Bacha Baa Botsa . . .
Ho Thoe’ng ka Mesebetsi ea Boikhathollo?
MESEBETSI ea boikhathollo e tlisa thabo. E hlalositsoe e le “hoo e batlang e le ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo motho a ratang ho e etsa ka nako ea hae ea bolokolohi.” Bacha ba bang ba sebelisa nako ea bona ea bolokolohi ba sesa, ba bapala papali ea bolo ea maoto kapa ba matha. Bacha ba sa thahaselleng lipapali hakaalo ba ka ’na ba khetha ho mamela ’mino, ho otlolla maoto ka nako e telele kapa ho itulela lapeng le ho bala. Leha ho le joalo, ba bang ba rata ho hlaolela litalenta kapa ho bokella lintho. Mosebetsi oa boikhathollo oa Natalie ke ho bapala lekolulo. Nikki, ngoana’bo oa ngoanana e monyenyane o bokella lipopi.
Mesebetsi ea boikhathollo e leka-lekanya mosebetsi le papali, e thibela ho tepella nakong eo motho a sa etseng letho ka eona. E ka u thusa hore u khatholohe. ’Me phomolo e loketseng e fella ka bophelo bo botle haholoanyane kelellong le ’meleng. Ngaka ea Canada Sir William Osler o itse: “Ha ho motho eo kannete a thabileng kapa a sireletsehileng ka ntle ho mosebetsi oa boikhathollo,” ’me o ile a phaella ka ho re: “O etsa phapang ea bohlokoa e nyenyane ea ho thahasella lintho tse ling tse ka thōko . . . Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e tla atleha hafeela a e-na le mosebetsi oa boikhathollo ’me a o neha tlhokomelo e ngata.” Empa joalokaha mopalami ea hloahloa a laola pere ea hae, u lokela ho laola mosebetsi oa hao oa boikhathollo ho e-na le ho o lumella hore o u laole. Joang?
Pele, u lokela ho etsa bonnete ba hore u etelletsa pele lintho tsa bohlokoa haholoanyane bophelong, joaloka ho ba teng libokeng tsa Bokreste, ho hlokomela mesebetsi ea hao ea lapeng, le ho etsa mosebetsi oa sekolo. (Ba-Filippi 1:10) Joale u ka rera hore ke nako e kae e setseng e ka sebelisetsoang mosebetsi oa boikhathollo.
Mesebetsi ea Boikhathollo e Hahang
Mesebetsi e meng ea boikhathollo e ka u thusa ho hōlisa tsebo ea bohlokoa, joaloka ho rōka, ho etsa liaparo kapa ho phehella tsebo ea ho pheha. Ke ’nete hore mesebetsi ena ea boikhathollo e ipiletsa ka ho khethehileng ho banana. Leha ho le joalo, ha ho letho le nyenyefatsang monna ha a pheha. (Bapisa le Johanne 21:9-12.) Mohlomong u ke ke oa finyella boemo ba setsebi sa ho pheha, empa ho ithuta ho pheha ho ka u thusa ho hōlisa tsebo e ka ipakang e le ea bohlokoa haeba u ka tlameha ho iphehela lijo. Ka lehlakoreng le leng, banana ba ka rua molemo ka ho leka ho lokisa makoloi kapa lisebelisoa tse ling tsa lelapa.
Mokhoa o mong o hahang oa ho tsamaisa nako ke ho ithuta puo e ’ngoe. Ka mohlala, hona joale James e mocha o ithuta Serussia. Mohlomong ka letsatsi le leng, puo ea bobeli e tla u nolofalletsa ho ruta ba bang linnete tsa Bibele lefatšeng lesele! Ka sebele, hangata mesebetsi ea boikhathollo e ka sebelisoa joalo ka mokhoa oa ho thusa batho ba bang.
Ka mohlala, na ho lema serapa sa meroho ke mosebetsi oa hao oa boikhathollo? Ke hobane’ng ha u sa phethisise tsebo ea hao ea ho lema ka ho sebetsa serapeng sa meroho sa nkhono le ntate-moholo oa hao kapa sa batho ba bang ba hōlileng ba thatafalloang ke ho se hlokomela ka nepo? Na u thabela mosebetsi oa ho iketsetsa lintho? Joale ke hobane’ng ha u sa ithaopele ho thusa motho e mong ea hōlileng kapa mohlolohali ka ho mo lokisetsa lintho tse ling tsa lelapa? Haeba mosebetsi oa hao oa boikhathollo ke ho pheha ’me u na le resepe eo u e ratang, ke hobane’ng ha u sa lokisetse lijo ebe u li neha motho e mong ea hlokang e le mpho? Hopola hore Jesu o itse, “ho nea ke leseho le fetisang la ho fuoa.”—Liketso 20:35.
Mosebetsi oa boikhathollo o bile o ka u thusa ho etsa tsoelo-pele moeeng. Ka mohlala, haeba u rata ho bōpa lintho, na ho haha areka e nyenyane ho ke ke ha tebisa kananelo ea hao bakeng sa matla a tumelo ea Noe? (Bona lebokose.) Ka ho tšoanang, ho etsa setšoantšo sa tabernakele kapa tempele ho ka ntlafatsa tsebo ea hao ea kamoo bahlanka ba Molimo ba neng ba rapela ka teng mehleng ea khale. Mehleng ea Bibele, molisa oa moshemane Davida o ne a bapala harepa ka nako ea hae ea bolokolohi. Hamorao o ile a qapa lipina tse monate tse rorisang Jehova. Na u ka ithuta ho bapala seletsa sa ’mino? Haeba u ka khona, ke hobane’ng ha u sa sebelise talenta ea hao ho rorisa Molimo ka ho ithuta tse ling tsa lipina tsa liletsa tse bukeng Binelang Jehova Lithoriso?a Ha u ntse u letsa ’mino, nahana ka maikutlo a fetisoang ke morethetho. Na u motho ea bokellang lintho? Kahoo bokella lintho tse amanang le Bibele. Kapa leka ho tlatsa buka ea litšoantšo ka litšoantšo tsa mafatše a Bibele.
Ho Bala Litšenyehelo
Ho sa tsotellehe hore na mosebetsi oa boikhathollo o molemo hakae, hangata ho bohlale ho ipotsa, O tla baka litšenyehelo tse kae? (Luka 14:28) Na mosebetsi oa hao oa boikhathollo o lekana chelete ea hao? Ena e ka ba ntho e phephetsang haholo-holo haeba mokhoa oa hao oa ho tsamaisa nako ke ho bokella lintho, ebang ke litempe, lintho tsa khale kapa esita le lipopi!
Hopola hore tsela eo u sebelisang mehloli ea hao ka teng e ka ama tebello ea hao ea ho fumana bophelo bo sa feleng. Jesu o itse: “Iketsetseng metsoalle ka matlotlo a sa lokang [chelete ea hao]; hore, etlere mohla a hlokahalang, [Jehova Molimo le Jesu Kreste] ba le amohele meahong e sa feleng.” (Luka 16:9) Na mosebetsi oa boikhathollo o tla baka litšenyehelo tsa chelete e ngata hoo u ke keng ua sala le letho hore u “tlotlise Jehova ka lintho tsa hao tsa bohlokoa”? (Liproverbia 3:9, NW) Na ho tšehetsa mosebetsi oa boikhathollo ka chelete ho tla u hloka hore u etse mosebetsi oa nakoana, mohlomong u be u hloke nako ea lintho tsa moea?
Boloka ho Leka-lekana ha Hao!
Ka linako tse ling batho ba chesehelang mesebetsi ea boikhathollo ba lakatsa ho ba le ba bang ba thabelang boikhathollo bo tšoanang. Leha ho le joalo, sena se ka baka likotsi tse ngata. Ipotse: Na botsoalle bo joalo e tla ba bo hahang? Na litekanyetso tsa bona tsa moaparo le boitlhopho, khetho ea bona ea boithabiso kapa moqoqo oa bona li ka ’na tsa ba le tšusumetso e mpe ho uena? Na u ke ke oa iphumana u se u senya nako e ngata u e-na le bona ho feta nako eo u e senyang le lelapa la heno kapa metsoalle ea Bakreste? Leha ho le joalo, na u lumella lithahasello tse tšoanang hore li u lebise botsoalleng bo kotsi? Hopola hore, “litloaelano tse mpe li bolisa mekhoa e metle.”—1 Ba-Korinthe 15:33.
Taba e ’ngoe eo u lokelang ho ameha ka eona ke ena: Mosebetsi oa hao oa boikhathollo o khothalletsa boikutlo bofe? Na o tsosa moea o kotsi oa tlhōlisano? Na o akarelletsa likotsi tse fetelletseng tsa bophelo bo botle? Haeba ho joalo, mohlomong ho ka ba molemo ho hopola mantsoe a moapostola Pauluse: “Hobane hlakiso ea ’mele ha e thuse hakae, empa borapeli bo thusa kahohle.”—1 Timothea 4:8; Ba-Galata 5:26.
Ka lehlakoreng le leng, Salomone o itse: “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e na le sebaka sa eona, ’me nako e teng ea tsohle tse etsoang tlas’a letsatsi.” ’Me seo se akarelletsa “nako le ea ho tšeha.” E, mesebetsi ea boikhathollo le boithabiso e na le sebaka sa eona. Leha ho le joalo, etsa bonnete ba hore mosebetsi oa boikhathollo ha o hape thahasello ea hao e ngata haholo hoo u hlokomolohang mantsoe a tsoelang pele a Salomone: “Tšaba Molimo, u boloke melao ea hae, hoba hona ke eona tšoanelo eohle ea motho.”—Moeklesia 3:1, 4; 12:13, BPN.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
[Lebokose le leqepheng la 15]
Ke Hahile Areka ea Noe!
Ke thabela ho sebetsa ka matsoho. ’Me ka letsatsi le leng ha ke ne ke e-na le takatso ea ho ithuta ho eketsehileng ka areka ea Noe, ke ile ka etsa qeto ea ho etsa setšoantšo sa eona se senyenyane.
Ke ile ka qala ka ho ithuta ka hloko tlaleho ea Bibele e ho Genese 6:14-16 ka thuso ea libuka tsa ho etsa liphuputso tse hatisitsoeng ke Mokhatlo oa Watch Tower. Kapele ke ile ka hlokomela hore areka e ne e sa tšoane le sekepe sa mehleng ea kajeno. Ho e-na le hoo, e ne e le lebokose le leholo: lehlakore le leng e ne e le litsoe tse 300 le leng e le tse 50 ’me le leng e le tse 30. Seo se lekana le bolelele ba limithara tse 133,5, bophara ba limithara tse 22,3, le bophahamo ba limithara tse 13,4. Kahoo areka e ne e le bolelele ba limithara tse 134—hoo e batlang e le bolelele bo kenang hanngoe le halofo lebaleng la papali ea bolo la U.S. Esita le mohaho o moholo hakaalo o ne o ke ke oa fana ka sebaka sa mefuta e fetang millione ea liphoofolo eo bo-rasaense ba bolelang hore e teng. Leha ho le joalo, ke ile ka ithuta hore bafuputsi ba bang ba lumela hore ke feela “mefuta” e 43 ea liphoofolo, “mefuta” e 74 ea linonyana, le “mefuta” e 10 ea lihahabi e hlahisitseng mefuta e fapaneng hakana ea liphoofolo tse leng teng kajeno.
Ho etsa phuputso ho boetse ho nthusitse ho ananela kamoo mosebetsi oa Noe o neng o le moholo ka teng: ho rema lifate ka ntle ho lisaga tsa motlakase, ho hulela likoqo moo ho ahuoang teng ka ntle ho literekere, ho phahamisa marulelo a lehong a boima ka ntle ho li-crane. Mosebetsi oa ka o ne o le bonolo ha o bapisoa le oa Noe! Hore ke fumane “lifate,” ke ile ka roba metso ea litlama-tlama tse ommeng. “Liphoofolo” tsa ka li ne li entsoe ka letsopa. Mabapi le kamoo lintho tse ka hare li neng li hlophisitsoe ka teng, ke ile ka tlameha ho inahanela. Ke ile ka nahana hore mohlomong Noe le lelapa la hae ba ile ba khetha ho lula ka mokatong o ka holimo moo ba neng ba ka thabela leseli le lengata le moea. Ke ile ka kenya liphoofolo mekatong e ka tlaase ea areka.
Ka mora lihora tse ngata, setšoantšo sa ka sa areka se ne se felile. Le hoja batho ba bang ba ne ba bolela hore se setle, areka ea sebele e ne e le bolelele, bophara, bophahamo bo fetang setšoantšo sa ka ka makhetlo a lekholo. Ka mantsoe a mang, ho ne ho ka hlokahala litšoantšo tse millione hore li lekane le boholo ba areka ea pele. Ha ho makatse hore mosebetsi oa ka o tsosolositse takatso ea ka ea ho ithuta ho eketsehileng ka areka ea sebele. ’Me haeba nka fuoa tokelo ea ho phela ho fihlela ho fihla lefatše le lecha la Molimo le ho bona tsoho ea bafu, ke tla tseba ho kōpa thuso ea Noe ha ke etsa setšoantšo se secha—se tla nepahala ka hohle-hohle.—E nehetsoe.
[Litšoantšo tse leqepheng la 16]
Na mosebetsi oa hao oa boikhathollo o tlisetsa uena le batho ba bang thabo?
Ho bokella litšoantšo tsa mafatše a Bibele ho ka u thusa ho ba le pono ea liketsahalo tsa Mangolo