hōlela Motseng oa Afrika
Keketseho ea baahi ba linaha tsa Afrika tseo e leng karolo ea Sahara, ke e ’ngoe ea tse khōlō ka ho fetisisa lefatšeng. Sebakeng sena mosali e mong le e mong, ka karolelano, o ba le bana ba ka holimo ho ba tšeletseng. Bofutsana, tikoloho e ntseng e mpefala, le leqeme la lintho tse sebelisoang li eketsa bothata bona. Ena ke tlaleho e phetiloeng ke motho ea hōletseng moo ea kamoo bophelo bo leng ka teng karolong ena ea lefatše.
KE HŌLETSE mona, motse-moholo oa Afrika Bophirima. Re ne re le bana ba supileng ka lapeng leso, empa ba babeli ba ile ba shoa ba sa le banyenyane. Lehae leso e ne e le kamore ea ho robala le ea baeti tse hiriloeng. ’Mè le Ntate ba ne ba robala ka kamoreng ea ho robala, ’me rōna bana re ne re robala holim’a limmete ka kamoreng ea baeti, bashemane ba robala ka lehlakoreng le leng la kamore le banana ba robala ka ho le leng.
Joaloka bongata ba baahelani ba rōna, re ne re se na chelete e ngata, ’me e ne e se hangata re bang le lintho tsohle tseo re neng re li hloka. Ka linako tse ling re ne re sa be le lijo tse lekaneng. Hangata hoseng, ho ne ho se ntho eo re e jang haese reisi e futhumalitsoeng e setseng ka la maobane. Ka linako tse ling le eona e ne e fokola. Ho fapana le batho ba bang ba reng monna, joalokaha e le eena ea sebetsang o lokela ho fumana karolo e khōlō ka ho fetisisa, e be mosali o fumana karolo e latelang ka boholo, ’me bana ba fumane se setseng, batsoali ba rōna ba ne ba sa je e le hore rōna bana re ka arolelana se senyane se leng teng. Ke ne ke ananela boitelo ba bona.
Ho ea Sekolong
Batho ba bang ba Afrika ba lumela hore ke bashemane feela ba lokelang ho ea sekolong. Ba na le maikutlo a hore ha ho hlokahale hore banana ba ee hobane baa nyaloa ’me banna ba bona baa ba hlokomela. Batsoali ba ka ba ne ba se na pono eo. Bohlano ba rōna re ile ra isoa sekolong. Empa hona ho ile ha tlisetsa batsoali ba ka khatello ea lichelete. Lintho tse kang lipensele le libuka tsa ho ngolla e ne e se bothata bo bokaalo, empa libuka tse sebelisoang bakeng sa ho ithuta li ne li le theko e boima, ’me re ne re tobane le bothata bo tšoanang ba liaparo tsa sekolo tse tlamang.
Ha ke ne ke qala ho ea sekolong, ke ne ke se na lieta. E bile feela ha ke le selemong sa bobeli ke le sekolong se bohareng, ha ke ne ke le lilemo li 14, ha batsoali ba ka ba khona ho nthekela lieta. Ke rata hore u utloisise hore, sena ha se bolele hore ke ne ke se na lieta ho hang. Para e le ’ngoe eo ke neng ke e-na le eona e ne e le ea ho ea kerekeng, ’me ke ne ke sa lumelloe ho e roala ha ke ea sekolong kapa libakeng tse ling. Ke ne ke tlameha ho tsamaea ke sa roala lieta. Ka linako tse ling ntate o ne a khona ho re rekela litekete tsa bese, empa nakong eo a neng a sa khone, re ne re tlameha ho tsamaea ka maoto ho ea sekolong le ho khutla. Se ne se ka ba bohōle ba lik’hilomithara tse tharo ho ea le tse tharo ho khutla.
Letsatsi la ho Hlatsoa le ho Kha Metsi
Re ne re hlatsoa liaparo tsa rōna nōkaneng. Ke hopola ke e-ea teng le ’mè, a nkile emere, sesepa se semarang, le liaparo. Ha re le nōkaneng, o ne a ee a tlatse emere metsi, e be o tšela liaparo ka hare, ebe oa li semara. Joale o ne a ee a phutle liaparo tsena holim’a majoe a boreleli e be o li pulutsa nōkaneng. Ka mor’a moo o ne a li aneha holim’a majoe a mang hore li ome hobane li ne li le boima haholo hore li ka isoa hae li le metsi. Ke ne ke sa le monyenyane ka nako eo, kahoo ke ne ke abeloa ho lebela liaparo tsena ha li ntse li oma e le hore ho se ke ha e-ba le motho ea li utsoang. ’Mè o ne a etsa boholo ba mosebetsi ona.
Batho ba seng bakae ba ne ba kenyelitsoe metsi malapeng a bona, kahoo o mong oa mesebetsi ea ka e ne e le ho kha metsi ka emere pompong e ka ntle. Ho ne ho e-na le bothata ba hore nakong ea ha letsatsi le baletse, bongata ba lipompo bo ne bo notleloa bakeng sa ho baballa metsi. Ka nako e ’ngoe, re ne re qeta letsatsi re se na metsi a nooang. Ho se na le lerotholi leha le le leng! Ka linako tse ling ke ne ke tlameha ho tsamaea sebaka se bohōle ba lik’hilomithara tse ngata e le hore nka fumana emere e le ’ngoe feela ea metsi. Ho roala metsi hloohong ke tsamaea libaka tse telele hakaalo ho ile ha mphumola moriri moo emere e neng e lula teng. Ke ile ka ba le lefatla ha ke le lilemo li leshome! Ke thabela ho bolela hore moriri o ile oa boela oa hlaha.
Bana ba Joaloka Tšireletso
Ha ke hetla morao, ke ne nka re tsela eo re neng re phela ka eona e ne e le e itekanetseng, mohlomong e ne e bile e le ka holimo ho moo sebakeng sa Afrika seo re neng re phela ho sona. Ke tseba malapa a mang a mangata ao boemo ba ’ona ba bophelo bo neng bo le bobe haholo ho feta ba rōna. Bongata ba metsoalle ea ka sekolong bo ne bo tlameha ho rekisa ’marakeng pele le ka mor’a sekolo e le hore ba ka fumanela malapa a habo bona chelete. Ba bang ba ne ba sa khone ho fumana seo ba se jang hoseng pele ba ea sekolong, ’me ba ne ba tloha hae ba lapile ’me ba qeta letsatsi lohle sekolong ba sa je. Ke hopola hore ka makhetlo a mangata ha ke ne ke e-ja bohobe ba ka sekolong e mong oa bana bana o ne a ee a tle ’me a bo kōpe. Kahoo ke ne ke ee ke mo qhetsolele karolo e ’ngoe.
Ho sa tsotellehe maqakabetsi le mathata a joalo, bongata ba batho bo ntse bo batla ho ba le malapa a maholo. Sebakeng sena batho ba bangata ba re: “Ngoana a le mong hase ngoana. Bana ba babeli ke a le mong, ba bane ke ba babeli.” Lebaka la sena ke hore sebakeng sena tekanyo ea ho shoa ha bana ke e ’ngoe ea tse phahameng ka ho fetisisa lefatšeng. Batsoali baa tseba hore le hoja ba bang ba bana ba bona ba tla shoa, ba bang ba tla phela, ba hōle, ba fumane mesebetsi, ba tlise chelete hae. Joale ba tla ba boemong ba ho hlokomela batsoali ba bona ba hōlileng. Naheng eo ho eona ho se nang melemo ea thuso ea sechaba, sena ke sa bohlokoa haholo.—Joalokaha ho boletse Donald Vincent.