Bacha Baa Botsa . . .
Nka Qoba ho Utloa Bohloko ba ho Bapala ka Maikutlo a Lerato Joang?
“UENG? U entsoe ka lejoe?” Michelle ea utloileng bohloko le ea ferekaneng o batla ho tseba hore na ke joang Eduard a neng a ka mo khothalletsa hore a lumele hore oa mo rata le ho mo thahasella ka tsela eo a ileng a etsa ka eona. Ka mor’a hore a lebise tlhokomelo e ngata ea lerato ho eena, ke joang joale a neng a ka re ha a rate ho ratana le eena ka tieo? Eduard o bolela hore o ne a hlile a sa batle ho mo utloisa bohloko empa Michelle a ke ke a mo tšoarela. Ho eena, Eduard ke motho ea khopo ea bapalang ka maikutlo a batho a lerato.
Ho bapala ka maikutlo a lerato ho bolela ho itšoara ka tsela e bontšang hore u na le maikutlo a matla a lerato empa u se na boikemisetso bo tiileng. Ho etsa sena ho kotsi, esita leha ho etsoa ke bacha ba lilemong tsa ho kena sekolo ba batlang feela ho imemela tlhokomelo kapa ho iphahamisa. ’Me ha bacha ba lilemong tsa ho kena lenyalong ba bapala ka maikutlo a ba bang, hona ho ka fella ka ho ba utloisa bohloko le ho ba bakela masisa-pelo.
Ka linako tse ling batho ba bapalang ka maikutlo a batho ba bang a lerato ba ba utloisa bohloko ka boomo, esita le ka lonya, e leng ho fellang ka hore mohlaseluoa e mong le e mong ea se nang tsebo a ferekane maikutlo. Leha ho le joalo, hoa thahasellisa hore ebe, bongata ba batho ba utloisang ba bang bohloko ba etsa sena ka baka la ho hloka phihlelo eseng ka baka la takatso ea ho ba utloisa bohloko. Hangata bahlankana le baroetsana ha ba utloisise hore na liketso tsa bona li ama maikutlo a ba bang joang. Kapa ba ka ’na ba khelosoa ke ‘lipelo tsa bona tse mano’ ’me ba lokafatsa boitšoaro ba bona ba ho bapala ka maikutlo a ba bang a lerato.—Jeremia 17:9.
Nahana ka taba ea Eduard le Michelle. Qalong ea kamano ea bona, ka hloko Eduard o ile a hlalosetsa Michelle hore le hoja a mo rata joaloka motsoalle, o ne a se na boikemisetso bo itseng bo tiileng. Ho ntse ho le joalo, o ne a etela libaka tse itseng le ho etsa lintho tse itseng le eena, a buisana le eena thelefonong, a mo fa limpho. O ne a bile a mo tšoara ka letsoho ka tsela e bontšang hore oa mo rata. Leha ho le joalo, Eduard o ile a beha mabaka ka ho re hafeela a sa itlama, o ne a lokolohile boikarabelong bofe kapa bofe. Ke kahoo a neng a sa tsebe hore na o arabela Michelle ka ho re’ng ha a senola botebo ba maikutlo a hae ka eena.
Leha ho le joalo, ho hlakile hore Eduard o ile a lumella pelo ea hae hore e mo khelose. U ka qoba ho etsa phoso e tšoanang joang? Na ho na le tsela leha e le efe ea ho qoba ho utloisoa bohloko ke motho ea bapalang ka maikutlo a hao a lerato?
Ho Bapala ka Maikutlo a Lerato ho Boetse ho Utloisa Motho ea ho Etsang Bohloko
Taba ea pele, u tlameha ho hlokomela hore ho tšoara motho e mong joalokaha eka u thahasella ho nyalana le eena empa ho hlile ho se joalo ha e le hantle ke ho bua leshano. Motho ea bapalang ka maikutlo a ba bang a lerato o phela ka litekanyetso tse peli tse khopo. O lebella hore ba bang ba tšepahale boikemisetsong ba bona mabapi le eena, empa eena o sebetsana le ba bang ka tsela e fapaneng le eo a lebelletseng hore ba sebetsane le eena ka eona. O tšoana le mohoebi oa linakong tsa Bibele ea neng a na le “litekanyo tsa mefuta e ’meli tse sa lekaneng” bakeng sa sekala sa hae—e ’ngoe e le e tšepahalang, e ’ngoe e le e reretsoeng ho qhekella ba rekang ho eena. Ho sebetsa ka litsela tse peli tse sa tšoaneng ho joalo ke “manyala” ho Jehova. (Liproverbia 12:22; 20:23, NW) Ho ka boela ha senya botumo ba hao ho ba bang.
Sehloohong se makasineng oa Seventeen mongoli Kathy McCoy o tsoela pele ho re lemosa hore ho bapala ka maikutlo a lerato ho ka “senya matla a hao a ho thabela kamano e haufi le ba bang, ’me ho ka ba ha senya kamano e joalo. Ka mor’a nako e itseng, ho bapala ka maikutlo a lerato ho hlokang kameho ea maikutlo e ka ba phihlelo e hlokisang motho boikutlo.”
Kamoo U ka Qobang ho Bapala ka Maikutlo a ba Bang a Lerato
Kahoo u tlameha ho hlahloba sepheo sa hao ha u ikutloa u na le takatso ea ho bontša thahasello ho motho e motona kapa e motšehali ho fapana le uena. Na u hlile u thahasella ho nyalana le eena? Haeba ha ho joalo, lebaka la ho lebisa tlhokomelo ka ho fetelletseng ho motho eo ke lefe? Le haeba u nahana ka lenyalo, u ntse u lokela ho ikhalemela e le hore u leka-lekane, u be le ’nete, le ho ba ea tšepahalang litšebelisanong tsa hao. Bibele e hlalosa kamano e molemo pakeng tsa mohlankana eo e neng e le molisa le moroetsana e mocha. Ho ne ho se na pelaelo mabapi le se tla etsahala ka moso kapa keko pakeng tsa bona; ba ne ba tšepahala ’me ba bolellana maikutlo a bona ka bolokolohi.—Sefela sa Lifela 2:16.
Ho phela ka melao-motheo e joalo ho hlahisa tholoana e molemo le kajeno. Juan le Anaeli joale ba na le lilemo tse fetang bobeli ba nyalane. Juan o re: “Ho na le ntho e le ’ngoe ka holimo ho tsohle tse re thusitseng hore re be le thabo ea sebele. Ka lentsoe le le leng feela, BOTŠEPEHI.” Ho tšepana ho ba thusitse hore ba rale motheo o tiileng oo lerato la sebele le neng le tla hōla holim’a oona. Bukeng ea hae Loving Each Other—The Challenge of Human Relationships Leo Buscaglia o re: “Re ke ke ra ipeha tsietsing ea ho ba le kamano e thehiloeng holim’a mashano, esita le a bonahalang a le molemo. . . . Ke ’nete feela e ka re tlisetsang ho tšepana ho hlokahalang bakeng sa likamano tsa nako e telele.” Khale koana Bibele e ile ea amahanya botšepehi le lerato ha e re: “Ka ho bua ’nete, ka lerato a re hōleng linthong tsohle.”—Ba-Efese 4:15, NW; bapisa le Liproverbia 3:3.
Ho hlakile hore, esita le motho ea lekang ho tšepahala le ea nahanelang a ka ’na a kena kamanong e sa atleheng. Ho molemo hore a buisane le motsoalle oa hae ka taba ena ’me, haeba ho hlokahala, a felise kamano ena.a Leha ho le joalo, Erik o ile a ratana le Ingrid ka nako e fetang selemo pele a ka lemoha hore ha baa lokela ho nyalana. Ho e-na le ho talimana le maikutlo ao a hae ka tsela e tobileng, o ile a leka ho felisa kamano ea bona butle-butle. Qetellong ha ’nete e senoleha, Ingrid o ile a belaela: “Nako ena eohle ke ne ke mo emetse hore a etse qeto, ’me joale qetellong o mpherekanya maikutlo ka ho mpolella hore na o ikutloa joang!” Ho ntšetsa pele kamano ea lerato e sa atleheng ka nako e telele ke mosa o fosahetseng. Ha u ntse u etsa joalo ho ka boleloa hore u bapala ka maikutlo a ba bang a lerato.
Leha ho le joalo, hangata boiteko bo sa atleheng ba ho ratana le ho se utloisisane ke lintho tse ka thibeloang ho tloha qalong ka ho sebelisa keletso ea Bibele: “Ho se ke ha e-ba motho ea batlang tse tšoanelang eena a ’notši, empa motho ka mong a ke a batle le tse tšoanelang ba bang.” (1 Ba-Korinthe 10:24) Joalokaha mongoli Kathy McCoy a hlalosa: “E-ba hlokolosi ’me u jare boikarabelo bo itseng bakeng sa maikutlo ao u a tsosang ho ba bang.” E, sebelisa Molao oa Gauda ha u sebelisana le ba bang ’me “ka mehla u tšoare ba bang ka tsela eo u ratang hore ba u tšoare ka eona.” (Mattheu 7:12, The New English Bible) Ikhopotse hore batho ba bang le bona ba na le maikutlo. Qoba ho fana ka boikutlo bo fosahetseng ho e-na le ho beha ba bang molato oa hore ha ba u utloisise.
U se ke Ua Utloisoa Bohloko ke ea Bapalang ka Maikutlo a Hao a Lerato!
Leha ho le joalo, na u ka qoba ho ba mohlaseluoa? Taba ea pele, qoba ho arabela ka mokhoa o fetelletseng ha motho e motona kapa e motšehali ho fapana le uena a lebisa tlhokomelo ea hae ho uena. U se ke ua etsa qeto ea hore pososelo e ’ngoe le e ’ngoe e mofuthu e bolela hore motho eo o thahasella ho ratana le uena.
Bahlankana ba bang le baroetsana ba boetse ba etsa phoso ea hore ba nkehe maikutlo ka potlako. Jonathan o ile a thahasella Deborah le hoja a ne a tumme ka ho bapala ka maikutlo a ba bang a lerato. O ile a potlakela ho mo lebeletsa bakeng sa lenyalo. Eaba, Deborah ka tšohanyetso ebile a sa hlalose lebaka, o felisa kamano ea bona. Jonathan o ile a etsa eka ha aa utloa bohloko, a re: “Ha ke mo tsotelle. Ke ikemiselitse ho tsoela pele ho ithabisa joaloka pele!” Empa o ile a itšoara hloohong ’me a lla. Deborah eena? O ile a tsoela pele ho lebeletsoa bakeng sa lenyalo ka makhetlo a mang a mabeli, ’me lekhetlong ka leng o ile a senya tebeletso ena ka mokhoa o tšoanang le oa pele.
Le hoja Deborah e ne e hlile e le eena ea molato, Jonathan o ne a sa lokoloha ka ho felletseng molatong. Hobane taba ea pele, Jonathan ka boeena o ne a tsebahala haholo ka ho bapala ka maikutlo a ba bang a lerato. Kahoo o ile a tobana le phihlelo ea botho ea molao-motheo ona: ‘U kotula seo u se jalang.’ (Ba-Galata 6:7) U se ke ua etsa phoso e tšoanang. Kaha batho ba bapalang ka maikutlo a ba bang a lerato ba mema tlhokomelo ea batho ba bapalang ka maikutlo a ba bang a lerato, ho bonolo hore u ka qoba ho ba mohlaseluoa haeba ka mehla u hlompha motho e motona kapa e motšehali ho fapana le uena.
Jonathan le eena o ile a hlōleha ho bontša bohlale le kahlolo e molemo. Liproverbia 14:15 e bontša hore “ea nang le kelello o qamakisisa moo a hatang teng.” Ka mantsoe a mang, nahanisisa pele u nka bohato. Pele u nkeha maikutlo ka motho e mong, botsa batho ba baholo, ba nang le boikarabelo hore na motho eo o na le botumo bo botle kapa che. (Bapisa le Liketso 16:2.) Hoja Jonathan o ile a etsa sena, mohlomong a ka be a ile a hlokomela hore Deborah o ne a tsebahala ka ho ba moithati litšebelisanong tsa hae le metsoalle.
Ntlha ea ho qetela, tseba phapang pakeng tsa lerato le ho nkeha maikutlo. Deborah o ne a sa tsitsa, bahlankana ba bang ba ne ba mo ferekanya habonolo. Sena se ka be se ile sa hlokomelisa Jonathan hore thahasello ea Deborah ho eena e ne e le ea nakoana. Lerato la sebele ha le hloke botsitso.—Bapisa le Sefela sa Lifela 8:6.
Ho Folisa Bohloko
Ho ka ’na ha etsahala hore ho qoba maqeba le mengoapo e seng mekae tseleng e isang leratong la sebele ke ho ke keng ha qojoa. Empa haeba u iphumana u utloisitsoe bohloko boikutlong ke motho ea bapalang ka maikutlo a hao a lerato, u se ke ua tela bophelong. Michelle (eo ho builoeng ka eena qalong) o ile a hanela tšekamelo ea ho halefa kapa hona ho iphetetsa ka boithati. Ho e-na le hore a tsoele pele ho rata Eduard ea sa mo rateng, o ile a tsoela pele bophelong ’me ho tloha ka nako eo o ile a thabela litokelo tse ’maloa tšebeletsong ea Bokreste. Haufinyane o ile a lebeletsoa bakeng sa lenyalo ke mohlankana e mong ea nang le litšoaneleho tse molemo.
Ho fihlela u kena lenyalong, itlhomphe. Ha ho hlokahale hore u bapale ka maikutlo a ba bang a lerato kapa ho ratana le ea bapalang ka maikutlo a ba bang a lerato hore u ithute ho hong ka motho e motona kapa e motšehali ho fapana le uena kapa hore u fumane lerato la sebele. Qoba batho ba batona kapa ba batšehali ho fapana le uena ba sa inahaneng kapa ba thahasellang feela ho iphahamisa. E-ba ea leka-lekaneng, le ea tšepahalang, ea se nang boithati lipuong le liketsong tsa hao. Ka ho etsa joalo, u ka qoba ho utloisoa bohloko ke ba bapalang ka maikutlo a ba bang a lerato.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona sehlooho “Na re Lokela ho Tlohelana?” se hlahang tokollong ea Tsoha! ea August 8, 1988.
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Ho bapala ka maikutlo a lerato ho ka fella ka liqabang le masisa-pelo