Ho Phahama le ho oa ha Khoebo ea Lefatše
Karolo 1c—Seo e Leng Motso oa Matšoenyeho a Bakoang ke Chelete
LIHLOPHA tse itseng tsa bolumeli le tsa lipolotiki tsa mokhatlo oa batho li tloha mehleng ea Nimrode, eo lilemong tse likete-kete tse fetileng a ileng a theha Babylona. Ho joalo hape le ka likarolo tse itseng tsa lefatše la khoebo, le hoja mohlomong sena se sa tsebahale hakaalo.—Genese 10:8-12.
’Mōpi oa batho, Ea nang le tokelo ea ho etsa qeto ka se setle le se sebe, o ne a ka qapa tsamaiso ea moruo e ka khonang ho khotsofatsa litlhoko tsa lelapa le leholo la batho leo a neng a le rerile. Empa hang ha banyalani ba pele ba furalla tataiso ea Molimo ’me ba lelekoa Paradeiseng, batho ba ile ba sala ba itjere ka ho felletseng. (Genese 3:1-24) Kaha batho ba ne ba se ba sebetsa ka ntle ho tataiso ea Molimo, ka mor’a moo ba ile ba theha mofuta oa bona oa bolumeli le puso. ’Me hang ha ho bonahala hore ho hlokahala tsamaiso e itseng ea taolo ka lapeng bakeng sa ho hlokomela litlhoko tsa lintho tse bonahalang tsa lelapa la bona le ntseng le hōla, ba ile ba qala ho theha seo re se bitsang tsamaiso ea moruo. Sena le sona ka ho tšoanang ba ile ba se etsa ka ntle ho tataiso ea Molimo.
Ho bonahala eka nakong ea Nimrode (hoo e ka bang ka 2270 B.C.E.), karolo e khōlō ea motheo oa tsamaiso e joalo e ne e se e raliloe. The Collins Atlas of World History e hlalosa hore “ho tloha lekholong la boraro la lilemo ho ea pele Mesopotamia [Babylona] e ile ea theha mekhatlo e matla ea bahoebi. Ba ne ba bokella thepa e rekisoang, ba reka le ho rekisa ka tšepo ea ho fumana phaello ha maemo a khoebo a fetoha, ba sebelisa thepa ea mefuta e sa tšoaneng e le chelete, ’me ba sebelisa lintho tse foromiloeng tse tla qhibilihisoa hamorao, haholo-holo tsa silevera, tse foromiloeng ka litekanyo tsa boima le tsa boholo bo itseng tseo ka linako tse ling li neng li e-ba le matšoao a pakang boleng ba tsona.” The Encyclopedia Americana e bolela hore baahi ba mehleng ea boholo-holo ba Shineare—e leng lebitso la pele-pele la motse oo hamorao o ileng oa bitsoa Babylonia—ba ne ba sebelisa “tsamaiso e rarahaneng ka mokhoa o makatsang ea ho alimana, ho alima, le ho boloka chelete, le ho fana ka mangolo a tumello ea ho ntša chelete bankeng.”
Mokhoa oo ho bonahalang eka o ile oa fetoha mokhoa o khethehileng oa Mesopotamia e ne e le oa ho sebelisa chelete le thepa eo khoebo e thehoang ka eona e le thepa e hirisoang le ho batla tsoala bakeng sa ho e sebelisa. Ka hona, chelete e ile ea fetoha mokhoa oa ho tlisa khatello ea moruo. Litlaleho tse sibollotsoeng lithakong tsa Babylona li senola litšebelisano tsa khoebo tse neng li sebelisa maemo a bomalimabe a baahi ba itseng ba motse oo hampe. Esita le ka nako eo, mokhoa oa kajeno oa ho etsa phaello ka lonya ka ho nka monyetla ka batho ba bang o ne o ratoa. Ha ho makatse hore e be hangata ho ne ho buuoa ka bahoebi ba Babylona le Ninive ka lipelo tse tletseng lehloeo le nyeliso.
Mesebetsi ea khoebo e neng e etsoa mehleng ea Nimrode ha ea boleloa ka ho toba ka Bibeleng. Leha ho le joalo, lipolelo tse fumanoang ka bukeng ea eona ea pele, tse kang ho “reka,” ho “rekisa,” le ho “hoeba,” li bontša hore bonyane lilemong tse makholo a seng makae hamorao, mesebetsi ea khoebo e ne e se e tloaelehile.—Bona Genese 25:31; 34:10, 21; 39:1; 41:56, 57.
Ke ’nete hape hore ka nako e telele haholo, mengolo e kang lichesele ha e bue letho ka mesebetsi ea khoebo e neng e etsoa sechabeng sa Babylona. Leha ho le joalo, ha e lumela hore ho thata ho hlalosa sena, buka Ancient Mesopotamia e phetha ka hore “motho a ke ke a hopola hore likamano tsa theko le thekiso li ne li khaolitse ho theosa le lilemo tseo tse sekete, haholo-holo kaha hoa tsejoa hore li ne li atile haholo nakong ea ka morao ho moo.” Buka ena e fana ka maikutlo a hore e ka ’na eaba nakong eo theko le thekiso li ne li laoloa haholo-holo ke Baarame le hore loli le letlalo li ne li sebelisoa e le thepa ea ho ngola.
Mesopotamia le Egepeta ka bobeli li ne li tsebahala ka mosebetsi oa theko le thekiso o etsoang ke batho ba tsamaeang ka lihlopha tse khōlō. Hamorao, Bafenicia ba ile ba etsa hore khoebo ea batho ba tsamaeang ka likepe leoatleng e nke sebaka sa mosebetsi oa theko le thekiso o etsoang naheng. Likou tsa Carthage, Tyre, le Sidone li ile tsa fetoha litsi tse tsebahalang tsa khoebo. Theko le thekiso li ne li etsoa ka ho fapanyetsana thepa ho fihlela hoo e ka bang lekholong la borobeli la lilemo B.C.E., ha Bagerike ba qala ho sebelisa chelete ea tšepe e le mokhoa oa phapanyetsano. ’Me ho latela The Collins Atlas of World History, “makholo a lilemo a ileng a latela [500 B.C.E.] a ile a khetholleha haholo ka ntšetso-pele ea theko le thekiso, chelete, libanka, mekhoa ea ho tsamaea, hoo bo-rahistori ba ’maloa ba ’nileng ba a bapisa le mehla ea bo-ralichelete, e leng khopolo e utloahalang esita le haeba e fetellelitsoe.”
Ha e le hantle, ho tloha pelenyana ho moo ho ea pele, litsamaiso tsa moruo e bile tse thehiloeng cheleteng. Le hoja Molimo o lumella tšebeliso ea eona e loketseng, ha o lumelle tšebeliso ea eona e sa lokelang. (Moeklesia 7:12; Luka 16:1-9) Takatso e sa khotsofaleng ea ho ba le chelete e ’nile ea etsa hore batho ba sokamise toka, ba eke metsoalle, ba sothe ’nete, esita le ho bolaea. Leha ho le joalo, hlokomela hore sena ha se bakoe ke chelete ka boeona empa se bakoa ke pono e meharo ea batho ba e lelekisang. Tabeng leha e le efe, ka sebele hase ho fetelletsa litaba ho bolela hore ‘chelete ke eona e etsang hore lintho li ’ne li tsoele pele lefatšeng,’ kapa ho bolela hore haesale e ntse e etsa seo ka mekhoa e fapa-fapaneng ka likete tsa lilemo.—Bona lebokose, leqephe 7.
Ka hona, makholong a lilemo a pele ho mehla ea Bokreste ho ile ha raloa motheo oa likarolo tse ngata tsa khoebo le tsa moruo tseo re li tloaetseng kajeno. Empa ho sa tsotellehe histori ea lona e telele, lefatše la khoebo le sitiloe ho haha litsamaiso tsa moruo tse tšepahalang tse ka khonang ho thibela ho khathatseha. Leha ho le joalo ha rea lokela ho felloa ke tšepo. Matšoenyeho a bakoang ke chelete a tla tloha a fela haufinyane. Litokollong tsa rōna tse tharo tse latelang, re tla hlalosa ho eketsehileng.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 8]
Takatso e sa khotsofaleng ea chelete e ’nile ea susumelletsa batho ho sokamisa toka, ho eka metsoalle, ho sotha ’nete, le ho bolaea
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 7]
Ho Tloha ho Letsoai ho ea ho Polasetiki
Letsoai:
Masole a Roma a ne a fuoa litekanyo tse itseng tsa letsoai, empa hamorao litekanyo tsena li ile tsa nkeloa sebaka ke chelete, kapa salarium. Likhomo (pecus) e ne e le mokhoa oa phapanyetsano Roma ea boholo-holo. Mantsoe “salary” (moputso) le “pecuniary” (se lekanngoang ka chelete) a nkiloe mantsoeng ana a Selatine.
Li-Metal:
Mesopotamia ea boholo-holo (lekholo la bo18 ho isa ho la bo16 la lilemo B.C.E.), silevera e ne e atisa ho sebelisoa litšebelisanong tsa khoebo. Egepeta ea boholo-holo, ho ne ho sebelisoa koporo, silevera, le gauda. Mabapi le nako ea puso ea marena a lesika la Ming oa Chaena (1368-1644 C.E.), moprofesa oa histori ea Chaena Hans Bielenstein oa ngola, “koporo e ile ea tsoela pele e le eona tekanyo bakeng sa [chelete] ea boleng bo tlaasana, athe silevera e ile ea tsoela pele ho sebelisoa bakeng sa [chelete] ea boleng bo phahameng haholoanyane.”
Chelete ea Tšepe:
Balydia ba Anatolia ba ile ba etsa lilika-likoe tsa boima le boleng bo lekantsoeng, tse entsoeng ka motsoako oa tlhaho oa gauda le silevera o tsejoang e le electrum, lekholong la bosupa la lilemo B.C.E. ’me e ka ’na eaba e ne e le eona chelete ea pele ea sebele ea tšepe; lilemo tse ka bang lekholo hamorao, chelete ea tšepe e ile ea qala ho etsoa Greece.
Pampiri:
Chelete ea pele ea pampiri lefatšeng e ile ea hlaha ka 1024 Chaena, ha katoloso ea khoebo eo ho neng ho e-s’o ka ho e-ba le katoloso e tšoanang le eona pele e baka khaello ea chelete ea tšepe. Moprofesa Bielenstein o re: “Ho ne ho ’nile ha etsoa liteko ka se bitsoang Chelete e Fofang khale koana ka 811, mehleng ea T’ang. Joale ’muso o ne o ile oa ntša litaelo tse ngotsoeng tsa ho ntša chelete bankeng tse neng li ka sebelisoa litšebelisanong ’me qetellong tsa hlahisoa bakeng sa ho fumana chelete.” Ho qala ka Engelane ho tloha ka 1821, lichaba tse ngata li ile tsa amohela tekanyo ea gauda, e leng ho bolelang hore neng kapa neng baahi ba ne ba ka nehelana ka chelete ea pampiri bakeng sa ho fumana gauda ea sebele eo mebuso ea habo bona e e bolokileng. Leha ho le joalo, ho tloha ha ho tloheloa tekanyo ea gauda, kajeno mebuso e bolela feela hore chelete ea eona ke ea boleng bo itseng, ho se letho le tiileng le ka tšehetsang seo.
Licheke:
Licheke tse ileng tsa qaptjoa ke bo-ralibanka ba Manyesemane lekholong la bo17 la lilemo ke litaelo tse ngotsoeng tsa ho lefa chelete ka banka; mokhoa ona oa khoebo, o sireletsehileng o bileng o leng bobebe, o se o fetohile o tloaelehileng le o pharalletseng haholo.
Polasetiki:
Likarete tsa ho reka ka molato (credit cards), tseo ba bang ba li bitsang chelete ea polasetiki, li qapiloe United States lilemong tsa bo-1920 ’me ka potlako li ile tsa hapa thahasello ea batho lefatšeng lohle. Leha ho le joalo, molemo oa tsona oa ho nolofatsa lintho le melemo e meng eo li fanang ka eona ka lehlakoreng le leng li senngoa ke likotsi tsa ho reka ka lehala le ho phela ka chelete e fetang eo motho a nang le eona.