Ho Ata ha Tlhalo
“MABENYANE A TLHALO.” Sehlooho seo sa litaba se sa tloaelehang se ile sa hlaha haufinyane makasineng o tsebahalang haholo oa basali. Sehlooho sena se ne se phehella: “Kahoo lenyalo la hao le qhalane ’me u ikutloa ho bapetsoe ka maikutlo a hao. Ke hobane’ng ha u sa tlose mehopolo eo ’me u qhibilihise mabenyane ao a ntseng a u hopotsa lenyalo la hao.” Motho ea etsang mabenyane o lumella batho ba hlaliloeng hore ba tšoare sesebelisoa sa ho qhibilihisa ’me ba qhibilihise lireng tsa bona tsa tebeletso le tsa lenyalo ka tefiso e itseng. Ebe o fetola mabenyane ana lintho tse ke keng tsa ba hopotsa manyalo a bona a qhalaneng.
Matsatsing ana, lenyalo, ho tšoana le lipene, lipoleiti, masela, le mahare, ho bonahala le se le tsejoa haholoanyane ka ho qhalana ha lona. Maikutlo a tloaelehileng kajeno ke a reng: ‘Ha u khathetse ke lona, le qhale.’
Sengoli se tsebahalang, setsebi sa kelello, le mosebeletsi oa ntlafatso ea bophelo ba sechaba Munich, Jeremane, Lorenz Wachinger o itse: “Lenyalo ka bolona ha le sa le eo.” Na ho rialo ke ho fetelletsa litaba? Mohlomong ho joalo; empa ha ho thata ho bona hore na ke hobane’ng ha a ikutloa ka tsela eo. Ho latela koranta ea Stuttgarter Zeitung, manyalo a ka bang 130 000 aa qhalana Jeremane selemo se seng le se seng. Empa hase Jeremane feela moo tlhalo e leng teng.
Ketsahalo ea Lefatše Lohle
Tloaelo e tšoanang ea hlahella linaheng tse sa tšoaneng lefatšeng lohle. Ka mohlala, United States ka nepo e ka ’na ea bitsoa motse-moholo oa lefatše oa tlhalo. Manane a tlhalo a selemo le selemo a ka holimo ho 1 160 000, kapa hoo e ka bang halofo ea lenane la machato. Hoo ho etsa karolelano ea litlhalo tse ka holimo ho tse peli ka motsotso o mong le o mong letsatsi le letsatsi!
Ha manane ana a bapisoa le a nako e fetileng, a bontša ho ata ha tlhalo. Lilemong tse lekholo feela tse fetileng, United States ho ne ho e-na le tlhalo e le ’ngoe feela manyalong a mang le a mang a 18. Ka ntle le ho phahama ha tšohanyetso ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše, manane ana a ile a eketseha butle-butle ho fihlela lilemong tsa bo-1960. Eaba ka lilemo tse 25 feela a imena hararo!
Bohareng ba lilemo tsa bo-1980 (lilemo tsa morao-rao tseo lipalo tsa tsona tse tšepahalang li sa ntseng li fumaneha), linaha tse sa tšoaneng lefatšeng lohle li bone litlhōrō tsa manane a tlhalo a joaloka ana: Soviet Union, 940 000 ka selemo; Japane, 178 000; United Kingdom, 159 000; Fora, 107 000; Canada, 61 000; Australia, 43 000. Esita le libakeng tseo ho tsona bolumeli le melao li entseng hore manane a tlhalo a theohe, tšusumetso e fehlang liphetoho e ntse e le teng. Ka mohlala, Hong Kong ho ne ho ntse ho e-na le tlhalo e le ’ngoe feela manyalong a mang le a mang a 17; empa pakeng tsa 1981 le 1987 lenane la litlhalo le ile la imena habeli. Makasine oa India Today o tlalehile hore sekhobo seo tlhalo e nang le sona sea fela har’a sehlopha se bohareng sa India. Ho thehiloe makhotla a molao a macha literekeng tse fapaneng tsa India bakeng sa ho sebetsana ka katleho le keketseho ea tlhalo e bang teng e etsang karolo ea 100 lekholong ho fihla karolong ea 328 lekholong ka lilemo tse leshome.
Ho hlakile hore lipalo li ke ke tsa bontša masisa-pelo ao batho ba amehang ba bang le ’ona. Ka masoabi, e mong le e mong oa rōna o angoa ke tlhalo hobane feela lenyalo e le ntho e leng teng lefatšeng lohle. Ho ka ’na ha etsahala hore ebe re lenyalong kapa re tsoa ho batsoali ba leng lenyalong, kapa re atamelane haufi le batho ba leng lenyalong. Kahoo esita le haeba tlhalo ha e e-s’o re utloise bohloko, tšokelo ea eona e ka ’na ea re ferekanya.
Litlhalo tsee tsohle li bakoa ke’ng? Liphetoho tsa lipolotiki e ka ’na ea e-ba karolo ea karabo. Linaheng tse ngata lithibelo tsa Naha khahlanong le tlhalo—tse ’nileng tsa tšehetsoa ka nako e telele ke lihlopha tsa bolumeli tse nang le tšusumetso—li nyametse lilemong tsa morao tjena. Ka mohlala, lilemong tsa bo-1980, Argentina e ile ea phatlalatsa hore molao o sa lumelleng tlhalo hase molao oa motheo. Spain le Italy ka ho tšoanang li ile tsa lumella tlhalo ka molao. Empa liphetoho tse joalo molaong hase ka mehla li lateloang ke keketseho e potlakileng ea manane a tlhalo.
Kahoo ho na le ho hong ho tebileng ho feta tsamaiso ea molao ho tlamehang hore ebe ho susumetsa seoa sa lefatše lohle sa tlhalo. Sengoli Joseph Epstein se buile ka taba ena ha se ne se ngola hore haufinyane, “ho hlalana ha motho le e mong e ne e tla be e le ho tiisa ka molao hore o haelloa ke botšepehi ba boitšoaro.” Empa kajeno, sea ngola, “lihlopheng tse ling tsa batho, ho se be le phihlelo ea tlhalo ho bonahala e le ntho e sa tloaelehang haholo ho feta ho ba le phihlelo eo; mona ho ba lenyalong le le leng bophelo bohle ba motho ho ka ’na ha nahanoa e le pontšo ea ho haelloa ke matla a ho nahana.”—Divorced in America.
Ka mantsoe a mang, maikutlo a motheo ao batho ba neng ba e-na le ’ona ka lenyalo a fetohile. Tlhompho le tlotla bakeng sa tokisetso e ’nileng ea nkoa e halalela ka nako e telele e ntse e fokotseha. Kahoo, tlhalo e fetoha e amohelehang haholoanyane lefatšeng lohle. Hobane’ng? Ke’ng se ka etsang hore batho ba amohele ntho e kileng ea nenoa libakeng tse ngata? Na ebe tlhalo ha e hlile ha e mpe hakaalo?